Tumelo e Behoa Tekong Slovakia
JOALOKAHA HO BOLETSE JÁN BALI
KE HLAHILE ka la 24 December, 1910, motsaneng oa Záhor, oo hona joale o leng ka bochabela ho Slovakia. Ka nako eo motsana oa rōna e ne e le karolo ea ’Muso oa Austria le Hungary. Ka 1913, ’Mè o ile a ea le ’na United States ho ea lula le Ntate, ea neng a tlohile Záhor pejana. Khaitseli ea ka Anna o ile a hlaha lilemo tse peli ka mor’a hore ’na le ’Mè re fihle Gary, Indiana. Ka mor’a moo Ntate o ile a kula a ba a hlokahala ka 1917.
Ke ile ka ba seithuti se mafolofolo, ka thahasella bolumeli ka ho khetheha. Kerekeng ea Macalvine moo ke neng ke kena sekolo sa Sontaha teng, tichere e ile ea hlokomela ho thahasella ha ka lintho tsa moea. E le hore e khotsofatse takatso ea ka, e ile ea mpha Khatiso ea Bibele ea Holman, e nang le lipotso le likarabo tse ka bang 4 000. E ne e e-na le boitsebiso bo bongata bakeng sa monahano oa ka oa motho ea lilemo li 11.
‘Ena ke ’Nete’
Lilemong tseo tse qalang, bajaki ba bang ba tsoang Slovakia ba neng ba lula sebakeng seo re phelang ho sona ba ile ba fetoha Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. E mong oa bona e ne e le Rangoane Michal Bali, ea ileng a re bolella linnete tsa Bibele. Leha ho le joalo, ka 1922 ’na le khaitseli ea ka re ile ra khutlela le ’Mè Záhor, eo ka nako eo e neng e se e fetohile karolo e ka bochabela ea Czechoslovakia.
Nakoana ka mor’a moo, Rangoane Michal o ile a nthomella sete e feletseng ea Studies in the Scriptures, e ngotsoeng ke Charles Taze Russell, hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa tse hatisitsoeng bocha ho tloha ka tokollo ea pele ea July 1, 1879. Ke ile ka li bala kaofela, likarolo tse ling ka li bala khafetsa, ’me ka kholiseha hore ke fumane ’nete ea Bibele eo ke neng ke ntse ke e batla.
Ka nako eo tse ling tsa Liithuti Tsa Bibele tse neng li le United States li ile tsa khutlela ha habo tsona Slovakia. Li ile tsa theha lihlopha tsa pele tsa Liithuti Tsa Bibele tse buang Seslovakia, Czechoslovakia. ’Na le ’Mè re ne re e-ea libokeng tsena tseo pele li neng li tšoareloa motsaneng oa Záhor le libakeng tse ling tse haufinyane.
Liboka tseo li ne li tšoana le liboka tseo Bakreste ba neng ba e-ba le tsona lekholong la pele la lilemo. Re ne re atisa ho kopana lelapeng la Seithuti se seng sa Bibele, moo re neng re lula tafoleng re behile lebone la parafine hare. Kaha ke ne ke le e monyenyane ho bohle, ke ne ke mamela ke lulelletse morao lefifing. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke kopanyelletsoa puisanong. Ha ba bang ba ne ba batla ba sa utloisise seo ba se balang ka Seslovakia, ba ne ba re: “Joale, Ján, Senyesemane se re’ng moo?” Ka cheseho ke ne ke atamela lebone ebe ke fetolela se boleloang khatisong ea Senyesemane ka Seslovakia.
Michal Šalata e ne e le e mong oa ba ileng ba fetoha Liithuti Tsa Bibele ha ba le United States ’me ba khutlela moo e neng e se e le Czechoslovakia. O ile a khutlela motsaneng o haufi oa Sečovce, oo a neng a kile a lula ho oona, ’me a thusa ho hlophisa mosebetsi oa boboleli Czechoslovakia. Mor’abo rōna Šalata o ne a tsamaea le ’na maetong a boboleli. Joale, ka 1924 ha ke le lilemo li 13, ke ile ka mo kōpa hore a nkolobetse. Le hoja ’Mè a ne a nahana hore ke sa le monyenyane bakeng sa ho nka khato e tebileng joalo, ke ile ka mo kholisa hore eo ke qeto ea ka e tiileng. Ka hona, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa Nōkeng ea Ondava, e neng e le haufi le moo kopano ea letsatsi le le leng e neng e tšoaretsoe teng ka July selemong seo.
Litokelo Tse Babatsehang Tsa Tšebeletso
Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka utloa hore ho ne ho tla ba le lepato motsaneng o mong o lik’hilomithara tse seng kae ho tloha ho oo ke neng ke etsa boboleli ho oona. E ne e le lepato la pele la ho tsamaisoa ke Liithuti Tsa Bibele sebakeng seo. Ha ke fihla teng, ke ile ka fohla baahi ba maketseng ba motsana ho ea ho sebui. Ha ke fihla ho sona, se ile sa retelehela ho ’na sa re: “Ke tla bua pele, ebe uena u tsoela pele.”
Ke ile ka theha puo ea ka lengolong la 1 Petrose 4:7, le reng: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” Ke ile ka bontša ka Mangolo hore mahlomola le lefu li haufi le ho fela, ’me ka hlalosa tšepo ea tsoho. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Bamameli bohle ba ile ba mamela ka hloko le hoja ke ne ke shebahala ke le monyenyane ho lilemo tsa ka—kapa mohlomong ke sona se thusitseng.
Molula-Qhooa oa September 15, 1931, o ne o e-na le litaba tse thabisang, o ne o hlalosa hore ha re sa batla ho tsejoa re le Liithuti Tsa Bibele kapa ka lebitso leha e le lefe le leng empa re batla ho tsejoa re le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho bala boitsebiso bona, Liithuti Tsa Bibele tse sebakeng sa rōna li ile tsa lokisetsa ho tšoara seboka se khethehileng. Liithuti Tsa Bibele tse ka bang 100 li ile tsa kopana motsaneng oa Pozdišovce. Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Lebitso le Lecha,” e thehiloeng sehloohong se hlahang ho Molula-Qhooa o boletsoeng ka holimo.
Bamameli bohle ba ile ba phahamisa matsoho ka thabo e khōlō ha ba ne ba kōpuoa ho amohela qeto e tšoanang le e neng e amohetsoe ke balumeli-’moho le bona ba likarolong tse ling tsa lefatše. Ka mor’a moo re ile ra romela thelekramo ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, e balehang tjena: “Rōna, Lipaki Tsa Jehova tse bokaneng hammoho letsatsing lena Pozdišovce, re lumellana le tlhaloso e Molula-Qhooeng e mabapi le lebitso le lecha, ’me re amohela lebitso lena le lecha la Lipaki Tsa Jehova.”
Karolo e khōlō ea Slovakia le Transcarpathia, eo pele ho Ntoa ea II ea Lefatše e neng e le karolo ea Czechoslovakia e ile ea fetoha tšimo e behang litholoana mosebetsing oa rōna oa Bokreste. Re ile ra koahela tšimo ena e khōlō re tsamaea ka maoto le ka terene, ka bese le ka libaesekele. Ka nako eo “Photo-Drama of Creation,” e leng nehelano ea baesekopo le li-slide tse tsamaisanang le molumo, e ile ea bontšoa metseng e mengata. Ka mor’a nehelano e ’ngoe le e ’ngoe, ho ile ha nkoa liaterese tsa batho ba nang le thahasello. Ke ile ka fuoa tse ngata tsa liaterese tsena ’me ka kōpuoa hore ke lokisetse hore Lipaki li etele batho bana ba nang le thahasello. Metseng e meng, re ne re hira holo moo ke neng ke fana ka puo e khethehileng ka mor’a moo.
Lilemong tsa bo-1930, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba e mong oa baeti likopanong tse khōlō tse motse-moholo, Prague. Ka 1932 ho ile ha lokisetsoa kopano ea pele ea machaba Czechoslovakia. Re ile ra e tšoarela Varieté Theatre. Sehlooho sa puo ea phatlalatsa se neng se re “Europe Pele ho Timetso,” se ile sa hapa thahasello ea batho, ’me ba ka bang 1 500 ba e-ba teng. Kopano e ’ngoe ea machaba e ile ea tšoaroa Prague ka 1937, ’me ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka e ’ngoe ea lipuo. Ho ne ho e-na le baeti ba tsoang linaheng tse ngata tsa Europe, ’me kaofela ha rōna re ile ra fumana khothatso eo re e hlokang hore re tsoele pele le har’a liteko tse neng li tla latela e se khale nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.
Lenyalo le Liteko Tse Matla
Ka mor’a hore re khutlele Czechoslovakia, ’na le ’Mè re ile ra sebelisana haufi le Liithuti-’moho le rōna tsa Bibele mosebetsing oa boboleli, Pozdišovce e haufi. Ha re le moo ke ile ka hlokomela moroetsana e mong ea bohehang ea bitsoang Anna Rohálová. Ha re se re batla re hōlile, re ile ra hlokomela hore maikutlo a rōna hase feela maikutlo a mofuthu a bana ba motho ba Bakreste. Ka 1937 re ile ra nyalana. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Anna o ile a ntšehetsa, esita le ‘nakong e likhathatso’ e ileng ea latela.—2 Timothea 4:2.
Nakoana ka mor’a ho chata, ho ile ha hlaka hore Europe e itokisetsa Ntoa ea II ea Lefatše. Ka November 1938, Hungary e neng e sebelisana le Jeremane ea Bonazi, e ile ea hapa likarolo tse ka boroa tsa Transcarpathia le Slovakia. Mapolesa a Hungary a ile a thibela liboka tsa rōna, ’me kamehla re ne re lokela ho itlaleha sepoleseng.
Ka mor’a hore Ntoa ea II ea Lefatše e qale ka September 1939, ba ’maloa ba rōna, banna le basali ba tsoang Záhor, ba ile ba isoa litlamong ’me ba isoa mohahong oa khale o haufi le Mukacheve, eo hona joale e leng Ukraine. Ha re fihla moo re ile ra fumana Lipaki tse ling tse ngata tse tsoang liphuthehong tsa Transcarpathia. Ka mor’a ho hlongoa lipotso ka likhoeli tse tharo kapa tse ’nè le ho otloa khafetsa, re ile ra hlaha ka pel’a lekhotla le khethehileng la sesole. Kaofela ha rōna re ile ra botsoa potso e le ’ngoe feela: “Na le ikemiselitse ho ema le Hungary ntoeng ea eona le U.S.S.R.?” Kaha re ile ra hana, re ile ra ahloloa ’me qetellong ra romeloa teronkong e Budapest, Hungary, 85 Margit Boulevard.
Batšoaruoa bohle ba ne ba bolaoa ke tlala. Ka mor’a nako ho ile ha jaleha mafu ’me batšoaruoa ba qala ho shoa. E ne e le ho thobang pelo hakaakang ha mosali oa ka a ne a tsamaea leeto le lelelele ho tloha Záhor ho tla mpona! Le hoja re ne re khona ho bua ka metsotso e ka bang mehlano feela re arohantsoe ke mekoallo ea tšepe, ke ile ka leboha Jehova ka molekane eo ea tšepahalang.a
Ho Tloha Teronkong ho ea Kampong ea Mosebetsi o Boima
Ha ke tsoa teronkong ke ile ka isoa Jászberény, Hungary, moo Lipaki tse ling tse ka bang 160 li neng li isitsoe teng. Ha re ntse re le moo, ofisiri e ’ngoe ea Hungary e ile ea re fa monyetla oa ho qetela oo ’muso oa Hungary o fanang ka oona: “Haeba u ikemiselitse ho sebeletsa sesole, emella ka thōko.” Ha ho le ea mong ea ileng a emella ka thōko. Ofisiri ea re: “Le hoja ke sa lumellane le seo le se etsang, ke tsota boikemisetso ba lōna ba ho phelela tumelo ea lōna.”
Matsatsi a se makae hamorao, re ile ra tšoara sekepe Nōkeng ea Danube ra kena leetong le eang kampong ea mosebetsi o boima e haufi le motse oa Bor, Yugoslavia. Ha re ntse re le ka sekepeng, masole le molaoli oa ’ona ba ile ba leka ka makhetlo ho etsa hore re sekisetse tumelo ea rōna. Molaoli le masole ba ile ba re otla ka lithunya, ba re raha ka lirifi le ho re hlokofatsa ka litsela tse ling.
Ha re siuoa ho Mokoronele Lefothenente András Balogh, molaoli oa kampo ea Bor ea mosebetsi o boima, o ile a re bolella: “Haeba seo ke se utloileng ka lōna ke ’nete, le tla shoa e se khale.” Empa ka mor’a ho bala lengolo le tsoang liofisiring tsa ’muso, o ile a re tšoara ka tlhompho. Balogh o ile a re fa bolokolohi bo itseng ba ho tsamaea le ho re lumella ho ikahela kampo ea rōna. Le hoja lijo li ne li haella, re ne re e-na le kichine ea rōna, kahoo lijo li ne li ajoa ka ho lekana.
Ka March 1944, Jeremane e ile ea qala ho laola Hungary. Ka nako eo molaoli ea neng a tšehetsa Bonazi ea bitsoang Ede Marányi o ile a nka sebaka sa Balogh. O ile a beha melao e thata, e kang ea likampong tsa mahloriso. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana mabotho a Russia a ile a atamela, ’me batho ba tlosoa kampong ea Bor. Hamorao, ha re le leetong re ile ra bona Bajuda ba bolaoa ka sehlōhō, Cservenka. Hore ebe re ile ra pholoha e bile mohlolo.
Ha re fihla moeling oa Hungary le Austria, re ile ra laeloa hore re chekele lithunya tsa merathatha mekoti. Re ile ra hlalosa hore re batšoaruoa tjena hobane re hanne ho kenella mesebetsing ea sesole. Kaha ke ’na ea neng a le ka pele sehlopheng, ofisiri ea Hungary e ile ea nqhautsa ’me ea qala ho nkotla. Ea hooa: “Ke tla u bolaea! Haeba u sa sebetse, ba bang ba tla latela mohlala oa hao o mobe!” Bophelo ba ka bo ile ba pholosoa feela ke ho kenella ho sebete ha András Bartha, Paki e ’ngoe e seng e hōlile e ’nileng ea etella pele mosebetsing oa rōna oa boboleli.b
Libeke li se kae hamorao, ntoa e ile ea lala ’me ra qala ho khutlela mahae. Batšoaruoa ba bang, ba neng ba lokolotsoe Bor pejana, ba ne ba ile ba bolela hore kaofela ha rōna ba neng ba ile ba isoa Cservenka re bolailoe. Mosali oa ka o ile a inka e le mohlolohali ka likhoeli tse ka bang tse tšeletseng. O ile a makala hakaakang ka letsatsi le leng ha a mpona monyako! Meokho ea thabo e ile ea keleketla marameng a rōna ha re hakana ka mor’a ho arohana ka lilemo tse ngata.
Ho Hlophisa Mosebetsi Bocha
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Slovakia e ile ea boela ea kopana le Czechia ho theha Czechoslovakia. Leha ho le joalo, Transcarpathia, eo karolo e khōlō ea eona e neng e oela tlas’a Czechoslovakia pele ho ntoa, e ile ea fetoha karolo ea Ukraine, Soviet Union. Ka 1945, ’na le Michal Moskal re ile ra ea Bratislava, eo hona joale e leng motse-moholo oa Slovakia, moo re ileng ra kopana le barab’abo rōna ba ikarabellang e le ho hlophisa bocha mosebetsi oa boboleli. Le hoja re ne re fokola ’meleng le maikutlong, re ne re labalabela ho phetha mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14; 28:18-20.
Ka mor’a ntoa, likopano li ile tsa e-ba le tšusumetso e matla mosebetsing oa rōna. Kopano ea pele bakeng sa naha eohle e ile ea tšoareloa motseng oa Brno ka September 1946. Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Kotulo, Bofelo ba Lefatše.”
Ka 1947 kopano e ’ngoe naheng ea rōna e ile ea tšoareloa Brno. Nathan H. Knorr, Milton G. Henschel le Hayden C. Covington, ba neng ba tsoa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, ba ile ba fana ka lipuo tse khothatsang. Ke ile ka ba le tokelo ea ho toloka lipuo tsa bona. Le hoja ka nako eo re ne re e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 1 400 Czechoslovakia, batho ba ka bang 2 300 ba ile ba e-ba teng puong ea phatlalatsa.
Mahloriso Tlas’a Makomonisi
Makomonisi a ile a qala ho laola naha ka 1948, ’me nakoana ka mor’a moo ha etsoa thibelo e ileng ea nka lilemo tse 40 mosebetsing oa rōna oa boboleli. Ka 1952 ba bangata ba rōna bao ba boholong ba neng ba re nka re le baeta-pele, re ile ra kenngoa teronkong. Ba bangata ba ile ba qosoa ka ho ba khahlanong le ’muso, empa ba seng bakae ba rōna ra qosoa ka hore re batla ho ketola ’muso. Ke ile ka koalloa teronkong le ho hlongoa lipotso ka likhoeli tse 18. Ha ke botsa hore na ke lehlabaphio ka tsela efe, moahloli o ile a re: “U ne u bua ka ’Muso oa Molimo. ’Me u bolela hore o tla nkela puso ea lefatše sebaka. Sena se akarelletsa Czechoslovakia.”
Ke ile ka araba ka ho re: “Tabeng eo, u tla tlameha ho ahlola batho bohle ba etsang Thapelo ea Morena le ba kōpang hore ‘’Muso oa Molimo o tle,’ e le mahlabaphio.” Leha ho le joalo, ke ile ka ahloleloa lilemo tse hlano le halofo ’me ka romeloa teronkong e tummeng hampe ea Bokomonisi Jáchymov, Czechoslovakia.
Ke ile ka lokolloa ka mor’a ho hoehla boholo ba nako ea ka ea kahlolo. Mosali oa ka, Anna, o ile a ntšehetsa ka botšepehi ka ho ’ngolla le ka ho nketela esita le ka ho hlokomela morali oa rōna, Mária. Qetellong, re ile ra boela ra ba hammoho re le lelapa, ’me ra tsosolosa mosebetsi oa rōna oa Bokreste, oo re neng re o etsa ka sekhukhu.
Bophelo bo Khotsofatsang ba ho Sebeletsa Jehova
Lilemong tse 70 tse fetileng le tse fetang moo, Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa rōna li ile tsa sebetsa tlas’a maemo a fapa-fapaneng, boholo ba nako e le tlas’a puso ea Bokomonisi. Ke ’nete hore ke se ke tsofetse ebile kea fokola ’meleng, leha ho le joalo, ke ntse ke khona ho sebeletsa ke le moholo oa Mokreste Záhor, hammoho le ba bang ba tšepahalang ba kang Ján Korpa-Ondo, eo hona joale a leng lilemo li 98.c Mosali oa ka ea ratehang, mpho ea sebele e tsoang ho Jehova, o ile a hlokahala ka 1996.
Ke sa ntse ke hopola hantle pono e hlalositsoeng leqepheng la 228 ho isa ho la 231 bukeng ea The Way to Paradise, e hatisitsoeng ka 1924. ’Mali o ne a kōptjoa hore a inahane a le Paradeiseng ’me a utloa batho ba babeli ba tsohileng bafung ba bua. Ba ne ba ipotsa hore na ba hokae. Joale motho e mong ea pholohileng Armagedone o ile a ba le tokelo ea ho ba hlalosetsa hore ba tsositsoe bafung ’me ba Paradeiseng. (Luka 23:43) Haeba ke pholoha Armagedone, ke tla rata ho hlalosetsa mosali oa ka, ’Mè le baratuoa ba ka ba bang ha ba tsoha bafung, lintho tse joalo. Empa haeba ke e-shoa pele ho Armagedone, ke lebeletse nako eo ka eona motho e mong lefatšeng le lecha a tlang ho mpolella lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a lefu la ka.
Hona joale ke tsoela pele ho ananela tokelo e ikhethang le e babatsehang ea ho bua ka ’Musi Morena oa bokahohle le ea ho mo atamela. Pakane ea ka ke ho lula ke phela tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse a ho Baroma 14:8: “Haeba re phela, re phela ho hlompha Jehova, ’me haeba re shoa, re shoa ho hlompha Jehova. Ka hona, haeba re phela le haeba re shoa, re ba Jehova.”
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona pale ea Andrej Hanák ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 2002, leqepheng la 19-23. E tšohlile maemo teronkong ena hammoho le lintho tse ileng tsa etsahala Cservenka, eo ho buuoang ka eona hamorao sehloohong sena.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka András Bartha, bona Molula-Qhooa oa July 15, 1993, leqepheng la 11.
c Bona pale ea bophelo ba hae tokollong ea Molula-Qhooa ea September 1, 1998, leqepheng la 24-8.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
’Na le Anna, ka mor’a selemo re nyalane
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
’Na le Nathan H. Knorr kopanong ea Brno ka 1947