Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq khao. 166
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Bibele e re’ng ka chelete?
  • Bibele e re hlokomelisa eng ka ho rata chelete?
  • Keletso ea Bibele e buang ka chelete e ka re tsoela molemo joang?
  • Chelete
    Tsoha!—2014
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Tsela e Bohlale eo re ka Talimang Chelete ka Eona ke Efe?
    Tsoha!—2007
  • Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq khao. 166
Motho ea nanabelang chelete e ngata.

Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?

Karabo ea Bibele

Che. Bibele ha e re ho ba le chelete ho fosahetse kapa hona hore chelete ke eona e bakang lintho tsohle tse mpe. Qotsulo ea Bibele e reng “chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe” ha ea fella ebile e etsa hore batho ba be le maikutlo a fosahetseng. Ha e le hantle Bibele e re “lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.”a​—1 Timothea 6:10.

  • Bibele e re’ng ka chelete?

  • Bibele e re hlokomelisa eng ka ho rata chelete?

  • Keletso ea Bibele e buang ka chelete e ka re tsoela molemo joang?

  • Litemana tsa Bibele tse buang ka chelete

Bibele e re’ng ka chelete?

Bibele e re chelete e ka ba molemo ha e sebelisoa ka bohlale hape e ka ba “tšireletso.” (Moeklesia 7:​12) Ho ekelletsa moo, Bibele e babatsa batho ba fanang ho akarelletsa le ba fanang ka chelete.​—Liproverbia 11:25.

Leha ho le joalo, Bibele e re re be hlokolosi hore chelete e se ke ea ba eona ntho e tlang pele bophelong ba rona. E re: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.” (Baheberu 13:5) Ntho eo re ithutang eona ke hore chelete le maruo ha li ea lokela ho tla pele bophelong ba rona. Ho e-na le hoo, re lokela ho ikemisetsa ho khotsofalla lintho tseo re nang le tsona e leng lijo, liaparo le bolulo.​—1 Timothea 6:8.

Bibele e re hlokomelisa eng ka ho rata chelete?

Batho ba meharo ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (Baefese 5:5) Lebaka ke hobane meharo ke mofuta o mong oa borapeli ba litšoantšo kapa borapeli bo fosahetseng. (Bakolose 3:5) Lebaka le leng ke hobane batho ba meharo ba tsitlella ho fumana lintho tseo ba li batlang, ’me ba hlokomoloha melao-motheo. Liproverbia 28:​20 e re: “Ea potlakelang ho fumana maruo a ke ke a lula a hloka molato.” Ba ka ba ba iphumana ba entse litlolo tsa molao tse kang ho qhekella, ho k’hothotsa, bolotsana, ho koetela le ho bolaea.

Le haeba chelete e sa susumelletse motho hore a etse lintho tse mpe, e ka ba le litla-morao tse seng monate. Bibele e re “ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi.”​—1 Timothea 6:9.

Keletso ea Bibele e buang ka chelete e ka re tsoela molemo joang?

Haeba re sa etse lintho tse khahlanong le thato ea Molimo hore feela re be le chelete, re tla ba le boitlhompho le kamohelo mahlong a Jehova a be a re tšehetse. Jehova o re ho batho ba batlang ho mo khahlisa e le kannete: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheberu 13:​5, 6) O boetse o re tiisetsa hore “motho oa liketso tse tšepahalang o tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.”​—Liproverbia 28:20.

Litemana tsa Bibele tse buang ka chelete

Moeklesia 7:​12: ‘Chelete ke tšireletso.’

Tlhaloso: Ha re sebelisa chelete hantle e ka molemo ho rona hobane re ka ikutloa re sireletsehile.

Luka 12:​15: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”

Tlhaloso: Chelete ha se ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ebile e ke ke ea etsa hore u fumane bophelo bo sa feleng.

1 Timothea 6:​10: “Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”

Tlhaloso: Ha ho phoso ho ba le chelete. Empa batho ba ratang chelete, ba etsang hore e be eona ntho e tlang pele bophelong ba bona ba ipakela mathata. Ba ka ba le mathata a malapa a arohanang le ho kula ka lebaka la ho sebetsa ka thata hore ba be le chelete e ngata.

Baheberu 13:5: “Mokhoa oa lona oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.”

Tlhaloso: Ho e-na le hore re etsa sohle ho lelekisa maruo, re tla be re le bohlale haeba re khotsofalla lintho tseo re nang le tsona.

Matheu 19:​24: “Ho bonolo hore kamele e tsoe lesobeng la nale ho e-na le hore morui a kene ’Musong oa Molimo.”

Tlhaloso: Jesu o ne a qeta ho mema mohlankana ea ruileng hore e be molateli oa hae. Mohlankana enoa o ile a hana hobane o ne a sitoa ho arohana le maruo a hae. Kahoo, Jesu o ne a fana ka temoso. Motho ea behang maruo pele ho Molimo o ba kotsing ea ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng.

a Temana ena e ka hlalosoa e le: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela