Motheo oa ka Bakeng sa Bophelo bo Nang le Morero
JOALOKAHA HO BOLETSE ERNEST PANDACHUK
Ke hlahetse makhulong a Saskatchewan, Canada. Ha ke le lilemo li 23, ke ile ka ea Afrika, moo ka lilemo tse 35 ke ileng ka phela bophelo bo hlollang ke le moromuoa. Ho tlile joang hore bophelo ba ka bo be ka tsela ee? Ha e ea ba ka lehlohonolo feela tjee. E-re ke hlalose.
NTLO eso ea pele e ne e le mohlongoa-fatše—e neng e batla e loketse ho sireletsa lelapa leso mariheng a batang a libaka tsena tsa makhulo. Ka 1928, pele boholo ba rōna bana ba robong re hlaha, Ntate le ’Mè ba ile ba amohela libuka tsa Bibele ho moeti ea neng a etetse lapeng. Mariheng a malelele a ileng a latela, ba ile ba ithuta Bibele ba thusoa ke lingoliloeng tsena. Ha selemo se thoasa, ba ne ba kholisehile hore ba fumane ’nete. Ba ile ba bua ka eona le lelapa, metsoalle le baahelani, empa haholo-holo le bana ba bona.
Ke hlahile ka 1931, ’me ka morao ho moo ka hlahlangoa ke bana beso ba bahlano. Ho bala le ho ithuta Bibele e ne e le karolo ea kemiso ea lelapa leso. Ke hopola ka tlholohelo ha lelapa le le hammoho linakong tsa hoseng. Ntate o ne a ee a re etelle pele puisanong ea temana ea Bibele ea letsatsi, esita leha re e-na le baeti. ’Mè le Ntate, hammoho le bana ba baholoanyane, ba ne ba chenchana ka ho balla holimo lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
Ka ntle le ho re ruta ho bala le ho ngola, Ntate o ile a boela a re ruta ho etsa patlisiso ka ho sebelisa k’honk’hodense ea Bibele. Kapelenyana re ile ra ithuta mokhoa oa ho sebelisa Bibele ho hlalosetsa ba bang seo re se lumelang. Lipuisano tsena tse thabisang li ile tsa nthusa hore ke tsebe ho tšetleha mabaka ka litaba tsa Bibele. Ka mor’a nako e itseng, ke ne nka sebelisa Bibele ho shanofatsa lithuto tsa bohata tsa bolumeli. Ke ne nka paka hore moea o oa shoa, hore ha ho na mollo oa lihele, le hore Molimo le Jesu ha ba lekane kapa hona hore ke karolo ea ho bitsoang Boraro-bo-bong.—Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4; Johanne 14:28.
Ntate le ’Mè ba ne ba boetse ba ruta ka mohlala le ho re khothalletsa hore re eme re tiile bakeng sa se nepahetseng, esita le haeba hoo ho bolela ho ba ea sa ratoeng. Ka mohlala, ha ho mohla ba kileng ba tsuba koae, ’me ba ile ba re lemosa ka liphello tsa eona tse silafatsang le ka khatello eo re neng re tla kopana le eona sekolong hore re e sebelise. Ke hopola mantsoe a Ntate: “Ho ka ’na ha thoe u mosali haeba u hana ho tsuba. Empa u botse eena motho eo hore na ‘Monna ke mang? Na ke ea laoloang ke setlamatlama kapa ke ea laolang setlamatlama?’”
Teko e ’ngoe ea hore na ke tla iphaphatha ka koetliso e thehiloeng Bibeleng eo ke e fumaneng bongoaneng e ile ea tla ha ke le lilemo li 11. Ka nako eo Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qalile, ’me sekolong bana ba ne ba lebeletsoe hore ba bontše ho tšehetsa folakha. Ke ne ke hlokometse ha ke ntse ke ithuta Bibele hore boikano bo joalo e ne e le borapeli, kahoo ke ile ka hana ho kopanela. Hona ho ile ha etsa hore ke lelekoe sekolong likhoeli tse tšeletseng.
Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng ke ile ka qeta sekolong ’me ka March 1947, ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Likhoeli tse tšeletseng hamorao ke ile ka ba pula-maliboho, ’moleli oa nako e tletseng oa litaba tse molemo. Pele ke ile ka sebeletsa Saskatchewan e ka boroa, ke pakela lihoai le bo-rameraka sebakeng sena se seholohali. Hlabula ke ne ke tsamaea ka pere, ’me mariha, ke ne ke tsamaea ka selei se koetsoeng se huloang ke lipere, seo re neng re re ke lekareche. Se ne se futhumatsoa ka setofo sa mashala, kahoo ho ne ho hlokahala hore ke be hlokolosi hore ke se ke ka se phethola.
Batho ba mahaeng ba ne ba e-na le botsoalle ba bile ba amohela baeti ka mofuthu. Ha ke ne ke ba etela ka shoalane, hangata ba ne ba ’memela hore ke robaletse. Ka sebele ke ne ke thabela lipuisano tsa Bibele tse phelang tse neng li e-ba teng! Ba ha Peterson e bile lelapa le leng le ileng la arabela ka mor’a puisano ea bosiu bohle. Earl le ’mè oa hae e bile Lipaki Tsa Jehova tse chesehang.
Ho Sebeletsa Quebec
Ka 1949, ke ile ka arabela pitsong ea bo-pula-maliboho ea ho ea thusa ka mosebetsi oa ho bolela profinseng ea Quebec. Ho ile ha arabela bo-pula-maliboho ba ka bang 200 ba ka bophirimela ho Canada. Ba ile ba fihla motseng oa Montreal ka September, ba loketse ho amohela likabelo ho pholletsa le Quebec. Ke nakong eo ho neng ho busa Tona-khōlō ea Mok’hatholike Maurice Duplessis, ea neng a ikanne hore o tla felisa Lipaki profinseng eo.
Tseo e ne e le linako tse maphathaphathe le tse thabisang tse tletseng liphephetso. Tsena li ne li akarelletsa ho ithuta puo ea Sefora hammoho le ho tobana le ho tšoaroa le ho hlaseloa ke mahoohoo, le ho sitisoa ha likopano tsa rōna tsa Bokreste ke bo-ntšunye-khare ba chesehelang ntho ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, leeme le joalo ha lea ka la ntšosa kapa la etsa hore ke thekesele mosebetsing oa ka joaloka mosebeletsi oa Molimo. Batsoali ba ka ba ne ba kentse ka ho ’na ho rata se nepahetseng le kholiseho ea hore mosebetsi oa ho bolela lefatšeng ka bophara oo Jesu a neng a o boletse esale pele o ne o tla phethahala, ho sa tsotellehe khanyetso.—Matheu 24:9, 14.
Ha ke ntse ke le Quebec, ke ile ka kopana le Emily Hawrysh, pula-maliboho ea tšepahalang oa Saskatchewan. Ho tloha ka lechato la rōna ka la 27 January, 1951, Emily e ’nile ea e-ba mosebetsi-’moho le ’na ea tšepahalang le motsoalle ea nkhothatsang. Kaha pakane ea rōna e ne e le ho kopanela ka botlalo tšebeletsong, re ile ra etsa kōpo ’me ra amoheloa re le liithuti tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se fanang ka thupelo ea likhoeli tse ’maloa ho hlomella basebeletsi bakeng sa tšebeletso ea boromuoa. Re ile ra tsoa mophatong sehlopheng sa bo20 sa Gileade ka February 1953.
Ha re ntse re emetse litokomane tse re lumellang ho kena Afrika, re ile ra memeloa ho ea thusa liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova Alberta le Ontario, Canada. Mehleng eo re ne re tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba ha re etela liphutheho. Kahoo re ile ra ithuta ho nolofatsa bophelo ba rōna le ho nka lintho tsohle tsa rōna ka sutuk’heise. Likhoeli tse seng kae hamorao, ha litokomane tsa rōna tsa ho eta le ho kena naheng e ’ngoe li lokile, re ile ra leba Rhodesia e ka Boroa, eo hona joale e bitsoang Zimbabwe.
Ho Tloaelana le Bophelo Afrika
Likhoeli tse hlano re fihlile, re ile ra abeloa ho etela lihlopha tsa Lipaki Tsa Jehova Zimbabwe hammoho le Botswana le likarolo tse ka boroa tsa Rhodesia e ka Leboea (Zambia hona joale). Sekolong sa Gileade re ne re ile ra khothalletsoa hore re se ke ra bapisa kabelo ea rōna naheng esele le ha habo rōna, le hore re lokela ho hopola hore boemo leha e le bofe boo re iphumanang re le ka har’a bona, re ka ithuta ho hong ka phihlelo ea rōna. Mantsoe a joalo a bohlale a thusitse hore re lokise monahano oa rōna. Le ho fihlela kajeno, ’na le Emily re lumellana le polelo ena, “Sebelisa boemo bo bong le bong hamolemo; bo ka ’na ba se ke ba etsahala hape.”
Re ne re tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng ka terene, bese, teraka, kapa baesekele—eng kapa eng eo re neng re ka e fumana. Le hoja boemo bona bo ne bo re imela, ho ne ho e-na le maemo a mang a ileng a leka boikemisetso ba rōna ba ho “sebelisa boemo bo bong le bo bong hamolemo.” Lilemo tse qalang tse peli, Emily o ile a thibeloa ho ea metseng ea mahaeng le ’na ka lebaka la thibelo ea molao. Kahoo, mosali oa ka eo ke neng ke sa tsoa mo nyala lilemo li se kae, o ne a tlameha o sala metseng e haufi le moo seporo se fellang teng, moo hangata ho neng ho se na Lipaki tse ling. Tumelo ea Emily, sebete sa hae le boikemisetso ha lia ka tsa ntlholla feela le ho etsa hore ke mo rate, empa li boetse tsa hlahisetsa metse ena litholoana tsa ’Muso.
Hang-hang ka mor’a hore a fumane marobalo ha e mong oa baahi ba moo, Emily o ne a ee a pake tikolohong eo ho fihlela ke khutla metseng eo ea mahaeng. Ka linako tse ling o ne a sebetsa khoeli a le mong. O ne a fumana matla le tšireletso ka ho itšetleha ka letsoho le matla la Jehova, ’me tšebeletso ea hae e ile ea hlahisa litholoana. Ketsahalong e ’ngoe Rita Hancock o ile a arabela ’neteng ea Bibele ’me hamorao monna oa hae le eena a kopanela. E ile ea e-ba mor’abo rōna ea tšepahalang ’me a sebeletsa e le moholo oa Mokreste ho fihlela lefung la hae. Kajeno ho na le liphutheho tse hōlang ho e meng ea metse ena moo Emily a ileng a lema peō ea ’nete ea Bibele.
Kamohelo e Mofuthu ea Batho ba Afrika le Bohlale ba Bona
Khabareng, metseng e meng ea mahaeng, kananelo e tebileng ea Lipaki tsa Maafrika bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le baemeli ba ’ona ba tsamaeang e ne e le phihlelo e nkamang maikutlo. Ke ne ke hlokomeloa hantle ke bara bana babo rōna ba lerato ba Bakreste. Mantaha o mong le o mong ke ne ke tloha sebakeng sa kopano e ’ngoe ho ea ho e hlahlamang. Moo ke robalang teng e ne e e-ba mokhoro o sa tsoa hahuoa, e leng o neng o nkhopotsa haeso Saskatchewan. Bethe ea ka e ne e le ea ngata ea joang e botenya ba lisentimithara tse 30 e aliloeng fatše, e koahetsoe ka shiti.
Likopano metseng ena ea mahaeng ka kakaretso li ne li tšoareloa merung. Ba neng ba e-ba teng ba ne ba tlosa letlōbō, ba siea lifate tse nang le makhasi a mangata bakeng sa moriti. Mangata a joang a ne a tlangoa ka makhethe ’me a hlophisoa hantle ka mela bakeng sa ho ba litulo. Qetellong, ho ne ho hahuoa lekhoakhoa ka joang ho likaliketsa moo ho khothiloeng. Tikolohong ena ea tlhaho, kamehla pelo ea ka e ne e angoa ke mantsoe a mathe-maloli a bara le barali babo rōna ba Maafrika ha ba binela Jehova lithoriso ka tumellano e sa lebaleheng.
Phihlelo e sa Lebaleheng
Nakong ea Tšebeletso ea ka, ke ile ka kopana le Gideon Zenda, mohlahlobi e moholo oa likolo tse ’mishoneng e neng e tsamaisoa ke Kereke ea Chache. Gideon o ne a rutiloe ke kereke, ho akarelletsa le thuto ea hae ea univesithi. Leha ho le joalo, o ne a e-s’o fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa hae tse ngata tsa Bibele. Kahoo a kōpa hore ke kopane le eena hammoho le metsoalle ea hae ho tla araba lipotso tsena. Ho ile ha tla batho ba ka bang 50 ho kopanyelletsa le bahlahlobi ba likolo, mesuoe-hlooho le matichere. Gideon e ne e le eena molula-setulo. Ka tsela e hlophisehileng, re ile ra tšohla lintlha ka ho latellana. Ke ne ke bua metsotso e 15 tabeng ka ’ngoe, ebe ke araba lipotso. Re ile ra nka lihora tse ’maloa.
Phello ea seboka sena se sa tloaelehang e bile hore Gideon, lelapa la hae le palo e khōlō ea metsoalle ea hae kaofela e ile ea e-ba bahlanka ba Jehova ba inehetseng le ho kolobetsoa. Mobishopo oa moo o ile a ba tlohelisa mosebetsi tsamaisong ea thuto ea Kereke ea Chache. Leha ho le joalo, kaofela ba ne ba sa tšabe ’me ba ile ba lula ba tiile tšebeletsong ea Jehova, ba bang ba bile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho.
Karabelo Filiming e Hapang Maikutlo
Ka 1954, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa lokolla filimi e reng The New World Society in Action. Selemong se latelang lithibelo tsa molao tse neng li entsoe pejana tsa hore mosali a se ke a tsamaea le monna oa hae ha a e-ea metseng e meng ea mahaeng li ile tsa tlosoa. Sena se ile sa fa Emily monyetla oa ho tsamaea le ’na ho ea metseng eo. Nakong eo re ile ra fuoa koloi, jenereithara le projector ho bontša baesekopo metseng ea batho ba moo. Ba bangata ba ne ba e-s’o ka ba bona baesekopo pele ho moo, kahoo ba bangata ba ile ba khahloa ke lipontšo tsa rōna. Filimi eo e ne e bontša ho hlahisoa ha Libibele le lingoliloeng tsa Bibele mohato ka mohato khatisong ea rōna e khōlō e Brooklyn, New York.
Baesekopo eo e ne e boetse e akarelletsa lipontšo tsa kutloano ea bara ba motho ba machaba ba Lipaki Tsa Jehova ha ba ne ba kopane hammoho borapeling Yankee Stadium, New York, ka 1953. Pele ho moo ha ho mohla Maafrika ana a neng a kile a bona pontšo e joalo ea bonngoe ba merabe e sa tšoaneng le lerato. Filimi ena e ile ea susumelletsa malapa a mangata a Mazimbabwe hore a ithute Bibele le ho kopanela le Lipaki. Likōpo tsa hore ba bontšoe baesekopo ena li ile tsa tšoloha li tsoa ho mesuoe-hlooho ho pholletsa le naha e le ha ba hlokomela molemo oa thuto oo thuso e joalo e e fang barutoana ba bona.
Bosiung bo bong ke ile ka tsosoa ke Lipaki li kōpa hore ke li bontše baesekopo. Ho makaleng ha ka batho ba ka bang 500 ba ne ba tsamaile lihora tse ’maloa ho tla e bona. Ba ne ba utloile hore ke teng sebakeng seo ’me ke ne ke ntse ke e bontša. Nakong eo letšoele leo le qhalanang, ho ne ho fihlile sehlopha se seng sa ba 300. Kahoo ke ile ka bontša baesekopo hape. E ne e le ka hora ea boraro hoseng ha bashebelli ba ho qetela ba tsamaea! Ka nako ea lilemo tse 17, Zambia feela, batho ba fetang milione ba ile ba bona baesekopo eo e matla!
Likabelo Tse Ncha Afrika
Ka mor’a ho sebeletsa lilemo tse fetang tse hlano le halofo Zimbabwe, re ile ra isoa Afrika Boroa. Hona ho ile ha bolela hore re ne re tlameha ho ithuta puo ea Seafrikanse. Hamorao re ile ra ithuta ho bua Sesotho le Sezulu. Ho khona ho ruta Lentsoe la Molimo ka lipuo tse eketsehileng ho ile ha eketsa katleho ea rōna tšebeletsong ’me ra ba le boikutlo ba hore re finyeletse ho hong.
Mathoasong a 1960 re ile ra abeloa mosebetsi oa ho potoloha Afrika e ka boroa. Ka lilemo tse latelang tse 27, re ile ra tsamaea haholo ho pholletsa le Afrika Boroa, Lesotho, Namibia le Swaziland hammoho le lihlekehlekeng tsa Ascension le St. Helena Leoatleng la Atlantic le ka Boroa. Ka kakaretso, re ile ra tsamaea lik’hilomithara tse makholo a likete re sebeletsa bara le barali babo rōna ba Bakreste. Liketso tsa bona tsa tumelo le botšepehi maemong a mabe li sebelelitse ho re khothatsa hore le ka mohla re se ke ra tela.
Ka mohlala, ke ile ka tloaelana le Lipaki tsa Swaziland tse sa kang tsa sekisetsa tumelo ea tsona ha Morena Sobhuza II a e-shoa. Kaha ba ile ba hana ho kopanela lineanong tseo e seng tsa Mangolo tse tšoaroang lefung la motho ea hlomphehang hakaalo, ba ile ba lelekoa mesebetsing ’me ba haneloa ka litokelo tsa bona e le baahi. Ho sa tsotellehe ho lelekoa mosebetsing ka lilemo le mathata, ha ho mohla ba kileng ba tela tumelo ea bona. Hore ebe ke ile ka tseba bara le barali bana ba tsotehang ba Bakreste le hore ebe ke ile ka buisana le bona re talimane ke tlōtla e khōlō eo kamehla ke tlang ho lula ke leboha Jehova ka eona.
Ho boetse ho na le Philemon Mafereka, ea neng a bula maliboho Mokhotlong, Lesotho, e leng lithabeng tsa bophahamo ba limithara tse ka holimo ho 3 000. Kaha ho ne ho se na lipalangoang, eena le mosali oa hae ea ratehang, bana ba bona ba babeli le batho ba bane ba eang kolobetsong, ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse fetang 100 ho ea kopanong e neng e tšoaretsoe sebakeng se bophahamong ba limithara tse 1 200. Boholo ba tsela ea bona ba ne ba tlameha ho thatika matsoapong le ho hloa mekoalaba. Ba nyolosa meepa le matsatsa ba itšoareletsa fatše le ho tšela likhohlo tse ngata le linōka.
Ha ba khutlela hae ka mor’a kopano, ba ne ba nkile libuka tse lekholo tsa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Libuka tsena li ne li reretsoe batho ba Mokhotlong. Empa ka lebaka la thahasello ea lingoliloeng tsa Bibele ea batho bao ba kopaneng le bona tseleng, libuka tseo tsa bona li ile tsa fela le pele ba fihla hae. Ho bona cheseho le boinehelo ba bara le barali babo rōna ba Bakreste ba kang Philemon le mosali oa hae e bile tokelo ho ’na le ho Emily, e leng eo re e nkang e le ea bohlokoa ho fihlela lena le holimo.
Ka linako tse ling, re ne re kopana le likotsi tsa linoha tse chefo, tse kang bo-masumu, hammoho le lipula tsa likhohola le likotsi tse ling. Liphihlelo tsena, le hoja li ne li tšosa ka nako eo, li ile tsa fetoha tse sa reng letho ha li bapisoa le meputso le thabo ea mosebetsi tšebeletsong ea Jehova. Re ile ra ithuta hore ha ho mohla a ileng a lahla batho ba hae ba tšepahalang.
Ha Emily a e-ba le mathata a tebileng a bophelo, Jehova o ile a re fa bohlale ba hore re sebetsane le boemo boo ka tsela e leka-lekaneng. Ho fetola lijo le ho lokisetsa hore ho be le maemo a matle a bohloeki ho ile ha thusa ho etsa hore a hlaphoheloe. Re ile ra hahella k’haravene veneng e le hore Emily a ka ba le tikoloho e ka laoloang ha re tsamaea, ’me ka mor’a nako, o ile a hlaphoheloa ’me a phela hantle.
Ho Khutlela Canada
Ka 1988, ka mor’a lilemo tse 35 tsa mosebetsi oa boromuoa k’honthinenteng e hlollang ea Afrika, re ile ra abeloa ho khutlela Canada. Joale, ka 1991, ke ile ka boela ka qala ho sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang. Lilemo tse robeli hamorao ke ile ka otloa ke stroke. Le hoja mosebetsi oa ka o ile oa fokola haholo ho tloha ka nako eo, ke ntse ke thabela ho sebeletsa ke le moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tse London, Ontario.
Kajeno ke hetla morao ke khotsofetse ha ke ne ke qala ke le pula-maliboho ea palamang pere ka boroa ho Saskatchewan lilemong tse ka bang 56 tse fetileng. Ke leboha hakaakang hore ebe Ntate o ile a tsitlallela ho re ruta mokhoa oa ho nahana re le batho ba moea, ho se le ka mohla re tšabang ho emela ’nete le ho loka! O ile a nthuta Lentsoe la Molimo, le ileng la mpha bophelo bo nang le morero. Lefa leo le ile la ntsoela molemo matsatsi a ka ’ohle. Le ka mohla nke ke ka ananya bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova ka ntho leha e le efe eo lefatše lena la khale le fanang ka eona.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Lelapa leso la bana ba robong ka 1949, ’Mè o nkile oa ho fela. Ke eme ka mor’a hae
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ke ile ka haha “lekareche” lena hore ke le sebelise tšebeletsong ea ka
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Basali ba ileng ba tšoareloa ho bolela Quebec
[Setšoantšo se leqepheng la 30, 31]
Ke ile ka ba le seabo ho ruteng balebeli bana ba tsamaeang Zimbabwe
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Re ile ra haha k’haravene ena bakeng sa ho hlaphoheloa ha Emily
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Foto ea morao tjena ea ka le Emily