Moo ke Qalileng ho Utloa Lebitso la Jehova
Joalokaha ho boletse Pavol Kovár
Nakong eo libomo li ntseng li ruthutha ka matla, re ile ra fihla ka thata setšabelong sa nakoana. Ha libomo li ntse li ruthutha ka matla le ho feta ’me setšabelo sa rōna se tsukutleha, motšoaruoa-’moho le rōna o ile a rapella holimo, a re: “Oele hle, Jehova, re pholose! Molemong oa lebitso la hao le halalelang, re kōpa u re pholose!”
E NE e le ka la 8 January, 1945, ha ke ne ke le motšoaruoa oa ntoa motseng oa Linz, Austria. Re ne re ka ba 250 ka setšabelong seo, ’me kaofela ha rōna re ile ra pholoha tlhaselo eo ea libomo. Ha re tsoa ka moo, re ile ra bona tšenyo hohle ho re potoloha. Mantsoe a thapelo eo e tsoang botebong ba pelo a ile a lula kelellong ea ka, le hoja ke sa tsebe hore na ke mang ea neng a rapela. Pele ke u bolella hore na ke ithutile ka Jehova joang, e-re ke u phetele ho se hokae ka ’na.
Ke hlahetse lapeng ka la 28 September, 1921, haufi le motsana oa Krajné, karolong e ka bophirimela ea Slovakia, eo ka nako eo e neng e le karolo ea Czechoslovakia. Batsoali ba ka e ne e le Maprostanta a neng a nka bolumeli ka ho teba. Ntate o ne a balla lelapa Bibele hoseng ka Sontaha, ’me ’na le bana beso ba bararo hammoho le ’Mè re ne re mo mamela ka hloko. Empa ha ke hopole le ka le baliloeng Ntate a bitsa lebitso la Jehova. Tikolohong ea heso, batho ba ne ba phela ka tsela e itekanetseng, empa re ne re khotsofaletse lintho tse seng kae tseo re neng re e-na le tsona.
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939, batho ba ne ba tšohile. Ba bangata ba ne ba ntse ba hopola masetla-pelo a bakiloeng ke Ntoa ea I ea Lefatše lilemong tse 20 pejana ho moo. Ka 1942, ke ile ka bitsetsoa ho ea sesoleng sa lebotho la Slovakia. Le hoja ka molao Slovakia e ne e tšehetsa Jeremane, ka August 1944 e ile ea leka ho tsosolosa puso ea sechaba ka sechaba. Ha boiteko boo bo nyopa, ke ile ka ba e mong oa masole a likete a Slovakia a ileng a hapuoa ’me a isoa libakeng tse laoloang ke Majeremane. Ke ile ka qetella ke le kampong e nyenyane ea Gusen e matahaneng le kampo ea mahloriso e tummeng hampe ea Mauthausen, haufi le Linz.
Ha ke ne ke le Motšoaruoa oa Ntoa
Re ile ra abeloa ho sebetsa femeng e etsang lifofane e haufi le motse oa Sankt Georgen an der Gusen. Ha ke le moo, ke ne ke sebetsa moo ho sakhoang lifate. Re ne re fuoa lijo tse seng kae, ’me ka January 1945 li ile tsa fokotsoa le ho feta, kaha mabotho a Manazi a ne a imetsoe ke ntoa ka mahlakoreng ’ohle. Sejo feela se futhumetseng seo re neng re se fuoa e ne e le sopho e seng kae. Hoseng ho hong le ho hong ho ne ho fihla basebetsi ba tsoang kampong e khōlō ea Mauthausen. Balebeli ba ne ba atisa ho khakhatha batšoaruoa ba fokolang ba seng ba sa khone ho sebetsa ho fihlela ba e-ba shoa. Ka mor’a moo, batšoaruoa ba bang ba ne ba lahlela litopo tseo ka kariking ba ntan’o li isa moo ho chesetsoang litopo teng.
Le hoja re ne re saretsoe, re ne re ntse re e-na le tšepo ea hore haufinyane ntoa e tla lala. Ka la 5 May, 1945, likhoeli tse ’nè ka mor’a tlhaselo ea libomo eo ke e hlalositseng qalong, ke ile ka tsosoa ke morusu o moholo ’me ka mathela lebaleng. Balebeli ba ne ba ile, ’me lithunya e le liqubu le liheke li butsoe. Re ne re khona ho bona kampo e ’ngoe e ka mose ho lekhulo. Batšoaruoa ba lokolohileng ba ne ba tsoa ba matha joalokaha eka ke linotši tse balehang ntlong ea tsona e chang. Ha batšoaruoa ba lokoloha, ba ile ba iphetetsa ka tsela e sehlōhō. Tsela e sehlōhō eo batho ba ileng ba bolaoa ka eona e ntse e e-s’o hlakohe kelellong ea ka.
Batšoaruoa ba ne ba iphetetsa ka ho bolaea ma-kapo ka ho a khakhatha, e leng batšoaruoa ba neng ba sebelisana le balebeli ba teronko. Ma-kapo a ne a atisa ho ba sehlōhō le ho feta balebeli ba Manazi. Ke ile ka shebella ha motšoaruoa e mong a khakhatha le-kapo le leng ho fihlela le e-shoa, a hoelelitse a re: “O bolaile Ntate. Re fihlile mona le eena, empa maoba ke ha a bolaea Ntate!” Ha shoalane e tšoara lekhulo leo le ne le tletse litopo tsa ma-kapo le batšoaruoa ba bang ba makholo. Ka mor’a moo, pele re tloha, re ile ra lekola kampo eo, ra hlahloba lintho tseo batho ba neng ba bolaoa ka tsona—haholo-holo liphaposi tseo batho ba neng ba khangoa ka khase ho tsona le libōpi tsa mollo.
Ke Ithuta ka Molimo oa ’Nete
Ke ile ka fihla hae bofelong ba May 1945. Ha ke ntse ke le sieo, batsoali ba ka ba ne ba ithutile lebitso la Molimo leo ke neng ke le utloile ha ke le setšabelong sa nakoana, ebile e se e le Lipaki Tsa Jehova. Nakoana ka mor’a hore ke khutle, ke ile ka kopana le moroetsana e mong ea bitsoang Oľga, ea neng a rata Molimo ’me re ile ra nyalana selemo hamorao. Tsela eo a neng a chesehela ’nete ea Bibele ka eona e ile ea ntšusumelletsa hore ke tsoele pele ho ithuta ka Jehova. ’Na le Oľga hammoho le ba bang ba 50 re ile ra kolobetsoa Nōkeng ea Váh e Piešťany, kopanong e ’ngoe ea tsa ho qetela tse ileng tsa tšoaroa pele puso e ncha ea Bokomonisi e thibela mosebetsi oa boboleli ka 1949. Ha nako e ntse e ea, re ile ra ba le barali ba babeli, e leng Oľga le Vlasta.
Re ne re atisa ho eteloa ke Ján Sebín, e leng Paki e neng e thusitse ho hlophisa bocha mosebetsi oa boboleli ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ’me ke ne ke sebetsa le eena boboleling. Le hoja Makomonisi a ne a ntse a tsoela pele ho re hlorisa, re ile ra tsoela pele ka mosebetsi oa rōna oa boboleli. Re ne re buisana le batho ka masene ka linnete tsa Bibele, ’me ka mor’a nakoana re ne re se re e-na le lithuto tse ngata tsa Bibele. Ha Ján a re siea moo, ’na le mohats’a ka re ile ra ntšetsa pele lithuto tsena. Ka mor’a nako ha re le likopanong, re ne re atisa ho kopana le batho bana bao re ba ratang ba e-na le bana ba bona hammoho le litloholo. Ruri seo se ne se re thabisa haholo!
Ke Kenela Tšebeletso e Khethehileng
Ka 1953, Lipaki tse ngata tse neng li eteletse pele mosebetsing oa boboleli li ile tsa tšoaroa. Kahoo ke ile ka kōpuoa hore ke thuse ka mosebetsi oa boboleli sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 150 ho tloha lapeng la rōna. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ea bobeli, ha ke chaisa mosebetsing Moqebelo thapama, ke ne ke palama terene e tlohang toropong ea Nové Mesto nad Váhom ho ea toropong ea Martin, e bohareng ka leboea ho Slovakia. Ke ne ke ruta batho Bibele ho fihlela ka shoalane le ka Sontaha letsatsi lohle. Ka Sontaha mantsiboea ke ne ke palama terene ke khutlela Nové Mesto. Ke ne ke atisa ho fihla ka khitla ’me ke robaletsa ha banyalani ba bang ba seng ba hōlile, ba neng ba nkamohela ka mofuthu. Ha ke tloha moo ke ne ke fetela mosebetsing ka ho toba ebe ke khutlela hae ka Mantaha bosiu, motsaneng oa Krajné. Oľga o ne a sala a hlokometse barali ba rōna ka mafelo-beke ha ke le sieo.
Joale ka 1956, ke ile ka kōpuoa hore ke be molebeli oa potoloho, e leng ho neng ho akarelletsa ho etela liphutheho tse sebakeng sa rōna le ho li matlafatsa moeeng. Kaha balebeli ba bangata ba potoloho ba ne ba tšoeroe, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke amohele kabelo eo. ’Na le mosali oa ka re ne re kholisehile hore Jehova o tla thusa lelapa la rōna.
Ho ea ka molao oa Makomonisi, baahi bohle ba ne ba lokela ho sebetsa. ’Muso o ne o nka batho ba sa sebetseng e le moroalo sechabeng, kahoo ba ne ba tšoaroa. Ka hona ke ile ka tsoela pele ke sebetsa. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke qeta mafelo-beke a mabeli ke e-na le lelapa la ka, re etsa hammoho mesebetsi e amanang le borapeli le mesebetsi e meng; empa ka mafelo-beke a mang a mabeli, ke ne ke etela e ’ngoe ea liphutheho tse tšeletseng tse haufi tse neng li le potolohong ea rōna.
Ho Hatisa Lingoliloeng ha Mosebetsi o Thibetsoe
Balebeli ba potoloho ba ne ba lokela ho lokisetsa hore phutheho ka ’ngoe potolohong e be le lingoliloeng tsa Bibele. Qalong, boholo ba limakasine bo ne bo ngoloa ka letsoho bo ntan’o thaepuoa. Ha nako e ntse e ea re ile ra khona ho fumana li-negative tsa filimi tsa Molula-Qhooa tseo re neng re li romella liphutheho. Ka mor’a moo ho ne ho etsoa likopi tsa limakasine ka pampiri e khethehileng. Kaha ho reka pampiri eo ka bongata ho ne ho ka tsosa libata masene, ba e rekang ba ne ba lokela ho ba sebete le ho ba seli.
Štefan Hučko o ne a chesehela mosebetsi ona a bile a ipabola ho oona. Ka mohlala: Ka lekhetlo le leng, Štefan o ile a khutlela lebenkeleng la lifoto le motseng o mong o hōle ho ea reka pampiri empa kaha e ne e le sieo, o ne a le mothating oa ho khutla. Joale a bona morekisi ea botsoalle eo pejana a neng a mo tšepisitse hore o tla mo odarela pampiri eo. Moo Štefan a reng o ea ho eena, ke ha a bona lepolesa le kena ka lebenkeleng leo. Ha le kena ke ha morekisi le eena a bona Štefan a bile a hooa ka thabo, a re: “Monghali! U lehlohonolo. Re fumane pampiri eane eo u neng u e batla.”
Ke ha Štefan a ja masapo a hlooho hona hoo, a bile a re: “Che kannete, Ausi, u tlameha u ntšoantša le motho e mong. ’Na ke ipatlela negative e le ’ngoe feela ea filimi.”
Ha Štefan a khutlela koloing, o ile a utloa hore a ke ke a khutlela hae a sa nka pampiri eo ea bohlokoa eo a e tletseng. Ka mor’a hore a hlobole baki le ho rola kepisi le ho leka ho fetola tsela eo a shebahalang ka eona, o ile a khutlela ka lebenkeleng a ntan’o ea ho morekisi ka ho toba. A re: “Ke ne ke le mona bekeng e fetileng ’me ka u kōpa hore u mpatlele pampiri. Na e se e le teng?”
Morekisi o ile a araba, a re “E, e teng. Empa ua tseba ke’ng Monghali, ho na le motho e mong ea tšoanang le uena hantle ea qetang ho tsoa mona. Ruri ke mohlolo—ekare le mafahla!” Ka potlako, Štefan o ile a nka moqeqeko oo oa pampiri a ntan’o ikela, a leboha Jehova ha a entse hore a e fumane.
Lilemong tsa bo-1980, re ile ra qala ho sebelisa mechine e menyenyane ea khatiso ho hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng re le karolong e ka tlaase-tlaase ea mohaho le libakeng tse ling tse patehileng. Ha nako e ntse e ea, lenane la likopi tsa tokollo ka ’ngoe ea limakasine tsa rōna—le la libuka le libukana—le ile la batla le lekana le lenane la Lipaki esita le ho le feta.
Baeti Bao ke sa ba Hlokeng
Ka letsatsi le leng lilemong tsa bo-1960, ho ile ha thoe ke itlalehe lefapheng la sesole k’hamphaning eo ke neng ke e sebeletsa. Banna ba bararo ba neng ba sa apara junifomo ea mapolesa ba ile ba mpotsa lipotso, ba re: “Ke nako e kae u tsebana le Lipaki Tsa Jehova? Hona ke life tseo u li tsebang?” Ha ke hana ho ba bolella mabitso, ba ile ba mpolella hore ba tla mpona ka le leng. Leo e ne e le lekhetlo la pele ke kopana le Mapolesa a Mautloela.
Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka latoa mosebetsing ka isoa mapoleseng. Ke ile ka fuoa pampiri ’me ka kōpuoa hore ke ngole mabitso a Lipaki tse ling. Ha monna eo a khutla ka mor’a nako e ka etsang hora, o ile a fumana ke sa ngola letho ho eona ’me ka mo hlalosetsa hore ha ke na ho ngola mabitso a letho moo. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang bekeng e latelang eo. Empa lekhetlong lena ke ile ka otloa, ka ntan’o rahuoa liphasejeng ho fihlela ke tsoile.
Ka mor’a moo, mapolesa a ile a ntlohela selemo kaofela, a ntan’o romela motho e mong hore a nketele. Re ne re le batšoaruoa hammoho kampong ea Manazi ea mahloriso. Motho eo o ile a re ho ’na: “Re lokela ho fetola tsela eo re sebetsanang le lōna ka eona. Ha re koalla Paki e le ’ngoe teronkong, li tsoa li le hlano.” Seo ’muso o neng o batla ho se etsa ke hore bonyane o laole karolo e itseng ea mosebetsi oa rōna. Empa ke ne ke ikemiselitse ho se ba fe boitsebiso leha e le bofe bo ka ba nolofaletsang ho etsa seo.
Ke bile e mong oa ba ileng ba qeta lilemo tse ngata ke eteloa ke mapolesa a mautloela. Ka linako tse ling a ne a iketsa metsoalle ea rōna, empa ka linako tse ling a ne a koalla ba bang ba rōna teronkong. Ke leboha hore ebe ha ho mohla nkileng ka tšoaroa, empa ke ile ka ’na ka eteloa ke mapolesa e le baeti bao ke sa ba hlokeng ho fihlela ka 1989, e leng selemo seo puso ea Bokomonisi e ileng ea putlama ka sona, Czechoslovakia.
Libeke tse ’maloa ka mor’a hore puso eo e putlame, ke ile ka eteloa ke ofisiri ea Mapolesa a Mautloela e tsoang Bratislava. E ile ea kōpa tšoarelo, ea re: “Hoja ho ne ho ea ka ’na, ho ka be ho se mohla re ileng ra le tšoenya.” Ea ntan’o ntša ka koloing mekotlana e ’meli e tletseng litholoana tse ka makotikoting ’me ea mpha eona.
Jehova ke Tora e Matla
Le hoja lilemong tse qalang tse 40 tseo ke bileng Paki ea Jehova ka tsona mosebetsi oa rōna o ne o thibetsoe, ke ne ke thabile ke bile ke khotsofetse. Lintho tse re hlahetseng lilemong tseo li ile tsa etsa hore re be le maqhama a matla le ho feta le balumeli-’moho le rōna. Re ile ra ananela botsoalle ba rōna haholo ’me ra tšepana le ho feta.
Ka March 2003, ke ile ka utloa bohloko haholo ha ke hlokahalloa ke moratuoa oa ka, Oľga. E bile molekane ea tšepahalang lenyalong la rōna. Re ile ra lula re tšoarehile hammoho tšebeletsong ea Bokreste lilemo tseo kaofela. Hona joale, ke ntse ke sebeletsa ke le moholo oa Mokreste phuthehong ea heso le ho batla ba tšoanelehang bao nka ithutang linnete tsa Bibele le bona. Lebitso la Jehova, leo ke le utloileng ka lekhetlo la pele ha ke le ka setšabelong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, e ntse e le e tora e matla ho ’na.a—Liproverbia 18:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mor’abo rōna Pavol Kovár o hlokahetse ka la 14 July, 2007, ha sehlooho sena se ntse se hlophisoa. O ne a le lilemo li 85.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 12]
Ka 1942 ha ke ne ke le lebothong la Slovakia
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 12]
Hamorao, ke ile ka koalloa teronkong ea Gusen (e bontšitsoeng ka morao)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© ČTK
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 12]
Ntate o ne a re balla Bibele hoseng ka Sontaha
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 13]
Ha re ne re chata ka 1946
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]
Ke na le Oľga nakoana pele a hlokahala