PALE EA BOPHELO
Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ho sa Tsotellehe Hore na re mo Sebeletsa Hokae
Ho ne ho se mohla nkileng ka etsa mosebetsi oa boboleli ke le mong. Ke ne ke tšohile hoo ke neng ke tšerema mangole lekhetlo le leng le le leng ha ke e-ea tšimong. Ntho e neng e mpefatsa lintho le ho feta ke hore tšimong eo, ho hang batho ba ne ba sa batle ho amohela molaetsa. Batho ba bang ba ne ba le mabifi haholo ’me ba bile ba batla ho nkotla. Khoeling ea pele ke le pula-maliboho, ke ile ka tsamaisa bukana e le ’ngoe feela!—Markus.
TSENA li etsahetse ka 1949, lilemong tse fetang 60 tse fetileng, empa pale ea bophelo ba ka e qala lilemo tse ’maloa pele ho moo. Ntate, e leng Hendrik, o ne a etsa lieta a bile a sebetsa e le mohlokomeli oa lirapa Donderen, e leng motsana o ka leboea ho Drenthe, Netherlands. Ke ile ka hlahela moo ka 1927, ke le ngoana oa bone ho ba supileng. Ntlo ea lapeng e ne e ahiloe haufi le ’mila o sa kenngoang sekontiri seterekeng sa mahaeng. Boholo ba baahisani ba rōna e ne e le lihoai ’me ke ne ke thabela bophelo ba mapolasing. Ka 1947, ha ke ne ke le lilemo li 19, ke ile ka ithuta ’nete ho e mong oa baahisani ba ka ea bitsoang Theunis Been. Kea hopola hore ha ke qala ho kopana le Theunis ke ne ke sa mo rate, empa nakoana ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, Theunis e ile ea e-ba Paki ea Jehova ’me ke ile ka hlokomela hore o ne a se a le botsoalle ho feta pele. Ke ile ka khahloa ke phetoho ena, ka lebaka leo ke ile ka mo mamela ha a ne a bua le ’na ka tšepiso eo Molimo a re etselitseng eona ea ho phela lefatšeng la paradeise. Ho e-s’o ee kae ke ile ka amohela ’nete ’me re ile ra ba metsoalle ea hlooho ea khomo.a
Ke ile ka qala ho etsa mosebetsi oa boboleli ka May 1948, ’me khoeling e latelang ka la 20 June, ke ile ka kolobetsoa kopanong e neng e tšoaretsoe Utrecht. Ka la 1 January, 1949, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho ’me ke ile ka romeloa ho ea sebetsa Borculo, karolong e ka bochabela ea Netherlands, moo ho neng ho e-na le phutheho e nyenyane. Ke ne ke tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 130 ho ea moo, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ea ka baesekele. Ke ne ke nahana hore ke tla nka lihora tse 6 ho fihla moo, empa ka lebaka la pula e neng e tšoloha le moea o matla, ke ile ka nka lihora tse 12, esita le ha ke ile ka tsamaea ka terene lik’hilomithara tse 90 tsa ho qetela! Qetellong ke ile ka fihla moo ke neng ke e-ea teng ka shoalane, e ne e le lelapeng la Paki e ’ngoe eo nkileng ka lula ha eona ha ke ne ke ntse ke le pula-maliboho sebakeng seo.
Lilemong tseo tsa ka mor’a ntoa batho ba ne ba e-na le lintho tse seng kae feela. Ke ne ke e-na le sutu e le ’ngoe feela le borikhoe bo le bong—sutu e ne e le khōlō haholo, borikhoe bona bo le bokhutšoanyane haholo! Joalokaha ke boletse qalong, khoeling ea pele eo ke bileng Borculo ka eona ho ne ho nyolosetsa, leha ho le joalo Jehova o ile a ntlhohonolofatsa ka hore ke be le lithuto tse ngatanyana tsa Bibele. Ka mor’a likhoeli tse robong ke ile ka romeloa Amsterdam.
HO TLOHA MAHAENG HO EA MOTSENG O MOHOLO
Le hoja ke hōletse seterekeng seo ho neng ho pheloa ka temo, joale ke ne ke se ke lula Amsterdam, e leng motse o moholo ka ho fetisisa Netherlands. Tšimo e ne e beha litholoana haholo. Khoeling ea pele ke ile ka tsamaisa lingoliloeng tse fetang tseo ke neng ke li tsamaisitse likhoeling tse robong tse fetileng. Ho e-s’o ee kae ke ne se ke khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang robeli. Ka mor’a ho khethoa ke le mohlanka oa phutheho (eo hona joale a bitsoang mohokahanyi oa sehlopha sa baholo), ke ile ka fuoa kabelo ea ho fana ka puo ea ka ea pele ea phatlalatsa. Ke ne ke tšohile haholo, kahoo, ho ile ha ba ha re nk’hu! ha ke ne ke abeloa ho ea sebeletsa phuthehong e ’ngoe ha nako ea ho fana ka puo eo e atamela. Ke ne ke sa tsebe hore ha lilemo li ntse li feta ke ne ke tla fana ka lipuo tse fetang 5 000!
Markus (ka letsohong le letona) o etsa mosebetsi oa seterateng haufi le Amsterdam ka 1950
Ka May 1950, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ea sebeletsa Haarlem. Ka mor’a moo, ke ile ka memeloa ho etsa mosebetsi oa potoloho. Ha kea ka ka bo hlotha ka masiu a mararo. Ke ile ka bolella Robert Winkler, e leng e mong oa barab’abo rōna ba sebeletsang ofising ea lekala hore ha ke bone eka kea tšoaneleha, empa o ile a re: “Uena tlatsa liforomo. U tla ithuta.” Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka fuoa koetliso ea khoeli eaba ke qala mosebetsi oa ho ba mohlanka oa potoloho (molebeli). Nakong eo ke neng ke etetse e ’ngoe ea liphutheho, ke ile ka kopana le Janny Taatgen, e leng morali’abo rōna e mocha oa pula-maliboho ea thabileng, ea ratang Jehova ka pelo ea hae eohle ea bileng a nang le moea oa boitelo. Re ile ra nyalana ka 1955. Empa pele ke tsoela pele ka pale ea ka, Janny o tla hlalosa hore na ho tlile joang hore e be pula-maliboho le hore na re ile ra sebeletsa hammoho joang tšebeletsong ea nako e tletseng ka mor’a hore re nyalane.
RE SEBELETSA ’MOHO RE LE BANYALANI
Janny: ’Mè e ile ea e-ba Paki ka 1945 ha ke le lilemo li 11. Hang-hang o ile a hlokomela hore ke habohlokoa hore a ithute Bibele le bana ba hae ba bararo, empa Ntate o ne a hanyetsa, kahoo, o ne a ithuta le rōna ha Ntate a le sieo hae.
Seboka sa pele seo ke ileng ka ea ho sona ke kopano e neng e tšoaretsoe The Hague ka 1950. Beke ka mor’a moo, ke ile ka ea sebokeng ka lekhetlo la pele Holong ea ’Muso e Assen (Drenthe). Ntate o ne a halefile hoo a ileng a nteleka hae. ’Mè o ile a re, “U oa tseba hore na u ka lula hokae.” Ke ne ke tseba hore o ne a bua ka bara le barali babo rōna. Qalong ke ile ka il’o lula le lelapa la Paki e ’ngoe le neng le lula haufi le heso, empa Ntate o ile a ’na a ntšulafalletsa bophelo, kahoo, ke ile ka fallela phuthehong e Deventer (Overijssel), e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 95 ho tloha hae. Leha ho le joalo, kaha ke ne ke sa le monyenyane, Ntate o ile a kena khathatsong ho ba boholong ka hore ebe o ne a ntelekile hae. Kahoo, o ile a re nka khutlela lapeng. Le hoja Ntate a sa ka a amohela ’nete, qetellong o ile a ntumella hore ke ee libokeng tsohle le tšimong.
Janny (ka letsohong le letona) ha e ne e le pula-maliboho oa nakong ea phomolo ka 1952
Nakoana ka mor’a hore ke khutlele hae, ’Mè o ile a kula haholo ’me ke ile ka lokela ho etsa mesebetsi eohle ea lapeng. Ho sa tsotellehe maemo ao, ke ile ka ’na ka tsoela pele moeeng ’me ke ile ka kolobetsoa ka 1951 ha ke le lilemo li 17. Ka 1952, ka mor’a hore ’Mè a fole, ke ile ka sebetsa le barali ba bang babo rōna ba bararo ba bo-pula-maliboho, ’na ke le pula-maliboho oa nakong ea phomolo (ea thusang). Re ne re lula ka har’a seketsoana re etsa mosebetsi oa boboleli litoropong tse peli tse Drenthe. Ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla ka 1953. Selemo hamorao, mohlankana e mong oa molebeli oa potoloho o ile a etela phutheho ea habo rōna. E ne e le Markus. Kaha re ne re hlokomela hore re ka khona ho sebeletsa Jehova hantle le ho feta ha re le banyalani, re ile ra nyalana ka May 1955.—Moek. 4:9-12.
Ha re ne re chata ka 1955
Markus: Ka mor’a lechato la rōna, re ile ra fuoa kabelo ea hore re il’o sebeletsa re le bo-pula-maliboho motseng oa Veendam (Groningen). Re ne re lula kamoreng e nyenyane haholo e neng e ka ba bophara ba limithara tse peli le bolelele ba tse tharo. Ho ntse ho le joalo, Janny o ile a khabisa kamore eo hantle ’me a etsa hore re thabele ho lula ho eona. Bosiu bo bong le bo bong re ne re lokela ho chechisa tafole ea rōna le litulo tse peli tse nyenyane e le hore re ka theola bethe ea rōna ea leboteng.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng re ile ra memeloa hore re il’o etsa mosebetsi oa potoloho Belgium. Ka 1955, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 4 000 feela naheng eo. Hona joale palo ea bahoeletsi e imenne ka makhetlo a tšeletseng! Batho ba sebakeng sa Flanders, se karolong e ka leboea ea Belgium, ba bua puo e tšoanang le e buuoang Netherlands. Leha ho le joalo, mokhoa oo batho ba Belgium ba buang ka oona o fapane haholo le oa batho ba Netherlands, kahoo, qalong re ne re lokela ho sebetsana le ho se utloane ka puo.
Janny: Mosebetsi oa potoloho o hloka hore motho a bontše boitelo e le kannete. Ha re etela liphutheho re ne re palama libaesekele ’me re ne re fihlela malapeng a bara le barali babo rōna. Kaha re ne re se na moo re neng re ka lula teng ha re qetile ka ketelo, re ne re lula lelapeng leo re fihletseng ho lona ho fihlela ka Mantaha ebe re ea phuthehong e latelang Labobeli hoseng. Empa ka linako tsohle re ne re talima tšebeletso ea rōna e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova.
Markus: Ha re sa tsoa fihla re ne re sa tsebe bara le barali babo rōna ba liphuthehong tseo empa ba ne ba le mosa ba bile ba re amohela ka mofuthu. (Baheb. 13:2, NW, ftn.) Ha lilemo li ntse li feta re ile ra etela liphutheho tsohle tseo ho neng ho buuoa Sedutch ho tsona Belgium, ka makhetlo a ’maloa. Sena se ile sa re tlisetsa litlhohonolofatso tse ngata. Ka mohlala, re ile ra tseba hoo e ka bang bara le barali babo rōna kaofela seterekeng seo sa batho ba buang Sedutch ’me re ile ra ba rata haholo. Re ile ra bona ha bacha ba makholo ba hōla ’meleng le moeeng, ba inehela ho Jehova ba bile ba etelletsa lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba bona. Re thaba haholo ha re bona ba bangata ba bona ba sebeletsa Jehova ka botšepehi tšebeletsong ea nako e tletseng. (3 Joh. 4) “Ho khothatsana” hona ho entse hore ho be bonolo hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle.—Bar. 1:12.
BOTHATA BO BOHOLO LE TLHOHONOLOFATSO EA SEBELE
Markus: Ho tloha ha re qeta ho nyalana, re ne re batla ho ea Sekolong sa Gileade. Letsatsi le leng le le leng re ne re ithuta Senyesemane bonyane ka hora e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ho ithuta Senyesemane ka ho bala libuka feela ho ne ho se bonolo, kahoo, re ile ra etsa qeto ea hore nakong ea rōna ea phomolo re ee Engelane e le hore re tle re tsebe ho sebelisa Senyesemane mosebetsing oa boboleli. Qetellong, ka 1963 re ile ra fumana enfelopo e tsoang ntlo-khōlō Brooklyn. E ne e tšetse mangolo a mabeli, le leng e ne e le la ka le leng e le la Janny. Lengolo la ka le ne le ’memela ho ea sekolong sa Gileade se neng se tla nka likhoeli tse leshome. Thupelo e ne e tla shebana haholo le ho koetlisa barab’abo rōna litabeng tsa tsamaiso. Kahoo, har’a baithuti ba 100 ba neng ba tlile sekolong seo, ba 82 e ne e le barab’abo rōna.
Janny: Lengolong leo ke ileng ka le fumana letsatsing leo, ke ile ka kōptjoa hore ke nahane ke be ke rapele ka taba ea hore na nka sala Belgium ha Markus a le sekolong sa Gileade. ’Nete ke hore qalong ke ile ka sareloa. Ho ne ho bonahala eka Jehova o ne a sa hlohonolofatse boiteko boo ke bo entseng ba ho batla ho eketsa tšebeletso ea ka. Leha ho le joalo, ke ile ka ikhopotsa hore na morero oa Sekolo sa Gileade ke ofe—hore ke ho thusa batho ba eang ho sona hore ba phethe mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Kahoo, ke ile ka lumela ho sala, eaba ke fuoa kabelo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng toropong ea Ghent, Belgium, ke sebetsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nang le boiphihlelo e leng Anna le Maria Colpaert.
Markus: Kaha ke ne ke tlameha ho ntlafatsa Senyesemane, ke ile ka kōptjoa hore ke ee Brooklyn likhoeli tse hlano pele sekolo se qala. Ke ile ka sebetsa lefapheng la Thomello le la Tšebeletso. Ho sebetsa ntlo-khōlō le ho thusa ha ho lokisetsoa hore lingoliloeng li romeloe Asia, Europe, le Amerika Boroa ho ile ha etsa hore ke hlokomele le ho feta hore re na le mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. Ka ho khetheha ke hopola Mor’abo Rōna A. H. Macmillan, ea neng a etsa mosebetsi oa ho etela liphutheho (molebeli ea tsamaeang) mehleng ea Mor’abo Rōna Russell. Ka nako eo o ne a se a tsofetse a bile a sa utloe litsebeng, empa o ne a e-ba teng libokeng tsohle tsa phutheho. Seo se ile sa nkama haholo ’me sa nthuta hore le ka mohla ha rea lokela ho khella liboka tsa rōna tsa Bokreste fatše.—Baheb. 10:24, 25.
Janny: ’Na le Markus re ne re ngollana ka makhetlo a ’maloa ka beke. Re ne re hlolohelanoa haholo! Leha ho le joalo, Markus o ne a thabela thupelo eo a neng a e fuoa Gileade ’me le ’na ke ne ke thabela tšebeletso ea ka haholo. Ka nako eo Markus a neng a khutlela hae a tsoa United States, ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele tse 17! Ho arohana ha rōna ka likhoeli tse 15 ho ne ho le boima, empa ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a re hlohonolofatsa ka lebaka la boitelo boo re neng re bo entse. Letsatsing leo Markus a neng a khutla ka lona, sefofane se ile sa fihla ka mor’a nako ka lihora tse ’maloa, kahoo, qetellong ha a fihla, re ile ra hakana eaba rea lla. Ho tloha ka nako eo, ha re e-s’o ka re arohana.
KE ANANELA MOSEBETSI O MONG LE O MONG OO KE ILENG KA BA LE TLOTLA EA HO O ETSA
Markus: Ha ke ne ke tsoa Gileade ka December 1964, re ile ra abeloa ho ea sebeletsa Bethele. Le hoja re ne re sa tsebe ka nako eo, re ne re sa tl’o etsa tšebeletso eo ka nako e telele. Ka mor’a likhoeli tse tharo feela, ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho ba molebeli oa setereke Flanders. Ha Aalzen le Els Wiegersma ba ne ba romeloa Belgium ho ea sebeletsa e le baromuoa, ba ile ba abeloa mosebetsi oa setereke ’me rōna re ile ra khutlela Bethele moo ke ileng ka sebetsa Lefapheng la Tšebeletso. Ho tloha ka 1968 ho fihlela ka 1980, re ile ra abeloa mesebetsi e fapa-fapaneng, re ile ra sebeletsa Bethele le mosebetsing oa potoloho. Qetellong, ho tloha ka 1980 ho fihlela ka 2005, ke ile ka boela ka sebeletsa ke le molebeli oa setereke.
Le hoja likabelo tsa rōna li ’nile tsa fetoha hangata, ha ho mohla re ileng ra lebala hore re ne re inehetse e le hore re sebeletse Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle. Re ile ra thabela kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo re ileng ra e fuoa haholo, re kholisehile hore ha kabelo ea rōna e ne e fetoha e ne e le ka lebaka la ho ntšetsa pele mosebetsi o amanang le ’Muso.
Janny: Ka ho khetheha, ke ile ka thabela tlotla ea ho tsamaea le Markus ho ea Brooklyn ka 1977 le Patterson ka 1997 ha a ne a il’o fumana koetliso e ’ngoe ea litho tsa Likomiti Tsa Makala.
JEHOVA O TSEBA LITLHOKO TSA RŌNA
Markus: Ka 1982, Janny o ile a etsa opereishene ’me a fola. Lilemo tse tharo hamorao, ka mosa phutheho e Louvain e ile ea re lumella hore re sebelise folete e neng e le mokatong o ka holimo ho Holo ea eona ea ’Muso. Ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 30, re ne re e-na le sebaka seo re ka lulang ho sona re le bang. Ka Labobeli ha re ne re paka thoto ho ea phuthehong e ’ngoe, ke ne ke lokela ho theosa le ho hloa litepisi tse 54 ka makhetlo a ’maloa ke isa thoto eo tlaase! Ka lehlohonolo, ka 2002 ho ile ha etsoa tokisetso ea hore re sebelise folete e neng e le mokatong oa ho qala. Ha ke le lilemo li 78, re ile ra fuoa kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng toropong ea Lokeren. Re thabile haholo hore re ebe re khona ho etsa tšebeletso ena le hore ebe re ntse re ea tšimong letsatsi le letsatsi.
“Re lumela hore taba ea bohlokoa hase hore na re sebeletsa hokae kapa re etsa mosebetsi oa mofuta ofe, empa ke hore na re sebeletsa mang”
Janny: Ha re kopanya lilemo tseo re li qetileng re le tšebeletsong ea nako e tletseng li feta 120! Re ile ra iponela ka mahlo hore tšepiso ea Jehova ea hore ‘ho hang a ke ke a re tlohela’ le hore ha re mo sebeletsa ka botšepehi, re ke ke ra “haelloa ke letho,” ke ’nete.—Baheb. 13:5; Deut. 2:7.
Markus: Ha re ne re sa le banyenyane, re ile ra inehela ho Jehova. Ha ho mohla re ileng ra ipatlela lintho tse khōlō. Haesale re ikemiselitse ho amohela kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo re e fuoang kaha re lumela hore taba ea bohlokoa hase hore na re sebeletsa hokae kapa re etsa mosebetsi oa mofuta ofe, empa ke hore na re sebeletsa mang.
a Ha nako e ntse e ea, Ntate, ’Mè, Ausi le baena ba ka ba babeli le bona e ile ea e-ba Lipaki.