Ho Metha Lefatše ka Thupa
NA U se u kile ua utloela ka setsebi sa lipalo sa Mogerike ebile e le setsebi sa linaleli, Eratosthenes? Mohlomong lebitso la hae le tsebahala haholo har’a litsebi tsa linaleli. Ke hobane’ng ha li mo nkela holimo hakaale?
Eratosthenes o hlahile ka 276 B.C.E. ’me karolo e ’ngoe ea thuto ea hae a e fumana Athene, Greece. Leha ho le joalo, karolo e khōlō ea bophelo ba hae o e qetile Alexandria, Egepeta, eo ka nako eo e neng e le tlas’a puso ea Bagerike. Hoo e ka bang ka 200 B.C.E., Eratosthenes o ile a metha boholo ba lefatše a itšebelisetsa thupa feela. U ka ’na ua re, ‘seo se ke ke sa etsahala!’ O ile a etsa seo joang?
Motseng oa Syene (oo hona joale o bitsoang Aswân), Eratosthenes o ile a lemoha hore har’a mpa ea motšehare, letsatsing la pele la hlabula, letsatsi le ne le e-ba hantle lihloohong tsa mengala. O ne a tseba sena hobane ho ne ho sa be le moriti ha khanya ea letsatsi e fihla tlaase lilibeng tse tebileng. Leha ho le joalo, hona ka nako eo, ka letsatsi le tšoanang motseng oa Alexandria, o neng o le bohōle ba stadiaa tse 5 000 ka leboea ho Syene, ho ne ho e-ba le moriti. Seo se ile sa fa Eratosthenes khopolo e itseng.
Eratosthenes o ile a qapa gnomon, thupa feela e otlolohileng. Ha letsatsi le le lihloohong tsa mengala, o ile a metha hore na seriti sa thupa se sekame hakae Alexandria. A fumana hore se sekame ka 7,2 degrees ho tloha thupeng e emeng tsoe!
Joale Eratosthenes o ile a lumela hore lefatše le lechitja, ’me o ne a tseba hore selika-likoe se na le li-degree tse 360. Joale o ile a arola 360 ka palo eo a e fumaneng ea 7,2. Phello? Palo eo e ne e le karolo ea bo50 selika-likoeng se feletseng. Ka hona, o ile a etsa qeto ea hore sebaka sa ho tloha Syene ho ea Alexandria, kapa sebaka se bohōle ba stadia tse 5 000, e tlameha ebe se lekana le karolo ea bo50 ea selika-likoe sa lefatše. Ha a atisa 50 ka 5 000, Eratosthenes o ile a fihlela qeto ea hore stadia tse 250 000 ke bolelele ba chilikoe ea lefatše.
Palo eo ea hae e haufi hakae le e boleloang mehleng ea kajeno? Palo ea stadia tse 250 000 e lekana le lik’hilomithara tse pakeng tsa 40 000 le 46 000 ho latela litekanyetso tsa kajeno. Li sebelisa sefofa-sebakeng, litsebi tsa linaleli li ile tsa metha bolelele ba chilikoe ea lefatše e parolang North Pole le South Pole ’me tsa fana ka bolelele ba lik’hilomithara tse 40 008. Ka hona, lilemo tse fetang 2 000 tse fetileng, Eratosthenes o ile a atametsa palong ea kajeno ka tsela e tsotehang. Ke ho nepa ho tsotehang hakaakang, ha ho nahanoa hore monna eo o ne a sebelisa thupa feela le ho beha mabaka ho latela melao ea lipalo! Kajeno litsebi tsa linaleli li sebelisa melao ena ea lipalo e le motheo oa ho metha sebaka se ka ntle sa setsi sa potoloho ea rōna ea lipolanete.
Ba bang ba ka ’na ba fumana e le ntho e tsotehang haholo hore ebe Eratosthenes o ne a tseba hore lefatše le lechitja. Etsoe, le ho fihlela lilemong tse makholo a seng makae a fetileng, ho ne ho ntse ho e-na le banna ba bang ba bohlale ho tsa saense ba neng ba lumela hore lefatše le bataletse. Bagerike ba boholo-holo ba ne ba fihletse qeto ea hore na lefatše le bōpehile joang ba itšetlehile ka seo ba neng ba se fumane ka saense. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemo tse 500 pele ho Eratosthenes, moprofeta e mong oa Moheberu o ile a bululeloa hore a ngole: “Ho na le [Molimo] Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše.” (Esaia 40:22) Esaia e ne e se rasaense. O tsebile joang hore lefatše le lechitja? E bile ka pululelo ea Molimo a ileng a senoleloa ’nete ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bagerike ba ne ba sebelisa stadia ho lekanya bolelele ba ntho. Ho lumeloa hore stadium se le seng se ne se ka ba limithara tse 160 ho ea ho tse 185, le hoja tekanyo eo e fapana ho ea ka libaka.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mahlaseli a letsatsi
Syene
7,2°
Alexandria
7,2°