Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Qoba Bonohe?
“KE NE ke tloaelane haholo le ntate-moholo, ’me ha a shoa, seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo. Ke ile ka batla ho tseba hore na nka ikopanya le eena hape na,” ho boletse ngoanana e mong. Ka lebaka leo, ngoanana enoa o ile a qala ho fuputsa bonohe.
Tlaleho ea haufinyana e bontšitse hore “bonyane bana ba 200 000 le bacha Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane ba lekile mekhoa e mengata ea bonohe.” Japane e na le bana ba bangata ba qalang ho ithuta bonohe sekolong, ’me ba bang ba sebelisa bonohe ba ho buisana le meea, ba bang ba sebelisa boselamose, ’me ba bang ba sebelisa bonohe ba ho leleka meea. Nigeria ha ho makatse ho utloa ka bana ba sekolo se tlase ba ithutang boloi. Ka masoabi, esita le bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste, mohlomong ba sa hlokomele, ba ile ba bapala ka bonohe.
Ke hobane’ng ha bonohe bo thahasellisa bacha hakaale? Ke hobane’ng ho ameha ho bona ho le kotsi hakaale?
Lebaka Leo ba Amehang ka Lona
Bonohe bo kopanyelletsa matla a phahametseng tlhaho, e leng ho hlahloba lefatše la meea ka ho sebelisa bolepi ba linaleli, ho laola, boloi, boselamose, le tse ling. Ke hobane’ng ha bacha ba bangata ba rata ho nyakurela linthong tse joalo? Dirk o ne a na le takatso e tebileng ea ho ikopanya le ntat’ae ea shoeleng. A kholisehile hore a ka tseba ho etsa joalo haeba a ka hōlisa matla a hae a kelello, a qalisa ho nahana ka ho tebileng moo a neng a leka ho etsa hore lintho li sisinyehe ntle ho hore a li tšoare. Dirk o bolela hore monahano o joalo o ile oa mo atametsa haufi le lefatše la meea!
Bacha ba bang ba tšohile bokamoso. Ba batla keletso ka lithuto tsa bona kapa litebello tsa lenyalo ’me ba nahana hore lefatše la meea le ka ba thusa. Ntho e khathatsang ka ho khethehileng ke borapeli ba Satane! Morero oa bolumeli boo bo tšosang ke ofe? “Ke kene ho bona bakeng sa ho fumana matla. Bo ’neha matla a ho hlokofatsa batho,” ho boletse mocha e mong oa Canada ea sebelisang borapeli ba Satane.
Leha ho le joalo, bafuputsi ba bangata ba lumela hore lebaka le leholo leo bacha ba amehang bonoheng ka lona ke ho rata litaba. “Ke ne ke le bohelehele,” ho hlalositse ngoanana e mong ea ileng a ameha linthong tsa bonohe. Ngoanana e mong o hlalosa tjena: “Ka lekhetlo la pele ke ne ke ikutloa ke sa tsebe hantle, empa ke ile ka nahana, ‘Bonyane u tla tseba hore na ho joang.’” Kahoo o ile a amohela memo ea motsoalle hore a kopanele mesebetsing ea bonohe.
Bacha ba bang ba susumelitsoe ke ho rata litaba, ba leka lehlohonolo la bona ka matlapa a Ouija kapa ba sebelisa mekhoa ea ho ithuta ho tsamaisa galase e kubutiloeng. Ho tloha mokhoeng ona ho bonolo ho itšunya ka botebo tšebelisanong le meea ka ho sebelisa libolo tsa galase, likarete tsa bonohe, likhoele tse leketlileng marulelong, makhapetla a tee, le libuka tsa bolepi ba linaleli. Ba bang ba qala ho ea ho litsebi tsa bonohe kapa ho lingaka tsa litaola. Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li ipakile e le baqhekelli. Ka mohlala, bakeng sa ho ntlafatsa matšoao a lithuto tsa sekolo, Alexander o ile a ea ho ngaka ea litaola. Haa ka a hlōleha feela ho ntlafatsa matšoao a lithuto tsa hae empa o ile a senyeheloa ke chelete. Chelete ea hae e ile ea aroleloa ngakana-ntšonyana le motsoalle oa hae ea mo khothallelitseng ho ea ho eona.
Leha ho le joalo, ho ipepesetsa ha bacha ba bangata bonoheng ho felletse ka ntho e ’ngoe e kotsi ho feta ho lahleheloa ke chelete.
‘Tlhokofatso e sa Kholoeheng’
“Hoja ke ile ka tseba” ke polelo e tloaetsoeng har’a ba itšolang ka ho bapala ka bonohe. Ke kamoo ho hlokometseng Personality, makasine oa Afrika Boroa. Tletlebo e tšoanang e tloaelehile: “Hoja ebe ha kea tloha ke le bohelehele. . . . Ke hlokofalitsoe ka tlhokofatso e sa kholoeheng, mantsoe, ho phofa, litšoso, ’me ke hlokofalitsoe kelellong le ’meleng ke lintho tse ling tsa bosatane ha ke ne ke leka ho itokolla.”
Karolo ea 24 lekholong ea matichere ao ho buisanoeng le ’ona Jeremane e hlokometse tšusumetso e tšosang ea bonohe ho liithuti. Liithuti tse ling li ile tsa ikhula, ’me li bile le bothata ba ho ithuta, tsa phela ka tšabo, tsa tepella maikutlong, ’me tsa ba le tloaelo ea ho itlhokofatsa esita le ho hlokofatsa liithuti tse ling. Hangata Dirk o ne a hlobaela bosiu. O sa hopola: “Ke tšohile hore ke tla khangoa ke mademona, ke ne ke tšaba ho tutubala. Ke ne ke nyaroha ha ke utloa molumo o mong le o mong.” Ka ho tšoanang, mocha ea bitsoang Michael o ile a “hlobaela bosiu ke tlhaselo ea mademona” ka mor’a ho noa moriana oo a o filoeng. Litlaleho tse ling li hlalosa botho bo fetohileng bathong ba nkang karolo mesebetsing ea bonohe. Ngoanana e mong o ile a tšosa ’mè oa hae ka ho ’molella hore nakong e tlang o tla apara liaparo tse ntšo (e leng ’mala oo a neng a batla ho ferefa kamore ea hae ka ona) le hore o tla robala ka lekaseng la bafu le butsoeng!
Baahi ba Sebele ba Lefatše la Meea
Mangolo a bolela ka ho hlakileng hore “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Kahoo lefatše la meea ha lea ahuoa ke meea e tsoileng ho baratuoa. Joale, lebaka la liphihlelo tse joalo tse tšosang ke lefe? Mademona a khopo! Ho ea ka Bibele, ana ke mangeloi a marabele, balateli ba Satane Diabolose. (1 Petrose 3:19, 20; Tšenolo 12:9) A na le tlaleho ea ho tlisetsa batho bohloko le matšoenyeho.
Ka mohlala, Luka 9:42 e re bolella ka monna ea neng a na le modemona o neng ‘o mo ilibanya le ho mo bipetsa.’ Ke sehlōhō se se kaakang! Ka ho tšoanang, Liketso 19:16 e re bolella ka monna ea nang le modemona ea ileng a hlasela lingaka tse supileng tse ntšang mademona. Liphihlelo tsa mehleng ea joale ka ho hlakileng li bontša hore mademona ha a fetola tsela ea ’ona e mabifi.
Mocha ea qalang ho bapala ka ESP (extrasensory perception, matla a Phahametseng a Tlhaho), bolepi ba linaleli, likarete tsa bonohe, kapa mofuta leha e le ofe oa bonohe, e ka ’na ea ba o qalisa ho bula monyetla oa liphihlelo tse tšosang. Makasine Personality o itse: “Tšabo e tloaelehileng ho bohle bao re buisaneng le bona [ba ileng ba ameha linthong tsa bonohe] ebile hore ba ne ba qoetse ka ho tebileng marabeng a bosatane a khahlang ka bolotsana.” E, bonohe ke mohato oa pele oa ho ikopanya le Satane le mademona a hae!
‘Mahe a Linotši Ntlheng e Bohale ea Thipa’
Molao oa Molimo ho Baiseraele o ne o thibela mofuta o mong le mong oa bonohe, o ne o re: “Ho se ka fumanoa ha eno . . . selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli, leha e le ea botsang balimo, le ngaka e reng ea profeta, leha e le ea botsang bafu.”—Deuteronoma 18:10, 11.
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba khaola maqhama le kamano leha e le efe le meea, ba lahla lintho tsohle tse amanang le meea. (Liketso 19:19) Ka ho tšoanang, bacha bao kajeno ba batlang botsoalle le Jehova ba lokela ho lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le bonohe. Sena se tla akarelletsa lifilimi tsohle tsa bonohe, libuka, limakasine, le litšoantšo. Esita le khetho ea hao ea ’mino e lokela ho hlahlobisisoa. Ka mohlala, ’mino oa rock o nang le morethetho o boima nako le nako o ’nile oa amahanngoa le borapeli ba Satane.
Baahi ba Tibet ba na le maele a reng: ‘Ak’u nahanisise ka hloko pele u amohela mahe a linotši ao u a nehoang a beiloe holim’a thipa e bohale.’ Ha u leka ho nyeka mahe a linotši holim’a thipa, u ka ’na ua khaola leleme la hao! Ka ho tšoanang, ho sa tsotellehe hore na bonohe bo bonahala bo ipiletsa hakae boikutlong ba hao ba bohelehele, bonohe bo kotsi! Kahoo hana memo leha e le efe ea hore u nke karolo kapa hore u ee meketeng ea bonohe. Ntho e bonahalang e se kotsi joaloka papali ea ho tsamaisa galase (glass-moving game) e ka lebisa kamehong e kotsi ea bodemona. Ke ’nete, mohlomong u motho ea bohelehele. Empa na u ne u tla ja nama e bolileng hore u utloe hore na e latsoeha joaloka lijo tse nang le chefu?
Dirk (ea boletsoeng pelenyana) o ile a tseba ho itokolla bonoheng. Ka ho ithuta Bibele ka thuso ea libuka tsa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a utloisisa ’nete ka ntate oa hae ea shoeleng, ’me o ile a ithuta ka tšepo ea tsoho. (Pesaleme ea 146:4; Johanne 5:28, 29) ’Nete ena e ile ea mo lokolla takatsong efe kapa efe ea ho buisana le lefatše la meea. (Bapisa Johanne 8:32.) Dirk o kae hona joale? O kopanela le Lipaki tsa Jehova ’me o sebetsa sebakeng se seng sa khatiso sa Mokhatlo oa Watch Tower e le mosebeletsi oa nako e tletseng.
E, Bibele e khotsofatsa ‘tlhoko ea rōna ea moea.’ (Mattheu 5:3, NW) Ha nako e ntse e tsamaea, sena se molemo ho feta ho khotsofatsa ho rata ha rōna litaba ka bonohe bo kotsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho ameha bonoheng ho ka ’na ha qalisa ka papali e bonahalang e se kotsi joaloka letlapa lena la Ouija kapa ho selisa galase e kubutiloeng