Melao e Fetohileng ea Boitšoaro—Na U Ikutloa U Lahlehetsoe?
“KE BOTHATA bofe bo ka sehloohong boo naha e talimaneng le bona?” Ba bangata bao ho buisanoeng le bona ka potso ena United States ba ile ba bontša hore ho qhalana ha malapa le ho nyehla ha boitšoaro ke tsona lintho tse ka sehloohong tseo ba amehileng ka tsona. Hase bona feela ba ikutloang ka tsela ena.
Ka mohlala, koranta ea letsatsi le letsatsi ea Paris, International Herald Tribune, e itse: “Ho bonahala batho ba e-na le taba-tabelo, haholo-holo bacha, ea hore ho be le khopolo e le ’ngoe e kopanyang batho, melao eo ho lumellanoeng ka eona ea ho sebetsana le ho laola matla a meharo, boithati, le ho hlokahala ha bonngoe tseo ho bonahalang li laola lefatše. . . . Phehisano ena e ntseng e hōla ea hore ho hlokahala melao ea boitšoaro ea lefatše e bontša hore batho baa lumela hore ho na le ho hong ho fosahetseng.”
Na u lumela hore mebuso le baeta-pele ba lefatše, ho akarelletsa le bo-rakhoebo, ba na le melao ea boitšoaro e hlokahalang ho re etella pele ho re isa bokamosong bo thabileng, bo bolokehileng le bo batlang bo sireletsehile haholoanyane? Na u ikutloa u lahlehetsoe, bonyane ho isa bohōleng bo itseng, ka lebaka la ho fetoha ha melao ea boitšoaro hoo u ho bonang ho u potoloha?
Taba eo u ka amehang ka ho teba ka eona ke ho sireletseha ha hao. Na u phela sebakeng se sireletsehileng seo ho sona u ka sieang ntlo ea hao u sa e notlela? Na u ikutloa u lokolohile ho tsamaea bosiu literateng tikolohong ea heno? Haeba u le lehlohonolo la hore ebe u phela sebakeng seo ho sona ho se nang ntoa, moferefere oa morabe, kapa ntoa ea likenke tse bolaeanang, u ntse u ka ’na ua tšoha hore u tla hlaseloa, ua tšoaroa poho, ua thuheloa lapeng kapa ua utsoetsoa. Ka ho utloahalang, sena se ka etsa hore motho a ikutloe a tepeletse maikutlo a bile a lahlehetsoe.
Ho phaella moo, mohlomong ha u sa tšepa batho ba bang bao u neng u ba tšepa pele, bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Mohlomong mosebetsing le bophelong ba hao, u na le phihlelo eo ho eona e ka ’nang eaba u kopane le batho ba ’nileng ba u fosetsa hore feela ba ntšetse lithahasello tsa bona pele, esita le haeba e le ka ntho e nyenyane feela.
Ho Hlokahala Hore ’Muso o Behe Mohlala
Ho pholletsa le histori, ho lumeloa hore ho ’nile ha e-ba le kamano pakeng tsa melao ea boitšoaro e bonahatsoang ke sechaba le e bonahatsoang ke ’muso oo o se busang. Calvin Coolidge, eo hamorao e ileng ea e-ba mopresidente oa United States, o itse: “Batho ba bua ka litokelo tsa tlhaho, empa ’na ke qholotsa leha e le mang hore a mpontše hore na ke hokae moo tlhaho e kileng ea e-ba le litokelo teng kapa moo li kileng tsa hlokomeloa pele ho ka thehoa melao e li phatlalatsang le ho li sireletsa.”
Qetellong, ke ’muso o litulong—ho sa tsotellehe hore na u hloeletse pusong joang—o ka buellang kapa oa thibela litokelo tsa sechaba tse kang bolokolohi ba ho hatisa litaba, bolokolohi ba ho bokana hammoho, tokoloho ea bolumeli, bolokolohi ba ho bua phatlalatsa, ho lokoloha ho tšoaroeng ho seng molaong kapa ho hlekefetsoa, le ho fumana kahlolo ka toka.
Abraham Lincoln, eo hamorao e ileng ea e-ba mopresidente oa United States, o kile a re: “Morero oa sebele oa ’muso ke ho etsetsa sechaba eng kapa eng eo se batlang hore o ba etsetse sona, ebang ke ntho eo se sitoang ho iketsetsa eona ka ho feletseng kapa ke ntho eo se ke keng sa e etsa hantle—sechaba se ikarotse le ha e le batho ka bo mong.” Ha mebuso e phethahatsa merero e joalo ea bohlokoa, batho ba batla ba tšepa ba pusong.
Leha ho le joalo, kajeno tšepo eo e nketsoe sebaka ke ho nyatsa-nyatsa le ho ba le lipelaelo. Phuputso e ’ngoe ea morao tjena United States e tlalehile hore karolo ea 68 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona e itse mekhoa eo liofisiri tsa ’muso li itšoarang ka eona ke e itekanetseng kapa ke e tlaase. Linaheng tse ngata, maikutlo a sechaba ka liofisiri tsa ’muso a ’nile a tsukutloa ke mahlabisa lihlong a tjotjo le bobolu tse etsahalang ka mokhoa o phahameng. Hoa utloahala hore ebe hona ho felletse ka hore palo e ntseng e eketseha ea batho e ikutloe e lahlehetsoe.
Mohlala o Motle oa Morena Solomone
Mohlala o mong oa boholo-holo o bontša kamoo melao ea boitšoaro ea ba busang e ka bang le tšusumetso e khōlō kateng. Morena Solomone o busitse meloko e 12 ea Iseraele ho tloha ka 1037 ho ea ho 998 B.C.E. Ntate oa hae, Morena Davida, e ne e bile e mong oa marena a ikhethang a Iseraele. Bibele e qolla Davida e le morati oa ’nete le ho loka ’me ka holim’a tsohle, e le motho ea behileng tšepo ea hae e feletseng ho Molimo oa hae, Jehova. Davida o ile a ruta Solomone melao e tšoanang ea boitšoaro.
Molimo ea Matla ’Ohle o ile a itlhahisa ho Solomone torong ’me a re ho eena: “Kōpa! Ke u fe eng?” (2 Likronike 1:7) Ho e-na le ho kōpa maruo a mangata, ho ipatlela khanya, kapa tlhōlo ea lipolotiki, Solomone o ile a senola melao ea boitšoaro eo a e nkang e le ea bohlokoa ka ho kōpa bohlale, kutloisiso le pelo e ikokobelitseng, e le hore a ka busa sechaba sa Iseraele hantle.
Puso ea Solomone e ile ea ama batho joang? Molimo o ile a mo hlohonolofatsa ka bohlale, khanya le matlotlo—hafeela a ne a ntse a tšepahala melaong ea moea ea boitšoaro ea sechaba. Se fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale se paka ho atleha ha puso ea Solomone linthong tse bonahalang. Buka ea The Archaeology of the Land of Israel e re: “Maruo a neng a tšolohela lebaleng la borena a tsoa makhalong ’ohle, le khoebo e neng e atleha . . . a ile a tlisa phetoho e potlakileng le e khōlō tsoelo-peleng ea moruo.”
E, puso e ntle ea Solomone e ile ea tlisetsa bafo ba hae khotso, tšireletseho le thabo. “Bajuda le Baiseraele ba lula ba sireletsehile, e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho tloha Dane ho ea Beerseba, ka matsatsi ’ohle a Solomone.”—1 Marena 4:20, 25.
Mohlala o Mobe oa Morena Solomone
Leha ho le joalo, ka masoabi melao ea boitšoaro ea Solomone e ile ea qetella e fetohile joaloka ea baeta-pele ba bangata kajeno. Tlaleho ea Bibele e baleha tjena: “O ile a ba le basali ba makholo a supileng, likhosatsana, le lirethe tse makholo a mararo; ’me butle-butle basali ba hae ba khelosa pelo ea hae. Nakong ea ho tsofala ha Solomone basali ba hae ba ne ba khelositse pelo ea hae hore e latele melimo e meng; ’me pelo ea hae e ne e sa fella ho Jehova Molimo oa hae joaloka pelo ea ntat’ae Davida.”—1 Marena 11:3, 4.
Melao ea boitšoaro e fetohileng ea Morena Solomone e bile le phello efe ho batho ba hae? Ho sa tsotellehe bokhoni ba hae bo matla le bohlale, Solomone e ile ea e-ba ’musi ea hatellang karolong e qetellang ea puso ea hae. Litšenyehelo tse phahameng tsa ’muso oa hae li ile tsa etsa hore moruo oa sechaba o thefulehe haholo. Basebetsi ba ile ba tletleba. Ba bohanyetsi pusong ba ile ba e-ba khahlanong le Morena ’me ba rera ho inkela puso ea hae ka likhoka. Sechaba se ile sa lahleheloa ke bonngoe haholo. Ke ho makatsang hakaakang hore ebe Solomone o ile a ngola mantsoe aa: “Ha ba lokileng ba ngatafala, batho baa thaba; empa ha mang kapa mang ea khopo a busa, batho baa feheloa.”—Liproverbia 29:2.
Nakoana ka mor’a lefu la Solomone, morusu oa lipolotiki le ho hloka tšepo li ile tsa lebisa ho arohaneng ha sechaba ’me ha hlaha nako ea mathata, ho hloka bonngoe le maemo a ntseng a mpefala. Baiseraele ba ile ba ikutloa ba lahlehetsoe haholo. ’Muso oa bona o ne o fetotse melao ea oona ea boitšoaro, o lebetse se molemong oa batho. Phoso e ka sehloohong ke hore baeta-pele ba bona ba ile ba hlokomoloha Jehova le melao ea hae. Kahoo, sechaba sohle se ile sa utloa bohloko.
Ho Felloa ke Tšepo ho Atileng Kajeno
’Musong, khoebong le bolumeling kajeno, ba bangata ha baa lebisa tlhokomelo tabeng ea ho boloka melao e phahameng ea boitšoaro. ’Me hona ho entse hore batho ka kakaretso ba ikutloe ba lahlehetsoe likelellong le lipelong. Mebuso e eketsehileng le baeta pele ba bang ha ba khone ho rarolla mathata a ka sehloohong a linaha tsa habo bona.
Ka mohlala, ba hlōlehile ho felisa ntoa kapa ho thibela litheko tse ntseng li phahama tsa tlhokomelo ea bophelo kapa liphello tse mpe tsa khoebo e seng molaong ea lithethefatsi. Tsamaiso ea thuto le eona e senyehile. Mebuso e mengata e bile e tšehetsa papali ea chelete e hlophisitsoeng. Baeta-pele ba bangata ba khoebo le ba bolumeli le bona ba ipakile ba hlōlehile ka tsela e tšosang ka lebaka la bobolu ba bona le liketso tsa bona tsa boitšoaro bo bobe. Hase feela ho seng ho atile ho se tšepe batho ba nkoang e le baeta-pele hakana.
Na ho ka etsahala hore ’muso leha e le ofe o sireletse le ho etella pele ho tšehetseng litokelo tsa mantlha tsa botho le melao ea boitšoaro? E, ho ka etsahala. Sehlooho sa rōna se qetellang se hlalosa hore na joang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
‘Meharo, boithati le ho haelloa ke bonngoe ho bonahala li laola lefatše.’—INTERNATIONAL HERALD TRIBUNE
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Nakong ea ha Morena Solomone a sa ntse a mamela melao ea Molimo, o ile a fetisetsa melao e phahameng ea boitšoaro ho bafo ba hae