Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 4/8 maq. 5-9
  • Na Bo-raliphetoho ba na le Tharollo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bo-raliphetoho ba na le Tharollo?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bo-raliphetoho Historing
  • Ho Pharalla ha Liphetoho
  • Hase Bohle ba li Ratang
  • Liphetoho Tse se Nang Molemo
  • Na Jesu Kreste e ne e le Raliphetoho?
  • Ho Tsetselela Liphetoho
    Tsoha!—2004
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2004
  • Se Molemo ho Feta Liphetoho
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha e le Nako ea ho Etsa Qeto?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 4/8 maq. 5-9

Na Bo-raliphetoho ba na le Tharollo?

MEKHOA e bolotsana ea likhoebo, ho sebelisa molao ka leeme, ho hloka toka sechabeng, tlhokomelo e mpe ea bophelo bo botle, boemo ba thuto e tlaase, ho hanyapetsoa ka lebitso la bolumeli, le ho senngoa ha tikoloho—tsena ke lintho tse sieang boholo ba rōna re saretsoe. Tsena ke tsona litaba tseo hape li susumelletsang bo-raliphetoho ketsong.

Bo-raliphetoho ba fumanoa hoo e ka bang sechabeng se seng le se seng, moo ba khothalletsang phetoho ka tsela e hlophisehileng le e lumellanang le molao-motheo oa sebaka seo. Ka tloaelo, hase ba khahlanong le ’muso kapa ba loanelang liphetoho tsa lipolotiki, kaha boholo ba bo-raliphetoho ba iphaphatha le melao ’me ba qoba pefo. Bo-raliphetoho ba seng bakae ba maemong a phahameng sechabeng ’me ke bona ba nkang bohato ba pele ho hlahisa phetoho. Ba bang ba susumelletsa le ho khothalletsa babusi hore ba nke bohato bo itseng.

Bo-raliphetoho ba leka ho etsa hore sechaba se nahane bocha ka tsela ea ho sebetsana ka katleho le mathata a itseng. Ha ba ipelaetse feela; ba na le likhopolo tsa hore na lintho li ka ntlafatsoa joang. E le ho hapa tlhokomelo ea sechaba linthong tseo ba tšoenyehileng ka tsona, bo-raliphetoho ba ka ’na ba ipiletsa sechabeng, ba ipelaetsa literateng, kapa ho phatlalatsa sello sa bona mecheng ea litaba. Har’a lintho tse ka nyahamisang raliphetoho ka ho fetisisa ke ha sechaba se ka mo hlokomoloha.

Bo-raliphetoho Historing

Histori e ’nile ea e-ba le liphetoho tse ngata. Bibele e re bolella hore lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, sebui se seng sa phatlalatsa se ile sa babatsa Felix, ’musisi oa profinse ea Roma ea Judea, ka mantsoe ana: “Liphetoho lia etsahala sechabeng sena ka ho nahanela pele ha hao.” (Liketso 24:2) Hoo e ka bang lilemo tse 500 pele ho Felix, Solon oa Mogerike eo e neng e le setho sa ba etsang molao o ile a buella liphetoho tsa ho ntlafatsa maemo a ba futsanehileng. The Encyclopædia Britannica e hlalosa hore Solon “o ile a felisa maemo a mabe ka ho fetisisa a bofutsana” Athene ea boholo-holo.

Histori ea bolumeli e tletse ka bo-raliphetoho. Ka mohlala, Martin Luther o ile a leka ho fetola Kereke ea Roma e K’hatholike, ’me mehato eo a ileng a e nka e thusitse ho betlela Boprostanta tsela.

Ho Pharalla ha Liphetoho

Bo-raliphetoho ba ka boela ba leka ho fetola lintho tse tloaelehileng. Bo-raliphetoho ba bang ba buella tsela ea bophelo e fapaneng le e tloaelehileng ka ho feletseng. Ho bile joalo ka mokhatlo oa Lebensreform (liphetoho tsa mokhoa oa bophelo) Jeremane mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Ka tsoelo-pele e ntseng e eketseha lichabeng, batho ba bangata ba bile le maikutlo a hore bophelong ho se ho iketsetsoa lintho ka tloaelo feela ’me botho ha bo sa le eo. Bo-raliphetoho ba ile ba buella ho khutlela mekhoeng ea khale ea tlhaho ea bophelo. Ba khothallelitse ho ba ba koenneng, ho phehella mesebetsi ea ka ntle, meriana ea tlhaho, le ho ja meroho.

Bo-raliphetoho ba bang ba pepesa ho hloka toka le ho hatella ’muso hore o lokise boemo. Ho tloha mathoasong a bo-1970, lihlopha tsa baitseki ba tikoloho li ile tsa ipelaetsa khahlanong le tšoaro e mpe ea tikoloho le ho senyeha ha eona. Ho tloha ka nako eo, tse ling tsa lihlopha tsena li hōlile ’me e se e le mekhatlo ea lefatše. Baitseki ba etsa ho fetang feela ho etsa lipontšo le ho ipelaetsa khahlanong le likotsi tsa tikoloho. Ba boetse ba fana ka litlhahiso tsa hore na boemo boo bo ka phekoloa joang. Har’a tse ling, ba thusitse hore ho fetoloe melao ea ho qhalloa ha litšila tse chefo leoatleng le ho tsongoa ha maruarua.

Ka bo-1960, Lekhotla la Bobeli la Vatican le ile la etsa liphetoho tsa Kereke ea Roma e K’hatholike. Le ka bo-1990 ho bile le bao e neng e tla ba bo-raliphetoho ba tsoang har’a litho tsa Kereke e K’hatholike. Ka mohlala, ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ho fetoloe taba ea bosoha bo entsoeng ka kano. Bo-raliphetoho ka har’a Kereke ea Chache ba ile ba etsa hore ho be le phetoho ea ho tlotsoa ha basali e le baprista.

Hase Bohle ba li Ratang

Liphetoho tse ling li atlehile ho finyella melemo e meholo. Ka mohlala, ka Bibeleng re fumana mehlala e mengata ea baeta-pele ba sechaba le ba bang ba ba ileng ba buella liphetoho tse lakatsehang. Boiteko bo joalo bo ile ba hlahisa tsosoloso ea moea, ba etsa hore sechaba se boele se iphumane le ho amoheloa ke Molimo. (2 Marena 22:3-20; 2 Likronike 33:14-17; Nehemia khaolo ea 8 le 9) Mehleng ea morao-rao tjena, ho hatisoa haholo ha tokoloho ea motheo, litokelo tsa sechaba le litokelo tsa botho ho entse ho hoholo ho sireletsa le ho emela batho ba fokolang ba futsanehileng le ba hlorisoang.

Leha ho le joalo, hang ha liphetoho li hlahisitsoe, hangata li tla le lintho tse sa lebelloang. John W. Gardner, eo e kileng ea e-ba mosebeletsi oa sechaba lekholong la bo20 la lilemo, o ile a re: “Ke e ’ngoe ea lintho tse makatsang le tse sa lumellaneng historing hore ebe bo-raliphetoho hangata ba hlōleha ho bonela pele liphello tsa liphetoho tsa bona.” Hlahloba mehlala e meng.

Ho tloha mathoasong a bo-1980, liphetoho tsa temo tse reretsoeng ho tsoela baahi ba libaka tsa makhulo le nahathothe molemo li ile tsa qaloa ke Batho ba Europe. Maano a macha a temo a ile a etsa hore masimo a lihekthere tse 300 000 Jeremane le Italy a etsoe libaka tsa makhulo. Ho sa tsotellehe boikemisetso ba bona bo botle, ho bile le likotsi tse sa kang tsa boneloa pele. Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng le ile la bolela: “Le hoja pele e ile ea amoheloa ka thabo e le monyetla oa ho eketsa boleng ba lintho tse phelang le tikoloho ea tsona libakeng tse joalo, mehato ea ho ‘behella ka thōko’ libaka tse ling le eona e ka ba le liphello tse mpe—e leng ho etsa hore batho ba lahle mekhoa e tloaelehileng ea temo le ho amohela mekhoa e sa lokang ea tlhokomelo ea meru kapa temo ea lifate.”

Mabapi le boiteko ba ho thusa ba futsanehileng, Letlōle la Machaba bakeng sa Ntšetso-pele ea Temo le itse: “Boiteko bohle ba ho tsoela mafutsana molemo ka ho etsa liphetoho ka mekhatlo, bo tobane le mathata a tebileng. Hangata ho thehoa mekhatlo ’me e tsamaisoe ho ea ka lithahasello tsa batho ba matla. . . . ‘Batho ba maemong a phahameng’ ba na le tšekamelo ea ho tsamaisa mekhatlo ea sebakeng sa habo bona ka lithahasello tsa bona.”

Mohlala o mong ke oa mokhatlo oa litokelo tsa basali, o fetotseng bophelo ba basali lefatšeng la Bophirimela ka ho iphumanela lintho tse joaloka litokelo tsa ho vouta le menyetla e meholoanyane ea thuto e phahameng le mesebetsi. Empa esita le batšehetsi ba bang ba tokoloho ea basali baa lumela hore ho loanela litokelo tsa basali ho rarolotse mathata a itseng, ha ka lehlakoreng le leng ho mpefatsa a mang. Mongoli Susan Van Scoyoc o ile a botsa: “Na re hlile re ntlafalitse bophelo ba basali kapa, ka ho lebella hore basali ba be boemong bo lekanang le ba banna mesebetsing empa lapeng boemo bo sa fetoha, ha e le hantle re ba ahloletse bophelong bo thata le ho feta?”

Liphetoho Tse se Nang Molemo

Bo-raliphetoho ba bang ba ’nile ba qosoa ka hore ba phehella liphetoho feela molemong oa hore lintho li fetoloe. Ha a hlalosa liphetoho tseo ho thoeng ke tse se nang molemo, Frederick Hess, ea ithutileng liphetoho tsa sekolo, o itse: “Bothata ba liphello tse nyahamisang tsa boiteko bo matla ba liphetoho bo bakoa ke tsela eo liphetoho li etsoang ka eona. Ho e-na le ho rarolla mathata, boiteko bona ba liphetoho bo fetohile litšitiso tse hohelang tseo ha e le hantle li mpefalitseng” mathata ao li neng li lokela ho a rarolla. O tsoela pele: “Kaha mofuta o mong le o mong oa puso o tloaetse ho etsa liphetoho tse ncha, tšebetso eohle e qala bocha ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse seng kae.”

Liphetoho li ka qetella li khothalletsa tsela e fapaneng, ka linako tse ling e le e kotsi. Mokhatlo oa Lebensreform Jeremane o ile oa thusa ho theha khopolo ea ho ntlafatsa moloko oa batho ka ho hloaea batsoali ba tla ba le bana ba matla. Leha ho le joalo, babuelli ba liphetoho tse feteletseng tsa lipolotiki ba ile ba sebelisa tsebo ena hampe ho tšehetsa Mokhatlo oa Manazi o neng o loanela ho hlahisa moloko oa batho o phahametseng e meng.

Esita le babuelli ba matla ba liphetoho ka linako tse ling ba soetsoa ke liphello tse bang teng. Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan, o ile a re: “Ke nahana hore ntho e ferekanyang ka ho fetisisa ke hore kaofela rea tseba hore na ke’ng e phoso le hore na ho hlokahala hore ho etsoe eng, empa hangata re sitoa ho nka bohato. Ka linako tse ling lefapha la tsamaiso ea mokhatlo ona le eteletsoeng pele ke mongoli-kakaretso le fuoa taelo ea ho phetha ho itseng, empa chelete e hlokahalang ho phethahatsa liqeto tse fihletsoeng ha e fumanehe. Ka linako tse ling, ha ho etsahala lintho tse makatsang ’me re batla ho phaphamisa matsoalo a batho lefatšeng, ha ho ea batlang ho sisinyeha ka lebaka la liphello tse mpe tsa nako e fetileng.”

Bo-raliphetoho ha ba na tšepo ea ho tuma, hobane ha ba lebisa tlhokomelo lipakaneng tsa bona, ba etsa hore ba bang ba sulafalloe ke bophelo. Jürgen Reulecke, moprofesa oa histori ea kajeno le setsebi litabeng tsa liphetoho ea ileng a qotsoa koranteng ea Die Zeit, o itse: “Kamehla raliphetoho e ’nile ea e-ba moutloa nameng.” Ho feta moo, le hoja boholo ba bo-raliphetoho ba sa tlōle molao ’me ba qoba pefo, ba bang ba felloa ke mamello haeba tsoelo-pele e lieha. Tlas’a maemo a joalo, mokhatlo oa liphetoho o ka tsoala baitseki ba likhoka ba sa mameleng molao.

Na ho ata ha liphetoho lilemong tsa morao tjee ho entse hore batho ka kakaretso ba khotsofale haholoanyane ka bophelo? Ha ho bonahale ho le joalo. Ka mohlala, Jeremane, liphuputso ho batho ba batliloeng maikutlo li bontša hore lilemong tse ka bang 35 tse fetileng, tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka bophelo e lutse e sa fetoha ho hang. Ho thoe’ng ka bolumeli? Na liphetoho tsa bolumeli li hohetse barapeli ba eketsehileng? Na barapeli ba batla ba khotsofetse ka bolumeli? Che, joalokaha ho pakoa ke ’nete ea hore lefatše la Bophirimela le ntse le fetoha le ratang lintho tse bonahalang le batho ba ntse ba suthela hōle le bolumeli hanyane ka hanyane.

Na Jesu Kreste e ne e le Raliphetoho?

Ba bang ba ka ’na ba bolela hore Jesu Kreste e ne e le raliphetoho. Na ke ’nete? Potso ena ke ea bohlokoa ho mang kapa mang ea ratang ho ba mohlanka oa ’nete oa Molimo, kaha seo se akarelletsa ho ba molateli oa Kreste ea hatang moo a hatileng teng.—1 Petrose 2:21.

Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a e-na le matla a ho tlisa liphetoho. Joaloka motho ea phethahetseng, a ka be a hlile a betla tsela ka liphetoho tse akaretsang le mekhoa e mecha. Leha ho le joalo, Kreste ha aa ka a qala letšolo la ho tlosa batho ba boholong ba bolileng kapa bo-rakhoebo ba sa tšepahaleng lefatšeng. O ne a sa etelle pele lipontšo tsa seterateng khahlanong le ho hloka toka, le hoja eena ka boeena e ne e tl’o ba phofu ea ho hloka toka ho tšabehang. Ka linako tse ling, Jesu ‘o ne a se na moo a behang hlooho ea hae teng.’ Ho ntse ho le joalo, ha aa ka a qala mokha oa khanyetso o lebisang tlhokomelo litlhokong tsa batho ba se nang mahae. O ile a hlalosa tjena ha ba bang ba bontša ho ameha ka taba ea lichelete: “Kamehla le na le mafutsana.” Jesu o ile a ipoloka a sa jele paate likhohlanong tsa lefatše lena.—Matheu 8:20; 20:28; 26:11; Luka 12:13, 14; Johanne 6:14, 15; 18:36.

Ke ’nete hore mathata a joalo a kang bofutsana, bobolu le ho hloka toka a ne a ama Kreste. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore o ile a hlabehisoa haholo ke boemo bo hlomolang pelo ba moloko oa batho. (Mareka 1:40, 41; 6:33, 34; 8:1, 2; Luka 7:13) Empa seo a faneng ka sona e ne e le tharollo e ikhethang. Seo Kreste a neng a se hopotse e ne e se liphetoho tse nyenyane feela, empa phetoho e feletseng tseleng eo litaba tsa moloko oa batho li laoloang ka eona. Phetoho ena e tla sebetsa tlas’a ’Muso oa leholimong o tla tlisoa ke ’Mōpi oa moloko oa batho, Jehova Molimo ’me o tla laoloa ke Jesu Kreste e le Morena. Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke e ’ngoe ea lintho tse makatsang le tse sa lumellaneng historing hore ebe bo-raliphetoho hangata ba hlōleha ho bonela pele liphello tsa liphetoho tsa bona.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Ke nahana hore ntho e ferekanyang ka ho fetisisa ke hore kaofela rea tseba hore na ke’ng e phoso le hore na ho hlokahala hore ho etsoe eng, empa hangata re sitoa ho nka bohato.”—Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

“Ke Ile ka Beha Bophelo ba ka Kotsing ho Sireletsa Tikoloho”

Hans e ne e le mosesisi oa likepe ka lilemo tse 48, ho akarelletsa le tse fetang 35 tseo ka tsona e neng e le molaoli oa sekepe. Ho ea qetellong ea mosebetsi oa hae, o ile a sebeletsa e le molaoli oa sekepe se sebelisoang ke mokhatlo oa tikoloho. Oa hlalosa:

“Esale ke lumela hore moloko oa batho o lokela ho hlompha tikoloho le ho tšoara tlhaho ka tsela e nang le seriti. Kahoo ha ke fuoa monyetla oa ho ba motsamaisi oa sekepe sa sehlopha sa tikoloho, ke ile ka o amohela hang-hang. Mosebetsi oa rōna e ne e le ho pepesa ba sokelang tikoloho. Hang ha re rera letšolo la ho ea leoatleng, re ne re kenya ba mecha ea litaba hore re hape tlhokomelo ea sechaba. Re ile ra ea leoatleng ’me ra nka bohato ba ho leka ho thibela ho qhalloa ha litšila tse bakoang ke ho phatloha ha matla a mahlaseli a athomo le lintho tse ling tse nang le chefo. Letšolong le leng, re ile ra leka ho thibela ho bolaoa ha liqibi le manamane a tsona.

“Ona e ne e se mosebetsi oa makoala. Ke ile ka beha bophelo ba ka kotsing ho sireletsa tikoloho. Ketsahalong e ’ngoe ea boipelaetso, ke ile ka iphaselletsa ka lihanaboi ankoreng ea sekepe ’me ka qetella ke huletsoe tlaase botebong ba leoatle. Ka lekhetlo le leng, ke ne ke le ka seketsoaneng sa rabara se lebelo re tsamaea re iphaphathile le sekepe se seholo. Motho e mong o ile a lihela moqomo o boima oa tšepe seketsoaneng sa rōna sa rabara, a etsa hore se phethohe. Ke ile ka tsoa likotsi tse mpe.”

Qetellong Hans o ile a hlokomela hore le hoja sepheo sa mokhatlo ona se ne se le setle, o ne a beha bophelo ba hae kotsing feela ho e-na le monyetla o fokolang oa hore seo se be le tšusumetso tikolohong. (Moeklesia 1:9) Nakoana ka mor’a hore a tlohe sehlopheng seo sa tikoloho, o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ea e-ba Paki e kolobelitsoeng. Kajeno ke mosebeletsi oa nako e tletseng. “Bibele e ile ea nthusa hore ke hlokomele hore tšepo ea sebele feela ea ho hlokomela tikoloho hantle ke ka ’Muso oa Molimo oa Bomesia.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

O Ile a Loanela Liphetoho

Sara (hase lebitso la hae) o tsoaletsoe Asia, bohareng ba bo-1960. O ne a sa le lilemong tsa bocha ha phetohelo ea puso naheng ea habo e tlisa mofuta o mocha oa puso, o tšepisa phetoho lipolotiking le sechabeng. Qalong, baahi ba naha ea habo ba ne ba thabetse phetoho eo, empa ka mor’a selemo ’muso o mocha o ile oa qala ho hlorisa bahanyetsi, feela joaloka ’muso oa pele. Pherekano e ne e tletse hohle, ’me Sara o ile a kena mokheng o hlophisitsoeng oa bohanyetsi o hanyetsang ’muso o mocha. Oa hlalosa:

“Mokha oa rōna oa bohanyetsi o ne o tšoara liboka, ’me re ne re ipelaetsa phatlalatsa. Ke ne ke le literateng tsa motse-moholo re maneha litšoantšo tse khōlō le ho fana ka lipampitšana ha masole a maemo a tšohanyetso a ntšoara. Qetellong a ile a ntokolla. Ba bang sehlopheng sa rōna ha ba aa ka ba e-ba lehlohonolo hakaalo. Metsoalle ea ka e ’meli ea banana e ile ea tšoaroa ’me ea bolaoa. Bophelo ba ka bo ne bo le kotsing, kahoo ntate o ile a nkhothalletsa ho tsoa ka har’a naha eo.”

Ha a se a le Europe, Sara o ile a ithuta Bibele ’me o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Kajeno ke mosebeletsi oa nako e tletseng. Ha a hetla morao, Sara o re:

“Seo ke neng ke se labalabela ke toka le tharollo mathateng a sechaba sa habo rōna. Ke ile ka bona hore ’muso o mocha naheng ea heso o qalile o e-na le lipakane tsena empa oa fetella hoo o ileng oa fifalloa ke pono ea lipakane tseo eaba o qala ho hatella sechaba. Hape ke ile ka hlokomela hore sehlopha sa baipelaetsi seo ke neng ke le ho sona se ne se se na tharollo mathateng a naha ea heso. (Pesaleme ea 146:3, 4) Joale kea hlokomela hore tharollo mathateng ’ohle a moloko oa batho ke ’Muso oa Molimo oa Bomesia.”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lebota la Berlin le ile la oa ka 1989

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Na liphetoho tsa bolumeli li hohetse barapeli ba eketsehileng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Top right: U.S. Information Agency photo—John W. Gardner

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

Kofi Annan: UN/DPI photo by Evan Schneider (Feb97); background: WHO/OXFAM

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela