Lekhotla le ka Holimo-limo le Amohela Nyeoe
LILEMONG TSA MORAO TJENA, Lekhotla le ka Holimo-limo le amohetse ho mamela linyeoe tse ka bang 80 ho isa ho tse 90 likōpong tse ka holimo ho tse 7 000 tse kenang selemo le selemo—e leng ka holimo ho karolo ea ’ngoe lekholong!
Ka May 2001, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa kenya Kōpo ea tsona ea Boipiletso (tumello ea ho hlahloba nyeoe hape) Lekhotleng le ka Holimo-limo, li ile tsa botsa: “Na ho ea ka molao basebeletsi ba bolumeli ba latelang mokhoa o thehiloeng Mangolong o ’nileng oa sebelisoa ka lilemo tse makholo oa ho bua ka litumelo tsa bona tsa bolumeli ka ntlo le ntlo ba tšoana le barekisi, ba tlamehang ho ba tlas’a thibelo e behiloeng ea hore ba fumane tumello ho ’masepala ea hore ba bue ka Bibele kapa ba fane ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ntle ho tefiso?”
Ka la 15 October, 2001, Lefapha la Tsa Molao la Watchtower le ile la tsebisoa hore Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le amohetse ho mamela boipiletso nyeoeng ea Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., et al. v. Village of Stratton et al.!
Lekhotla le ile la amohela nyeoe ena le e tobisitse tabeng ea bolokolohi ba puo, e leng taba ea hore na ha Sehlomathiso sa Pele se sireletsa bolokolohi ba puo ha se akarelletse le tokelo ea batho ea ho buisana le ba bang ntle le hore ba qale ka ho itlhahisa ho ba itseng ba boholong pusong.
Joale nyeoe ena e ne e tla lokela ho lula ka pel’a baahloli ba robong ba Lekhotla le ka Holimo-limo la United States. Lipaki li ne li tla ba le babuelli ba tsona ba molao; le Motsana oa Stratton o be le babuelli ba oona. Lintho li ne li tla tsamaea joang nyeoeng ee?
[Lebokose le leqepheng la 5]
SEHLOMATHISO SA PELE KE ENG?
“SEHLOMATHISO SA 1 (HO THEHOA HA BOLUMELI; BOLOKOLOHI BA BOLUMELI, BA PUO, BA PHATLALATSO, BA HO BOKANA, BA HO ETSA KŌPO) Lekhotla la Ketsa-melao ha le na ho etsa melao e amanang le ho thehoa ha bolumeli, kapa e thibelang bolokolohi ba ho bo sebelisa; kapa e sitisang bolokolohi ba puo kapa ba phatlalatso; kapa tokelo ea batho ea ho bokana ka khotso le ea ho kōpa ’Muso ho sekehela lillo tsa bona tsebe.”—The U.S. Constitution.
“Sehlomathiso sa Pele ke motheo oa tsamaiso ea demokrasi, United States. Sehlomathiso sa Pele se thibela Lekhotla la Ketsa-melao ho fetisa melao e thibelang bolokolohi ba puo, ba phatlalatso, ba ho bokana ka khotso, kapa ba ho etsa kōpo. Batho ba bangata ba nka bolokolohi ba puo e le bona ba bohlokoa ka ho fetisisa ebile e le motheo oa bolokolohi bohle. Sehlomathiso sa Pele se boetse se thibela Lekhotla la Ketsa-melao ho fetisa melao e thehang bolumeli ba naha kapa ho thibela bolokolohi ba bolumeli.” (The World Book Encyclopedia) Ho thahasellisang ke hore Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la etsa qeto ea bohlokoa nyeoeng ea Cantwell v. Connecticut, 310 U.S. 296 (1940), e neng e ntse e ama Lipaki Tsa Jehova ea hore lintlha tsa Sehlomathiso sa Pele ha li thibele feela “Lekhotla la Ketsa-melao” (la ’muso oa federale) empa le thibela le baeta-pele ba sechaba (’muso le ’masepala) ho fetisa melao e tlang ho kena-kenana le litokelo tse Sehlomathisong sa Pele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Taba ena e ne e ama litsela tse sa tšoaneng tsa ho ea ka ntlo le ntlo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Photograph by Franz Jantzen, Collection of the Supreme Court of the United States