’Muso o Tla Khomarela Melao ea Molimo ea Boitšoaro
INAHANELE feela ho se ho e-na le ’muso o le mong oa batho ba merabe eohle le lipuo tsohle. Inahanele feela ho se ho e-na le ’muso o tsejoang ka ho sireletsa melao e phahameng ka ho fetisisa ea boitšoaro le ka ho felisa ntoa, lehloeo, tlōlo ea molao, bofuma, tšilafalo, boloetse, esita le lona lefu ka ho feletseng!
U ka ’na ua re, ‘ke ntho e babatsehang, empa e ke ke ea etsahala.’ Che, e tla etsahala. Ha e le hantle, ke ntho e tla etsahala joang kapa joang. Jesu Kreste o tšepisitse ’muso o joalo. O ile a ruta balateli ba hae ho o rapella: “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’”—Matheu 6:9, 10.
Mohlomong u tloaelane le mantsoe a thapelo eo, hobane batho ba limilione ho pota lefatše baa e tseba kapa ba utloetse ka eona. Empa na u se u kile ua nahanisisa hore na ha e le hantle mantsoe aa a bolela’ng? Hlokomela hore ’Muso o amahanngoa le ho phethoa ha thato ea Molimo holim’a lefatše. Joale, ’Muso oa Molimo ke eng? Hona thato ea Molimo ke eng bakeng sa lefatše la rōna?
Seo ’Muso oa Molimo o Leng Sona
Tlhaloso e ’ngoe ea ’muso ke puso e etelletsoeng pele ke morena. ’Muso oa Molimo ke litsela tsa Jehova Molimo tsa ho sebelisa borena ba hae ba bokahohleng. Ke puso ea borena eo hlooho ea eona e leng Mora oa hae, Jesu Kreste. Ha e le ka thato ea Molimo mabapi le lefatše, e hlalosoa ka tsela e bonolo le e hlakileng ho Pesaleme ea 37:10, 11: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”
Kahoo, haeba u ikutloa u hloka tšepo ka lebaka la melao ena ea lefatše e ntseng e nyehla ea boitšoaro, khothala. Bibele e tšepisa hore haufinyane maemo a lefatše le melao ea boitšoaro li tla fetoha haholo. Tšepiso ea hore ’Muso oa Molimo o tla tloha o busa holim’a lefatše ho tiisa hore melao ea Molimo ea boitšoaro e-ea sebetsa, ke motheo o tiileng oa tšepo.
Ho ithuta ho tšepa litšepiso tsa ’Muso oa Molimo ho ka matlafatsa boikutlo ba rōna ba ho sireletseha. Nahana ka melao ea boitšoaro e amanang le puso ea ’Muso oo: “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pesaleme ea 46:8, 9) Ke tšepiso e babatsehang hakaakang bakeng sa khotso le tšireletseho!
Boprofeteng bo amanang le Morena oa ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste, Pesaleme ea 72:12-14 e re: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng. O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong, mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”
Melao-motheo ea Bibele
Nahana ka melao-motheo e meng eo Bibele e e khothalletsang: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) O mong o re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
Bibele e boetse e ruta hore bohle rea ikarabella bakeng sa melao ea boitšoaro eo re khethang ho phela ka eona. Nahana ka Moeklesia 11:9: “Mohlankana, u thabele bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao. Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.” Ho ikarabella bakeng sa liketso tsa rōna ho boletsoe ka ho toba ho Liproverbia 2:21, 22: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”
Re e-na le tšepo ena e ntle ea ’muso o lokileng, ho molemo hakaakang ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Molimo! Ho kopanela le ba bang bao le bona ba lakatsang ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo ho tla re thusa hore re be mocheng oa ho latsoa bobusi ba ’Muso o khanyang le litholoana tsa melao e babatsehang ea boitšoaro eo ’Muso oo o e khothalletsang.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ba bonolo ba tla “rua lefatše” ’me ba tla “fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—PESALEME EA 37:11.