Kamoo Searabia e Bileng Puo ea Barutehi
KA MAKHOLO a lilemo, Searabia e ne e le puo e hlaheletseng ea barutehi. Qalong ea lekholo la borobeli la lilemo C.E., metseng e fapaneng ea Bochabela bo Hare, litsebi tse buang Searabia li ile tsa fetolela le ho tšoaea liphoso libukeng tsa saense le tsa filosofi tse ngotsoeng linakong tsa Ptolemy le Aristotle. Litsebi tse buang Searabia li ile tsa boloka le ho ntlafatsa mosebetsi oa bahlalefi ba boholo-holo.
Ho Tsoakana ha Litso Tsa Barutehi
Lekholong la bosupa le la borobeli la lilemo la Mehla ea Rōna, ho ile ha hlaha mebuso e mecha e ’meli ea masika a borena Bochabela bo Hare—oa pele e bile oa Maumayyad eaba ho latela oa Maabbasid. Kaha bafo ba mebuso ena ba neng ba lula Arabia, Asia Minor, Egepeta, Palestina, Persia le Iraq ba ne ba susumelitsoe ke Greece le India, babusi bana ba bacha ba ile ba khona ho fumana boitsebiso bo bongata ba thuto bo bokeletsoeng. Maabbasid a ile a haha motse-moholo o mocha e leng Baghdad, oo ho oona ho ileng ha tsoakana barutehi ba litso tse sa tšoaneng. Moo, Maarabo a ile a tsoakana le Bagerike, Bajuda, Maarmenia, Maberber, Machaena, Macopt, Maindia, Mapersia, Masogdia, Maturkey le ho tloha ka nģane ho nōka ea Oxus, e tsejoang e le Amu Dar’ya, e Asia Bohareng. Batho bana ba litso tse sa tšoaneng ba ile ba ithuta saense le ho phehisana hammoho, ba ba ba arolelana litloaelo tsa bona mabapi le thuto.
Babusi ba Maabbasid ba Baghdad ba ne ba khothalletsa batho ba hlalefileng hore ba kenye letsoho litabeng tsa ho ntlafatsa thuto, ho sa tsotellehe hore na ba tsoa hokae. Ho ile ha etsoa boiteko ba ho bokella le ho fetolela libuka tse likete tse mashome ka Searabia, tse buang ka lintho tse fapa-fapaneng tse akarelletsang thuto ea ho fetola ntho e tloaelehileng hore e be ea bohlokoa, lipalo, geometry, bongaka, ’mino, filosofi le fisiks.
Caliph al-Manṣūr, ea busitseng ho tloha ka 754 C.E. ho ea ho 775 C.E., o ile a roma manģosa lekhotleng la Byzantine ho ea batla libuka tsa Bagerike tsa lipalo. Caliph al-Ma’mūn (813 C.E.ho ea ho 833 C.E.) le eena o ile a etsa boiteko bo tšoanang e le hore a fumane thuto ea Bagerike, eaba o etsa hore ho be le mokhatlo oa phetolelo oa Bagerike le Maarabo o ileng oa tšoarella hoo e ka bang lilemo tse ka holimo ho makholo a mabeli. Kahoo, ho ea qetellong ea lekholo la boleshome la lilemo, hoo e ka bang libuka tsohle tsa filosofi le saense tse ngotsoeng ka Segerike li ne li se li fetoletsoe ka Searabia. Empa liithuti tsa Maarabo ha lia ka tsa etsa mosebetsi oa ho fetolela feela. Li ile tsa boela tsa sibolla lintho tse itseng.
Se Sibolotsoeng ke Maarabo
Bafetoleli ba bangata ba Maarabo ba ne ba fetolela ka nepo le ka lebelo le hlollang. Ke ka lebaka leo bo-rahistori ba bang ba ileng ba pheha khang ea hore e tlameha ebe bafetoleli bao ba ne ba tseba litaba tse neng li tšohloa. Ho feta moo, litsebi tse ngata li ile tsa sebelisa libuka tse fetoletsoeng e le ho li thusa hore li etse lipatlisiso.
Ka mohlala, Ḥunayn ibn Isḥāq e leng ngaka ebile e le mofetoleli (808 C.E. ho ea 873 C.E.), eo hape e neng e le Mokreste ea buang Searame, o ile a thusa haholo hore batho ba utloisise kamoo leihlo le bonang kateng. Libuka tsa hae li ne li akarelletsa litšoantšo tse nepahetseng tsa sebōpeho sa leihlo, ’me li ile tsa sebelisoa e le litšupiso litabeng tsa bongaka ba mahlo lefatšeng la Maarabo le Europe. Rafilosofi Ibn Sīnā eo hape e leng ngaka, ea tsejoang Europe e le Avicenna (980 C.E. ho ea ho 1037), o ngotse libuka tse ngata tse buang ka lihlooho tse fapa-fapaneng tse akarelletsang melao ea boitšoaro, tsela ea ho sekaseka lintho, mekhoa ea phekolo le filosofi ea bophelo. Pokellong ea hae e khōlō e bitsoang Canon of Medicine, o ile a ngola ka tsebo ea bongaka e neng e le teng ka nako eo, ho akarelletsa le likhopolo tsa bahlalefi ba tsebahalang ba Bagerike, e leng Galen le Aristotle. Buka ea Canon e ile ea e-ba buka e sebelisoang ke batho ba ithutelang bongaka ka lilemo tse ka bang 400.
Bafuputsi ba Maarabo ba ile ba amohela mokhoa oa ho etsa liteko oa saense oo e sa ntseng e le oona oa bohlokoa khatelo-peleng ea saense. Sena se ile sa etsa hore ba boele ba lekanye phikoloho ea lefatše, ’me ba lokise boitsebiso bo mabapi le sebōpeho sa lefatše bo libukeng tsa Ptolemy. Rahistori Paul Lunde o re: “Ba ile ba ba ba hlahloba boitsebiso ba mohlalefi ea tsebahalang oa Mogerike e leng Aristotle, mohlomong le ho bo lokisa.”
Tsoelo-pele thutong e ile ea bonahala le mafapheng a fapa-fapaneng, a kang ho haha matamo, likotopo tsa metsi le ho etsa mabili a fehlang metsi, tseo tse ling tsa tsona li ntseng li le teng le kajeno. Libuka tse ncha tse buang ka temo hammoho le bophelo ba limela li ile tsa etsa hore balemi ba tsebe ho khetha limela tse ntlehali bakeng sa libaka tse itseng ’me seo se ile sa eketsa chai.
Ka 805 C.E., Caliph Hārūn ar-Rashīd o ile a haha sepetlele sa pele tlas’a puso ea hae e nammeng. Ho e-s’o ee hokae, motse o mong le o mong o hlaheletseng tlas’a puso ea hae o ne o se o e-na le sepetlele.
Litsi Tse Ncha Tsa Thuto
Metse e ’maloa lefatšeng la Maarabo e ne e e-na le lilaebrari le litsi tse khethehileng tsa thuto. Caliph al-Ma’mūn o ile a theha setsi sa ho fetolela le ho etsa lipatlisiso Baghdad, se bitsoang Bait al-Hikma, e bolelang “Ntlo ea Bohlale.” Batho ba neng ba sebetsa teng ba ne ba akarelletsa le litsebi tse neng li lefshoa. Ho boleloa hore laebrari e khōlō ea Cairo e ne e e-na le libuka tse ka holimo ho milione. Ka nako e tšoanang, motse-moholo oa mehleng oa Spain e leng Córdoba, ha e sa busoa ke Maumayyad, o ne o e-na le lilaebrari tse 70, tse neng li hohela litsebi le liithuti ho tsoa lefatšeng lohle la Maarabo. Ka lilemo tse ka holimo ho makholo a mabeli, Córdoba e ile ea tsoela pele e le eona e li hulang pele thutong.
Persia teng, mokhoa oa ho sebetsa lipalo oa Greece o ile oa tsoakana le oa India, e leng moo litsebi tsa thuto ea lipalo li ileng tsa qapa mokhoa oa ho sebelisa le ho hlalosa lipalo. Mokhoeng oo oa ho ngola lipalo, palo ka ’ngoe e nka sebōpeho se fapaneng ho ea ka hore na e lutse lehlakoreng lefe ho palo ea noto. Ka mohlala palo ’ngoe e ka emela ’ngoe, leshome, lekholo joalo-joalo. Lunde o re: “Mokhoa ona ha oa ka oa nolofatsa lipalo tsa mefuta eohle feela empa o ile oa boela oa etsa hore ho khonehe ho qapa algebra (litlhaku tsa alfabeta tse emelang linomoro tse itseng).” Litsebi tsa Maarabo li ile tsa boela tsa etsa khatelo-pele e khōlō mabapi le geometry, trigonometry le ho sesisa likepe.
Nakong eo Maarabo a neng a thahasella ho ithuta saense le lipalo haholo, batho ba bangata lefatšeng ba ne ba sa thahaselle ho ithuta. Ho ile ha etsoa boiteko bo tšoanang Europe ea mehleng e bohareng, haholo-holo matlong a baitlami e le hore ho bolokoe libuka tsa litsebi tsa boholo-holo. Leha ho le joalo, ba ile ba finyella se fokolang ha ho bapisoa le mosebetsi o entsoeng lefatšeng la Maarabo. Hoo e ka bang lekholong la boleshome la lilemo, lintho li ile tsa qala ho fetoha ha libuka tse fetoletsoeng ke litsebi tsa Maarabo li qala ho kena Europe hanyane ka hanyane. Hamorao, ho kena ha tsona ho ile ha hōla hoo ho ileng ha etsa hore saense e tsosolosoe Europe.
Ha re nahana ka se etsahetseng historing, rea bona hore ha ho sechaba kapa batho ba ka ikotlang sefuba ka hore saense le mafapha a mang a amanang le eona e moo e leng teng ka lebaka la bona. Lichaba tsa kajeno tse rutehileng li lokela ho lebisa tlotla ho lichaba tse tlileng pele ho tsona, tse ileng tsa khothalletsa hore batho ba etse lipatlisiso le ho botsisisa lintho tseo litsebi tsa khale li neng li se li li fumane.
[’Mapa o leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
◼Tšusumetso ea Maumayyad
◻Tšusumetso ea Maabbasid
SPAIN
Córdoba
BYZANTIUM
Roma
Constantinople
Nōka ea Oxus
PERSIA
Baghdad
Jerusalema
Cairo
ARABIA
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Setšoantšo sa leihlo sa Ḥunayn ibn Isḥāq
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Leqephe le tsoang bukeng ea Avicenna e bitsoang “Canon of Medicine”
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Litsebi tsa Maarabo laebraring ea Basra, ka 1237 C.E.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Scala/White Images/Art Resource, NY
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 27]
Eye diagram: © SSPL/Science Museum/Art Resource, NY; Canon of Medicine: © The Art Gallery Collection/Alamy