Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/07 maq. 20-21
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hlokomela “Lerato la Chelete”
  • Ntho e Fetang Chelete ka Bohlokoa
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 6/07 maq. 20-21

Pono Ea Bibele

Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?

BIBELE e re: ‘Chelete ke tšireletso.’ (Moeklesia 7:12) Kaha chelete e lefella lijo, liaparo le bolulo, e sireletsa batho mathateng a bakoang ke bofutsana. Ka sebele, chelete e ka reka ntho efe kapa efe eo batho ba e hlokang nameng. Moeklesia 10:19 e re: “Ka chelete u ka fumana tsohle.” (Bibele Phetolelo e Ncha)

Lentsoe la Molimo le re khothalletsa hore re sebetse ka thata e le hore re tsebe ho ba le mokhoa oa ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rōna. (1 Timothea 5:8) Ka nepo, ho sebetsa ka thata ka botšepehi hoa khotsofatsa, ho fa motho seriti ho bile ho etsa hore a utloe a sireletsehile.—Moeklesia 3:12, 13.

Ho phaella moo, esita le litabeng tsa lichelete ho sebetsa ka thata ho re thusa hore re be batho ba fanang. Jesu o ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Re fumana thabo e joalo haeba re sebelisa lichelete tsa rōna ka thabo ho thusa ba hlokang, haholo-holo Bakreste-’moho le rōna kapa re rekela motho e mong eo re mo ratang mpho.—2 Bakorinthe 9:7; 1 Timothea 6:17-19.

Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore e be batho ba fanang, eseng mohlang ola feela empa ba tloaele ho fana, e be mokhoa oa bona oa bophelo. O ile a re: “Itloaetseng ho fana.” (Luka 6:38) Molao-motheo o tšoanang o sebetsa le tabeng ea ho fana ka sepheo sa ho ntšetsa lintho tse amanang le ’Muso oa Molimo pele. (Liproverbia 3:9) Ka sebele, ho fana ka seatla se bulehileng ka tsela ena ho re thusa hore re ‘iketse metsoalle’ ea Jehova le Mora oa hae.—Luka 16:9.

Hlokomela “Lerato la Chelete”

Batho ba ichebileng bobona feela ba fana seoelo, ’me le ha ba fana e ka ’na eaba ba fana ba e-na le sepheo se itseng se sa nepahalang. Hangata bothata ba bona ke lerato la chelete, leo ho fapana le hore le ba tlisetse thabo joalokaha ba ne ba lebeletse, le atisang ho ba tlisetsa masoabi. Timothea oa Pele 6:10 e re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” Ke hobane’ng ha lerato la chelete le sa khotsofatse hakaale ebile le utloisa bohloko?

Lebaka le leng ke hore ha ho mohla motho ea meharo a khotsofalang, o lula a nyoretsoe leruo. Moeklesia 5:10 e re: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera.” Ke ka lebaka leo batho ba ratang chelete ba ‘itlhabang’ ka ho ferekana ho sa feleng. Ho feta moo, meharo ea bona e etsa hore ba se ke ba e-ba le likamano tse ntle le batho ba bang, bophelo ba malapa a bona e be bo sa thabang ba be ba sitoe ho phomola hantle. “Boroko ba ea sebeletsang bo monate, ho sa tsotellehe hore na ke ho honyenyane kapa ho hongata hoo a ho jang; empa lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.” (Moeklesia 5:12) Ka holimo ho tsohle, lerato la chelete le etsa hore motho a se ke a amoheloa ke Molimo.—Jobo 31:24, 28.

Historing ea Bibele le ea lefatše ho na le mehlala e mengata ea batho ba ileng ba utsoa, ba sokamisa toka, ba rekisa ’mele, ba bolaea, ba eka ba bang le ba ileng ba bua leshano—ba entse lintho tsena tsohle ka lebaka la chelete. (Joshua 7:1, 20-26; Mikea 3:11; Mareka 14:10, 11; Johanne 12:6) Nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a mema ’musi e mong e mocha ea ‘ruileng haholo’ hore a mo latele. Ka masoabi, monna eo o ile a hana memo eo e babatsehang kaha e ne e tla mo thefula habohloko licheleteng. Ha a bua ka taba ena Jesu o ile a re: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le chelete ho kena ’musong oa Molimo!”—Luka 18:23, 24.

Nakong ena ea ‘matsatsi a ho qetela’ Bakreste ba tlameha ho itebela ka tsela e khethehileng hobane joalokaha ho boletsoe esale pele, ka kakaretso batho ke “ba ratang chelete.” (2 Timothea 3:1, 2) Bakreste ba ’nete ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea ha ba susumetsoe ke moea ona o renang oa ho ba meharo kaha ba na le ntho e fetang chelete hōle ka bohlokoa.

Ntho e Fetang Chelete ka Bohlokoa

Le hoja a boletse hore chelete ke tšireletso, Morena Solomone o ile a phaella ka ho re “bohlale ke tšireletso” hobane “bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) O ne a bolela’ng? Mona Solomone o ne a bua ka bohlale bo thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Mangolo le bo thehiloeng tšabong e nepahetseng ea Molimo. Kaha bohlale bo tsoang ho Molimo ke ba bohlokoa ho feta chelete, bo ka qobisa motho mathata a mangata bophelong, bo ka ba ba mo qobisa le ho shoa pele ho nako. Hape, joaloka moqhaka, bohlale ba ’nete bo phahamisa ba nang le bona bo bile bo etsa hore ba hlomphuoe. (Liproverbia 2:10-22; 4:5-9) Kaha boa tlatsetsa tabeng ea hore motho a amoheloe ke Molimo, bo bitsoa “sefate sa bophelo.”—Liproverbia 3:18.

Batho bao ka botšepehi ba labalabelang ho fumana bohlale bo joalo, bao hape ba ikemiselitseng ho bo batla, ba fumana hore bo hlile boa fumaneha. “Mora oa ka, haeba . . . u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo. Etsoe Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”—Liproverbia 2:1-6.

Kaha ba nka bohlale e le ba bohlokoa ho feta chelete, Bakreste ba ’nete ba fumana khotso, thabo le tšireletseho tseo batho ba ratang chelete ba sitoang ho li fumana. Baheberu 13:5 e re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe [Molimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’” Chelete ha e fane ka tšireletso e joalo.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Chelete e fana ka tšireletso joang?—Moeklesia 7:12.

◼ Ke hobane’ng ha bohlale bo tsoang ho Molimo e le ba bohlokoa ho feta chelete?—Liproverbia 2:10-22; 3:13-18.

◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba lerato la chelete?—Mareka 10:23, 25; Luka 18:23, 24; 1 Timothea 6:9, 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela