Ho Tsetselela Liphetoho
KA MONGOLI OA TSOHA! JEREMANE
“Hoja ke ne ke sa le mocha, ke ne ke tla qala mokhatlo oa liphetoho!” ho boletse joalo, Anna, mosali-moholo ea lilemo li 80 oa Jeremane. Robert o ile a botsa: “U ne u tla fetola eng?” Anna o ile a arabela: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe!”
BA BANGATA ba ne ba tla lumellana le Anna. Phuputso e entsoeng Jeremane bohareng ba lilemo tsa bo-1990 e ile ea senola hore batho ba babeli ho ba bang le ba bang ba bararo bao ho buisanoeng le bona ba ne ba e-na le maikutlo a hore ho ne ho hlokahala ‘liphetoho tse khōlō le ho chencha lintho tse itseng tsa bohlokoa sechabeng.’ Mohlomong boemo boa tšoana le naheng eo u phelang ho eona.
Ha sechaba se labalabela liphetoho, hangata se tšepisoa hore li tla ba teng. Mabapi le liphetoho thutong, Frederick Hess, motlatsi oa moprofesa oa thuto le oa litaba tsa puso, o ile a ngola: “Ha e le hantle, ho tšepisa phetoho ke mokhoa oa ho kholisa sechaba se feloang pelo.” Re bala lihlooho tsa litaba likoranteng tse phatlalatsang merero ea liphetoho tse amanang le lichelete, tlhokomelo ea bophelo bo botle, temo le molao. Re utloa ka liphetoho tse buelloang tsa thuto, bophelo bo botle le tsamaiso ea lichankana.a Re boetse re bala hore litho tsa likereke tse ling li buella liphetoho thutong ea bolumeli.
Ho Bapisa Liphetoho le Kamoo Litaba li Leng Kateng Kajeno
Ke eng e etsang hore batho ba batle liphetoho joalo? Motho o lula a leka ho ntlafatsa lefatše le mo potolohileng. O lekile ho etsa joalo ka likhetho, ka tšebeliso ea lichelete, ka melao kapa ka likhoka. Ena ke phello ea takatso e tlohang botebong ba pelo ea motho ho lakatsa ho ntlafatsa boemo ba bophelo ba hae, ho fumanela bana ba hae bokamoso bo molemo, kapa ho etsa hore sechaba se finyelle boemong boo a bo lakatsang ba bophelo bo botle, ba boitšoaro le ba toka. Hafeela ho ntse ho e-na le batho ba loanelang ho pholoha litleneng tsa ho hloka tsebo, mafu, bofutsana le tlala, batho ba tla lula ba ntse ba tsetselela liphetoho.
Le hoja ba bangata ba thabela liphetoho, ba bang ba nahana ka tsela e fapaneng ka bo-raliphetoho le seo ba lekang ho se finyella. Ba bang ba leka ho boloka sechaba kamoo se leng kateng, ho boloka litaba kamoo li leng kateng. Ba nka bo-raliphetoho e le batho ba nahanang ka lintho tse ke keng tsa etsahala, ba batlang ho fetola lefatše empa ba sa bone se etsahalang bophelong. Handbuch der deutschen Reformbewegungen 1880-1933 (Buka ea Litaba Tsa Bohlokoa ea Mekhatlo ea Liphetoho ea Jeremane 1880-1933) e bolela hore bo-raliphetoho “ke batho bao ho leng bobebe ho ba tšoaea liphoso, hore ba fetoloe lipopae tsa lipolotiki, ho feteletsoe lintho ka bona ka morero oa ho ba soma le ho ba phoqa.” Mongoli oa litšoantšiso oa Mofora Molière o kile a re: “Likhopolong tsohle tsa booatla, ha ho e fetang ho batla ho etsa lefatše sebaka se molemo.”
U nahana’ng? Na liphetoho li ka fetola lefatše? Kapa na bo-raliphetoho ke bo-ralitoro tsa lintho tse ke keng tsa etsahala? Ho thoe’ng ka liphetoho tse hlahisitsoeng nakong e fetileng? Na ba neng ba ikarabella ho tsona ba ile ba finyella lipakane tsa bona? Lihlooho tse latelang li tla tšohla litaba tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tumellanong le morero oa eona o boletsoeng, Tsoha! “ha e itšunye litabeng tsa lipolotiki.” Puisano ena e buang ka liphetoho e reretsoe ho hlaha babali ba rōna leseling le ho ba supisa tharollo e le ’ngoe feela linthong tse hlokoang ke batho.