“O Ntsamaisa Litseleng Tsa ho Loka”
Joalokaha ho boletse Olga Campbell
Ngoan’eso Emily o ile a re: “Mohlala o motle o tšoana le tšepe e bitsang batho. U ile ua letsa tšepe, eaba ke u sala morao.” O ne a ’ngolla a ntebohela ha ke qetile lilemo tse 60 ke le mosebeletsi oa nako e tletseng. A nke ke u bolelle hore na ke hōtse joang le hore na ho tlile joang hore ke etse mosebetsi ona ka nako e telele.
KE HLAHILE ka la 19 January, 1927, ke hlahela lelapeng la Maukraine le neng le lula polasing e pel’a Wakaw, Saskatchewan, karolong e bophirimela bo bohareng ea Canada. ’Na le Bill, e leng lefahla-’moho le ’na, re hlahile ka mor’a bana ba bahlano, lelapeng la bana ba robeli. Rōna bana re ne re thusa ntate oa rōna ea sebetsang ka thata polasing. Ka tlung eso e nyenyane, ’Mè o ne a re hlokomela leha a opeloa ka lebaka la ramatiki, e ileng ea qetella e mo bolaile. O hlokahetse a le lilemo li 37 feela ha ’na ke le lilemo li ’nè.
Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore ’Mè a hlokahale, Ntate o ile a boela a nyala. Ka mor’a nako e seng kae feela lapeng heso ntoa e ne e kupa, ha re se re lula le bana ba bang ba bahlano ba ntate le ’mangoane! Ke ile ka leka ho hlompha ’mangoane, empa ho ne ho le thata hore abuti oa ka John a mo hlomphe.
Ho ella bofelong ba bo-1930, ’na le Bill re ne re kena sekolo, moo re ileng ra balehela moferefere ona o lapeng. Kaha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e atametse, ho ne ho rena moea oa bochaba. Tichere ea rōna e ncha e ile ea kenya molao oa ho lumelisa folakha, ’me ngoanana e mong a hana ho e lumelisa. Bana ba sekolo ba ile ba mo hlapaola. Leha ho le joalo, ke ile ka khahloa ke sebete sa hae ’me ka mo botsa lebaka leo a neng a sa e lumelise ka lona. O ile a re ke Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka linako tse ling, a ba a re o rapela Molimo feela.—Exoda 20:2, 3; Liketso 5:29.
Kea Phurusetsa
Ka 1943, ke ile ka fumana mosebetsi Prince Albert, oa ho laela literaka le ho tsamaisa lino-mapholi. Kaha ke ne ke nyoretsoe tataiso ea Molimo, ke ile ka reka Bibele, empa ka thatafalloa ho e utloisisa hoo ke ileng ka ba ka llisoa ke ho tsieleha. Ke ne ke itsebela Thapelo ea Morena feela ka Bibeleng.—Matheu 6:9-13.
Ka Sontaha se seng, ’mè ea ratang kereke eo ke neng ke hirile ha hae, o ile a mpolella a le motlotlo hore o kharamelelitse “mosali ea rutang Bibele” ka ntle. Ke ile ka ipotsa ka re: ‘Ke hobane’ng ha a hlokile mosa hakaalo?’ Ka mor’a Lisontaha tse seng kae, ka kula eaba ha ke ee kerekeng. Tsatsing leo “mosali ea rutang Bibele” a khutla.
O ile a mpotsa a re: “Na u ke u rapele?”
Eaba ke re: “E, ke ee ke etse Thapelo ea Morena.”
Ha a ntse a ntlhalosetsa hore na mantsoe ana a Jesu a bolela’ng, ke ile ka mamela ka thahasello. O ile a ntšepisa hore o tla khutla ka Laboraro le latelang.
Ha ’mè eo ke hirileng ha hae a fihla, ka thabo ka mo bolella litaba tsa “mosali ea rutang Bibele,” eo e neng e le Paki ea Jehova. Ke ile ka tšoha ha a re, “Haeba a ka khutla ka Laboraro, ke tla u lelekella hammoho le eena!”
Ke ile ka tsamaea le motse ke batla Paki eo, ’me ka utloela hore ke ’Mè ’Marampel. Ha ke mo fumana, ke ile ka mo hlalosetsa bothata ba ka, ’me ka mo kōpa hore a mpolelle sohle seo a ka khonang ho mpolella sona ka Bibele. E ne eka re ithuta Bibele kaofela! O ile a bapisa mehla ea rōna le mehla ea Noe, ha Molimo a ne a felisa lefatše la batho ba khopo ’me a pholosa Noe le lelapa la hae hore ba phele lefatšeng le hloekisitsoeng.—Matheu 24:37-39; 2 Petrose 2:5; 3:5-7, 12.
Ka mor’a hore re buisane ka nako e telele, ’Mè ’Marampel o ile a re: “Kea bona hore ua lumela hore lithuto tsena tsa Bibele ke ’nete. Ka mor’a libeke tse peli, ho tla ba le kopano ea Lipaki Tsa Jehova, ’me u lokela ho kolobetsoa.” Ha kea ka ka bo hlotha bosiung boo ke nahana ka lintho tseo ke ithutileng tsona. Ho ne ho bonahala eka kolobetso hase papali. Empa ke ne ke batla ho sebeletsa Molimo! Le hoja ke ne ke sa tsebe Bibele hakaalo, ke ile ka kolobetsoa ke le lilemo li 16, ka la 15 October, 1943.
Ke Fallela Hōle
Ka November abuti oa ka ea bitsoang Fred o ile a nkōpa hore ke sebetse lapeng ha hae, ntlong e mekato e meraro motseng oa Toronto o Canada-bochabela. Ke ile ka lumela, ke nahana hore ke tla khona ho sebeletsa Jehova haholoanyane ha ke le moo. Pele ke tsamaea, ke ile ka etela ausi oa ka ea bitsoang Ann, ea neng a ntse a le haufinyane Saskatchewan. Ke ile ka makala ha a mpolella hore eena le Doris ba ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’me a nkhothalletsa hore le ’na ke ithute. Eaba ke ba bolella lekunutu la ka—la hore ke se ke ntse ke le Paki e kolobelitsoeng!
’Na le ngoan’eso Emily ra nka leeto le lelelele la terene ra ea Toronto. Bill a re khahlametsa seteisheneng a re isa ntlong eo a neng a lula ho eona le Fred le John. Ke ile ka botsa Fred hore na ba lula le mang hape. O ile a re: “U tla makala. Na u sa hopola Alex Reed oa hae koaa? O lula mokatong o ka holimo, ’me ha ke tsebe hore na o kenoe ke eng hobane o thahasella Liithuti Tsa Bibele!” Ke ile ka nyakalla.
Ka nyolohela mokatong o ka holimo ke nanya e le hore ke kopane le Alex eaba ke lokisetsa ho ea sebokeng le eena hona mantsiboeeng ao. Ke ne ke batla hore ke kopanele hang-hang e le hore likhaitseli tsa ka li se ke tsa e-ba le monyetla oa ho ’nyahamisa. Nakoana ka mor’a moo, le hoja ho se mohla nkileng ka ithuta Bibele ka tsela e hlophisitsoeng, ke ile ka bolela evangeli ka lekhetlo la pele. Ke ile ka thabela ho buisana le Maukraine a mangata, ke bua puo ea heso.
Bill o ne a rata ho bala Molula-Qhooa, ’me ke ne ke atisa ho o beha ka kamoreng ea hae. Ka mor’a hore a fallele British Columbia e Canada-bophirimela, ke ile ka lefella litšenyehelo tsa hore a posetsoe Molula-Qhooa o mong le o mong o hatisoang. Le hoja e ne e se motho ea atisang ho bua haholo, o ile a ’ngolla lengolo la maqephe a leshome a nteboha. Ka mor’a nako e itseng, o ile a inehela ho Jehova ’me ea e-ba moholo oa Mokreste ea chesehang. Kahoo ke thaba haholo hore ebe banab’eso ba bahlano—e leng Bill, Ann, Fred, Doris le Emily—e ile ea e-ba barapeli ba Jehova!
Ka la 22 May, 1945, ’muso oa Canada o ile oa tlosa thibelo mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova.a Ha e le hantle, ke ne ke sa hlokomele hore mosebetsi oa rōna o thibetsoe ho fihlela ke utloa ha ho thoe thibelo eo e tlositsoe. ’Na le motsoalle oa ka Judy Lukus re ile ra etsa qeto ea ho ba basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang bo-pula-maliboho sebakeng se hōle ka bochabela sa Quebec, moo batho ba teng ba buang Sefora. Ha banab’eso Doris le Emily ba utloa ka morero oa rōna, ba ile ba etsa qeto ea ho ba bo-pula-maliboho Vancouver, British Columbia, ka lehlakoreng le leng la Canada.
Leeme la Bolumeli Quebec
Ho ea ha ka Quebec e ne e se feela ho fallela sebakeng se seng. Lipaki tsa moo li ne li hanyetsoa ka mabifi hore li se ke tsa etsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela evangeli.b Re ile ra thabela ho aba pampitšana e reng Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada. Molaetsa oo o matla o ile oa pepesa leeme la bolumeli khahlanong le Lipaki.
Ka matsatsi a 16, re ne re qala ka hora ea bobeli hoseng ho hong le ho hong, ka lenyele re kenya lipampitšana tlas’a menyako. Ha re le foleteng e ’ngoe, re ile ra utloela hore mapolesa a tseleng. Re ile ra pholoha ka hore re ipate phasejeng. Letsatsing le latelang, ra khutlela literateng ’me ra tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha nako e ntse e feta, mapolesa a ile a re tšoara ka makhetlo a mangata hoo re ileng ra sitoa le ho a bala. E le ho itokisetsa bakeng sa ha nka kena teronkong, ke ne ke lula ke nkile borashe ba ka ba meno, le pentšele ea lintši.
Ka November 1946, Nathan Knorr, ea neng a li hula pele mosebetsing oa lefatše lohle oa Lipaki, o ile a re etela a tsoa Brooklyn, New York. O ile a kōpa ba 64 ho rōna bao e neng e le bo-pula-maliboho Quebec hore re kene sehlopheng sa borobong sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se South Lansing, New York. Ha re le sekolong sena re ile ra fumana thuto ea Bibele e matla ea likhoeli tse hlano. Ka mor’a hore re fumane mangolo ka August 1947, re ile ra romeloa metseng ea Quebec ho ea theha liphutheho tse ncha.
Tšebeletso e Khotsofatsang
Rōna baroetsana ba bane re ile ra romeloa motseng oa Sherbrooke. Re ne re khothaletse ho buisana ka Sefora, re bōpa lipolelo tse fapa-fapaneng ha re e-ea mosebetsing oa ho bolela evangeli le ha re khutla. Ka linako tse ling re ne re hloka chelete ea lijo tsa motšehare, kahoo re ne re e-ea hae ebe rea ithuta. Kay Lindhorst, eo re neng re bolela evangeli hammoho, o ne a ipabola tsebong ea melao ea puo. O ile a qala ka ho nthuta melao ea puo ea Senyesemane e le hore ke utloisise ea Sefora.
Ke ile ka natefeloa ka ho fetisisa ha ke ne ke le pula-maliboho Victoriaville, eo ka nako eo e neng e le toropo ea batho ba ka bang 15 000. E ne e le batho ba seng bakae feela ba buang Senyesemane, kahoo e ne e le sebaka se setle sa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea Sefora. Bekeng ea pele re le moo ho bile monate haholo. Hohle moo re neng re e-ea teng, batho ba ne ba nka lingoliloeng. Ha re khutla, menyako eohle e ne e koetsoe le likharetene li koetsoe. Ho ne ho senyehile kae?
Moruti o ne a boleletse batho hore ba se ke ba re mamela. Kahoo, ha re ntse re kena matlong, bana ba ne ba re sala morao, ’me ba re betsa ka majoe le lipolokoe tsa lehloa ba le hōjana. Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba ne ba labalabela ho utloa molaetsa oa Bibele. Qalong ba ne ba batla hore re ba etele ha shoalane e se e tšoere. Leha ho le joalo, ha ba ntse ba ba le tsebo e eketsehileng ea Bibele, ba ile ba ithuta phatlalatsa ho sa tsotellehe baahelani ba koatileng.
Ka bo-1950, ’na le bo-ausi ba ka re ile ra khutlela Wakaw re etile. Libokeng tsa phutheho, re ile ra pheta lintho tse ileng tsa re hlahela ha re bolela evangeli. Ka mor’a moo, moholo ea okamelang a re ho rōna, “’Mè oa lōna o tla thaba haholo ha a tsoha bafung ’me a fumana hore bana ba hae e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova!” O ile a re ’Mè o ne a ithuta Bibele le Paki e ’ngoe pele a hlokahala. Re ile ra lla ha re utloa hore o ne a ithuta linnete tsa Bibele tseo ho seng pelaelo ea hore a ka be a ile a re ruta tsona hoja a se ke a hlokahala kapele.
Lenyalo le Tšebeletso e Kopanetsoeng
Ka 1956, ke ile ka kopana le Merton Campbell, e leng Paki e qetileng likhoeli tse 27 teronkong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, a tšoaretsoe ho lula e le Mokreste ea sa jeleng paate lipolotiking. O ne a qetile lilemo tse ka bang leshome a sebeletsa ntlo-khōlōng ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn. Merton o ne a e-na le makhabane a mangata a botho ba Bokreste, eaba kea hlokomela hore e ka ba monna ea molemo. Re ile ra ngollana ka likhoeli tse ’maloa; kaha re ne re hlomphana re bile re bontšana boikutlo bo mofuthu re ile ra ratana.
Re ile ra nyalana ka la 24 September, 1960. E bile tlhohonolofatso e kaakang hore ebe ke qetile lilemo tse fetileng tse 47 ke lula le monna ea babatsehang ea ratang Molimo! Merton o sebelitse lilemo tse 58 Lefapheng la Tšebeletso, le fanang ka thuso le tataiso liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova United States. Ka lilemo tse fetang 30, mosebetsi oa ka Brooklyn e ne e le ho khabisa likamore tsa baeti ’me hamorao ka thusa ho khabisa Liholo Tsa Kopano tse New York City. Eaba ka 1995, re isoa Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, lik’hilomithara tse ka bang 110 ka leboea ho New York City.
Ha ke tloha hae ke le lilemo li 12, ke ne ke sa nahane hore ka letsatsi le leng ke tla ba ka har’a lelapa le leholo la barapeli, ba akarelletsang banab’eso. Ke labalabela ho ba lefatšeng le lecha la Molimo, moo re tla bokanela ’Mè e le hore re ka mo phetela se setseng se etsahala ha a robetse lefung—haholo-holo kamoo Jehova Molimo a ileng a re hlokomela ka lerato kateng ka seo re se hlokang hore re Mo tsebe. Re thaba hakaakang hore ebe Jehova o re ‘tsamaisitse litseleng tsa ho loka’!—Pesaleme ea 23:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking, ’muso o ne o thibetse mokhatlo oa tsona ka la 4 July, 1940.
b Bakeng sa lintlha tse eketsehileng tse mabapi le mahloriso a bolumeli Quebec, bona Awake! ea April 22, 2000, leqepheng la 20-3.
[Litšoantšo leqepheng la 27]
Batsoali ba ka le ntlo eo re neng re lula ho eona le banab’eso ba supileng
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
’Na le bao ke neng ke bolela evangeli le bona Ottawa, ka 1952
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
’Na le banab’eso (ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) Ann, Mary, Fred, Doris, John, ’na, Bill le Emily
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
’Na le Merton kajeno