Pono ea Bibele
Na ho ka Etsahala Hore Motho a Hlōle Mekhoa e Mebe?
MONGOLI e mong ea bitsoang Mark Twain o kile a re: “Ho tlohela ho tsuba ke ntho e bonolo ka ho fetisisa lefatšeng. Ke cho joalo hobane ke ho entse ka makhetlo a se nang palo.” Ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba lumellana le polelo ena ea Twain e bontšang hore o laba-labela ho finyella seo. Le hoja ba tseba hantle hore mekhoa e itseng e fosahetse ebile e kotsi, ba boetse baa tseba hore ho e hanela le ho e hlōla ke taba e ’ngoe. Mekhoa eo batho ba itloaelitseng eona e ka mela ka metso ka lilemo ’me ho ka ba thata haholo ho e tsoela. Ho leka ho ithiba litakatsong tse joalo e ka ba ho khathatsang le ho bohloko haholo.
Dr. Anthony Daniels, ngaka e sebetsang teronkong, o bontša hore hangata batlōli ba molao ba bolela hore ke makhoba ao ho seng seo ba ka se etsang ho itšoasolla linthong tseo ba li lemaletseng le litakatsong tsa bona tse litšila. Ba pheha khang ka hore hang ha motho a lemaletse ntho e itseng, “o litleneng tse tšabehang tsa temallo eo hoo a se nang matla a ho itokolla.” Haeba mabaka a joalo e ne e le ’nete, re ne re ke ke ra nkoa re ikarabella bakeng sa liketso tseo re li lemaletseng. Empa na ke ’nete hore re liphofu tseo ho seng letho leo re ka le etsang tsa lintho tse re khannang le tsa litakatso tseo re nang le tsona? Kapa na mekhoa e mebe e ka hla ea hlōloa? Ho fumana karabo e ka tšeptjoang, a re hlahlobeng seo Bibele e se bolelang.
Takatso Khahlanong le Liketso
Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo o re nka re ikarabella bakeng sa liketso tsa rōna. (Baroma 14:12) Hape, o batla hore re phele ka litekanyetso tsa hae tse lokileng. (1 Petrose 1:15) Kaha ke ’Mōpi oa rōna, oa tseba hore na ke eng e molemong oa rōna, ’me melao-motheo ea hae e nyatsa mekhoa e mengata e tloaelehileng lefatšeng lena. (1 Bakorinthe 6:9, 10; Bagalata 5:19-21) Leha ho le joalo, o boetse o talima lintho ka tsela ea sebele ebile o na le kutloelo-bohloko linthong tseo a li lebeletseng ho batho ba sa phethahalang.—Pesaleme ea 78:38; 103:13, 14.
Ka hona, mopesaleme o ile a ngola: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) E, Jehova o tseba hantle hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Lintho tseo re li futsitseng, mefokolo eo re tsoetsoeng le eona hammoho le lintho tse re hlahetseng bophelong li etsa hore ho be thata hore re qobe mehopolo le litakatso tsohle tse fosahetseng. Ka hona, ka lerato Jehova ha a hloke hore re be ba phethahetseng.—Deuteronoma 10:12; 1 Johanne 5:3.
Leha ho le joalo, ho nahanela hona ha Molimo ha ho re lokolle boikarabelong boo re nang le bona ba ho laola litakatso tsa rōna tse fosahetseng. Le hoja moapostola Pauluse a ile a lumela hore o ne a loana le litakatso tse fosahetseng, ha aa ka a inehela. (Baroma 7:21-24) O itse: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.” Phello? E le hore “ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.” (1 Bakorinthe 9:27) E, ho ithiba ke habohlokoa ho loantšeng litšekamelo le mekhoa e fosahetseng tseo re nang le tsona e le hore re ka li hlōla qetellong.
Phetoho e ka Finyelloa
Bo-rasaense ba ithutetseng boitšoaro ba bontša hore mekhoa e mebe e ea ithutoa le ho hlaoleloa ka nako e telele, ho joalo le ka mekhoa e metle. Haeba seo ke ’nete, joale mekhoa e mebe eka tsoeloa! Joang? Bangoli ba buka e ’ngoe e buang ka ho laola khatello ea kelello ba re: “Nahana ka melemo ea ho khaotsa mokhoa oo u o tloaetseng.” Joale “ngola fatše hore na ho fetola boitšoaro ba hao ho ka ntlafatsa bophelo ba hao joang.” E, ho lebisa tlhokomelo melemong eo re tla e fumana ha re fetola mekhoa ea rōna e mebe ho ka re susumelletsa hore re fetohe.
Nahana ka keletso ea moapostola Pauluse ea hore re ‘nchafale matleng a susumetsang likelello tsa rōna.’ (Baefese 4:22, 23) Matla ao ke tšekamelo ea rōna ea kelello e re laolang. U fetola matla ao ka ho atamela haufi le Molimo le ka ho hlaolela kananelo bakeng sa litekanyetso tsa hae. Ho tseba hore u thabisa Jehova ho u fa matla a hore u tsoele pele ho etsa liphetoho tse hlokahalang.—Pesaleme ea 69:30-33; Liproverbia 27:11; Bakolose 1:9, 10.
Ke ’nete hore ho tla ba thata ho tela mekhoa e mebe eo e ka ’nang eaba e ile ea laola bophelo ba rōna ka lilemo. Ha rea lokela ho halala ntoa e larileng ka pel’a rōna. Ka sebele ho tla ba le linako tseo u tetebelang hape le linako tseo u tla hlōleha ka tsona. Empa khoba matšoafo, hangata lintho li ea nolofala ha nako e ntse e tsamaea. Ha u ntse u leka haholoanyane, boitšoaro bo bocha bo tla fetoha karolo ea bophelo ba hao.
Motho ea ratang Molimo a ka boetse a kholiseha hore o tla mo thusa le ho mo hlohonolofatsa. Pauluse oa tšepisa: ‘Molimo oa tšepahala, ’me a ke ke a le tlohela hore le lekoe ho feta seo le ka se jarang, empa o tla boela a le bulele tsela ea ho tsoa e le hore le khone ho mamella.’ (1 Bakorinthe 10:13) Haufinyane, Jehova Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho hammoho le liteko tsa eona, litakatso le litaba-tabelo tsohle tsa eona tse litšila. (2 Petrose 3:9-13; 1 Johanne 2:16, 17) Batho bohle ba sa phethahalang, ba tla pholoha ketsahalo ena, qetellong ba ka folisoa ka ho feletseng le ka ho sa feleng mahlomoleng ’ohle—a ’mele, a kelello le a maikutlo. Molimo oa tšepisa: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17) Ha ho pelaelo hore har’a “lintho [tsena] tsa pele” ho tla ba le litaba-tabelo le litakatso tse tšoenyang. Na lee hase lebaka le utloahalang la hore re etse sohle se matleng a rōna kajeno ho hanela le ho loantša mekhoa e mebe?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 31]
HO TLOHELA MEKHOA E MEBE
1. Lemoha u be u lumele hore u na le mokhoa o mebe. Ipotse, ‘Na ke rua molemo mokhoeng oo? Na o tena ba bang? Na o ama bophelo ba ka, boemo ba ka ba lichelete, boiketlo ba ka, lelapa la ka, kapa khotso ea ka ea kelello? Bophelo ba ka bo ka ntlafala hakae ntle le mokhoa oo?’
2. Nkela mokhoa o mobe sebaka ka ho itseng ho molemo. Ka mohlala, na u qeta nako e ngata Interneteng, mohlomong u shebile boitsebiso bo sa hloekang? Joale etsa kemiso ea hore nako eo u e sebelisetse ho bala lintho tse hahang, ho ithuta kapa ho ikoetlisa.
3. Beha tsoelo-pele ea hao leihlo. Letsatsi le leng le le leng, iphe metsotso e seng mekae ho nahana ka tsoelo-pele ea hao. Haeba u ile ua oela bothateng boo hape, fumana hore na ke maemo afe a lebisitseng moo.
4. Kōpa thuso ea ba bang. Bolella metsoalle le lelapa hore u leka ho khaotsa mokhoa ona, ’me u ba kōpe hore ba u hopotse ha ho bonahala eka u tla tetebela hape. Bua le ba bang ba atlehileng ho hlōla mokhoa o tšoanang le oo.—Liproverbia 11:14.
5. E-ba ea leka-lekaneng le ea nkang lintho ka tsela ea sebele. U se ke ua lebella katleho ea kapele. Ho ka ba thata ho tsoela mekhoa e meng eo u ileng ua e tloaela ka lilemo.
6. Rapela Molimo. U ka hlōla mokhoa leha e le ofe o mobe ka thuso ea Molimo.—Pesaleme ea 55:22; Luka 18:27.