Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 maq. 28-30
  • Ho Thibela ho Khutlela Mekhoeng e Mebe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thibela ho Khutlela Mekhoeng e Mebe
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Hobane’ng ha ke Khutletse Morao ha ke ne ke Hlōtse ho Hobe ka ho Fetisisa?”
  • Thibelo ea ho Khutlela Mokhoeng o Mobe
  • Hanyetsa Mokhoa oo ka ho Etsa ho Hong
  • Bohlokoa ba ho Loantša ho Nyahama
  • Ho Khutlela Morao ka Nakoana ha ho Bapisoa le ho Khutlela Morao ka ho Felletseng
  • Hoa Khoneha—’Me ho Lokeloa ke Boiteko!
  • Lumella Tloaelo Hore e U Tsoele Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nka Hlōla Mokhoa oo Joang?
    Tsoha!—2006
  • Nka Loantša Tloaelo ea ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali Joang?
    Tsoha!—1988
  • Na ho ka Etsahala Hore Motho a Hlōle Mekhoa e Mebe?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 maq. 28-30

Ho Thibela ho Khutlela Mekhoeng e Mebe

“KE HLŌTSE! Ntoa e felile qetellong!”

Mantsoe ao a hlalosa boikutlo ba tlhōlo ba motho ea loanneng ka thata le mokhoa o sa rateheng ’me a o hlōtse.

Leha ho le joalo, ho khutlela mokhoeng oo e ka ba ho khathatsang hakaakang ho motho ea joalo! Ke ho nyahamisang hakaakang ho elelloa hore mokhoa oo o mobe, oo ho lumeloang hore o etse ruri, o khutlile ka mokhoa o makatsang le ka matla!

Mohlomong u kile ua ba le phihlelo ea ho khutlela mokhoeng o mobe oo u neng u hlile u batla ho o hlōla. Haeba boemo ba hao bo joalo, u ka ’na ua qala ho belaela matla a hao a ho tlohela tloaelo ena e sa batleheng ka ho felletseng. Litloaelo tse sa batleheng li ka ba ngata: ho ja haholo, ho “lemalla” lipompong, ho noa haholo, ho reka u sa rera, ho itloaetsa ho fihla ka mor’a nako, ho bapala papali ea chelete, ho tsuba, le mekhoa e meng e mengata.

“Ke Hobane’ng ha ke Khutletse Morao ha ke ne ke Hlōtse ho Hobe ka ho Fetisisa?”

Ho bonahala eka hang ha u se u fetile mehatong e qalang ea ho tlohela mokhoa o mobe, ho o qoba ho tla ba bonolo haholoanyane. Leha ho le joalo, liphuputso tse fapaneng li bontša hore hangata ha ho joalo.

Bukeng Selfwatching, bangoli R. Hodgson le P. Miller baa hlalosa: “Ho khutlela mokhoeng o mobe ho ka etsahala haholo-holo likhoeling tse tharo tsa pele ka mor’a phekolo. Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e bontša hore hoo e batlang e le karolo ea 66 lekholong ea batho ba tsubang, makhoba a tahi le a lithethefatsi ba khutlela boitšoarong ba bona ba khale matsatsing a 90 ka mor’a qeto ea bona ea pele ea ho fetoha. Leha ho le joalo, ba tsebang ho laola temalo ea bona likhoeling tse tharo tsa pele ho isa ho tse tšeletseng ba na le monyetla o motle ka ho fetisisa oa ho boloka taolo eo.”

Ke hobane’ng ha ho khutlela mekhoeng e mebe e le tšokelo e nkang likhoeli—kapa e nkang lilemo ka linako tse ling—ka mor’a nako ea ho khaotsa? Lebaka le leng ke hore likhatello tse ling bophelong li ka ’na tsa khutla hape, ’me mekhoa e mebe e ne e le mehloli ea khatholoho ea nakoana linakong tse fetileng. Kahoo esita le haeba u ikutloa hore u hlōtse mokhoa o sa rateheng, haeba u e-ba tlas’a khatello—joaloka khatello e bakoang ke khaello ea chelete, mathata a bophelo bo botle, lintho tse fapaneng tse nyahamisang—hlokomela hore u se khutlele mokhoeng o mobe! Haeba u tepelletse kapa u le bolutu, u se ke ua makala haeba mokhoa oa hao oa nakong e fetileng o leka ho khutla.

Lisosa tse ling tsa ho khutlela mokhoeng o mobe e ka ba likhatello tsa kahisano, likhohlano le batho ba bang, maikutlo a mabe, le ho ba boemong boo teko e leng e matla ho bona.

Thibelo ea ho Khutlela Mokhoeng o Mobe

Esita le ka mor’a nako e qalang ea ho loana ka katleho le mokhoa o sa batleheng, ke habohlokoa hore u tsoele pele ho sebelisa litsela tse u thusitseng ho hlōla mokhoa oo qalong. Litsela tsena li ka sebelisoa ka ho tsoelang pele, kapa maemong a mang e ka ba ho lekaneng ho ikhopotsa tsona nako le nako joaloka linakong tsa khatello kapa tsa teko e matla.

Ka mohlala, e ka ’na eaba u ne u boloka litlaleho tse ngotsoeng ho hlahloba tsoelo-pele ea hao, joaloka litlaleho tsa letsatsi le letsatsi kapa tsa beke le beke nakong eo u lekang ho theola boima ba ’mele. Sena se bohlokoa ha u khaotsa mokhoa o mobe ’me ha sea lokela ho tloheloa esita leha u lumela hore kotsi e se e fetile.

Mohlomong u bile le litsela tse ling tseo u ileng ua iputsa ka tsona ha u ne u hanetse mokhoa oo u neng u batla ho o hlōla ka katleho. Mokhoa o leka-lekaneng oa ho iputsa o ka u thusa ho thibela ho khutlela mokhoeng oo o mobe. Kapa, ha u khaotsa mokhoa o mobe, na u ile ua fumana thuso ea motsoalle? Lumella motsoalle enoa hore a u thuse ho ipoloka u lokolohile mokhoeng oa hao o mobe oa nako e fetileng.

Ke litsela life tse ling tse ka u thusang ho hanyetsa ho khutlela morao, haholo-holo linakong tsa khatello?

Hanyetsa Mokhoa oo ka ho Etsa ho Hong

Dr. R. Stuart, motsamaisi oa thuto ea kelello oa Weight Watchers International, Inc., o buella lintho tse latelang ho ba batlang ho fokotsa boima ba ’mele: “Boloka kelello ea hao e tšoarehile ka ho etsa letoto la mesebetsi e batlang tlhokomelo e felletseng. Ho etsa mesebetsi ea matsoho ho sebetsa hamolemo, ’me le mesebetsi ea boikhathollo e etsa se tšoanang. Haeba ho khoneha, beha lisebelisoa sebakeng se haufi le ho lokisa sebaka sa mosebetsi hore u tsebe ho tsoela pele ka mosebetsi oa hao ka nako leha e le efe.” Mohlomong leano le joalo le ka u thusa.

E, etsa mosebetsi o hahang sebakeng sa mokhoa oa hao o mobe oa nako e fetileng. Hopola hore mohlomong mokhoa oo o ne o u neha khatholoho e itseng ha bophelo bo ne bo u thatafalla, kahoo khetha mesebetsi e meng sebakeng sa ’ona e tla sebeletsa morero o tšoanang ka katleho. Mohlomong u ka ’na ua bala, ua ikoetlisa, ua bapala seletsa sa ’mino, ua ferefa, kapa ua etela metsoalle. Qalisa hona joale ho ngola letoto la mesebetsi e ka nkang sebaka sa mokhoa o mobe. Totobatsa eo u khethang ho e etsa ka ho tsoelang pele. Etsa mesebetsi ena e mecha ka ho e pheta-pheta joalokaha u ne u etsa joalo ka mokhoa oa hao oa nako e fetileng. Sena se tla etsa hore ho be bobebe haholoanyane ho retelehela ho eona ha u ikutloa u le tlas’a khatello. Ha e le hantle, mesebetsi ena e hlile e ka fetoha mekhoa—mekhoa e metle!

Bohlokoa ba ho Loantša ho Nyahama

Kaha teko ea ho khutlela mekhoeng e mebe e ka ba matla haholo-holo ha u le ka tlas’a khatello, na u ka lokisa maemo a hao bophelong hore u bebofatse khatello eo? Le hoja mathata a mang a ke ke a qojoa, u ka ithuta ho laola maikutlo a hao hore u se ke ua ikutloa u hatelletsoe ke ho nyahama.

Hangata matla a ho nyahama a nkuoa hasesaane. Maele a Bibele a re: “Moea oa motho o ka mamella bothata ba hae [ba bophelo bo botle]; empa ha e le moea o robehileng, o ka mamelloa ke mang?” (Liproverbia 18:14, NW) Seo ke ’nete hakaakang! Hangata hase bothata empa ke liphello tsa ho nyahama tse re fokolisang.

Maele a mang a Bibele a hlalosa ka tsela ena: “Ha u tepella mohl’a tsietsi, matla a hao a manyenyane.” (Liproverbia 24:10) Maikutlo a mabe a sa laoleheng a tla u fokolisa. A tla etsa hore ho be bonolo hore u khutlele mekhoeng e mebe, mohlomong bakeng sa ho fumana khatholoho. Kahoo, ho bohlokoa hakaakang ho loantša ho nyahama!

Empa ho thoe’ng haeba u iphumana u qalisa ho khutlela morao ho sa tsotellehe boiteko ba hao?

Ho Khutlela Morao ka Nakoana ha ho Bapisoa le ho Khutlela Morao ka ho Felletseng

Ho bonolo hakaakang ho nahana hore: ‘Ke hlōlehile, kahoo nka ’na ka tela.’ Loantša boikuto boo bo joalo. U se lumelle ho khutlela morao ka nakoana, kapa esita le ka makhetlo a ’maloa, ho u bakele hore u hlōloe.

Nahana ka papiso ena: Haeba u ne u hloa methati ’me ua thellela morao ka mehato e ’meli ka baka la ho khoptjoa, na u ne u tla re, ‘Ke tlameha ho khutlela morao ’me ke qalise fatše hape’? Ho hlakile hore u ne u ke ke ua etsa joalo! Joale, ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa lebaka lena le fosahetseng tabeng ea ho loantša mekhoa e mebe?

Hangata ho khutlela mokhoeng o mobe ho lateloa ke boikutlo bo molato. U ka ’na ua fetelletsa boikutlo bona ka ho etsa qeto ea hore ha u na molemo oa letho, hore u na le botho bo fokolang ’me ha ua lokeloa ke ntho leha e le efe e molemo. U se itumelle ho ameha boikutlong bo molato bo fetelletseng joalo. Ho u qeta matla ao u a hlokang bakeng sa ho qalisa ntoa hape. Hape hopola sena: Motho ea phahameng ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng lena, Jesu Kreste, o ne a tletse ho lopolla baetsalibe, eseng batho ba phethahetseng. Kahoo nakong ena, ha ho leha a le mong ho rōna ea tla etsa lintho ka ho phethahetseng.

Taba e ’ngoe e lokeloang ke ho nahanisisoa ke hore boikutlo bo molato bo ka fetoha tsela e re lumellang ho pheta ntho e le ’ngoe hape. Bukeng ea bona You Can’t Afford the Luxury of a Negative Thought, P. McWilliams le J. Roger ba hlalosa phello ena e ka etsahalang: “Boikutlo bo molato . . . bo re lumella ho etsa seo hape. Ha re se re ‘lefile moputso’ oa ‘tlōlo ea rōna ea molao,’ re lokolohile hore re ka etsa seo hape hafeela re ikemiselitse ho lefa moputso. Ke moputso ofe? Boikutlo bo molato haholoanyane.”

Ha ua tlameha ho lumella ho khutlela mokhoeng o mobe ka nakoana ho fetohe ho khutlela ho ’ona ka ho felletseng. Hopola hore qetellong, ho hlōla mokhoa oo ke habohlokoa, eseng hore na u ile ua khutlela ho ’ona ka makhetlo a ’maloa kapa che.

Tabeng ena, ke bohlale hore u etse qeto esale pele hore u tla sebelisa tsela efe ha u iphumana u se u khutlela morao mokhoeng oa hao oa nako e fetileng. Leano la thibelo e joalo le tla u hlomella bakeng sa ho loantša ho khutlela morao ho tloha qalong.

Hoa Khoneha—’Me ho Lokeloa ke Boiteko!

Kahoo, ho loantša mokhoa o mobe ho fetela ka ’nģane ho ho mamella nako e qalang ea ho ikhula ho bohloko. Ho akarelletsa ho feta har’a ho nyahama ka ntle le ho khutlela mokhoeng o mobe ka ho felletseng.

Na ke ntho e thata? E, empa e ka khoneha. Litsela tse u thusitseng hore u khaotse mokhoa oo qalong, haeba li ntšetsoa pele, li tla u thusa ho thibela kapa ho hlōla ho khutlela mokhoeng oo o mobe. Molemo o moholo ka ho fetisisa oa seo ke ofe? Boitlhompho—moputso oa bohlokoa ka booona. ’Me mohlomong batho ba u tsebang ba tla boela ba u hlomphe haholoanyane.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ho khutlela morao ka mehato e ’maloa ha ho hloke hore u qalise fatše hape

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Tšokelo ea ho khutlela mokhoeng o mobe e fokotsoa ke ho lula u tšoarehile ka mesebetsi e batlang tlhokomelo e felletseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela