Bacha Baa Botsa . . .
Nka Hlōla Mathata a ho ba Ngoana ea Fuoeng Batsoali ba Bang Joang?
“Ha e le hantle, ha ke tsebe letho ka batsoali ba ka ba ntsoetseng, ’me sena se nkutloisa bohloko.”—Barbara, ea lilemo li 16.
“Ha ke na le tlhasenyana ea hore na ke hlahetse hokae kapa hore na batsoali ba ka e ne e le bo-mang. Ka linako tse ling ke nahana ka hona bosiu.”—Matt, ea lilemo li robong.
“Ha ke qala ke phehisana khang le batsoali ba ka ba nkhōlisang, ke nahana hore mohlomong batsoali ba ka ba ‘sebele’ ba ne ba tla nkutloisisa haholoanyane. Ha kea tšoanela ho nahana joalo, ’me ha ke e-s’o ba bolelle letho ka hona.”—Quintana, ea lilemo li 16.
HA HO pelaelo hore bophelo ba ho ba ngoana ea fuoeng batsoali ba bang bo na le mathata a bona. Bacha ba bangata ba tšoenngoa ke maikutlo a tšoanang le a hlalositsoeng ka holimo. Ba bangata baa ipotsa hore na ba lokela ho batla hore na ha e le hantle batsoali ba bona ke bo-mang, kapa hona ho ipotsa hore na ebe bophelo e ne e ke ke ea e-ba bo thabisang haholoanyane ha ba ne ba e-na le bona. ’Me ana hase ’ona feela mathata a bona.
Sehloohong se fetileng letotong lena la lihlooho, re tšohlile litsela tse ’maloa tse fosahetseng tseo bacha ba itseng ba fuoeng batsoali ba bang ba ka ’nang ba italima ka tsona.a Ho hlokahala hore u loantše mehopolo e joalo e nyahamisang hore u fumane thabo bophelong ha u le ngoana ea fuoeng batsoali ba bang. Leha ho le joalo, mathata a mang hape a ka ’nang a hlaha ke afe, ’me u ka nka mehato ea sebele ea ho sebetsana le ’ona ka katleho joang?
Na “e Hlile” ke Batsoali ba ka?
Jake ea lilemo li 13 o re o ne a lula a touta ka ’mè oa hae ea mo tsoetseng. Sena se ne se etsa hore a be le bothata le batsoali ba hae ba mo hōlisang. Ha a hopola o re: “Neng kapa neng ha ke ne ke koatile ke ne ke ee ke re, ‘Khele! ha u hlile ha u ’mè oa ka—u ke ke ua nkhalemela joalo!’”
Joalokaha u ka bona, Jake o ne a lokela ho seka-seka le ho utloisisa potso ena ea bohlokoa: Hore na eo e neng “e hlile” e le ’mè oa hae ke mang? Haeba u ile ua fuoa batsoali ba bang, e ka ’na eaba u tšoenngoa ke bothata bo tšoanang le boo, haholo-holo haeba u nahana hore batsoali ba hao ba u tsoetseng ba ne ba ka ’na ba u tšoara hantle ho feta batsoali bao u ba fuoeng. Empa na taba ea ho amana feela—ho tsoaloa ke batho ba itseng—ke eona feela ntho e ka etsang hore batho e be bona bao “e hlileng” e leng batsoali?
’Mè oa Jake ea mo hōlisang o ne a sa nahane joalo. O re: “’Mè o ne a ee a re, ‘E, ke ’na eo e hlileng e leng ’mè oa hao. Le hoja u bile le ’mè ea u tsoetseng, hona joale ke ’na eo e hlileng e leng ’mè oa hao.’” Ha batho ba baholo ba nkela ngoana ka lapeng la bona ’me ba lumela hore ba tla ikarabella ka ho mo fa bolulo, ho mo fepa le ho mo hōlisa, ba hlokomele litlhoko tsa ngoana, ha e le hantle ke bona bao “e hlileng” e bang batsoali ba hae. (1 Timothea 5:8) Mohlomong ba boholong pusong moo u lulang teng le bona ba ba nka e le bona bao e hlileng e leng batsoali ba hao. Molimo eena o ba talima joang?
Nahana ka taba eo mohlomong e tsebahalang ka ho fetisisa historing ea ngoana ea ileng a hōlisoa ke motho eo e seng motsoali oa hae—e leng ea Jesu Kreste. Jesu e ne e se mora oa Josefa hantle eo e neng e le ’metli, empa Josefa o ile a mo hōlisa joalokaha eka ke ngoana oa hae hantle. (Matheu 1:24, 25) Ha Jesu a ntse a hōla, na o ile a fetohela bolaoli ba Josefa? Che, ho e-na le hoo, Jesu o ne a utloisisa hore thato ea Molimo e ne e le hore a hlomphe ntate oa hae ea neng a mo hōlisa. Jesu o ne a tseba hantle molao oo Jehova a neng a o file bana ba Iseraele. Molao oo ke ofe?
Hlompha Ntat’ao le ’M’ao
Mangolo a bolella bacha hore: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Deuteronoma 5:16) “Hlompha” ke lentsoe le sebelisoang hangata ka Bibeleng e le le bontšang ho tlotla, ho fa motho seriti le ho mo nahanela. U ka bontša bahlokomeli ba hao ba molao tlhompho e joalo ka ho ba mosa ho bona, ka ho hlompha boemo ba bona, ka ho mamela maikutlo a bona le ka ho ikemisetsa ho phetha lintho leha e le life tse utloahalang tseo ba u kōpang hore u li etse.
Leha ho le joalo, u ka etsa’ng linakong tseo ka tsona batsoali ba hao ba u hōlisang ba bonahalang ba etsa lintho tse sa utloahaleng? Ke ’nete hore seo se tla etsahala. Batsoali bohle ha baa phethahala, ho sa tsotellehe hore na ke ba hōlisang ngoana feela kapa ke ba mo tsoetseng. Mefokolo ea bona e ka etsa hore ho be thata haholo ho ba mamela. ’Me ha ho makatse haeba ka linako tse joalo u e-ba le tšekamelo ea ho tsepamisa mohopolo boemong ba hore u ngoana ea hōlisoang ke batsoali ba bang ebe ua ipotsa hore na ka tsela e itseng seo se fokotsa tlamo ea hao ea ho ba hlompha. Empa na ho hlile ho joalo?
Mohlomong ho nahana ka boemo ba Jesu ho ka u thusa. Hopola hore o ne a phethahetse. (Baheberu 4:15; 1 Petrose 2:22) Empa ntate oa hae ea neng a mo hōlisa o ne a sa phethahala, esita le ’mè oa hae ea mo tsoetseng o ne a sa phethahala. Kahoo, ho ka etsahala hore ebe ho ne ho e-na le maemo ao ho ’ona Jesu a neng a ka bona hore batsoali ba hae ba ne ba fositse. Na o ile a fetohela bohlooho ba Josefa bo sa phethahalang kapa hona ho se mamele tataiso ea ’mè oa hae Maria e nang le bofokoli? Che. Bibele e re bolella hore ha Jesu a ntse a hōla, o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a” batsoali ba hae.—Luka 2:51.
Joale haeba uena le batsoali ba hao ba u hōlisang le sa tšoane ka maikutlo, u ka ’na ua etsa qeto ea hore ba fositse. Leha ho le joalo, u tšoanela ho lumela hore le uena ha ua phethahala. Kahoo ka linako tsohle, ho na le menyetla ea hore ebe ke uena ea fositseng. Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea nepileng, na tsela e molemo ka ho fetisisa hase ho latela mohlala oa Jesu? (1 Petrose 2:21) Ho etsa joalo ho tla u thusa ho mamela. Empa ho boetse ho na le lebaka le leholoanyane la ho mamela batsoali ba hao.
Bibele e re: “Lōna bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena se khahlisa haholo Moreneng.” (Bakolose 3:20) E, ho mamela ha hao ho thabisa Ntate oa hao oa leholimo. (Liproverbia 27:11) ’Me o batla hore u ithute ho mamela hobane o batla hore le uena u thabe. Lentsoe la Hae le khothalletsa bacha hore ba mamele, le eketsa ka hore, “e le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.”—Baefese 6:3.
Ho Matlafatsa Kamano ea Hao le Batsoali ba Hao ba U Hōlisang
Ho ba le kamano e ntle le batsoali ba hao ba u hōlisang ho akarelletsa ho fetang feela ho ba hlompha le ho ba mamela. Ho ka etsahala hore ebe u batla ho phela lelapeng le mofuthu le le ratanang. Batsoali ba hao ba u hōlisang ba na le boikarabelo ba ho etsa hore le phele bophelo bo joalo. Empa le uena ka ho tšoanang u ka phetha karolo ea bohlokoa. Joang?
Ntlha ea pele, batla litsela tseo ka tsona u ka bang haufi-ufi le batsoali ba hao. Ba botse kamoo ba hōtseng kateng, ka liphihlelo tsa bona bophelong le ka lintho tseo ba li thahasellang. Batla keletso ea bona haeba u e-na le bothata bo itseng bo u tšoenyang, u khethe nako eo ka eona ba iketlileng ba bileng ba phutholohileng. (Liproverbia 20:5) Ntlha ea bobeli, batla litsela tsa ho kenya letsoho mesebetsing ea lelapa, joaloka ho thusa mesebetsing ea ka tlung le ho phetha mesebetsi e meng u sa qobelloe.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batsoali ba hao ba u tsoetseng? Haeba u etsa qeto ea ho ba batla, kapa haeba bona ba etsa qeto ea ho u batla, na ka sebele seo se tla fella ka ho beha kamano ea hao le batsoali ba hao ba u hōlisang kotsing? Nakong e fetileng, hangata mekhatlo e fumanelang bana batsoali ba ka ba hōlisang e ne e hana ho fana ka boitsebiso bo ka thusang batsoali ho fumana ngoana eo ba faneng ka eena hore a hōlisoe ke batsoali ba bang kapa hona ho bo fa ngoana eo. Kajeno, maano a linaha tse ling a fana ka bolokolohi bo boholoanyane, ’me bana ba bangata ba hōlisitsoeng ke batsoali ba bang ba ’nile ba kopanngoa le batsoali ba bona ba ba tsoetseng bao ba seng ba sa ba hopole ho hang. Ke ’nete hore e ka ’na eaba maano a ho fana ka bana hore ba hōlisoe ke batsoali ba bang a fapane moo u lulang teng.
Leha ho le joalo, hore na u batla batsoali ba hao ba u tsoetseng kapa che ke qeto eo u lokelang ho iketsetsa eona, ’me e ka ’na ea se ke ea e-ba e bonolo. Bacha ba hōlisoang ke batsoali ba bang ba na le maikutlo a fapaneng tabeng ena. Ba bang ba laba-labela ho fumana batsoali ba bona ba ba tsoetseng; ba bang bona ha baa ikemisetsa ho kopana le bona. Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore bacha ba bangata ba hōlisoang ke batsoali ba bang ba ile ba kopanngoa le batsoali ba bona kantle le ho lahleheloa ke kamano ea bona e tsitsitseng le batsoali ba bona ba ba hōlisang.
Batla keletso ho batsoali ba hao ba u hōlisang, mohlomong le ho metsoalle e hōlileng tsebong ka phuthehong ea Bokreste. (Liproverbia 15:22) Seka-seka menyetla eo u ka khethang ho eona ka hloko, ’me u se ke ua potlakela ho nka mohato leha e le ofe. Joalokaha Liproverbia 14:15 e re bolella, “ea masene o nahana ka mehato ea hae.”
Haeba u etsa qeto ea ho leka ho ba le maqhaama le batsoali ba hao ba u tsoetseng, etsa bonnete ba hore u tiisetsa batsoali ba hao ba u holisang hore ha u na ho khaotsa ho ba rata le ho ba hlompha. Ka tsela eo, butle-butle ha u ntse u tseba batsoali ba hao ba u tsoetseng, ba ileng ba fana ka uena khale hore u hōlisoe ke batsoali ba bang, u tla boloka kamano e tiileng le batsoali ba hao ba u hōlisitseng le ho u koetlisa.
Matlafatsa Kamano ea Hao le Ntate oa Hao oa Leholimo
Bacha ba bangata ba hōlisoang ke batsoali ba bang ba tšoenngoa ke maikutlo a ho tšaba ho lahloa kherehloa. Ba tšoenngoa ke hore ba ka ’na ba lahleheloa ke malapa a ba hōlisitseng joalokaha ba kile ba lahleheloa ke malapa ao ba tsoaletsoeng ho ’ona. Tšabo e joalo ea utloahala. Ho ntse ho le joalo, hopola mantsoe ana a bohlale: “Ha ho tšabo leratong, empa lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle.” (1 Johanne 4:18) U se ke ua lumella tšabo e sa lokelang ea ho lahleheloa ke bao u ba ratang ho u laola. Ho e-na le hoo, matlafatsa lerato la hao ho ba bang, ho akarelletsa le ba lelapa leno. Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle, matlafatsa lerato la hao ho Ntate oa hao oa leholimo, Jehova Molimo. O tšepahala ka ho phethahetseng, le ka mohla a ke ke a lahla bana ba hae ba tšepahalang. A ka u thusa hore u khobe matšoafo.—Bafilipi 4:6, 7.
Catrina, ea ileng a hōlisoa ke batsoali ba bang e sa le ngoana, o re ho bala Bibele ho mo thusitse haholo ho atamela ho Molimo le ho phela bophelo bo thabisang, bo putsang. O re kamano e haufi-ufi le Jehova “e bohlokoa haholo hobane Ntate oa rōna oa leholimo o tseba kamoo re ikutloang kateng.” Lengolo leo Catrina a le ratang ka fetisisa ke la Pesaleme ea 27:10, le reng: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Ile ka Tlameha ho Fuoa Batsoali ba Bang?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea May 8, 2003.
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Batla litsela tseo ka tsona u ka bang haufi-ufi le batsoali ba hao ba u hōlisang.