Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 4 maq. 12-14
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 RERANG LINTHO KA HLOKO
  • 2 SHEBANG LINTHO KA BOTŠEPEHI LE KA TSELA EA SEBELE
  • Ho Sebelisa Chelete Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 4 maq. 12-14
Banyalani ba hlophisa hantle hore na ba tla sebelisa chelete joang

KAROLO EA 4

Ho Sebelisa Chelete Hantle

“Ka keletso [puisano] merero e tla tiisoa ka thata.”—Liproverbia 20:18

Kaofela re hloka chelete hore re hlokomele ba malapa a rōna ka lintho tseo ba li hlokang. (Liproverbia 30:8) Etsoe “chelete [ke] tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Mohlomong ha ho bonolo hore le buisane ka chelete le le banyalani, empa le se ke la lumella chelete hore e le bakele mathata lenyalong. (Baefese 4:32) Banyalani ba lokela ho tšepana ’me ba sebetse ’moho ha ba etsa qeto ea hore na ba tla sebelisa chelete joang.

1 RERANG LINTHO KA HLOKO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Ke habohlokoa hore le rerisane hore na le tla sebelisa chelete ea lōna joang. (Amose 3:3) Etsang qeto ka lintho tseo ho hlokahalang hore le li reke le hore na le ka khona ho sebelisa chelete e kae. (Liproverbia 31:16) Taba ea hore le na le chelete ea ho reka ntho e itseng ha e bolele hore joale le lokela ho e reka. Lekang ho qoba likoloto. Sebelisang chelete eo le nang le eona feela.—Liproverbia 21:5; 22:7.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Haeba bofelong ba khoeli le saletsoe ke chelete e ngata, etsang qeto hammoho hore na le tla etsa’ng ka eona

  • Haeba litšenyehelo tsa lōna li feta chelete eo le nang le eona, etsang moralo oa ho fokotsa litšenyehelo. Ka mohlala, le ka ’na la pheha lijo lapeng ho e-na le ho ea jella reschorenteng

Banyalani ba nahana ka lintho tse jang chelete e ngata tseo ba batlang ho li reka

2 SHEBANG LINTHO KA BOTŠEPEHI LE KA TSELA EA SEBELE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Etsa tokisetso e tšepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (2 Bakorinthe 8:21) Tšepahala ho molekane oa hao mabapi le chelete eo u e fumanang le eo u e sebelisang.

Kamehla u buisane le molekane oa hao ha u etsa liqeto tse khōlō mabapi le ho sebelisa chelete. (Liproverbia 13:10) Ha le buisana ka chelete, seo se tla le thusa hore ho be le khotso lenyalong la lōna. Talima chelete eo u e kholang e le ea lelapa, eseng ea hao u le mong.—1 Timothea 5:8.

Banyalani ba sheba leqephe leo ba ngotseng lintho tseo ba batlang ho li reka

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Lumellanang hore na ke chelete e kae eo le ka e sebelisang ho sa hlokahale hore le buisane ka eona pele

  • Le se ke la emela hore ho hlahe bothata pele, ebe e le hona le buisanang ka chelete

TSELA EO LE TALIMANG CHELETE KA EONA

Le hoja chelete e le ea bohlokoa, le se ke la e lumella hore e bake pherekano lenyalong la lōna kapa e le bakele matšoenyeho ho sa hlokahale. (Matheu 6:25-34)Ha le hloke chelete e ngata hore le thabele bophelo. Bibele e re: “Le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:15) Ha ho letho le ka rekoang ka chelete leo e leng la bohlokoa ho feta lenyalo la lōna. Kahoo, le khotsofalle seo le nang le sona ’me le ka mohla le se ke la hlokomoloha kamano ea lōna le Molimo. Ha le etsa joalo, lelapa la lōna le tla thaba ’me Jehova o tla le amohela.—Baheberu 13:5.

IPOTSE . . .

  • Ke’ng seo re ka se etsang re le lelapa hore re se ke ra kena likolotong?

  • ’Na le molekane oa ka re qetetse neng ho buisana ka bolokolohi ka chelete?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela