Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 14-15
  • Na ho tšerehanya kelello ho Loketse Bakreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho tšerehanya kelello ho Loketse Bakreste?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Kamano Pakeng Tsa ho Tšerehanya le Matla a Phahametseng Tlhaho?
  • Phello Boitšoarong
  • Tšepo ea Bophelo bo Phethahetseng ba ’Mele
  • Tšebelisano le Meea—Ke Hobane’ng ha Thahasello e Ntse e Hōla?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Diabolose a ka Laola Batho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Hlalosa Liketsahalo tsa ho Tsoaloa Hangata
    Tsoha!—1994
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Qoba Bonohe?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 14-15

Pono ea Bibele

Na ho tšerehanya kelello ho Loketse Bakreste?

“Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . betsang ba bang ka mantsoe a boloi.”—DEUTERONOMA 18:10, 11.

HO TŠEREHANYA kelello e ’nile ea e-ba taba eo ho buuoang haholo ka eona.a Esita le litsebi lefapheng lena li ho fumana ho le thata ho ho hlalosa. Ka kakaretso ho tšerehanya ho utloisisoa e le ho fetola boemo ba kelello kapa ho e reba. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thahasella haholo seo ho tšerehanya kelello ho ka se etsang ho feta hore na ke eng.

Lilemong tsa morao tjena ke ntho e tloaelehileng hore litsebi tsa bophelo bo botle linaheng tse ling li khothalletse batho hore ba phekoloe ka ho tšerehanngoa. Ka mohlala, makasine oa Psychology Today o re: “Ho tšerehanya kelello ho ka phekola hlooho, ha thethefatsa mahlaba a pelehi, ha u thusa ho tlohela ho tsuba, ha nkela ho tsubisoa moriana sebaka, hape ha ntlafatsa mekhoa ea ho ithuta—ho se na liphello tse mpe ho hang.” Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba amahanya ho tšerehanya le tšebelisano le meea le matla a phahametseng tlhaho.

Pono ea Bibele ke efe? Ke ’nete hore Bibele hase buka ea ho ithuta ea bophelo, ’me ha e bue ka ho toba ka ho tšerehanya. Empa melao-motheo e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo e ka re thusa ho fumana pono ea Molimo.

Na ho na le Kamano Pakeng Tsa ho Tšerehanya le Matla a Phahametseng Tlhaho?

Na ho bolela hore ho tšerehanya ho amana le matla a phahametseng tlhaho e mpa e le monahano oo motho a iqapetseng oona feela? E ka ’na eaba lipale tse inahaneloang libaesekopong le libukeng ke tsona tse hōlisitseng khopolo ena, empa hore lia amana teng ho na le motheo o tiileng. Mabapi le ho tšerehanya, Encyclopedia of Occultism and Parapsychology e-ea hlalosa: “Histori ea hona e lohellane haholo le matla a phahametseng tlhaho.” Ho hapeha kelellong ha batho ba bolumeli, hoo e ’nileng ea e-ba karolo ea boloi kapa ea boselamose ho theosa le lilemo, ho nkoa e le mofuta oa ho tšerehanngoa. Hape, baprista Egepeta ea boholo-holo le Greece ba ne ba susumetsa mofuta oa ho tšerehana ha ba leka ho phekola mafu ka lebitso la melimo ea bona ea bohata.

Encyclopedia e qotsitsoeng ka holimo e re: “Esita le kajeno boholo ba ho tšerehanngoa ho nkoa e le ‘ho sebelisana le meea.’” Le hoja ho le thata ho fumana hore na mefuta ea ho tšerehanya e amana hakae le matla a phahametseng tlhaho, ’nete ke hore ka ho hlakileng Molimo o nyatsa mefuta eohle ea ho sebelisana le meea. (Deuteronoma 18:9-12; Tšenolo 21:8) Kahoo, Bakreste ba ke ke ba hlokomoloha mekhoa ea ho tšerehanya eo ho hlakileng hore ha e lumellane le mangolo.

Phello Boitšoarong

Ho tšerehanya ho na le phello efe kelellong ea motho le boitšoarong ba hae? Na ho na le likotsi tse amehang? Lebaka le leng la bohlokoa ke hore nakong eo motho a tšerehantsoeng a ka ’na a ba le taolo e fokolang boitšoarong ba hae. Batho ba tšerehanyang ba bang sethaleng ba sebelisa mokhoa ona, ba susumelletsa baithaopi ho etsa lintho tseo ka tloaelo ba neng ba ke ke ba li etsa, esita le ho bonahala eka ba tahiloe.

Encyclopedia Americana e bua tjena ka lipontšo tsena tse etsoang phatlalatsa tsa ho tšerehanngoa: “Ho ka ba bonolo hore motho ea tšerehantsoeng a amohele le tšusumetso e sa tobang ea motšerehanyi, a ka ’na a lokoloha ho hlahisa mebala ea hae e ka mpeng eo hangata e patehileng, hape nakong eo a tšerehantsoeng ho ka ba bonolo hore a etse lintho tseo maemong a tloaelehileng a neng a ke ke a li etsa har’a batho kapa boinotšing.” Collier’s Encyclopedia e re: “Motho ea tšerehantsoeng o thabela ho tsepamisa mohopolo tabeng e itseng e leng ho mo etsang hore a arabele habonolo tšusumetsong ea motšerehanyi le ho sebelisana le eena ho li phetha.”

Na ho utloahala e le ntho e se nang kotsi? Na e ka ba bohlale hore Mokreste oa ’nete a lumelle ba bang hore ba susumetse kelello ea hae ka ho mo tšerehanya? Sena se ne se tla be se hanana le keletso ea moapostola Pauluse: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana. Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:1, 2.

Na Mokreste a ka ba le ‘letsoalo le letle,’ haeba a itumella ho beoa boemong boo a ke keng a laola mehopolo kapa litakatso kapa esita le liketso tsa hae ka ho feletseng? (1 Petrose 3:16) Bibele ea eletsa: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Ho hlakile hore ho tšerehanngoa ho tla sitisa motho hore a latele keletso e joalo.

Tšepo ea Bophelo bo Phethahetseng ba ’Mele

Ka lebaka la melao-motheo ea Bibele e boletsoeng ka holimo, Lipaki Tsa Jehova li qoba mekhoa e amanang le ho tšerehanngoa kapa ho itšerehanya. Li mamela taelo e ho Deuteronoma 18:10, 11: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . betsang ba bang ka mantsoe a boloi.” Ho ba tobaneng le mathata a bophelo, ho na le liphekolo tse ngata tse sa akarelletseng ho ipeha kotsing ea matla a phahametseng tlhaho kapa ho lumella hore kelello ea motho e laoloe ke ba bang.

Ka ho qoba mekhoa e hananang le melao-motheo ea Bibele, Bakreste ba ka ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo. Nakong eo moloko oa batho o tla thabela bophelo bo botle ’meleng le kelellong ho sa sebelisoe ho tšerehanngoa.—Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho tšerehanya ho hlalosoa e le “boemo bo kang ba ho robala boo hangata bo etsoang ke motho ea itseng ’me bo etsa hore motho ea tšerehanngoang a hopole lintho tseo a li lebetseng kapa a iphapanyelitseng tsona, a bone lipono, ’me a be boemong boo a ka amohelang se boleloang ke ea tšerehanyang.”—The American Heritage Dictionary.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela