Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 maq. 14-16
  • Ho Tsamaea ka Sekepe Karolong e Holimo-limo ea Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsamaea ka Sekepe Karolong e Holimo-limo ea Lefatše
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a Mang Hape
  • Tsebo ea Marussia
  • Ha Bosiu bo Hana ho Sa
    Tsoha!—2008
  • Linonyana Tsa Leoatle Tse Hlollang
    Tsoha!—2017
  • Boko bo Mamellang Serame ba Mosha oa Arctic
    Tsoha!—2013
  • Letsatsi le ka Chaba Joang Har’a Mp’a Bosiu?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 10/10 maq. 14-16

Ho Tsamaea ka Sekepe Karolong e Holimo-limo ea Lefatše

BASESISI ba likepe ba nakong e fetileng ba ne ba labalabela ho fumana tsela karolong e ka leboea ea lefatše e hokahanyang Leoatle la Atlantic le la Pacific, empa ba ile ba tobana le bothata bo boholo: tsela e tsamaeang leoatleng la Arctic e ne e thibiloe ke leqhoa.

Empa ho ne ho tla ba molemo ho fumana tsela e paroletsang karolong e holimo-limo ea lefatše. Lekholong la bo16 la lilemo, litsela tsa khoebo tse neng li leba Bochabela—tse neng li iphaphatha le libaka tse ka boroa ho Afrika le Amerika Boroa—li ne li sebelisoa ke batho ba Portugal le ba Spain feela. Bahoebi ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba lokela ho batla litsela tse ka leboea haeba ba batla ho hoebisana le linaha tsa Bochabela. Ba bangata ba ile ba leka seo, ho akarelletsa ba latelang.

Manyesemane: Ka 1553, Sir Hugh Willoughby le Richard Chancellor ba ile ba etella pele moifo oa pele oa Manyesemane. Ka mor’a hore likepe tsa bona li aroloe ke sefefo, Willoughby o ile a tlameha ho qeta mariha a le lebōpong le letsoatlara Hloahloeng ea Kola karolong e ka leboea le hōle ea Russia. Kaha o ne a sa itokisetsa hantle ho tobana le maemo a thata, o ile a shoa le bohle bao a neng a tsamaea le bona. Ka lehlakoreng le leng, Chancellor o ile a emisa koung ea Arkhangel’sk. Ho tloha moo o ile a ea Moscow a menngoe ke Czar Ivan IV Vasilyevich, e leng Terrible. Chancellor o ile a hlōleha ho fumana tsela e eang Asia, empa o ile a bula khoro ea hore Manyesemane a hoebisane le Marussia.

Madache: Ka 1594, Willem Barents o ile a ea Novaya Zemlya ka sekepe, ka lekhetlo la pele. Empa ka 1596, ha a feta karolong e ka leboea ea lihlekehleke tsena tsa Russia a le leetong la hae la boraro, sekepe sa hae se ile sa qaoa leqhoeng ’me sa soahlamana. Ka mor’a hore ba qete mariha a batang ba lula mok’huk’hung oo ba o hahileng ka mahoholi a lehong ’me ba ja nama ea bere ea leqhoeng, banna ba neng ba tsamaea le Barents ba ile ba khutlela morao ka liketsoana tse peli. Barents o ile a shoa leetong leo.

Marussia: Bafuputsi ba Marussia ba ile ba batlisisa ka Siberia le karolo e Bochabela bo Hōle ea Russia. Ka lilemo tse 60 feela, ho tloha ka 1581 ho ea ho 1641, ba ile ba tloha Lithabeng Tsa Ural ’me ba fihla Leoatleng la Pacific. Hoo e ka bang nakong eo, Macossack a ile a ea Leoatleng la Arctic a tsamaea ka sekepe linōkeng tsa Siberia. A ile a re Siberia ke karolo ea Russia ’me a qala ho tsamaea ka likepe lebōpong le ka leboea-bochabela la Siberia. Ka 1648, likepe tsa Marussia li ile tsa feta sebakeng se ileng sa bitsoa Bering Strait, se neng se reheletsoe ka mosesisi oa sekepe oa Denmark ea bitsoang Vitus Bering.

Maeto a Mang Hape

Ho tloha ka 1733 ho ea ho 1743, banna ba ka bang sekete ba neng ba laoloa ke Bering ba ile ba ikarola lihlopha tse supileng ho ea hlahloba mabōpo a Leoatle la Arctic le la Pacific, Russia. Likepe tsa bona li ile tsa qaoa hangata leqhoeng ’me basesisi ba bangata ba tsona ba shoa. Leha ho le joalo, leetong leo ba ile ba etsa ’mapa o batlang o akaretsa sebaka sohle se lebōpong la Leoatle la Arctic. Boitsebiso boo ba ileng ba bo bokella—bo akarelletsang lichate, botebo ba leoatle le boemo ba leqhoa—bo ile ba thusa basesisi ba nakong e tlang Leoatleng la Arctic.

Nakong eo eohle, ho ne ho sebelisoa likepe tsa lehong maetong a Leoatleng la Arctic. Empa leeto la Bering le ile la totobatsa hore li ne li ke ke tsa khona ho tšela Leoatle le ka Bophirimela.a Ka 1778, mofuputsi oa Lebrithani ea bitsoang James Cook o ile a etsa qeto e tšoanang ha a ne a leba ka bophirimela a feta Bering Strait ka sekepe ’me a fumana leqhoa le thibile tsela. Ho ile ha feta lilemo tse ling tse lekholo pele Nils Adolf Erik Nordenskiöld oa Finland a atleha ho feta moo ka sekepe se tsamaisoang ka mashala.

Tsebo ea Marussia

Ka mor’a Phetohelo ea Russia ka 1917, likepe tse ling tsohle li ile tsa thibeloa ho feta Leoatleng la Arctic le haufi le Russia, ntle ho likepe tsa Russia feela. Ho tloha ka bo-1930 ho ea pele, Soviet Union e ile ea ntlafatsa Tsela e Leoatleng le ka Bophirimela ’me ea haha likou tseo thepa e eang libakeng tse ncha tsa indasteri e fihlelang ho tsona. Kahoo Russia e ile ea fumana tsebo likarolong tsohle tsa ho tsamaea ka sekepe Leoatleng la Arctic.

Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, Tsela e Leoatleng le ka Bophirimela e ile ea lula e koaletsoe likepe tsa linaha tse ling. Empa ka lebaka la liphetoho tsa lipolotiki le tsa khoebo, hona joale ba boholong Russia ba khothalletsa linaha tse ling hore li tsamaee ka likepe moo. Mohlala o latelang o bontša melemo ea seo.

Lehlabuleng la 2009, likepe tse peli tsa Jeremane tse neng li nkile thepa li ile tsa feta Bering Strait tsa ntan’o leba ka bophirimela li tsamaea moo ho batlang ho se na leqhoa lebōpong le karolong e ka leboea ea Asia le Europe li ea Netherlands. E ne e le lekhetlo la pele likepe tsa k’hamphani eo e seng ea Russia li feta leoatleng le Karolong e ka Leboea-bochabela. Ho tsamaea ka tsela eo, ho ile ha fokotsa lik’hilomithara tse 5 560 ’me ha baballa matsatsi a leshome. K’hamphani eo e hakanyetsa hore leetong leo e ile ea baballa lieuro tse ka bang 300 000 (tseo ka nako eo e neng e le R3 000 000) sekepeng ka seng ka hore li tsamaee ka tsela eo e khaoletsang Leoatleng la Arctic.

Kajeno leqhoa le leoatleng la Arctic le qhibiliha ka potlako. Ka lebaka leo, selemo le selemo hlabula ho ba le karolo e khōlō ea leoatle e se nang leqhoa.b Le hoja phetoho ena e ka ama tikoloho haeba leqhoa le tsoela pele ho qhibiliha, likepe li ka qoba ho tsamaea metsing a sa tebang a haufi le lebōpo la Russia ’me tsa nka tsela e tobileng e pakeng tsa Leoatle la Atlantic le la Pacific—li tsamaea karolong e holimo-limo ea lefatše.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsela eo libakeng tse ling e bitsoang Karolo e ka Leboea-bochabela, ka Serussia e bitsoa “Tsela e Leoatleng le ka Bophirimela.”

b Ka lebaka lena le a mang, nako eo likepe li ka tsamaeang leoatleng ka eona e eketsehile ka makhetlo a ka bang mararo karolong e ka bochabela ea leoatle la Arctic le ka makhetlo a fetang a mabeli karolong e ka bophirimela ea leoatle la Arctic.

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LITSELA TSE NKILOENG KE

Sir Hugh Willoughby le Richard Chancellor

Willem Barents

Vitus Bering

Nils Adolf Erik Nordenskiöld

Moo leqhoa le fellang

[’Mapa]

LEOATLE LA ARCTIC

North Pole

Moo ho lulang ho e-na le leqhoa

Moo leqhoa le bokellanang hlabula

Moo leqhoa le bokellanang mariha

ARCTIC CIRCLE

SWEDEN

GREENLAND

CANADA

ALASKA

Bering Strait

RUSSIA

SIBERIA

LITHABA TSA URAL

Novaya Zemlya

Kola Peninsula

Arkhangel’sk

MOSCOW

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Leqhoa le leoatleng la Arctic le qhibiliha ka potlako

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]

Library and Archives Canada/Samuel Gurney Cresswell collection/C-016105

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela