Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/14 maq. 8-9
  • Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Chelete
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na chelete ke motso oa libe tsohle?
  • Molemo oa chelete ke ofe?
  • Kamoo u ka sebelisang chelete ka bohlale
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
    Tsoha!—2007
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 3/14 maq. 8-9
Chelete e ngata ka seifing e butsoeng

PONO EA BIBELE

Chelete

Na chelete ke motso oa libe tsohle?

“Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”—1 Timothea 6:10.

SEO BA BANG BA SE BUANG

Chelete ke motso oa libe tsohle.

SEO BIBELE E SE BUANG

“Lerato la chelete”—eseng chelete ka boeona—le baka “lintho tse mpe.” Ka Bibeleng, Morena Solomone ea ruileng o ile a bolela lintho tse tharo tse mpe tse atisang ho etsahalla batho ba ratang chelete. Ho khathatseha: “Lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.” (Moeklesia 5:12) Ho se khotsofale: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang.” (Moeklesia 5:10) Ho lekeha ho etsa tlōlo ea molao: “Ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.”—Liproverbia 28:20.

Molemo oa chelete ke ofe?

‘Chelete ke tšireletso.’—Moeklesia 7:12.

SEO BA BANG BA SE BUANG

Chelete e etsa hore u ikutloe u sireletsehile ebile u thabile.

SEO BIBELE E SE BUANG

Taba ea hore chelete e u rekela thabo le tšireletseho ke karolo e ’ngoe ea “matla a thetsang a maruo.” (Mareka 4:19) Ho sa tsotellehe seo, “chelete e fana ka karabelo linthong tsohle.” (Moeklesia 10:19) Ka mohlala, chelete e ka reka lintho tseo u li hlokang hore u phele—tse kang lijo le meriana.—2 Bathesalonika 3:12.

Chelete e boetse e u thusa hore u hlokomele ba lelapa la hao. Ha e le hantle Bibele e re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo.”—1 Timothea 5:8.

Kamoo u ka sebelisang chelete ka bohlale

‘Lula fatše pele ’me u bale litšenyehelo.’—Luka 14:28.

SEO BIBELE E SE BUANG

Sebelisa chelete ka tsela eo Molimo a e amohelang. (Luka 16:9) Ke bohlale ho sebelisa chelete hantle le ho tšepahala ha ho tluoa litabeng tse amanang le eona. (Baheberu 13:18) E le hore u qobe ho phela bophelo bo ka holimo ho bokhoni ba hao, etsa hore ‘mokhoa oa hao oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete.’—Baheberu 13:5.

Le hoja Bibele e sa thibele batho ho ba le likoloto, empa e ea eletsa: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Qoba ho reka lintho hobane feela u li bona, hobane “e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Ho e-na le hoo, ‘behella ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang u atleha kateng’ ’me u boloke chelete bakeng sa lintho tseo u nahanang hore ke tsa bohlokoa.—1 Bakorinthe 16:2.

Bibele e re khothalletsa hore re ‘itloaetse ho fana.’ (Luka 6:38) Batho ba batlang ho khahlisa Molimo ba na le lebaka le utloahalang la ho fana hobane “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Kahoo, “le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Baheberu 13:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela