Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete Lefatšeng le Lecha la Molimo
DAVID,a e leng monna oa Mokreste eo e bileng e leng ntate, o ile a fallela United States, a kholisehile hore o ne a etsa ntho e nepahetseng. Le hoja a ne a sa batle ho siea mosali le bana, o ne a kholisehile hore o ne a ka etsa hore ba phele hamonate haeba feela a ne a ka ba le chelete e ngata. Kahoo o ile a amohela memo ea beng ka eena ba New York eaba kapele o fumana mosebetsi moo.
Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, David o ile a qala ho felloa ke tšepo. O ne a se a qeta nako e nyenyane linthong tsa moea. Ka lekhetlo le leng, o ile a batla a felloa ke tumelo ho Molimo. Ka mor’a ho hlōleha tekong ea boitšoaro, o ile a qala ho bona hantle hore na o ne a le boemong bofe. Butle-butle ho hahamalla ha hae maruo ho ne ho se ho mo tlosa nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e hlile e le ea bohlokoa ho eena. Joang kapa joang o ne a lokela ho etsa liphetoho tse itseng.
Joaloka David, selemo le selemo batho ba bangata ba tloha linaheng tsa habo bona tse futsanehileng, ka tšepo ea hore ba tla ntlafatsa boemo ba bona ba moruo. Empa, hangata ba lahleheloa haholo moeeng. Ba bang ba ’nile ba ipotsa, ‘Na Mokreste a ka hahamalla maruo a ba a ruela ho Molimo?’ Bangoli ba tummeng hammoho le baruti ba re seo se ka khoneha. Empa joalokaha David le ba bang ba hlokometse, ho ka ba thata hore motho a be le lintho tsena ka bobeli.—Luka 18:24.
Chelete ha ea Fosahala
Ke ’nete hore, chelete e entsoe ke batho. Joaloka lintho tse ling tse ngata tse entsoeng, eona ka boeona ha ea fosahala, e mpa feela e le ntho eo ho rekisetsanoang ka eona. Kahoo, haeba e sebelisoa hantle, e ka ba molemo haholo. Ka mohlala, Bibele ea lumela hore ‘chelete ke tšireletso,’ haholo-holo mathateng a amanang le bofutsana. (Moeklesia 7:12) Kamoo ho bonahalang kateng, ho ba bang, “chelete ke tharollo ea ho fumana tsohle.”—Moeklesia 10:19, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Mangolo a nyatsa ho ba botsoa ’me a khothalletsa ho sebetsa ka thata. Re lokela ho hlokomela litho tse haufi tsa malapa a rōna, ’me haeba re e-na le ho setseng, re tla ba le “ho hong hoo [re ka] ho abelang ea hlokang.” (Baefese 4:28; 1 Timothea 5:8) Ho feta moo, Bibele e re khothaletsa hore re thabele lintho tseo re nang le tsona, ho e-na le ho phela bophelo ba ho itšotla. Re bolelloa hore re ‘nke kabelo ea rōna’ ’me re thabele litholoana tsa mosebetsi oa rōna. (Moeklesia 5:18-20) Ha e le hantle, ka Bibeleng ho na le mehlala e ’maloa ea banna le basali ba tšepahalang ba neng ba ruile.
Banna ba Tšepahalang ba Neng ba Ruile
Abrahama, e leng mohlanka ea tšepahalang oa Molimo, o ne a e-na le mehlape e mengata, silevera e ngata le khauta, le lelapa le leholo la bahlanka ba baloang ka makholo. (Genese 12:5; 13:2, 6, 7) Jobo ea lokileng, le eena o ne a ruile haholo—liphoofolo, bahlanka, khauta le silevera. (Jobo 1:3; 42:11, 12) Banna bana ba ne ba ruile esita le ho ea ka litekanyetso tsa kajeno, empa ba ne ba boetse ba ruetse ho Molimo.
Moapostola Pauluse o bitsa Abrahama “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” Abrahama o ne a se lekhonatha a bile a sa rate maruo a hae ho feta tekanyo. (Baroma 4:11; Genese 13:9; 18:1-8) Ka ho tšoanang, Molimo ka boeena o ile a hlalosa Jobo e le “ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng.” (Jobo 1:8) Kamehla o ne a ikemiselitse ho thusa mafutsana le ba mahlomoleng. (Jobo 29:12-16) Abrahama le Jobo ba ne ba tšepile Molimo ho e-na le ho tšepa maruo a bona.—Genese 14:22-24; Jobo 1:21, 22; Baroma 4:9-12.
Mohlala o mong ke oa Morena Solomone. Joaloka mojalefa oa terone ea Molimo e neng e le Jerusalema, Solomone ha aa ka a hlohonolofatsoa feela ka bohlale ba bomolimo empa o ile a hlohonolofatsoa le ka maruo a mangata le khanya. (1 Marena 3:4-14) O ile a tšepahala karolong e khōlō ea bophelo ba hae. Leha ho le joalo, ha Solomone a se a tsofetse, “pelo ea hae [ha ea ka ea] fella ho Jehova.” (1 Marena 11:1-8) Ha e le hantle, phihlelo ea hae e soabisang e bontša a mang a maraba a tloaelehileng a tlisoang ke ho atleha linthong tse bonahalang. Nahana ka a seng makae.
Maraba a Leruo
Kotsi e khōlō ka ho fetisisa ke ea ho rata chelete le seo e ka se rekang. Leruo le etsa hore batho ba bang ba be le takatso eo ho seng mohla e khotsofatsoang. Qalong ea puso ea hae, Solomone o ile a hlokomela mokhoa ona ho ba bang. O ile a ngola a re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” (Moeklesia 5:10) Hamorao Jesu le Pauluse ba ile ba lemosa Bakreste ka lerato lena le thetsang.—Mareka 4:18, 19; 2 Timothea 3:2.
Ha chelete e se e le eona ntho eo re e ratang haholo bophelong ho e-na le hore e be mokhoa feela oo re finyellang sepheo sa rōna ka oona, re hlaseloa habonolo ke liteko tsa mefuta eohle tsa boitšoaro, tse akarelletsang ho bua leshano, ho utsoa le ho qhekella. E mong oa baapostola ba Kreste, e leng Judase Iskariota, o ile a eka monghali oa hae hore a fumane likotoana tse 30 feela tsa silevera. (Mareka 14:11; Johanne 12:6) Ka lebaka la ho rata chelete haholo, ba bang ba ile ba ba ba rapela chelete ho e-na le ho rapela Molimo. (1 Timothea 6:10) Ka lebaka leo, kamehla Bakreste ba lokela hore ba leke ho tšepahala mabapi le seo ehlileng e leng sepheo sa bona sa ho etsa chelete e eketsehileng.—Baheberu 13:5.
Ho hahamalla leruo ho boetse ho hlahisa likotsi tse ipatileng haholoanyane. Taba ea pele, maruo a khothaletsa motho ho itšepa. Jesu o ile a akarelletsa sena ha a ne a bua ka “matla a thetsang a maruo.” (Matheu 13:22) Jakobo, e leng mongoli oa Bibele, le eena o ile a lemosa Bakreste hore ba se ke ba lebala Molimo esita leha ba rera litaba tsa khoebo. (Jakobo 4:13-16) Kaha chelete e ka bonahala e re fa bolokolohi bo itseng, ba nang le eona, ba kotsing ea hore ba e tšepe ho e-na le ho tšepa Molimo.—Liproverbia 30:7-9; Liketso 8:18-24.
Taba ea bobeli, joalokaha David, eo ho buuoeng ka eena pejana a ile a hlokomela, hangata ho hahamalla leruo ho ja nako e ngata ea motho le ho mo qeta matla hoo qetellong ho ka etsang hore a se ke a hahamalla lintho tsa moea. (Luka 12:13-21) Batho ba ruileng ba boetse ba tobane le teko e sa khaotseng ea ho sebelisa seo ba nang le sona haholo-holo bakeng sa boithabiso kapa lintho tseo ba li ratang.
Na ebe ka tsela e itseng ho oa ha Solomone moeeng ho ile ha bakoa ke hore ebe o ile a lumella hore bophelo ba hae bo mabothobotho bo fifatse pono ea hae? (Luka 21:34) O ne a tseba thibelo ea Molimo e tobileng ea ho se etse lilekane tsa lenyalo le batho ba lichaba lisele. Leha ho le joalo, qetellong o ile a ba le lirethe tse ka bang sekete. (Deuteronoma 7:3) E le hore a khahlise basali bao ba hae ba lichaba lisele, o ile a leka ho sebelisa mokhoa o itseng oa ho kopanya tumelo molemong oa bona. Joalokaha re hlokometse pejana, butle-butle pelo ea Solomone e ile ea sekamela hōle le Jehova.
Mehlala ena e bontša ka ho hlaka bonnete ba keletso ea Jesu e reng: “Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.” (Matheu 6:24) Joale, Mokreste a ka sebetsana joang ka katleho le mathata a moruo a qakileng batho ba bangata hona joale? Habohlokoa le ho feta, ho na le tšepo efe bakeng sa bophelo bo molemo bo larileng ka pele?
Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete bo Haufi
Ho fapana le mopatriareka Abrahama le mopatriareka Jobo le sechaba sa Iseraele, balateli ba Jesu ba fuoe thōmo ea ho “[etsa] batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Ho phethahatsa thōmo eo ho hloka nako le boiteko tseo motho a neng a ka li sebelisetsa ho hahamalla lintho tsa lefatše. Ka hona, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka e etsang e le hore re atlehe ke ho etsa seo Jesu a itseng re se etse: “Le ’ne le batle ’muso [oa Molimo] pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:33.
Ka mor’a hore a batle a lahleheloa ke lelapa la hae le bomoea ba hae, qetellong David o ile a hlaphoheloa ’me a khutlisetsa bophelo ba hae setloaeling. Joalokaha Jesu a tšepisitse, eitse ha David a qalella ho etsa hore ho ithuta Bibele, ho rapela le tšebeletso li tle pele bophelong ba hae, lintho tse ling kaofela li ile tsa qala ho mo tsamaela hantle. Butle-butle kamano ea hae le mosali oa hae le bana e ile ea ntlafala. O ile a boela a thaba le ho khotsofala. O ntse a sebetsa ka thata. Pale ea hae hase ea motho ea neng a kolla ntsi hanong empa joale a se a hafa ka nkatana. Ho sa tsotellehe seo, o ithutile lintho tsa bohlokoa linthong tse bohloko tse ileng tsa mo hlahela.
David o se a qala ho bona hore ho fallela ha hae United States e ne e se ntho e bohlale, ’me o ikemiselitse hore a ke ke a hlola a lumella hore chelete e laole liqeto tseo a li etsang. Hona joale o se a tseba hore lintho tsa bohlokoahali bophelong—e leng lelapa le thabileng, metsoalle e molemo le ho ba le kamano le Molimo—ha li rekoe ka chelete. (Liproverbia 17:17; 24:27; Esaia 55:1, 2) Ka sebele, ho tšepahala boitšoarong ke habohlokoa ho feta maruo. (Liproverbia 19:1; 22:1) David hammoho le lelapa la hae, ba ikemiselitse ho beha lintho tsa pele sebakeng sa pele.—Bafilipi 1:10.
Batho ba hlōlehile hangata boitekong ba bona ba ho etsa hore ho be le sechaba se ruileng e le kannete empa se itšoere hantle. Leha ho le joalo, Molimo o tšepisitse hore ’Muso oa hae o tla fana ka matletsetletse a lintho tse bonahalang le tsa moea tseo re li hlokang e le hore re phele bophelo bo khotsofatsang. (Pesaleme ea 72:16; Esaia 65:21-23) Jesu o rutile hore e le hore re thabe e le kannete, re lokela ho qala ka ho ela hloko litlhoko tsa rōna tsa moea. (Matheu 5:3) Kahoo ho sa tsotellehe hore na re ruile kapa re mafutsana, ho etelletsa pele lintho tsa moea hona joale ke eona tsela e molemohali eo leha e le ofe oa rōna a ka itokisetsang lefatše le lecha la Molimo le larileng ka pele. (1 Timothea 6:17-19) Lefatše leo e tla ba la batho ba phelang bophelo bo khotsofatsang e le kannete nameng le moeeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Jobo o ne a tšepile Molimo, eseng maruo a hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lintho tsa bohlokoahali bophelong ha li rekoe ka chelete