Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 12-13
  • Lero la Bohlokoa Bophelong—Metsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lero la Bohlokoa Bophelong—Metsi
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Noa Metsi Hore U Fokotse Boima ba ’Mele
  • Fa ’Mele oa Hao Metsi
  • Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 12-13

Lero la Bohlokoa Bophelong—Metsi

HO MOSALI e mong oa Mosamaria ea neng a kha metsi selibeng, Jesu o ile a bua ka seliba sa metsi a koellang a fanang ka bophelo bo sa feleng. (Johanne 4:14) Le hoja metsi ao a neng a bua ka oona e le a tšoantšetso, metsi a sebele ke a bohlokoa bophelong ’me a hlahlama oksijene ka bohlokoa. Motho a ka phela libeke tse ’maloa a sa je lijo empa a ka phela matsatsi a mahlano feela a sa noe metsi!

Hoo e ka bang likotara tse tharo tsa boima ba ’mele ea rōna ke metsi. Ka mohlala, karolo ea 75 ho ea ho 85 lekholong ea boko ke metsi, ha karolo ea 70 lekholong ea mesifa e le metsi. Har’a melemo e meng e teng, metsi a thusa tšilong ea lijo le ho li monya, a isa limatlafatsi liseleng. A tlosa chefo le litšila tse ling, a loetsa manonyello le mala le ho laola thempereichara ea ’mele. Empa na u ne u tseba hore ho noa metsi a lekaneng ho boetse ho kolekela ho fokotseng boima ba ’mele?

Noa Metsi Hore U Fokotse Boima ba ’Mele

Ntlha ea pele, metsi ha a na lik’halori, ha a na mafura hape ha a na k’holeseterole ’me a na le sodium e fokolang. Ea bobeli, a fokotsa takatso ea lijo. Ea boraro, metsi a thusa ’mele ho chesa mafura a bolokiloeng ’meleng. Joang? Ha liphio li se na metsi a lekaneng, ha li sebetse hantle. Sebete sea kenella, empa ka ho etsa joalo se sitisa matla a sona a ho chesa mafura ka katleho. Kahoo mafura a sala a ntse a le ’meleng ebe joale ua nona. Kahoo, ho joalokaha Dr. Donald Robertson oa Southwest Bariatric Nutrition Center e Scottsdale, Arizona, U.S.A., a bolela, “ho noa metsi hantle ke senotlolo sa ho fokotsa boima ba ’mele. Haeba batho ba lekang ho fokotsa boima ba ’mele ba sa noe metsi a lekaneng, ’mele o ke ke oa chesa mafura ka ho loketseng.”

Ke ’nete hore hangata ho bokellana ha metsi ’meleng ke hona ho ikarabellang bakeng sa ho nona. Ka hona, ba bangata bao ’mele ea bona e bolokang metsi, ba nahana hore ba ka rarolla bothata ba bona ka ho fokotsa ho noa metsi. Athe hoo ha se ’nete. Ha ’mele o haelloa ke metsi, o leka ho boloka lerotholi le leng le le leng le teng la metsi ka ho a boloka libakeng tse kang maotong, matsohong le meomong. Kahoo litsebi tsa phepo e nepahetseng li buella hore re fe ’mele ea rōna seo e se hlokang—metsi a lekaneng. ’Me hopola, ha u ja letsoai le lengata, u tla hloka metsi a eketsehileng ho le hlapolla.

Fa ’Mele oa Hao Metsi

Ka karolelano, letsatsi le leng le le leng letlalo, matšoafo, mala le liphio li ntša metsi a ka bang lilithara tse peli. Ka ho hema feela re lahleheloa ke metsi a ka bang halofo ea lithara letsatsi le letsatsi. Haeba metsi ana a sa nkeloe sebaka, re tla felloa ke metsi ’meleng. Matšoao a mang a ho felloa ke metsi ’meleng ke hlooho e opang, mokhathala, bohloko ba mesifa, mosese o mosehla, ho se mamelle mocheso le ho omella lehano le mahlo.

Joale re lokela ho noa metsi a makae? Dr. Howard Flaks setsebi sa monono, o re: “Tekanyo e ka tlaase-tlaase eo motho ea phetseng hantle a lokelang ho e noa ke likotara tse robeli ho isa ho tse leshome tsa lithara ka letsatsi. U hloka a eketsehileng haeba u ikoetlisa haholo kapa u phela tlelaemeteng e chesang. ’Me batho ba nonneng ba lokela ho noa khalase e ’ngoe ea metsi bakeng sa lik’hilograma tse ling le tse ling tse 10 ho feta boima bo tloaelehileng ba ’mele ea bona.” Leha ho le joalo, ba bang ba re ho lekane ho noa metsi ha u nyoriloe, le hoja ha u nyoriloe haholo, hoo ho se ho ntse ho bolela hore u se u batla u haelloa ke metsi ’meleng.

Na ho ka nooa lino tse ling ho e-na le ho noa metsi? Le hoja ha lero la litholoana le la meroho le hlapolotsoe ka metsi le le molemo, le ntse le e-na le lik’halori. Hape, maro a nang le tsoekere le lebese le lengata a etsa hore ’mele o batle metsi haholo, kaha ho hlokahala metsi hore a silehe. ’Me lino tse nang le tahi le caffeine tse kang kofi le tee li etsa hore motho a sese khafetsa, li etsa hore motho a noe metsi haholo ho nkela a tsoileng sebaka. Ha ho letho le ka nkang sebaka sa lero leo la bohlokoa, e leng metsi. Joale ho ka ba joang hore u hle u noe khalase ea metsi hona joale?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

Litlhahiso Bakeng sa ho Noa Metsi Haholo

● Tsamaea ka botlolo ea metsi.

● Noa khalase ea metsi nako le nako ha u e-ja.

● Noa metsi pele u ikoetlisa, le ha u ntse u ikoetlisa le ka mor’a hore u ikoetlise.

● Noa metsi ka linako tsa khefu ho e-na le ho noa kofi.

● Bakeng sa ho ntlafatsa tatso ea metsi a pompo, tšela lero la lemone kapa u a sefe.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]

Photo: www.comstock.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela