Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 maq. 3-4
  • Ke Eng e Hulelang Batho Boloing?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Hulelang Batho Boloing?
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Qoba Bonohe?
    Tsoha!—1990
  • Hantle-ntle ke Mang ea Hlohlelletsang Boloi?
    Tsoha!—2011
  • Ho Bapalla Matleng a Phahametseng Tlhaho—Ho na le Kotsi Efe?
    Tsoha!—2002
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 2/11 maq. 3-4

Ke Eng e Hulelang Batho Boloing?

KARABO ea potso eo e ka ’na ea itšetleha haholo ka hore na motho o lula hokae, o lumela eng le hore na o hōletse setsong sefe. Ke eng e hulelang batho boloing sebakeng sa heno? Mohlomong ba hoheloa ke e ’ngoe ea lintho tse latelang.

● Bohelehele Ka tlhaho batho ba bohelehele ’me boloi bo na le lintho tseo ho leng thata ho li utloisisa. Kahoo, ba bang baa ipotsa hore na ebe ho na le matla a sa bonahaleng a hlohlelletsang boloi. Ba bang ba ka ’na ba sebelisa boto ea Ouija kapa ba bala boitsebiso ba linohe tsa linaleli hore ba bone hore na lintho tseo li li bolelang li tla etsahala kapa che. Athe ba bang ba ka ’na ba ea libokeng tseo ho tsona ho buisanoang le meea ea bafu kapa ba ea senoheng.

● Boithabiso Lilemong tsa morao tjena, lintho tseo batho ba ithabisang ka tsona—tse kang libuka, lifilimi le lipapali tsa k’homphieutha tse thehiloeng boloing le litumela-khoeleng tsa boholo-holo tsa bohetene—li eketsehile haholo. Bo bong ba boithabiso bona bo boetse bo bontša pefo e feteletseng le liketso tsa ho kopanela liphate.

● Ho tšoenyeha ka bokamoso Bibele e ile ea bolela esale pele, ea re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Ka sebele re phela linakong tse thata ’me batho ba bangata ba batla tataiso ka ho ikopanya le batho ba sebelisanang le meea, ba kang linohe tsa linaleli, ba buisanang le meea ea bafu, ba balang mela ea seatla le linohe. Senohe se seng se ile sa re: “Bonohe ke e ’ngoe ea likhoebo tse seng kae tse sa angoeng ke maemo a mabe a moruo. Hase hangata batho ba tlang ho ’na ha ba thabile.” Motho e mong oa Canada ea buisanang le meea o ile a re: “Hona joale ke se ke founeloa ke bo-rakhoebo ba le liofising kapa ba hoeshetsa liselefounong tsa bona.” O ile a phaella ka ho re: “Ke batho bao nakong e fetileng ba neng ba belaella kapa ba sa phutholohe hore ba ka bua le linohe.”

● Ho kula Linaheng tse ling, batho ba kulang haholo hangata ba khaotsa ho ea lingakeng tsa sekhooa ’me ba ea lingakeng tsa setso tse sebelisang mekhoa ea boloi. Ba ka ’na ba bolelloa hore ba kulisoa ke bomalimabe bo itseng kapa ba louoe. E le hore ba thuse motho ea louoeng, metsoalle le beng ka eena ba ka ’na ba batla thuso ho ngakana-ntšonyana kapa nkhekhe, e ka ’nang ea batla chelete e ngata.

● Ho batla tšireletso le mahlohonolo Libakeng tse ling tsa Afrika, baahi ba ka ’na ba hira “moprofeta” oa kereke e phekolang ka mohlolo hore a leleke meea e litšila motseng. Meetlo e etsoang moo e akarelletsa ho noa methokho le “metsi a halalelang.” Athe libakeng tse ling, batho ba ea ho batho ba buisanang le meea ea bafu e le hore ba hlohonolofatse matlo a bona a macha kapa mabitla.

● Likotsi tse ka hlahelang bana Papua New Guinea, ’mè a ka ’na a hana ho tsoela ka ntle bosiu le lesea la hae. Hobane’ng? Hobane a tšaba hore meea e mebe e ka ’na ea lematsa lesea leo. Uganda, bo-’mè ba atisa ho faseletsa mehala manonyeletsong le maqaqailaneng a masea a bona, ’me ka linako tse ling ba e kenya lifaha le likhetla ho a sireletsa kotsing.

● Ho shoeloa ke eo ba mo ratang Mongoli oa Lebrithani ea bitsoang Sir Arthur Conan Doyle o ile a shoeloa ke mora, moen’ae, soare sa hae le mochana oa hae Ntoeng ea I ea Lefatše. Ba ferekane ebile ba selebaletsoe, Doyle le mosali oa hae ba ile ba ea sebokeng seo ho sona ho buisanoang le meea ea bafu, ka tšepo ea hore ba tla buisana le mora oa bona ea hlokahetseng. Le kajeno, batho ba bangata ba ea ho ba buisanang le meea ea bafu e le hore ba leke ho buisana le baratuoa ba bona ba shoeleng. Linaheng tse ling, malumeli a setso le likereke tseo ho thoeng ke tsa Bokreste li ruta hore batho ba bolaoa ke liketso tse khopo tsa meea e halefileng. Batho ba ka ’na ba qobelloa ho phetha meetlo e ’maloa e bileng e hlokang chelete e ngata e le ho thibela mafu a eketsehileng motseng oo.

● Ho tšaba bafu Batho ba ’nile ba susumetsoa haholo ke lithuto tse amanang le lefu le bafu. Kahoo, linaheng tse ngata batho ba phetha meetlo e fapa-fapaneng, e akarelletsang ho intša kotsi, e le hore ba khutsise bafu kapa ba ba “bontše” hore baa ba rata. Lihlekehlekeng tse ling tsa Pacific, ha motho a shoetsoe ke molekane o qobelloa ho roala thapo le ho qeta likhoeli a le bofifing, a notleletsoe ka tlung, moo a sa lokelang ho ja lijo tseo mofu a neng a li rata haholo. Batho ba etsang moetlo ona ba ka sithabela, kapa ba kulisoa ke ho se je ’me ba ka ba ba shoa.

Ho hlakile hore ho na le lintho tse ngata tse hulelang batho boloing. Kahoo ruri ke habohlokoa hore re utloisise mohloli oa ’nete oa lithuto tse amanang le boloi! Ka lebaka lena, a re hlahlobe Bibele, e leng eona feela buka e re behang leseling ka botlalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela