Liithuti Tsa Linaleli Tsa Mehleng e Bohareng
HO THEOSA le histori, batho ba ’nile ba hlolloa ha ba sheba letsatsi, khoeli le linaleli. Ka ho ithuta hore na lihloliloeng tsena tsa leholimo li lutse hokae le hore na li tsamaea ka tsela efe, batho ba ’nile ba khona ho tseba tatellano ea matsatsi, likhoeli le lilemo.
Ba bang ba batho ba bangata ba ileng ba ithuta lintho tse sepakapakeng bosiu, ke Maarabo. Batho ba Bochabela bo Hare ba qalile ho finyella lintho tse khōlō liphuputsong tsa saense lilemong tsa bo-800 C.E. kapa mehleng ea rōna, ’me litsebi tsa linaleli tse buang Searabia tsa nakong eo, li ne li nkoa e le litsebi tse hloahloa tsa thuto ea linaleli. Lintho tseo li ileng tsa li finyella li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa tsoelo-peleng ea saense ena e hlollang. A re hlahlobeng hore na ke ka tsela efe.
Baqapi ba Thuto ea Linaleli
Lilemong tsa bo-600 le 700 C.E., Boislamo bo ile ba namela karolong e ka bophirimela ho Arabia le ka mose ho Afrika Leboea ho ea Spain le Afghanistan e bochabela bo hōle. Litsebi tse libakeng tsena tse pharaletseng, li ile tsa rua molemo letlotlong la liphuputso tsa saense tse tsoang Persia le Greece, tse neng li susumelitsoe haholo ke Babylona le Egepeta.
Joale lekholong la borobong la lilemo, litaba tsa bohlokoa tse amanang le saense li ile tsa fetoleloa ka Searabia, ho akarelletsa libuka tsa setsebi sa thuto ea linaleli sa Mogerike, e leng Ptolemy.a Maabbasid, ao ’muso oa ’ona o neng o namme ho tloha Afghanistan ho ea Leoatleng la Atlantic, a ile a ipatlela libuka tse ngotsoeng ka Sesanskrit tse tsoang India, tse neng li fupere boitsebiso bo bongata bo mabapi le thuto ea lipalo, ea linaleli le lintho tse ling tse amanang le saense.
Maislamo a ne a nka hore ho bohlokoa ho ithuta ka linaleli. Hobane’ng? Hobane ho ne ho amana le borapeli ba ’ona. Mamosleme a ne a lumela hore a lokela ho sheba Mecca ha a rapela, ’me litsebi tsa thuto ea linaleli li ne li khona ho supa hore na Mecca e hokae li le sebakeng leha e le sefe. Lekholong la bo13 la lilemo, baeta-pele ba Mamosleme ba ne ba hira setsebi sa linaleli kapa muwaqqit mehahong e meng ea ’ona ea borapeli, se neng se thusa barapeli hore ba rapele ka tsela eo ho neng ho nkoa hore e loketse. Boitsebiso boo litsebi tsa thuto ea linaleli li neng li e-na le bona, bo ne bo li thusa hore li khone ho bolela linako tsa mekete ea bolumeli le meetlo e meng, e kang nako ea ho itima lijo khoeling ea Ramadan. Ho phaella moo, li ne li khona ho thusa batho ba nkang leeto la bolumeli hore ba tsebe hore na Mecca e hōle hakae ’me ba etse leano la ho tsamaea ka tsela e tla ba fihlisa kapele.
’Muso o Tšehetsa ka Lichelete
Qalong ea lekholo la borobong, thuto ea linaleli e ne e le karolo ea thuto eo litsebi tsohle tsa Baghdad li neng li lokela ho ba le eona. Caliph al-Ma’mūn o ile a haha sebaka seo ho sona ho shejoang lintho tse sepakapakeng, ’me se seng a se haha haufi le Damaseka. Litsebi tsa jeokrafi le thuto ea lipalo tse neng li sebetsa le eena, li ne li hlahloba li bapisa le ho leka ho fumana phapang e teng boitsebisong boo li ileng tsa bo fumana lithutong tsa linaleli tsa Bapersia, Maindia le Bagerike. Ho ile ha boela ha hahoa libaka tseo ho tsona ho shejoang lintho tse sepakapakeng metseng e meng e mengata e Bochabela bo Hare.b
Litsebi tse neng li sebetsa litsing tseo, li ne li finyella lintho tse tsotehang liphuputsong tsa tsona. Ka mohlala, hoo e ka bang ka 1031, Abu Rayhan al-Bīrūnī o ile a bolela hore e ka ’na eaba lipolanete li potoloha ka tsela e tšekaletseng ho e-na le e selikalikoe.
Ba Lekanya Boholo ba Lefatše
Ho atoloha ha Boislamo ho ile ha etsa hore batho ba be le thahasello ea ho etsa limmapa le ho ithuta ho li bala. Baetsi ba limmapa ba ne ba leka ka tieo hore ba lekanye lintho ka ho nepahala, ’me hangata ba ne ba atleha. Kaha sepheo sa caliph al-Ma’mūn e ne e le ho lekanya lintho ka ho nepahala le ho qapa mokhoa oa ho lekanya bolelele ba ’mapa oa lefatše, o ile a romela lithimi tse peli tsa bafuputsi lehoatateng la Syria. Li tšoere lisebelisoa tse lekanyang bohōle ba lintho tse sepakapakeng, bophahamo ba tsona le mehala, lithimi tseo li ile tsa ea ka mahlakoreng a fapaneng ho fihlela li hlokomela phetoho ea tekanyo e le ’ngoe bophahamong ba Naleli e ka Leboea. Li ile tsa nka hore sebaka seo li se tsamaileng se lumellana le khato e le ’ngoe ea bolelele, kapa e le ’ngoe ho tse 360 tsa potoloho ea lefatše. Li ile tsa lekanya hore potoloho ea lefatše e boholo ba lik’hilomithara tse 37 369—e leng tekanyo e haufi le boholo bo nepahetseng ba lik’hilomithara tse 40 008!
Libaka tse Bochabela bo Hare tseo ho tsona ho shejoang lintho tse sepakapakeng, li ne li e-na le lisebelisoa tse theko e boima tsa morao-rao—e leng lisebelisoa tse lekanyang boholo ba lintho tse sepakapakeng le ho ithuta ka tsona le ho fumana moo litselana tsa lihloliloeng tsa leholimo li leng teng. Lisebelisoa tse ling li ne li le khōlō haholo. Baetsi ba tsona ba ne ba nahana hore ha sesebelisoa se le seholo se tla lekanya lintho ka ho nepahala le ho feta.
Letlotlo la Liithuti Tsa Linaleli Tsa Mehleng e Bohareng
Liithuti tsena tse hloahloa tsa linaleli tsa mehleng e bohareng li ile tsa finyella lintho tse hlollang. Li ile tsa thathamisa le ho etsa litšoantšo tsa lihlopha tsa linaleli, tsa reha linaleli mabitso, tsa etsa lialmanaka tse nepahetseng, tsa lekanya linako tseo letsatsi le khoeli li fifalang ka tsona le ho tsoela pele li lokisa bocha chate e bontšang potoloho ea lihloliloeng tsa leholimo. Liithuti tsena li ne li khona ho bolela hantle hore na letsatsi, khoeli le lipolanete tse hlano tse bonahalang li sebakeng sefe, ka nako leha e le efe, ebang ke motšehare kapa ke bosiu—e leng ntho e neng e li thusa hore li khone ho bala ’mapa. Li ne li boetse li khona ho bolela hore na ke nako mang le ho tiisa hore almanaka e lula e nepahetse ka hore li shebe hore na lihloliloeng tsa leholimo li sebakeng sefe.
Likhopolo-taba tseo litsebi tsa thuto ea linaleli tsa Maarabo li neng li li sebelisa ho hlalosa potoloho ea lipolanete, li ile tsa batla li rarolla ho se lumellane hoo li ileng tsa ho hlokomela setšoantšong sa bokahohle sa Ptolemy. Ntho eo li neng li sa e utloisise ke hore letsatsi ke lona le bohareng ba potoloho ea lipolanete, eseng lefatše. Leha ho le joalo, litsebi tseo li ile tsa etsa chate ea ho potoloha ha linaleli ka ho nepahala ho ikhethang, ’me lintho tseo li ileng tsa li sibolla tsa thusa meloko e ileng ea latela ea litsebi tsa thuto ea linaleli, lefatšeng lohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bagerike ba ne ba se ba hlokometse hore lefatše le chitja. Ba ne ba re ke kahoo Naleli e ka Leboea e bonahalang e le tlaasana sepakapakeng ha motho a ntse a ea karolong e ka boroa.
b Hangata babusi ba neng ba thahasella lithuto tsa linaleli, ke bona ba neng ba susumetsa ho hahoa ha libaka tseo.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]
“K’HOMPHIEUTHA EA BOHOLO-HOLO” E FELLANG KA POKOTHONG
Sesebelisoa se lekanyang bohōle ba lintho tse sepakapakeng, se tlileng pele ho sesebelisoa se lekanyang bophara le bophahamo ba lintho tse sepakapakeng, se ’nile sa bitsoa “sesebelisoa sa bohlokoa haholo se amanang le thuto ea linaleli, pele libonela-hōle li e-ba teng.” Litsebi tsa saense tsa mehleng e bohareng tsa Bochabela bo Hare, li ile tsa se sebelisa e le hore li rarolle mathata a amanang le nako le ho tseba boemo ba lihloliloeng tsa leholimo.
Sesebelisoa sena se ne se e-na le poleiti ea tšepe e toroiloeng setšoantšo se setle sa sepakapaka. Karolong e kantle ea poleiti eo, ho ne ho ngoloa tekanyo kapa ka linako tse ling lihora tsa letsatsi. Litsebi tseo li ne li sebelisa sesebelisoa se nang le lenaka le potolohang hore li fumane tekanyo ea sebaka seo li leng ho sona e le hore li ka hlalosa bophahamo ba naleli e itseng ha sesebelisoa seo se phahamiselitsoe holimo. Litsebi li ne li sheba lipalo tseo li li fumaneng sesebelisoeng se lekanyang, se tšoanang le sesebelisoa sa mehleng ea boholo-holo se neng se e-na le lirulara tse peli.
Sesebelisoa sena se etsang mesebetsi e sa tšoaneng, se ile sa nolofalletsa ba se sebelisang hore ba tsebe ho khetholla linaleli ka mabitso, ba bolele nako eo letsatsi le chabang le ho likela ka eona ka nako leha e le efe, ba bolele moo Mecca e leng teng, ba hlahlobe sebaka, ba lekanye bophahamo ba lintho le ho bala ’mapa. E ne e le “k’homphieutha e fellang ka pokothong” ea mehleng eo.
[Litšoantšo]
Sesebelisoa se lekanyang boholo ba lintho tse sepakapakeng sa lekholong la bo13 la lilemo
Sesebelisoa se lekanyang lintho tse sepakapakeng sa lekholong la bo14 la lilemo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Astrolabe: Erich Lessing/Art Resource, NY; astrolabe quadrant: © New York Public Library/Photo Researchers, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Setšoantšo sa lekholong la bo16 la lilemo se bontšang litsebi tsa thuto ea linaleli tsa Maottoman li sebelisa mekhoa e qapiloeng ke litsebi tsa Maarabo
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Litsebi tsa thuto ea linaleli li ne li boloka litlaleho tsa potoloho ea lipolanete lialmanakeng tse ngata tse ileng tsa bokelloa linaheng tsa Boislamo
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bolo e bontšang lihloliloeng tsa leholimo, ea selemong sa 1285 C.E.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Maqephe a buka ea lihlopha tsa linaleli e ngotsoeng ka Searabo ke setsebi sa thuto ea linaleli, e leng ‘Abd al-Raḥmān al-Sufi, hoo e ka bang selemong sa 965 C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
Pages 16 and 17: Art Resource, NY
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]
Manuscript: By permission of the British Library; globe: © The Bridgeman Art Library