Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/08 maq. 26-27
  • Ha Bosiu bo Hana ho Sa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bosiu bo Hana ho Sa
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi le ka Chaba Joang Har’a Mp’a Bosiu?
    Tsoha!—2005
  • Ho Tsamaea ka Sekepe Karolong e Holimo-limo ea Lefatše
    Tsoha!—2010
  • ‘Lehlabula le Mariha li ke ke Tsa Khaotsa’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lilemo Tse Mashome a Mahlano Tšebeletsong ea Nako e Tletseng Haufi le Arctic Circle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 12/08 maq. 26-27

Ha Bosiu bo Hana ho Sa

KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND

BIBELE e re: “Letsatsi lea chaba, letsatsi le boele le likele, le itlhahanelle ha habo lona moo le tla boela le chabe teng.” (Moeklesia 1:5, Bibele ea Sesotho) Leha ho le joalo, ho tloha bohareng ba November ho isa qetellong ea January, ha ho be le phapang e kaalo pakeng tsa ha letsatsi le chaba ho fihlela le likela libakeng tse ngata tse karolong e ka leboea ho Arctic Circle. Batho ba lulang moo, ba tlameha ho mamella mariha a Arctic a nang le masiu a malelele.

Libakeng tse ka boroa ho Arctic Circle le teng ho ba le masiu a malelele le hoja a sa tšoane le a libakeng tse ka leboea ho eona. Ka mohlala, St. Petersburg, Russia; Helsinki, Finland; Stockholm, Sweden; le Oslo, Norway—e leng metse eo kaofela e leng bohōle ba lik’hilomithara tse ka tlaase ho 800 ka boroa ho Arctic Circle—letsatsi le chaba hoo e ka bang lihora tse tšeletseng feela nakong ea mariha.

Ari ea hōletseng motseng oa Kiruna, o karolong e ka leboea ho Arctic Circle, Sweden, o re: “Taba ea hore mariha a Arctic a lefifi la bo-nka-ntjana hase ’nete.” Karolo e khōlō ea letsatsi e ka akaretsoa feela ka hore ke “shoalane.” Paula, moetsi oa litšoantšo ea lulang karolong e ka leboea ho Arctic Circle, Finland, o re: “Ha lehloa le koahetse karolong e ka leboea ho Arctic Circle, ho ba le mebala e botala bo isitseng boputsoeng le e pherese.”

Lefifi la mariha le etsa hore batho ba bang ba se ke ba ikutloa hantle. Moqapi ea tummeng oa Mofinnishe ea bitsoang Jean Sibelius, o ile a ngola a re: “Ha linako tsa selemo le boemo ba leholimo bo fetoha, seo se nkama ka ho teba.” O ile a boela a re: “Nakong ea mariha, ha letsatsi le le lekhutšoanyane, ke lula ke tetebetse maikutlo.” Sibelius e ne e se eena feela ea tetebelang maikutlo nakong ea mariha. Esita le ngaka ea Mogerike e bitsoang Hippocrates (hoo e ka bang ka 460-377 B.C.E.) e ne e lumela hore linako tsa selemo li ama tsela eo batho ba ikutloang ka eona.

Leha ho le joalo, ke lilemong tsa bo-1980 moo boemo bona ba ho tetebela maikutlo nakong ea mariha bo ileng ba hlalosoa e le letšoao la boloetse bo itseng. Liphuputso li bontšitse hore ho na le batho ba seng bakae feela ba phelang karolong e ka leboea ea lefatše ba kulisoang ke ho fetoha ha linako tsa selemo. Batho ba angoang ke ho fetoha ha linako tsa selemo empa ho sa ba kulise haholo ba feta bao ka makhetlo a mararo kapa a mane. Ho lumeloa hore batho ba likete tse makholo ba angoa ka tsela e itseng ke ho fetoha hoo.

Andrei oa St. Petersburg, Russia, o re, “Ekare nka lula ke robetse nako ena kaofela.” Annika ea lulang Finland, oa sulafalloa ha mariha a kena. O re: “Ka linako tse ling lefifi le etsa hore ke ikutloe eka ke bipetsane hobane ha ho moo nka le balehelang teng.”

Litsebi li khothalletsa batho hore ba etse lintho tse sa tšoaneng e le hore ba loantše ho tetebela maikutlo nakong ea mariha. Ka mohlala, tse ling li khothalletsa hore batho ba lokela ho qeta nako e ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang ba le ka ntle motšehare. Batho ba etsang lintho tse hlokang hore ba be sehlahlo mariha ba le ka ntle, le bona ba tlaleha hore seo se ba thusa ho loantša boikutlo ba ho tetebela maikutlo nakong ea mariha.

Jarmo, ea qetileng mariha a mang a le karolong e ka leboea ea Finland ’me a mang a le karolong e ka boroa ea eona, o re: “Ha ho le lefifi haholo re bonesa likerese tse ngata ’me re khantša mabone a mangata.” Ba bang ba thusitsoe ke ho ea ho litsebi tse phekolang ka khanya. Ha ba bang bona ba qoba lefifi la mariha ka hore ba ee phomolong sebakeng se karolong e ka boroa. Leha ho le joalo, ba bang ba lemosa hore motho a ka ’na a tetebela maikutlo le ho feta ha a khutlela lefifing la mariha ka mor’a hore a qete nako ea phomolo a le sebakeng seo se chabetsoeng ke letsatsi.

Lijo tseo motho a li jang le tsona ke tsa bohlokoa. Kaha khanya ea letsatsi e thusa ’mele hore o hlahise vithamine D, ha khanya eo e le sieo seo se ka etsa hore e haelle ’meleng. Kahoo, ba bang ba eletsa batho hore mariha ba je haholo lijo tse nang le vithamine D, tse kang tlhapi, sebete le lijo tse entsoeng ka lebese.

Mabaka a etsang hore ho be lefifi mariha a boetse a etsa hore ho be le khanya e ngata. Ha lefatše le ntse le potoloha, le reteletsa karolo ea lona e ka holimo e batang hore butle-butle e shebe letsatsing. Hanyane ka hanyane, letsatsi le qala ho chaba nako e telele. Joale ho kena lehlabula la Arctic, e leng nako eo ka eona letsatsi le lulang le chabile le har’a mpa ea bosiu!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Karolo e khōlō ea letsatsi e ka akaretsoa feela ka hore ke “shoalane”

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Har’a mpa ea motšehare nakong ea mariha a Arctic

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Dr. Hinrich Bäsemann/​Naturfoto-Online

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Batho ba bangata ba tepella maikutlo ha ho se na khanya ea letsatsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela