Boemo bo Tlang ba Mocheso le Mohatsela
TŠILAFALO ea sepakapaka sa rōna ke bo bong ba mathata a tikoloho a bakiloeng ke batho. A mang a akarelletsa ho rengoa ha lifate tse ngata, ho timetsoa ha mefuta e meng ea liphoofolo le ho silafatsoa ha linōka, matša le maoatle. Bo bong le bo bong ba mathata ana bo ’nile ba hlahlobisisoa ka hloko, ’me ha etsoa litlhahiso tsa ho bo lokisa. Kaha mathata ana ke a lefatše lohle, a hloka tharollo ea lefatše lohle. Hohle ho lumellanoa ka mathata le ka seo mohlomong se ka etsoang ho a lokisa. Selemo le selemo, re utloa mehoo ea hore ho nkoe khato. Selemo le selemo, ho etsoa ho fokolang feela. Khafetsa-khafetsa baetsi ba meralo ba tletleba ka mathata ’me baa lumela hore ho hong ho tlameha ho etsoa, empa ha e le hantle baa eketsa, “eseng ho etsoe ke rōna, eseng hona joale.”
Ka 1970 ha Letsatsi la Lefatše le qala, baetsi ba lipontšo New York City ba ile ba jara letšoao le leholo. Letšoao leo le ne le bontša Lefatše le hooa le re “Thusang!!” Na ho na le motho leha e le ofe ea tlang ho arabela boipiletsong boo? Lentsoe la Molimo le fana ka karabo: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Joale mopesaleme o lebisa taba ho ’Mōpi, kaha ke Eena feela ea nang le matla, bohlale le takatso ea ho rarolla mathata ’ohle a rarahaneng a tobaneng le moloko oa batho. Rea bala: “Ho lehlohonolo eo . . . tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela.”—Pesaleme ea 146:5, 6.
Tšepiso e Lerato ea ’Mōpi
Lefatše ke mpho e tsoang ho Molimo. Ke eena ea le entseng le ea le bōpileng, hammoho le likarolo tse ling tsohle tse rarahaneng le tse hlollang tse etsang hore boemo ba lefatše ba mocheso le mohatsela e be bo thabisang. (Pesaleme ea 115:15, 16) Bibele e re: “[Molimo] ke oona o entseng lefatše ka matla a oona, o lokisitse lefatše le ahiloeng ka bohlale ba oona, ka hlalefo ea oona o sarolotse maholimo. Ha o phahamisa lentsoe, molumo oa metsi o ee o be teng maholimong; o nyolosa meholi lipheletsong tsa lefatše; ka lehalima o nesa pula, o ntša moea matlotlong a oona.”—Jeremia 10:12, 13.
Lerato la ’Mōpi ho moloko oa batho le ile la hlalosoa ke moapostola Pauluse ho batho ba Lystra ea boholo-holo. O ile a re: “[Molimo ha aa] ka a itlohela ntle ho bopaki ka hore o ile a etsa se molemo, a le fa lipula tse tsoang leholimong le linako tse behang, a tlatsa lipelo tsa lōna ka ho phethahetseng ka lijo le ho hlasimoloha ho molemo.”—Liketso 14:17.
Bokamoso ba lefatše ha boa itšetleha ka boiteko ba batho le ka lilekane tsa bona. Mabapi le boemo ba mocheso le mohatsela, Ea nang le matla a ho bo laola o ile a tšepisa batho ba hae ba boholo-holo: “Ke tla le fa lipula ka nako ea tsona; lefatše le tla hlahisa lijo tsa lona, ’me lifate tsa naha li tla beha litholoana tsa tsona.” (Levitike 26:4) Haufinyane batho ba tla thabela maemo a joalo lefatšeng ka bophara. Batho ba mamelang ha ho mohla ba tla boela ba be tšabong ea lifefo, ho phahama ha maqhubu, meroallo, komello, kapa tlokotsi leha e le efe ea tlhaho e timetsang.
Maqhubu, moea o fokang le boemo ba leholimo kaofela e tla ba tse thabisang. Batho ba ntse ba ka ’na ba bua ka boemo ba leholimo, empa ba ke ke ba etsa letho ka bona. Bokamosong boo Molimo a tlang ho bo tlisa, bophelo e tla ba bo khanyang hoo ba ke keng ba hloka ho etsa letho ho bo lokisa.