Ntoa ea Nyutlelie—Na e ka Qojoa?
“Ba tla iphepa ’me ba robale ba thakhaletse, ’me ho ke ke ha e-ba le ea mong ea etsang hore ba thothomele.”—Sofonia 3:13.
MOTHO E MONG LE E MONG o labalabela lefatše leo ho lona ho se nang tšokelo ea nyutlelie. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba na tšepo ha ba bona se hlileng se etsahalang lefatšeng. The Guardian Weekly e re: “United States le linaha tsa machaba li iphapanyetsa khopolo ea ho laola, ho fokotsa le hore qetellong libetsa tsa nyutlelie li felisoe.”
Leha ho le joalo, ba bang ba supa boiteko bo entsoeng ke lichaba tabeng ena. Ka mohlala, ho hakanngoa hore United States feela e sebelisa chelete e etsang liranta tse likete li 15,4 tsa limilione selemo ka seng ho thibela ntoa ea nyutlelie. Ka sebele ena hase chelete e nyenyane. Empa, ho tseba hore sona sechaba seo se sebelisa chelete e ka bang liranta tse likete li 189 tsa limilione ka selemo ho itokisetsa ntoa ea nyutlelie, ho halefisa ba bangata.
Ho thoe’ng ka lilekane tsa khotso? Na boiteko bo kang boo e ka ba mohloli oa tšepo?
Lilekane Tsa ho Laola Lihlomo Tsa Nyutlelie
Ho tloha ha libomo tsa nyutlelie li thehoa, ho ’nile ha tlaboloa lilekane tse ’maloa tse reretsoeng ho laola kapa ho fokotsa libetsa tsa nyutlelie. Har’a tsona e bile Selekane sa ho Thibela ho Ata ha Libetsa Tsa Nyutlelie (Nuclear Non-Proliferation Treaty [NPT]), Lipuisano Tsa ho Beha Meeli Libetseng Tseo ka ho Khetheha li Hlaselang ba Lireng Mehloling ea Bona ea Lintho Tsa Bohlokoa, Lipuisano Tsa ho Fokotsa Libetsa Tseo ka ho Khetheha li Hlaselang ba Lireng Mehloling ea Bona ea Lintho Tsa Bohlokoa le Selekane se Akaretsang se Thibelang ho Etsoa ha Liteko Tsa Libetsa Tsa Nyutlelie. Na lilekane tsee ha lia atleha ho felisa tšokelo ea ntoa ea nyutlelie?
Selekane leha e le sefe se itšetlehile ka tšepiso eo ho lumellanoeng ka eona pakeng tsa linaha tse amehang. Ka mohlala, katleho ea selekane sa NPT, e tekenetsoeng ka 1970 ’me ka December 2000, e ne e se e e-na le linaha tse 187, e itšetlehile ka boikemisetso ba linaha tse tekenneng, tse nang le libetsa tsa nyutlelie hammoho le tse se nang tsona. Ha ka lehlakoreng le leng selekane seo se thibela linaha tse se nang libetsa tsa nyutlelie hore li li etse kapa hore li iphumanele tsona, ka ho le leng se batla hore linaha tse nang le libetsa tseo li leke ho li felisa. Na see se atlehile? Tokomaneng e nang le sehlooho se reng “Lipotso Tse Botsoang Khafetsa ka Libetsa Tsa Nyutlelie,” Carey Sublette o ile a hlalosa: “Le hoja tsamaiso ea NPT e sa phethahala, e nile ea atleha ho thibela ho khelosoa ha theknoloji ea nyutlelie e sebelisetsoang merero ea sechaba le mehaho e sirelelitsoeng ka thata hore e sebelisetsoe merero e meng.”
Le hoja selekane sena se bile le katleho e itseng, Sublette o re: “Se hlōtsoe . . . ho tlohelisa lichaba tse ’maloa ho batlisisa ka libetsa tsena, ’me maemong a mang li bile tsa atleha ho iketsetsa tsona.” Leha ho le joalo, o re li khonne ho etsa joalo ka mananeo a sephiri a sa etsetsoang mehahong e lebetsoeng ka thata ea Selekane sa ho Thibela ho Ata ha Libetsa Tsa Nyutlelie. Selekane leha e le sefe se ka atleha ha linaha tse amehang li tšepahala. Na re ka tšepa habonolo feela tjee litšepiso tsa batho? Karabo e totobetse ha re sheba litaba tsa histori ea batho.
Joale, re ka leba hokae bakeng sa tšepo?
Ho Nahana ka Tsela e ’Ngoe e Ncha
Ka December 2001, batho ba 110 ba hapileng likhau tsa Nobel ba ile ba lumellana ’me ba tekena polelo e reng: “Tšepo ea bokamoso e itšetlehile feela ka ho sebelisana ha lichaba, ho iphaphathiloe ka demokrasi. . . . Ho tsoela pele re phela lefatšeng leo re le fetotseng, re lokela ho nahana ka tsela e ncha.” Leha ho le joalo, ke efe “tsela e ncha” ea ho nahana e hlokahalang? Na hoa utloahala ho ba le tumelo ea hore ba sokelang khotso ea lefatše ka libetsa tsa nyutlelie ba tla ithuta tsela e ncha ea ho nahana?
Bibele ea re eletsa: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” (Pesaleme ea 146:3) Hobane’ng? Bibele ea araba: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) E, lebaka le ka sehloohong ke hore batho ha ba na matla a ho busa lefatše ka khotso. Joalokaha Bibele e bontša, ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.
Haeba batho ha ba na matla a ho busa lefatše, ke mang ea nang le ’ona? Bibele e tšepisa hore ho tla ba le khotso tlas’a ’muso o tšepahalang le o tšoanelehang. Ka Bibeleng puso ena e bitsoa ’Muso oa Molimo, ’me batho ba bangata ba ’nile ba rapella ’muso ona ba sa lemohe ha ba rapela Thapelo ea Morena: “Ntat’a rōna ea maholimong, . . . ’muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) ’Muso ona o na le Jesu Kreste, Khosana ea Khotso, e le eena Morena oa oona. Ha e hlalosa puso ea hae, Bibele e re: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.”—Esaia 9:6, 7.
Esita le haeba “bahlomphehi,” kapa bo-ralipolotiki le mebuso ea batho ba ka hlōleha ho ithuta tsela e ncha ea ho nahana, uena u ka khona. Lipaki Tsa Jehova li thusitse ba limilione hore ba amohele molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo ka ho ba ruta Bibele ntle ho tefo. Haeba u ka rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le bahatisi ba makasine ena, kapa u etele Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, lefatše le ke ke la hlola le e-ba tlas’a tšokelo ea nyutlelie