Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 3/8 maq. 22-23
  • Re Lokela ho Sebelisa Bolokolohi ba Rōna ba ho Khetha Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Lokela ho Sebelisa Bolokolohi ba Rōna ba ho Khetha Joang?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liqeto Litabeng Tsa Botho
  • Qeto ea ho Sebeletsa Molimo
  • E-ba le Tumelo​—⁠’Me U Etse Liqeto ka Bohlale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • “E Mong le e Mong o Tla Jara Mojaro oa Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Etsa Liqeto Tse Bohlale Nakong ea Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Kamoo U ka Etsang Liqeto Tse Bohlale Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 3/8 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Re Lokela ho Sebelisa Bolokolohi ba Rōna ba ho Khetha Joang?

MOLIMO o ile a fa batho ba pele, Adama le Eva, matla a ho iketsetsa khetho. O ile a beha Adama hore a ikarabelle serapeng sa Edene. Mesebetsi ea Adama e ne e akarelletsa ho reha liphoofolo mabitso. (Genese 2:15, 19) Habohlokoa le ho feta ke hore Adama le Eva ba ne ba ka etsa qeto ea hore na ba mamela Molimo kapa che.—Genese 2:17, 18.

Ho tloha ka nako eo, batho ba ’nile ba etsa liqeto tse se nang palo—tse ngata tsa tsona e le tse ntle, tse ling e le tse fosahetseng, ha tse ling e le tsa bokhopo ka ho feletseng. Tse ling tsa likhetho tse mpe tsa motho li bile le liphello tse tšabehang. Ho ntse ho le joalo, ha ho mohla Molimo a kileng a kena-kenana le tokelo ea rōna ea ho khetha. E le Ntate ea lerato, Molimo oa re thusa ka Bibele hore re etse liqeto tse ntle. O boetse oa re lemosa ka liphello tsa ho etsa khetho e fosahetseng. Bibele e re re tla kotula seo re se jalang.—Bagalata 6:7.

Liqeto Litabeng Tsa Botho

Litabeng tse ling Molimo o tsebahatsa ka ho hlaka hore na o rata eng, a re fa tataiso e tobileng. Leha ho le joalo, litabeng tse ngata, Bibele ha e behe melao hore e laole litaba tsohle tsa rōna tsa botho. Ho e-na le hoo, e fana ka tataiso e akaretsang e lumellang batho hore ba khethe ho latela litakatso tsa bona. Ka mohlala, hlokomela hore na e re’ng ka boikhathollo.

Mangolo a re Jehova ke “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Lentsoe la hae le bua ka “nako ea ho tšeha” le “nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:1, 4) Bibele e re bolella hore Morena Davida o ile a letsetsa ba bang ’mino. (1 Samuele 16:16-18, 23) Jesu o ile a ea moketeng oa lenyalo, ’me o bile a fetola metsi veine moketeng oo.—Johanne 2:1-10.

Leha ho le joalo, ka nepo Bibele ea lemosa: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) “Mesoaso e nyonyehang” le mesebetsi ea boitšoaro bo litšila e khopisa Molimo ’me e ka senya kamano ea rōna le eena. (Baefese 5:3-5) Ha lino tse tahang li sebelisoa ka bolokolohi ho se thibelo e loketseng liketsahalong tsa boithabiso, ho ka hlaha mathata a tebileng. (Liproverbia 23:29-35; Esaia 5:11, 12) Jehova Molimo o boetse o hloile pefo.—Pesaleme ea 11:5; Liproverbia 3:31.

Litemana tsena tsa Bibele li re thusa ho bona boikhathollo ka tsela eo Molimo a bo talimang ka eona. Ha Bakreste ba etsa khetho, ba nahana ka hore na Bibele e re’ng tabeng. Ke ’nete hore e mong le e mong oa rōna o tla tobana le liphello tse ntle kapa tse mpe tsa khetho ea rōna.—Bagalata 6:7-10.

Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba khothalletsoa ho iketsetsa liqeto tse bohlale tumellanong le melao-motheo ea Bibele litabeng tse kang moaparo, lenyalo, ho ba motsoali le litšebelisano tsa khoebo. Tsena li akarelletsa litaba tse sa boleloeng ka ho toba ka Mangolong, empa melao-motheo e fumanoang moo e ka ba thusa ho etsa liqeto tse itšetlehileng ka matsoalo a bona. (Baroma 2:14, 15) Tekanyetso e latelang e lokela ho sebetsa liqetong tsohle tseo Bakreste ba li etsang: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.

Tabeng ena re boetse re etsa hantle ha re nahana ka molao-motheo oa ‘ho hlokomela litaba tsa rōna.’ (1 Bathesalonika 4:11) Hangata Bakreste ba tobana le likhetho tse ’maloa tse sa hohlaneng le thato ea Molimo. Kahoo, se ratoang ke Mokreste e mong se ka fapana le se ratoang ke ba bang. Ho ke ke ha thabisa Molimo ho bona bahlanka ba hae ba ahlolana. (Jakobo 4:11, 12) Ka bohlale Bibele ea eletsa: “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko kahobane . . . e le ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang.”—1 Petrose 4:15.

Qeto ea ho Sebeletsa Molimo

Bibele e totobatsa melemo ea ho utloa Molimo. Leha ho le joalo, Molimo ha a qobelle batho hore ba mo rapele. Ho e-na le hoo, o mema libōpuoa tsa hae tse batho hore e be barapeli ba hae. Ka mohlala, Bibele e re: “Kenang, re rapele ’me re iname; a re khumameng ka pel’a Jehova Moetsi oa rōna.”—Pesaleme ea 95:6.

Memo e joalo e ile ea fetisetsoa ho Iseraele ea boholo-holo. Lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng, sechaba sa Iseraele se ne se eme ka pel’a Thaba ea Sinai, ’me Molimo o ile a tsebisa batho bao ba limilione tsamaiso ea bolumeli ba ’nete e Molaong oa Moshe. Joale ba ne ba e-na le khetho eo ba lokelang ho e etsa: Na ba ne ba tla sebeletsa Molimo kapa che? Ba ile ba arabela joang? Ba ile ba re ka ntsoe-leng: “Sohle seo Jehova a se boletseng re ikemiselitse ho se etsa le ho se mamela.” (Exoda 24:7) Qeto ea ho rapela Jehova e ne e le ea bona.

Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a qala ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 4:17; 24:14) Ha ho mohla a kileng a qobella mang kapa mang ho kena mosebetsing ona. Ho e-na le hoo, ka mosa o ile a mema ba bang, a re: “U tle ’me u be molateli oa ka.” (Mareka 2:14; 10:21) Ba bangata ba ile ba amohela memo ea hae ’me ba qala ho bolela le eena. (Luka 10:1-9) Ka mor’a nako, ba bang ba ile ba ikhethela ho siea Jesu. Judase o ile a khetha ho mo eka. (Johanne 6:66; Liketso 1:25) Hamorao, tlas’a tataiso ea baapostola, ba bangata e ile ea e-ba barutuoa, eseng hobane ba supiloe ka sabole, empa ba sebelisa boikhethelo ba bona. Ba ne ba “e-na le tšekamelo e nepahetseng” ’me “ea e-ba balumeli.” (Liketso 13:48; 17:34) Le kajeno, Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho mamela Lentsoe la Molimo le ho latela lithuto tsa Jesu.

Ka ho hlakileng, Molimo o lakatsa hore re sebelise matla a rōna hore re etse khetho. Hape o fana ka tataiso ka Bibeleng e re thusang ho etsa liqeto tse bohlale. (Pesaleme ea 25:12) Tabeng ea liqeto tsa botho, Mokreste e mong le e mong o lokela ho hlahloba ka hloko melao-motheo ea bomolimo. Ke ka tsela eo feela re ka etsetsang Molimo ‘tšebeletso e halalelang ka matla a rōna a ho nahana.’—Baroma 12:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela