Ha ho sa Tla ba le Likoluoa Tsa Boemo ba Leholimo!
“MOTHO OA KAJENO ha a sa nka lefatše e le la bohlokoa ka lebaka la meharo ea hae bakeng sa mabothobotho, ho labalabela hore lintho li etsoe ka potlako le meharo ea hae bakeng sa phaello ea khoebo.” Ke ka tsela eo sekoahelo sa buka ea 5000 Days to Save the Planet se balehang ka eona. Re phela le litholoana tsa meharo ea motho. ’Me ho sa tsotellehe hore na likhopolo tsa ho futhumala ha lefatše ke ’nete kapa che, ’nete ke hore—motho o senya polanete ea rōna e ntle. Tšepo ea rōna feela ke ho phethahala ha tšepiso ea Bibele ea hore Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Molimo o tla nkela tsamaiso e bolileng ea puso ea motho sebaka ka tsamaiso e ncha ka ho feletseng. Pele u qhelela khopolo eo ka thōko e le ho hloka kelello ha bolumeli, nahana sena: Ke mang ea neng a tla tseba haholoanyane ka seo tikoloho e se hlokang ho feta ’Mōpi oa eona? Na ha a na tokelo ea ho thahasella se etsahallang polanete ee? Bibele ea hlakisa hore oa thahasella, ho Esaia 45:18 e bolela hore Jehova ke “Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.” E le hore a phethahatse morero oo, Molimo a ka kenella ebile o tla kenella.
Molimo o tla etsa sena ka ho tlisa puso e ncha, kapa ’Muso hore o buse lefatše. Ha Bakreste ba rapela seo ho thoeng ke Thapelo ea Morena ’me ba re, “’Muso oa hao o ke o tle,” ba rapella hore puso eo e qale ho busa. (Matheu 6:9, 10) ’Muso oa Molimo, kapa puso, o tla bontša hore o utloisisa lipotoloho tsa tlhaho tse rarahaneng tsa lefatše. Kahoo, o tla khona ho tsosolosa libaka tsa lefatše tse sentsoeng ke tšilafalo le ho sebelisoa hampe ha tikoloho. Esaia 35:1, 6 e re: ‘Thota ea lehoatata e tla thunya joaloka safrone. Etsoe metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata.’
Ho Fihlela Molimo a Kenella
Ka mor’a meroallo ea 2002, Helmut Schmidt, eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Jeremane Bophirimela, o ile a ngola: “Ha ho motho ea ka thibelang maemo a leholimo a tlhaho hore a phatlole matamo. Likoluoa li tsoela pele ho etsahala.” Sena ke ’nete. ’Me ha ho etsahala likoluoa tsa tlhaho, batho ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho sebetsana le boemo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mahlomola ao li a bakang, liketsahalo tse joalo tsa likoluoa li ka ba le liphello tse molemo. Li ka susumetsa batho hore ba bontše lerato le kameho ho baahelani ba bona. (Mareka 12:31) Ka mohlala, ho bonahetse meroallo ea Europe e bile le phello ena ho ba bang. Koranta e ’ngoe e ile ea ngola: “Baithaopi ba mafolofolo ba tsoa hohle Jeremane ho tla etsa mosebetsi [oa liphallelo]. Ke mosebetsi o moholohali oa baithaopi o bileng teng haesale ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.”
Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ne li akarelletsoa har’a baithaopi bana. Sehlooho se latelang se tšohla mosebetsi oa liphallelo o entsoeng ke Lipaki linaheng tse ’nè tse ileng tsa angoa ke lifefo tse matla. Boitšoaro ba Bakreste bana ke ponelo-pele ea bophelo tlas’a puso ea ’muso oa Molimo o tlang, oo ho oona ho tlang ho rena lerato le kameho ea bara ba motho, eseng bokhonatha le boithati.—Esaia 11:9.a
Bakreste ba ka tšelisoa ke tšepiso eo Molimo a e entseng ho Baiseraele ba boholo-holo: “Ka sebele le ’na ke tla fa naha ea lōna pula ka nako ea eona e behiloeng, pula ea lehoetla le pula ea selemo.” (Deuteronoma 11:14) Tšepiso eo le eona e tla ipaka e le ’nete le ho ba filoeng tokelo ea ho phela lefatšeng le lecha la Molimo—e leng lefatše le tla beng le lokolohile likoluoeng tse amanang le boemo ba leholimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka tšepiso ea Bibele ea puso ea ’Muso, ka kōpo ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Taolo e Phethahetseng ea Boemo ba Leholimo
Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba ke ke ba tšaba hore matlo a bona kapa lijalo li tla senngoa ke lifefo tse sa tloaelehang. (2 Petrose 3:13) Bibele e hlakisa hore Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba na le matla a feletseng a ho laola boemo ba leholimo. Nahana ka litemana tse latelang.
◼ Genese 7:4: “Ho setse matsatsi a supileng feela ’me ke tla nesa pula holim’a lefatše ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.”
◼ Exoda 14:21: “Eaba Jehova o qala ho khutlisetsa leoatle morao ka moea o matla oa bochabela bosiu bohle le ho fetola boliba ba leoatle mobu o omileng, ’me metsi a aroloa.”
◼ 1 Samuele 12:18: “Samuele a hoeletsa ho Jehova, ’me Jehova a fana ka lialuma le pula letsatsing leo, hoo sechaba sohle se ileng sa tšaba Jehova le Samuele haholo.”
◼ Jonase 1:4: “Jehova a romela moea o moholo leoatleng, ’me ha e-ba le sefefo se matla leoatleng; ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana.”
◼ Mareka 4:39: “Eaba [Jesu, a filoe matla ke Molimo] oa tsoha ’me o khalemela moea ka matla o re ho leoatle: ‘Thōla! Khutsa!’ Eaba moea oa kokobela, ’me khutso e khōlō ea e-ba teng.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Lefatšeng le lecha la Molimo, re ke ke ra tšaba maemo a kotsi a boemo ba leholimo