Ho Tsoteha ha Bohlale ba Tlhaho
“Ho ka etsahala hore ebe ntho e hlollang ka ho fetisisa liketsahalong tsa tlhaho ke ho falla ha linonyana.”—COLLINS ATLAS OF BIRD MIGRATION.
KA LA 9 December, 1967, motsamaisi e mong oa sefofane o ile a bona sehlopha sa likhantši tse ka bang 30 tse neng li fofa li lebile Ireland, li fofela holimo ka tsela e sa tloaelehang ka limithara tse 8 200. Ke hobane’ng ha li ne li fofela holimo hakaalo, moo mohatsela oa teng e neng e ka ba likhato tse 40 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo? Ntle le ho mamella meea e matla e tsamaeang le lehloa libakeng tse sa phahamang haholo, li ne li khannoa ke leqhubu la moea le neng le etsa hore li fofe ka lebelo le ka etsang lik’hilomithara tse 200 ka hora. Ho ile ha hakanngoa hore linonyana tseo li ile tsa qeta leeto la tsona la lik’hilomithara tse 1 300, ho tloha Iceland ho ea Ireland ka lihora tse supileng feela.
Nonyana e fallelang hōle ka ho fetisisa—e leng mofuta o mong oa letata la ntlheng e ka leboea ea lefatše—e qhotsetsa karolong e ka leboea ho Arctic Circle, empa ha e le mariha karolong eo ea lefatše, e qeta nako eo e le ntlheng e ka boroa ea lefatše. Ka selemo, nonyana ena e nyenyane ea leoatleng e fofa leeto la lik’hilomithara tse 40 000 ho ea ho tse 50 000—e leng leeto le lekanang le ho potoloha lefatše!
Mekotatsie e qhotsetsa Europe Leboea ’me ha e le mariha karolong e ka leboea ea lefatše, e qeta nako eo e le Afrika Boroa, ho bolelang hore e fofa lik’hilomithara tse ka bang 24 000 ho ea le ho khutla. Linonyana tsena tse likete li feta le Iseraele nakong ea hoetla le ea selemo, li latela mokhoa oa ho bala nako o neng o tsejoa khale mehleng ea Bibele.—Jeremia 8:7.
Ke mang ea li fileng bohlale bo bokaalo ba tlhaho? Lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, Molimo o ile a botsa monna ea lokileng, Jobo, potso e latelang: “Na ke ka lebaka la kutloisiso ea hao phakoe e fofelang holimo, e otlollelang mapheo a eona moeeng oa boroa? Kapa na ke ka taelo ea hao ntsu e fofelang holimo e hahang sehlaha sa eona holimo?” Ha a araba, ka nepo Jobo o ile a tlotlisa Molimo ka lintho tse hlollang tse etsoang ke linonyana le liphoofolo tse ling.—Jobo 39:26, 27; 42:2.
Pōpo e Phahametseng Bohlale ba Tlhaho
Batho, e leng pōpo e phahameng ea Molimo lefatšeng, ha ba tataisoe hakaalo ke bohlale ba tlhaho. Ho e-na le hoo, re na le bolokolohi ba ho ikhethela, re na le letsoalo le matla a ho bontša lerato. (Genese 1:27; 1 Johanne 4:8) Ka lebaka la mpho ena, re ka etsa liqeto tse lokileng le tse lumellanang le melao e nepahetseng tseo ka linako tse ling li bontšang lerato le sa tloaelehang le boitelo.
Boikutlo ba motho le boitšoaro ba hae, bo itšetlehile haholo ka melao le lintho tseo a li lumelang tseo a ileng a li rutoa ho tloha boseeng kapa tseo a sa kang a li rutoa. Ka lebaka leo, batho ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ea se nepahetseng kapa se fosahetseng, se amohelehang kapa se sa amoheleheng. Ho se tšoane hona ha maikutlo le hona ho ka etsa hore batho ba se ke ba utloisisana, ba se ke ba mamellana esita le hore ba hloeane, haholo-holo haeba ba susumetsoa ka matla ke lintho tse kang meetlo, bochaba le bolumeli.
Ho ne ho ka ba molemo hakaakang lefatšeng haeba moloko oohle oa batho o ne o ka khomarela molao o le mong o bontšang se nepahetseng boitšoarong le se lumellanang le ’nete ea Bibele, feela joalokaha re laoloa ke molao o le mong o tsamaisang bokahohle! Empa na ho na le ea nang le matla le tsebo ea ho beha melao e ka lateloang ke bohle? Haeba ho joalo, na o tla etsa joalo kapa o entse joalo? Lipotso tsena li tla tšohloa lihloohong tse latelang.