Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 4 leq. 8
  • Linonyana Tsa Leoatle Tse Hlollang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linonyana Tsa Leoatle Tse Hlollang
  • Tsoha!—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka le Entseng Hore re Etele Sehlekehlekeng sa Keresemese
    Tsoha!—2007
  • Ho Tsoteha ha Bohlale ba Tlhaho
    Tsoha!—2007
  • Ho Tsamaea ka Sekepe Karolong e Holimo-limo ea Lefatše
    Tsoha!—2010
  • Tse ka Hare
    Tsoha!—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 4 leq. 8

Linonyana Tsa Leoatle Tse Hlollang

KA NAKO e telele ho ne ho lumeloa hore linonyana tsa leoatle tse bitsoang li-arctic tern, li ka fofa sebaka sa lik’hilomithara tse 35 200 ho tloha Arctic ho ea Antarctica le ho khutla. Leha ho le joalo, lipatlisiso tse entsoeng morao tjena li bontša hore linonyana tsena li ka fofa sebaka sa lik’hilomithara tse ngata ho feta moo.

Ho ile ha faselletsoa mechine e menyenyane e bitsoang geolocators linonyaneng tsena. Mechine ena e bobebe ho feta sekoahelo sa pene, e bala hore na linonyana tsena li se li fofile lik’hilomithara tse kae. E ile ea bontša hore linonyana tsena li fofile lik’hilomithara tse ka bang 90 000 ho ea le ho khutla leetong la tsona, eleng leeto le lelele haholo leo ho e-s’o ka ho e-ba le liphoofolo tse kileng tsa le tsamaea. Nonyana e ’ngoe ho tsena e kile ea fofa lik’hilomithara tse ka bang 96 000.

Ho sa tsotellehe hore na linonyana tsena li qala leeto la tsona hokae, li fofa li potoloha ho ea sebakeng seo li eang ho sona joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong se ka holimo se bontšang leeto la tsona leoatleng la Atlantic. Ke hobane’ng ha li potoloha? Ke hobane li thusoa ke maqhubu a moea ha li fofa.

Ha linonyana tsena li le lilemo li 30, eleng nako eo li e phelang, li se li tsamaile sebaka sa lik’hilomithara tse limilione tse 2,4, eleng sebaka se lekanang le ho ea khoeling ka makhetlo a mararo kapa a mane. Buka e bitsoang Life on Earth: A Natural History e re: “Linonyana tsena ha li ea Arctic li fumana e le hlabula ’me ha li khutlela Antarctica li fumana e se e le hlabula hape, eleng se bolelang hore li bona letsatsi nako e telele ho feta liphoofolo tse ling, kaha letsatsi le chaba nako e telele hlabula.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela