Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 6/8 leq. 31
  • Letsatsi le ka Chaba Joang Har’a Mp’a Bosiu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsatsi le ka Chaba Joang Har’a Mp’a Bosiu?
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Bosiu bo Hana ho Sa
    Tsoha!—2008
  • ‘Lehlabula le Mariha li ke ke Tsa Khaotsa’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Tsoha!—2005
g05 6/8 leq. 31

Letsatsi le ka Chaba Joang Har’a Mp’a Bosiu?

“LETSATSI le ke ke la likela joang?” Joaloka moromuoa oa Mofinnishe naheng ea Papua New Guinea, ke atisa ho utloa lipotso tsa mofuta ona. Linaheng tsa Litropike, palo ea lihora tsa motšehare e batla e sa fetohe ha linako tsa selemo li ntse li suthelana. Kahoo, ho baahi ba Linaha tsa Litropike, ho thata ho lumela hore Arctic letsatsi ha le likele ka likhoeli tse itseng. Joale ha ke leka ho hlalosa hore mariha teng letsatsi ho hang ha le chabe, ba bangata ba ile ba hlolloa le ho feta.

Joale letsatsi le chaba har’a mp’a bosiu joang? Ketsahalo ena e hlollang e amana le taba ea hore le hoja lefatše le ntse le potoloha letsatsi selemo le selemo, le lula le sekame ka likhato tse 23,5. Ka lebaka leo, nakong ea lehlabula Karolong e Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše, North Pole e sekamela ka letsatsing, ha nakong ea mariha e sekamela ka hosele. Kaha lefatše le phikoloha hang ka letsatsi, Arctic Circle letsatsi ha le likele ka bosiu bo le bong selemong—hoo e ka bang ka la 21 June. Ka tsela e tšoanang, letsatsi le le leng hang ka selemo—hoo e ka bang ka la 21 December—letsatsi ha le chabe, le hoja motšehare o moholo ho ka bonahala khanya ea mafube.

Ha e le hantle, likarolong tse elellang ka leboea le ho feta tsa Arctic Circle, ho ba le masiu a mangata a lehlabula ao letsatsi le lulang le chabile har’a mp’a bosiu ’me mariha ho be le matsatsi a mangata ao letsatsi le sa chabeng. North Pole le South Pole teng, letsatsi le lula le chabile ka likhoeli tse tšeletseng ’me le likele ka tse tšeletseng.a

Baahi ba libaka tsee tsa North Pole le South Poleba robala joang nakong ea lehlabula, hona ba sebetsana joang le boemo ba masiu a malelele a mariha? Nakong e fetileng, batho ba litso tse ling ba ne ba robala lihora tse ngata bo imenneng habeli nakong ea mariha ha ho le lefifi ho feta tseo ba li robalang ha e le lehlabula. Maemo a fetohile haholo ho ba bangata ka lebaka la ho phela bophelo ba mehla ea kajeno. Empa matsatsi a malelele a lehlabula a ntse a susumetsa baahi ba Linaha tse ka Leboea tsa lefatše hore ba be mafolofolo ka ho eketsehileng. Patrick, ea lulang Alaska, o re: “Ha e le motšehare oa lengeta ka 11:00 bosiu, ha ke ikutloe ke batla ho robala. Ka linako tse ling ke tsoela ka ntle ke kute mohloa kapa ke etse ho hong.”

Ka lehlakoreng le leng, likhoeli tsa letsatsi le sa likeleng kapa tsa lefifi li ka khathatsa haholo—’meleng le kelellong. Kahoo, batho ba bang ba thibela khanya ho kena likamoreng tsa bona nakong ea lehlabula ’me mariha ba iketsetsa khanya e ngata ka mabone, tsohle li etsoa molemong oa hore ba se ferekanye ’mele ka linako tsa ho robala ’me ba qobe ho tamukana ke mokhathala le ho tepella maikutlong. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe liphephetso, baahi le baeti baa lumela hore ho bona letsatsi le chabile har’a mp’a bosiu ke ntho eo ba ke keng ba e lebala.—Se nehetsoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Antarctic ho etsahala se tšoanang, phapang feela ke hore ha likarolo tse Arctic li le mariheng, eona e lehlabuleng.

[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ho sekama ha lefatše ho boloka ntlha ea lona e shebile ka letsatsing nakong ea lehlabula ’me e shebile ka lefifing nakong ea mariha (Mohlala o bontšitsoeng ke oa Karolo e ka Leboea ea Lefatše)

Hoetla ←

● ● ● ● ●

Mariha ● ◯ ● Lehlabula

● ● ● ● ● Lefatše le

phikoloha hang

→ Selemo ka letsatsi

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Foto e nkiloeng e bontšang ha letsatsi le chabile har’a mp’a bosiu

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Paul Souders/WorldFoto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela