Lekhotla le ka Holimo-limo le Tšehetsa Bolokolohi ba Puo
LETSATSI LA MAKHAOLA-KHANG le ile la fihla ka la 17 June, 2002, ha Lekhotla le ka Holimo-limo le ne le ntša qeto ea lona e ngotsoeng fatše. Qeto e ile ea e-ba efe? Lihlooho tsa litaba likoranteng li ile tsa tlaleha taba ena. The New York Times e ile ea phatlalatsa: “Lekhotla le Qhelela Thōko Molao o Thibelang Lipaki Tsa Jehova ho Etela Batho.” The Columbus Dispatch ea Ohio e ile ea re: “Lekhotla le ka Holimo-limo le Phubula Qeto ea ho Batla Tumello.” The Plain Dealer ea Cleveland, Ohio, e ile ea re feela: “Ba Qelang Menehelo ha ba Hloke Tumello ea Ofisi ea Motse.” USA Today leqepheng le latelang la mohatisi e ile ea phatlalatsa: “Bolokolohi ba Puo Boa Hlōla.”
Qeto ea lekhotla le tlaasana e neng e le khahlanong le Lipaki Tsa Jehova e ile ea qheleloa thōko ke livoutu tsa batho ba robeli khahlanong le a le mong! Moahloli John Paul Stevens o ile a ngola Qeto ea Lekhotla e maqephe a 18. Qeto eo e ne e le tiiso e matla ea hore Sehlomathiso sa Pele se tšehetsa tšebeletso ea phatlalatsa ea Lipaki Tsa Jehova. Qetong ea lona, Lekhotla le ile la hlalosa hore Lipaki ha lia ka tsa kōpa tumello hobane li bolela hore “li laetsoe ke Mangolo hore li bolele.” Joale Lekhotla le ile la qotsa bopaki bo fanoeng mabakeng a tsona: “Re nka hore ho kōpa tumello ea ho bolela ho ’masepala ho tla tšoana le ho nyefola Molimo.”
Qeto ea Lekhotla e ile ea re: “Ka lilemo tse fetang 50, Lekhotla le ’nile la qhelela thōko lithibelo tse neng li etsoa mosebetsing oa ho thaotha ka ntlo le ntlo le oa ho fana ka lipampitšana. Tlaleho e bontša hore boholo ba linyeoe tsena tse amang Sehlomathiso sa Pele li ’nile tsa hlahleloa ke Lipaki Tsa Jehova, kaha bolumeli ba tsona bo li hloka hore li ee ka ntlo le ntlo. Joalokaha re hlokometse nyeoeng ea Murdock v. Pennsylvania, . . . (1943), Lipaki Tsa Jehova ‘li bolela hore li latela mohlala oa Pauluse, li ruta “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Liketso 20:20. Li nka taelo ea Mangolo joalokaha e le joalo ea hore, “E-eang ka lefatše lohle, le bolelle batho bohle kosepele.” Mareka 16:15. Li lumela hore ha li etsa joalo, li mamela taelo ea Molimo.’”
Joale Qeto eo e ile ea boela ea qotsa nyeoeng eo ea 1943: “Mosebetsi oa mofuta ona oa bolumeli o nkoa e le oa bohlokoa ka ho tšoanang tlas’a Sehlomathiso sa Pele joaloka borapeli likerekeng le boboleli bo etsoang lifalaneng. Le oona o lokela ho sireletsoa joaloka mesebetsi e meng ea bolumeli bo tloaelehileng le ba setso.” Ha e qotsa nyeoe ea 1939, Qeto e ile ea re: “Ho batla ho sitisa ho ajoa ha lipampitšana ka bolokolohi le ntle ho tšitiso ka hore ho fumanoe tumello ho hanana le seo molao oa motheo o hlileng o leng sona.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa bona.
Joale Lekhotla le ile la hlahisa ntlha ea bohlokoa: “Linyeoe li bontša hore boiteko ba Lipaki Tsa Jehova ba ho loantša melao e thibelang bolokolohi ba puo ha ea ka ea e-ba bakeng sa litokelo tsa tsona feela.” Qeto e hlalositse hore Lipaki “hase tsona feela ‘batho ba khelloang tlaase’ ba bothateng ba ho khutsisoa ke melao e kang ona oa Motsaneng.”
Qeto eo e ile ea tsoela pele ho bolela hore molao ona “oa nyefola—ha o nyefole litokelo tse sireletsoang ke Sehlomathiso sa Pele feela, empa le eona khopolo ea ho ba le sechaba se lokolohileng—hore ebe moqoqong oa letsatsi le letsatsi moahi o tla tlameha ho bolella ’muso pele ka takatso ea hae ea ho bua le moahelani oa hae ebe ke hona a fumanang tumello ea ho etsa joalo. . . . Molao o batlang hore ho fumanoe tumello ea ho bua le ba bang o fapoha ka ho feletseng lefeng la sechaba sa rōna le setsong sa molao oa motheo.” Joale Qeto eo e ile ea bua ka “phello e kotsi ea molao oo o hlokang hore ho batloe tumello.”
Tšokelo ea Tlōlo ea Molao
Ho thoe’ng ka maikutlo a hore ho kōpa tumello ho sireletsa batho ho masholu le ho linokoane? Lekhotla le ile la beha lebaka: “Le hoja sena seo ho amehiloeng ka sona se utloahala, linyeoe tsa rōna tse fetileng li hlakisitse hore ho lokela ho be le ho leka-lekana pakeng tsa lintho tseo ho amehiloeng ka tsona le phello ea melao e joalo litokelong tse Sehlomathisong sa Pele.”
Qeto ea Lekhotla e ile ea tsoela pele: “Ha ho bonahale eka ho se be le tumello ho tla thibela linokoane hore li kokote menyako le ho bua le batho ka lintho tse sa akaretsoang molaong ona. Ka mohlala, li ka ’na tsa botsa tsela kapa tsa kōpa ho sebelisa thelefono, . . . kapa li ka ’na tsa kōpa tumello li sebelisa lebitso lesele li sa fuoe kotlo.”
Ha le bua ka liqeto tse ileng tsa etsoa lilemong tsa bo-1940, Lekhotla le ile la ngola: “Mantsoe a ileng a sebelisoa liqetong tse ileng tsa etsoa mehleng ea Ntoa ea II ea Lefatše, tseo hangata li ileng tsa sireletsa likōpo tsa balumeli-’moho [Mokhatlo oa Watch Tower] liqosong tse sa reng letho, a ile a bontša kamoo Lekhotla le nkang bolokolohi bo fanoang ke Sehlomathiso sa Pele bo amehang nyeoeng ena kateng.”
Qeto ea Lekhotla e bile efe? “Kahlolo ea Lekhotla la Maipiletso ea qheloa ’me nyeoe e khutlisetsoa morao ho ea sebetsoa hape tumellanong le qeto ena. Ena ke taelo.”
Ka hona, joalokaha Chicago Sun-Times e boletse, qetello ea taba e bile hore “Lekhotla le Tšehetsa Lipaki Tsa Jehova,” ’me sena e bile ka tumellano ea ba robeli khahlanong le a le mong.
Ho Thoe’ng ka Bokamoso?
Lipaki Tsa Jehova Phuthehong e haufi ea Wellsville li ile tsa nka tlhōlo ee ea ka Lekhotleng le ka Holimo-limo joang? Ka sebele ha li na lebaka la ho ikhantšetsa baahi ba Stratton ka eona. Lipaki ha lia hloea baahi ba molemo ba motsana oo. Gregory Kuhar, Paki ea moo, o itse: “Re ne re sa batle hore taba ena e be e ee ka lekhotleng. Ke feela hore molao o ne o fositse. Seo re se entseng se ne se se molemong oa rōna feela, empa le molemong oa bohle.”
Linnete li bontša hore Lipaki li entse boiteko bo khethehileng hore li se ke tsa halefisa batho ba motsana. Gene Koontz, Paki e ’ngoe, o ile a hlalosa: “Lekhetlo la ho qetela ha re ne re bolela Stratton e ne e le ka la 7 March, 1998—lilemo tse ka holimo ho tse ’nè tse fetileng.” Oa phaella: “Ke ile ka bolelloa hore ke tla tšoaroa. Lilemong tseo re bile le litlaleho tse ngata tsa litšokelo tsa mapolesa tsa ho re tšoara. Joale ha re ne re kōpa ho bona molao o ngotsoeng, re ne re sa fumane karabo.”
Koontz oa phaella: “Re lakatsa ho ba le likamano tse ntle le baahelani ba rōna. Haeba ba bang ba sa batle ha re ba etela, re hlompha qeto ea bona. Empa ho na le ba bang ba botsoalle, ba thabelang puisano ea Bibele.”
Gregory Kuhar o ile a hlalosa: “Ha rea ka ra fetisetsa nyeoe ena pele hobane re loantša batho ba Stratton. Re ne re mpa re batla ho theha ka molao bolokolohi ba rōna ba puo tlas’a Molao oa Motheo.”
O ile a tsoela pele: “Re tšepa hore qetellong re tla khutlela Stratton. Ke tla thabela ho ba oa pele ho kokota monyako mohla re khutlelang teng. Re lokela ho khutlela tumellanong le taelo ea Kreste.”
Qeto nyeoeng ea “Watchtower v. Village of Stratton” e bile le liphello tse khōlō. Ka mor’a ho utloa qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo, liofisiri tse ’maloa tsa ’masepala, United States, li ile tsa hlokomela hore melao ea sebaka e ke ke ea hlola e sebelisoa ho thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa boboleli. Ho tla fihlela kajeno, ho rarolotsoe mathata mosebetsing oa boboleli oa ntlo le ntlo libakeng tse ka bang 90, United States.
[Lebokose le leqepheng la 9]
“LIPAKI TSA JEHOVA LI BOETSE LI HLŌTSE”
Charles C. Haynes, setsebi se phahameng ebile e le mookameli oa mananeo a thuto Setsing sa Sehlomathiso sa Pele o ile a ngola mantsoe a ka holimo Mocheng oa boitsebiso oa Lekhotla la Tokoloho o ho Internet, tlas’a sehlooho se reng “Bolokolohi ba Tumelo.” Haynes o ile a tsoela pele: “Bekeng e fetileng [Lipaki] li ile tsa finyella tlhōlo ea bo48 ka Lekhotleng le ka Holimo-limo—letotong la linyeoe tse sa tloaelehang tse atolositseng ka tsela e ikhethang tšireletseho ea Maamerika ’ohle e Sehlomathisong sa Pele.” O ile a lemosa: “Hopola: Haeba ’muso o ka thibela bolokolohi ba tumelo e le ’ngoe, o na le matla a ho thibela bolokolohi ba tumelo leha e le efe—kapa litumelo tsohle. . . . Ke ’nete hore batho ba na le tokelo ea ho se mamele—le ea ho koala menyako. Empa ’muso ha oa lokela ho etsa qeto ea hore na ke mang ea lumelloang ho kokota monyako. Kahoo, re thoholetsa Lekhotla le ka Holimo-limo.”
Haynes o phetha ka ho re: “Kaofela ha rōna re lokela ho leboha Lipaki Tsa Jehova. Ho sa tsotellehe makhetlo a mangata ao ka ’ona li rohakiloeng, li lelekiloeng motseng kapa li hlasetsoeng, li tsoela pele ho loanela bolokolohi ba tsona (’me ka tsela eo le ba rōna) ba bolumeli. ’Me ha li hlōla, bohle rea hlōla.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10, 11]
QETO EA LEKHOTLA LE KA HOLIMO-LIMO—SE BOLETSOENG KE LIKORANTA
◼ “Lekhotla le Tšehetsa Lipaki Tsa Jehova; Mosebetsi oa ho ea ka Ntlo le Ntlo ha o Hloke Lengolo la Tumello
Mosebetsing oa tsona oa ho ea malapeng e le Lipaki Tsa Jehova, [Lipaki] li lumela hore Molimo o lula a li tšehelitse. Hona joale li tšehelitsoe le ke Lekhotla le ka Holimo-limo la United States.”—Chicago Sun-Times ea la 18 June, 2002.
◼ “Bolokolohi ba Puo bo Finyella Katleho
Lekhetlong le latelang ha ba bang ba Lipaki Tsa Jehova ba u fumana u le lijong tsa motšehare, u ka ’na ua nahana ka ho ba leboha. Ho ineheleng ha bona ka sebete melao-motheong ea bolumeli ba bona, mohlomong sehlopha sena se se nang tšusumetso e kaalo se nang le litho tse ka bang milione [United States] se sirelelitse bolokolohi ba puo ba Maamerika ka bomong ho feta mokhatlo leha e le ofe o mong. . . .
“Ho ea ha Lipaki lekhotleng le phahameng ho se ho tloaelehile. Lilemong tse ka holimo ho 65, li loanne ka katleho khahlanong le bohatelli ba bongata linyeoeng tse fetang 24.”—USA TODAY ea la 18 June, 2002.
◼ “Ho Thaotha ka Ntlo le Ntlo ho Boleloa e le Tokelo ea Molao oa Motheo. Qeto eo e Bile Tlhōlo ho Lipaki Tsa Jehova
Ka Mantaha Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la etsa qeto ea hore bo-ralipolotiki, lihlopha tsa bolumeli, Masupa-tsela le ba bang ba na le tokelo ea molao oa motheo ea ho ea ka ntlo le ntlo ba buella lithahasello tsa bona ntle le ho qala ka ho fumana lengolo la tumello ho ba boholong.”—San Francisco Chronicle ea la 18 June, 2002.
◼ “Lekhotla le ka Holimo-limo: U ke ke Ua Thibela Lipaki Tsa Jehova le Masupa-tsela ho Kokota Malapeng
WASHINGTON—Kajeno Lekhotla le ka Holimo-limo le entse qeto ea hore Molao oa Motheo o sireletsa tokelo ea baromuoa, bo-ralipolotiki le ba bang ba eang malapeng ntle le hore ba qale ka ho fumana lengolo la tumello ho ba boholong. . . .
“Ka livoutu tsa ba robeli khahlanong le a le mong, lekhotla le ile la hlalosa hore tokelo ea bolokolohi ba puo e Sehlomathisong sa Pele e akarelletsa tokelo ea ho isetsa motho molaetsa ka ho toba ha hae.”—Star Tribune, Minneapolis ea la 18 June, 2002.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Moahloli Stevens
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Stevens: Collection, The Supreme Court Historical Society/Joseph Bailey