Pono ea Bibele
Lerato la Lintho Tse Bonahalang ke Eng?
BATHO ba tsoaloa ba e-na le tšekamelo ea lintho tsa moea le ho batla ho rapela Molimo. Leha ho le joalo, motho o bōpiloe ka metsoako ea lintho tse bonahalang ’me oa li hloka o bile oa li thabela. Bakreste ba bang ba na le maruo a mangata. Na see ka bosona ke bopaki ba hore motho o rata lintho tse bonahalang le hore oa fokola moeeng? Ka lehlakoreng le leng, na ba futsanehileng ba ke ke ba e-ba le lerato la lintho tse bonahalang ’me ba sekamela linthong tsa moea haholoanyane?
Ka sebele u tla lumela hore ho rata lintho tse bonahalang ho ama ho fetang feela ho ba le leruo le lengata kapa letlotlo. Hlahloba mehlala e latelang ea Bibele e hlalosang hore na lerato la lintho tse bonahalang ke eng le hore na ho ka qojoa likotsi tsa lona joang moeeng.
Ba ne ba E-na le Maruo le Botumo
Mehleng ea Bibele, ho ne ho e-na le bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba neng ba e-na le maruo le botumo. Ka mohlala, Abrahama “o ne a ruile mehlape e mengata le silevera le khauta.” (Genese 13:2) Jobo o ne a tsebahala e le e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela” ka lebaka la ho ba le mehlape e meholohali le bahlanka ba bangata. (Jobo 1:3) Marena a Iseraele a kang Davida le Solomone a ile a ba le maruo a mangata.—1 Likronike 29:1-5; 2 Likronike 1:11, 12; Moeklesia 2:4-9.
Bakreste ba ruileng e ne e le karolo ea phutheho lekholong la pele la lilemo. (1 Timothea 6:17) Lydia o bitsoa “morekisi oa lintho tse pherese, oa motse oa Thyatire le morapeli oa Molimo.” (Liketso 16:14) Dae e pherese le liaparo tsa ’mala o pherese li ne li le theko e boima ’me hangata li ne li rekisetsoa feela batho ba boemong bo phahameng kapa ba ruileng. Ka hona, e ka ’na eaba Lydia o ne a e-na le leruo le itseng.
Ka lehlakoreng le leng, barapeli ba bang ba tšepahalang ba Jehova ba mehleng ea Bibele ba ne ba futsanehile haholo. Likoluoa tsa tlhaho, likotsi le mafu li ile tsa bakela malapa a mang bofuma. (Moeklesia 9:11, 12) E tlameha ebe ho ne ho le thata hakaakang bakeng sa ba hlokang ho bona ha ba bang ba thabela maruo le lintho tsa bona tse bonahalang! Leha ho le joalo ho ne ho tla be ho fosahetse hore ba ahlole ba nang le maruo ka hore ba rata lintho tse bonahalang kapa ho etsa qeto ea hore ba se nang ’ona ba ne ba sebeletsa Molimo haholoanyane. Hobane’ng? Hlahloba motso oa lerato la lintho tse bonahalang.
Lerato la Chelete
Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa lerato la lintho tse bonahalang e le “ho ameha kapa ho tsitlella ho ba le lintho tse bonahalang ho e-na le tsebo kapa lintho tsa moea.” Ka hona, lerato la lintho tse bonahalang le tsoa litakatsong tsa rōna, lintho tseo re li etelletsang pele bophelong le tseo re lebisitseng tlhokomelo ea rōna ho tsona. Sena se tiisoa hantle ke mehlala e ’meli e latelang ea Bibele.
Jehova o ile a khalemela Baruke ka matla, eo e neng e le mongoli oa moprofeta Jeremia. E ka ’na eaba Baruke o ne a futsanehile ka lebaka la maemo a Jerusalema le ka hobane a ne a le haufi-ufi le Jeremia ea neng a sa ratoe. Leha ho le joalo, Jehova o ile a hlokomela: “Ha e le uena, u ntse u ipatlela lintho tse khōlō. U se ke ua ’na ua li batla.” E ka ’na eaba Baruke o ile a qala ho rata lintho tse bonahalang, a ameha ka ho feteletseng ka leruo kapa ka ho sireletseha ha ba bang linthong tse bonahalang. Jehova o ile a hopotsa Baruke hore O ne a tla mo lopolla timetsong e neng e tlela Jerusalema empa O ne a ke ke a sireletsa thepa ea hae.—Jeremia 45:4, 5.
Jesu o ile a fana ka papiso ea monna e mong eo le eena a neng a amehile ka ho feteletseng ka lintho tse bonahalang. Monna enoa o ile a lebisa tlhokomelo maruong a hae ho e-na le ho sebelisa seo a nang le sona ho atolosa mosebetsi oa hae ho Molimo. Monna eo oa morui o ile a re: “Ke tla qhaqha matlo a ka a polokelo ’me ke hahe a maholo, . . . ’me ke tla re ho moea oa ka: ‘Moea, u na le lintho tse ngata tse molemo tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata; khatholoha, u je, u noe, u ithabise.’” Joale Jesu a re: “Empa Molimo a re ho eena, ‘Uena ea se nang kahlolo e molemo, bosiung bona ba batla moea oa hao ho uena. Joale, ke mang ea tla ba le lintho tseo u li bokeletseng?’ Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—Luka 12:16-21.
Ntlha ea bohlokoa litlalehong tsee tse peli ke efe? Li re thusa ho bona hore motho o ba le lerato la lintho tse bonahalang ka lebaka la ho etelletsa pele lintho tseo, eseng ho latela hore na o na le tse kae. Moapostola Pauluse o itse: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:9, 10) Mathata a bakoa ke ho ikemisetsa ho rua le ho rata lintho tse bonahalang.
Ho Hlokahala Hore Motho a Itlhahlobe
Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba oela lerabeng la ho rata lintho tse bonahalang, ho sa tsotellehe maemo a bona a moruo. Matla a leruo aa thetsa ’me a ka pupetsa bomoea. Le pele re elelloa, re ka angoa ke ho lebisa tlhokomelo linthong tse bonahalang ho e-na le linthong tsa moea, ’me liphello ea e-ba tse bohloko.—Liproverbia 28:20; Moeklesia 5:10.
Ka hona, Bakreste ba etsa hantle ha ba hlahloba lintho tseo ba li etelletsang pele le tseo ba lebisitseng tlhokomelo ea bona ho tsona bophelong. Ho sa tsotellehe hore na motho o na le ho fokolang kapa ho hongata linthong tse bonahalang, batho ba nahanang ka lintho tsa moea ba leka ka matla ho latela keletso ea Pauluse ea hore ba se ke ba beha tšepo ea bona “maruong a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17-19.