Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba Ntlhabisa Lihlong?
Bohareng ba thuto ea mahlale a bophelo, u qala ho ikutloa u kula. Ka masoabi, ho romelloa molaetsa lapeng, ’me ka ho panya ha leihlo ’mè oa hao o fihlile—o roetse tuku, ’me o ntse a apere feresekòtò eo a e aparang ha a le lapeng. A kholisehile hore u kula haholo, o se a le pel’a hao ntle le ho ameha ka ponahalo ea hae. Empa ha u ananele boiteko ba hae ba ho tla u thusa. Seo u nahanang ka sona ke kamoo a shebahalang a sa thabise kateng ebile a le bohlasoa ha a apere liaparo tsa hae. ’Me ha qala ho u tlontlolla ka pel’a metsoalle ea sekolo, u lakatsa e ka lefatše le ka petsoha oa kena. U hlabiloe ke lihlong haholo!
LIKETSAHALO tse kang ena li ka ’na tsa bonahala li qabola ho bashebelli. Empa uena ha u tšehe. U ikutloa u le bothoto, khatello e matla hoo u ikutloang e ka u ka shoa. Ha e le hantle, ho ile ha qapuoa mantsoe ana: ‘Ho bolaoa ke lihlong.’ Ha u motho oa pele ho ikutloa joalo. Ka mohlala, Bajode ba boholo-holo ba ne ba nahana ka matla a senyang a ho hlabisoa lihlong. Talmud oa Moheberu o ile a tšoantša ho tlontlolla motho pontšeng joaloka ho tšolla mali a hae!
Ho na le mehloli e mengata ea ho hlabisoa lihlong, empa bacha ba bangata ba lumela hore ha ho mohloli o fetang batsoali ba bona. Lenane la lintho tse hlabisang lihlong tseo batsoali ba li etsang ho bonahala le sa khaotse: ho bontšoa lerato pontšeng, ho ithorisa ka seo u se finyelletseng, ho itšoara joaloka ngoana ka pel’a metsoalle ea hao, ho batla hore u “etse ho hong” ka pel’a baeti. Tsela eo batsoali ba hao ba bonahalang ka eona e ka u hlabisa lihlong! Joale, ha ho makatse ha bacha ba bang ba sa rate khopolo ea ho bonoa ba tsamaea le batsoali ba bona.
Joale, ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba u hlabisa lihlong hakaana? U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ha ba tsebe hamolemo hore ba se etse joalo?’
Lebaka Leo ba u Hlabisang Lihlong ka Lona
A re ke re hlahlobe maikutlo a hao tabeng ena. Ka hobane u le mocha, ka ho khethehileng u motho ea soabisoang habonolo, joalokaha u hlokometse ka ho eketsehileng hore ho na le batho ba bangata lefatšeng ho feta litho tsa lelapa tse haufi. U batla ho amoheloa ke batho ba bang—haholo-holo lithaka tsa hao—’me u leka ka matla ho itšoara ka ho “nepahetseng.” Ka tlhaho, ha u rate ha kamohelo ena e ka nyenyefatsoa ke boitšoaro bo soabisang ba batsoali ba hao. Ho joalokaha mocha e mong ea bitsoang Linda a boletse: ‘Haeba batsoali ba hao ba etsa ntho e ’ngoe e u hlabisang lihlong, ua tšoenyeha: “Metsoalle ea ka e tla nahana eng ka ’na?’” Joale, ke hobane’ng ha batsoali ba hao ba sa nahanele maikutlo a hao ka ho eketsehileng?
Ngaka ea mafu a kelello Bernice Berk o bolela kamoo ’mè e mong a boleletseng mora oa hae ea amehang kapele maikutlong: “Ke mosebetsi oa ka ho u hlabisa lihlong. ’Mè oa ka o ile a ntlhabisa lihlong, le uena u lokela ho hlabisa bana ba hao lihlong.” Ho na le ’nete e itseng tabeng ena. Ho hlabisoa lihlong ha se lefutso: ke ho se phethahale.
Batsoali ha ba phethahala. (Ba-Roma 3:23) Ha hoa tšoanela hore ba talingoe joaloka limotlelara tsa feshene, kapa hona ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e buang. Le bona ba na le tokelo ea ho phomola nako le nako le ho ithabisa. Hangata ho itšoara joaloka bana—esita le ho hlabisa lihlong—mohlomong e ka ba tsela ea bona ea ho mamella botsofali ba bona. Ka ho lebala hore na liphello tsa sena e ka ba life ho uena, ’mè a ka u hlabisa lihlong ka hore u etse mehato ea tantši ea morao-rao le metsoalle ea hao; ntate a ka leka ho ipaka hore a ka hlōlisana le bacha lebaleng la basketball. Na hoo ho hlabisa lihlong? Mohlomong ho joalo. Empa ha e le hantle, ha ba na khopolo ea ho u utloisa bohloko.
Batsoali ba hao ba boetse ba u thahasella ho tsoa pelong, ’me ka lebaka la ho se phethahale, ba nka mehato e fetelletseng ha ho bonahala boiketlo ba hao bo sokeloa. Ka mohlala, mongoli oa Bibele Luka o bua ka nako eo Jesu a leng lilemo tse 12 ’me a ea le batsoali ba hae moketeng oa Paseka Jerusalema. Ha batsoali ba hae ba khutlela hae, ba ile ba hlokomela hore o lahlehile. Ba ile ba etsa boiteko bo matla ba ho ’matla, ’me “ka mor’a matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, ebile a ba botsa.” Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a thabela puisano ena le batho ba baholo ho eena. Leha ho le joalo, ha ’mè oa hae a fihla, mohlomong ka lebaka la banna bana ba baholo ba sechaba, o ile a re: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng joalo? U ka bona, ntat’ao le ’na, re ne re u batla re tšohile haholo.”—Luka 2:41-48.
Lebaka le leng leo re lokelang ho le hopola ke hore batsoali ba hao ba na le mathata a bona, mohlomong a mang ha u a elelloe. Mohlomong mathata a lichelete, ho kula, kapa khatello e ’ngoe e ikarabella bakeng sa boitšoaro ba bona.
Lebaka la ho qetela, batsoali ba bangata ba motlōtlō ka bana ba bona. Ba thabela ho etsa “mponeng” ka bona. Leha ho le joalo, sena se ka lebisa boemong bo sa thabiseng, joaloka ho kōptjoa ho letsa piano ka pel’a metsoalle ea ’mè oa hao kapa ho mamella ha ntate oa hao a bolella motho e mong le e mong kamoo u leng “bohlale” kateng!
Ho Ithuta ho Mamella
Ha batsoali ba mocha ea bitsoang Tonia ba mo hlabisa lihlong, o re: “Ke retela haholo.” Le hoja sena e ka ba karabelo ea tlhaho, ho na le litsela tse ling tse molemo tsa ho mamella. Ho hopola tse ling tsa lintlha tsena ho fihlela joale ho ka ha u thusa ho kokobetsa bohale ba hao ba pele. (Liproverbia 19:11) Nahana ka litlhahiso tse latelang:
Khaotsa ho Tšoenyeha: Ho tšoenyeha haholo ho ke ke ha fetola lintho tse ngata. (Bapisa Mattheu 6:27.) Ha se uena ea ikarabellang bakeng sa batsoali ba hao; u motho ea arohileng. ‘E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae,’ ho bolela Ba-Galata 6:5. Ho feta moo, mohlomong boemo ba hao ha bo bobe joalokaha u nahana. Ngaka Joyce L. Vedral o hlokomela hore ‘mocha e mong le e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea hlabisitsoeng lihlong o nahana hore ho na le letšoele la batho le mo talimmeng.’ Leha ho le joalo, ha se batho bohle ba nang le thahasello e joalo. Vedral oa phaella: “Batho ba bangata ba amehile ka sehloba se nkong ho feta histori eohle ea lelapa.” Le uena, hopola hore lithaka tsa hao le tsona li amehile ka maikutlo ao batsoali ba tsona ba a bontšang!
U se Mpefatse Boemo bo Seng bo Mpefetse: Liproverbia 27:12 e re: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.” Ho ipakela mahlo ka ho bua mantsoe a kang, ‘Oho, ’Mè!’ ho mpefatsa boemo. ‘Ho itšireletsa’ ka ho thola ho molemo.—Moeklesia 3:7.
Amohela Taeo e Hlokahalang: Ho lauoa pontšeng ho ka u hlabisa lihlong. Empa hangata taeo ke e loketseng, ’me ho hlabisoa lihlong ke karolo ea hoo. (Ba-Heberu 12:11) Ho thoe’ng haeba ho bonahala taeo e sa hlokahale? Hopola kamoo Jesu a ileng a sebetsana le boemo ba ho kenella ha ’mè oa hae. O ile a lula a khutsitse ’me a hlalosa boemo ba hae. Ha e le hantle, Bibele e bolela hore o ile a tsoela pele ho “utloa” batsoali ba hae. (Luka 2:49, 51) Ke hobane’ng ha u sa leke ho etsa ntho e tšoanang?
Buisana le Batsoali ba Hao: Ka bonolo le ka tlhompho ba bolelle se u tšoenyang. Hoa sebetsa! Rosalee o fumane tabeng ea hae hore “haeba u ba bolella kamoo u ikutloang, joale ba tla nahana hore ke taba e utloahalang, ’me hangata ba leka ho itokisa.” Tsela e ’ngoe ea hore batsoali ba bone lehlakore le leng la taba ke ho ba botsa ka maemo a hlabisang lihlong ao ba thulaneng le ’ona bocheng ba bona. Sena se ka etsa hore ba nahanele boemo ba hao.
Bontša Qenehelo: Ak’u nahane ka linako tsohle tseo u ileng ua hlabisa batsoali ba hao lihlong ka tsona! Na u entse hoo ka maikutlo a mabe? Che! Kahoo ke hobane’ng ha u ikutloa hore batsoali ba hao ba u hlabisa lihlong ka boomo?
U se Felloe ke Boikutlo ba ho Itšeha: Ho joalokaha mocha e mong a lumetse: “Ho na le lintho tse ling tseo u tlamehang ho li tšeha; ka mor’a moo ke ntho e tšehisang.” E, ke hobane’ng ha u nka mosoaso ka botebo? Hopola ho na le ‘nako ea ho tšeha,’ ’me ka linako tse ling ho bontša boikutlo ba ho itšeha ho felisa bohloko ba ho hlabisoa lihlong.—Moeklesia 3:4.
Leha ho le joalo, leha u leka ka hohle kamoo u khonang, u ke ke oa qoba ho hlabisoa lihlong ka ho felletseng. Ka ho sebelisa litlhahiso tse boletsoeng ka holimo, u ka tseba ho fetola seo u se talimang e le maemo a hlabisang lihlong.
Ka mohlala, mongoli Jami Bernard o re: “Ka linako tsohle ’mè o ne a batla hore ke mo tšoare ka letsoho ha re tšela seterata esita leha ke se ke le moholo. Ka letsatsi le leng, ke ile ka rutla letsoho la ka, ’me ka hoeletsa, ‘’Me, ha ke sa hloka ntho ena ho hang.’ O ile a ncheba a re, ‘’Na ke ea e hloka.’ Ke ne ke sa tsebe hore na o hloka motho e mong eo a ka itšoarellang ka eena kapa o ne a hlolohetsoe nako eo ke neng ke le ‘lesea’ la hae kapa o ne a batla ho ikopanya le ’na empa ke ne ke sa tsebe hore na joang. Empa ha ke mo tšoara ka letsoho ha re tšela seterata, ke utloa mofuthu—e seng ho hlabisoa lihlong empa lerato.”—Makasine oa Seventeen, December 1985.