Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 4/8 leq. 18
  • Ba Ile ba Pholoha Moroallo!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Pholoha Moroallo!
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ho sa Tsotellehe Hore na re mo Sebeletsa Hokae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2011
  • Phutheho ea “E-ba le Khotso”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ho Hōlisa Bana ba Hlokang Tlhokomelo e Khethehileng
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 4/8 leq. 18

Ba Ile ba Pholoha Moroallo!

Ka mongoli oa Tsoha! Switzerland

KA October 2000, ho ile ha amoheloa litlaleho tsa likhohola tse tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Lipula tsa melupe li ile tsa thophothela mesikong ea lithaba, tsa baka ho ritsa ho ileng ha hohola mefuta eohle ea mahoholi esita le lifate tsohle!

Sebaka sa Valais se ka boroa ho Switzerland se ile sa hlaheloa ke koluoa e joalo. Karolo ena ea naha e arotsoe ho ea ka bolelele ba eona ke Rhône, e leng nōka e phallelang ka bophirimela e tloha leqhoeng la Rhône bohareng ba Lithaba Tsa Alps e ea letšeng la Geneva—sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 170. Mekoloko ea lithaba ka mahlakoreng a mabeli a nōka ena a etsa hore metsi a phallele nōkeng ena ka melatsoana e sa lekaneng ka boholo. Ka tloaelo nōka ena e iphallela hantle. Empa ha ho e-na pula e ngata haholo sebakeng sena, hangata ho latela tlokotsi.

Ho bile joalo ka ho khetheha Gondo, moeling oa Italy. Motse ona o thabeng oa baahi ba 150 o ile oa koaheloa ke qubuhali ea seretse se ritsang le majoe, e ileng ea senya karolo e khōlō ea motse. Kapele likarolo tse ling tsa Valais li ile tsa koaheloa ke lipula tsa litloebelele. Litsela le liporo li ile tsa koaleha ’me matlo a qala ho tlala seretse le majoe. Libakeng tse ling seretse se ile sa etsa qubu e bophahamo ba limithara tse ’nè. Mosali e mong o ne a ntse a shebeletse ha qubuhali ea seretse se ritsang, e bophahamo ba limithara tse 30, e hoholella mafika a maholo le lifate tse emeng, ’me e ea e lebile motseng oa habo!

Markus le Tabitha, bao e leng banyalani, ba ne ba lula Mörel nakong ea koluoa ena. Markus oa hopola: “Ka mor’a hora ea botšelela hoseng feela re ile ra tsosoa ke molumo o matla oa ntho e kang e lephaka le ho reketla. Ke ile ka tsoela ka ntle ke nkile toche hore ke bone se etsahalang, ’me ka tšosoa ke seo ke ileng ka se bona. Matlo le marokho a ne a sentsoe ke liqubu tsa mafika, ’me koloi e ne e otlane ntlong ea moahelani. Ho ella tlaase, moahelani le mosali oa hae ba ne ba qabeletsoe ka har’a ntlo ea bona. Ke ile ka ba thusa ho tsoa ka fensetere. Ha ke khutlela ha ka, ’na le Tabitha re ne re e-na le nako e seng kae feela ea ho phutha mehasoana.”

Markus le Tabitha ke Lipaki Tsa Jehova ’me ba ile ba tšabela ho balumeli-’moho le bona ba lulang sebakeng se ka thōko ho sa koluoa. Markus o re: “Le hoja re ile ra pholoha, Tabitha o ile a sithabetsoa ke ketsahalo ena ka matsatsi a itseng.” O ile a thusoa ke’ng hore a mamelle ketsahalo eo e sithabetsang? “Botsoalle le tšehetso ea bara le barali babo rōna tumelong,” ke kamoo Tabitha a ileng a araba kateng, a ba a eketsa: “Le thahasello e ileng ea bontšoa ke ba bangata motseng oa heso.”

Markus le Tabitha ba ile ba hopola Liproverbia 18:24, e bontšang hore ho na le “motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” Linakong tsa likoluoa, metsoalle e joalo e ipaka ho ba ea bohlokoa hakaakang!

[’Mapa o leqepheng la 18]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Sebaka se amehileng

Gondo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Markus le Tabitha

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Mise à disposition par www.crealp.ch

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela