Karolo 3
Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele
Bolumeli le Saense—Motsoako o Mobe
HO BONAHALA lilemo tse likete tsa ho batla ’nete ea saense li ile tsa rala motheo o tiileng bakeng sa phuputso e ileng ea latela. Ka sebele ha ho letho le neng le ka sitisa tsoelo-pele e eketsehileng. Leha ho le joalo, The Book of Popular Science e re: “Ka sebele saense ha ea atleha lekholong la boraro, la bone le la bohlano la lilemo A.D.”
Liketsahalo tse peli tsa bohlokoa li tlatselitse boemong bona. Lekholong la pele la lilemo, pula-maliboho oa mehla e mecha ea bolumeli ebile Jesu Kreste. ’Me mashome a lilemo pelenyana, ka 31 B.C.E., ho theoa ha ’Muso oa Roma ho ne ho hlahisitse mehla e mecha ea lipolotiki.
Ho fapana le bo-rafilosofi ba Bagerike ba tlileng pele ho bona, buka e boletsoeng ka holimo e re Baroma “ba ne ba thahasella haholoanyane ho rarolla mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi ho feta ho etsa phuputso ea ’nete eo ho leng thata ho e utloisisa.” Joale, ka ho utloahalang “seo ba tlatselitseng ka sona ho pure science e bile se fokolang haholo.”
Leha ho le joalo, Baroma e bile lisebelisoa tsa bohlokoa ho nehelana ka tsebo ea saense e neng e bokellane ho fihlela nakong eo. Ka mohlala, Pliny e Moholo o ile a etsa pokello ea saense e bitsoang Natural History lekholong la pele la lilemo. Le hoja pokello ena e ne e ntse e e-na le liphoso, e ile ea sireletsa mefuta e fapaneng ea boitsebiso ba saense boo mohlomong bo ka beng bo lahlehetse meloko e ileng ea latela hamoraonyana.
Mabapi le bolumeli, phutheho ea Bokreste e neng e eketseha ka potlako e ne e sa itšunya-tšunya ho batleng ’nete ea saense ea mehleng eo. Eseng hore Bakreste ba ne ba hanyetsana le eona hakaalo, empa ntho ea pele ea bohlokoa ho Mokreste joalokaha Kreste ka boeena a bontšitse, ka ho hlakileng e ne e le ho utloisisa ’nete ea bolumeli le ho e phatlalatsa.—Mattheu 6:33; 28:19, 20.
Pele ho bofelo ba lekholo la pele la lilemo, Bakreste ba bakoenehi ba ne ba se ba qalile ho tsoaka ’nete ea bolumeli eo ba neng ba laetsoe ho e phatlalatsa. Sena hamorao se ile sa etsa hore ho theoe mofuta oa Bokreste ba bokoenehi joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. (Liketso 20:30; 2 Ba-Thessalonika 2:3; 1 Timothea 4:1) Liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa bontša hore ho lahla ha Bokreste ba bokoenehi ’nete ea bolumeli ho ile ha tsamaisana le boikutlo ba ho iphapanya—’me ka linako tse ling esita le khanyetso e matla—mabapi le ’nete ea saense.
Europe ea “Bokreste” e Lahleheloa ke Ketello-pele ea Eona
The World Book Encyclopedia e hlalosa hore Mehleng e Bohareng (ho tloha lekholong la bohlano la lilemo ho ea ho la bo15), “Europe, liithuti li ne li thahasella theology kapa thuto ea bolumeli ho feta thuto ea tlhaho.” ’Me Collier’s Encyclopedia e bontša hore “ho hatella poloko hona haholo ho feta phuputso ea tlhaho e bile tšitiso e khōloanyane ho feta ho ba tšusumetso saenseng.”
Lithuto tsa Kreste li ne li sa rereloa ho sebeletsa e le tšitiso e joalo. Leha ho le joalo, likhopolo tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana tseo ho leng thata ho li utloisisa, tse akareletsang ho hatisa ka ho feteletseng polokeho ea sephefumolohi seo ho nahanoang hore ha se shoe, li ile tsa khothaletsa tsoelo-pele ena. Boholo ba thuto bo ne bo laoloa ke kereke ’me thuto ena e hlile ea buelloa haholo-holo mahaeng a baitlami. Boikutlo bona ba bolumeli bo ile ba liehisa ho batla ’nete ea saense.
Litaba tsa saense li ne li khelloa fatše haholo ha li bapisoa le thuto ea bolumeli ho tloha qalong ea Mehla e Tloaelehileng. Bonneteng tsoelo-pele ea saense feela eo ho ka buuoang ka eona ke ea meriana. Ka mohlala, mongoli oa bongaka oa Moroma Aulus Celsus oa lekholong la pele la lilemo C.E., ea bitsoang “Hippocrates oa Maroma,” o ile a ngola seo hona joale se nkoang e le mohlala o phethahetseng oa mosebetsi o tsoileng matsoho oa bongaka. Setsebi sa lithethefatsi sa Mogerike Pedanius Dioscorides, eo e neng e le ngaka mabothong a Roma a Nero, o ile a phetha ho ngola buka ea ho ithuta e khethehileng ea tsebo ea lithethefatsi e ileng ea sebelisoa ka ho pharaletseng ka makholo a lilemo. Galen, Mogerike oa lekholong la bobeli la lilemo, ka ho etsa liteko ka tsela eo lintho tsohle tse phelang li sebetsang ka eona, o ile a susumetsa khopolo ea bongaka le ho e sebelisa ho tloha mehleng ea hae ho pholletsa le Mehla e Bohareng.
Nako ea ho se hatele pele ha saense e ile ea tsoela pele esita le ka mor’a lekholo la bo15 la lilemo. Ke ’nete hore bo-rasaense ba Europe ba ile ba sibolla lintho nakong ena, empa boholo ba tsona li ne li sa qale ho sibolloa. Makasine oa Time oa hlokomela: “[Machaena] e ne e le oona litsebi tsa pele tsa saense lefatšeng. Nako e telele pele ho Maeurope, a ne a tseba ho sebelisa compass, ho etsa pampiri le phofshoana ea sethunya sa mosili, [le] mochine o hatisang ka litlhaku.”
Ka baka la lephaka le akaretsang khopolong ea saense Europe ea “Bokreste,” litloaelo tseo eseng tsa Bokreste li ile tsa itlhoma pele.
Khatelo-pele ea Saense
Lekholong la borobong la lilemo, ka sekhahla se seholo bo-rasaense ba Maarabia e ne e le bona ba itlhommeng pele litabeng tsa saense. Lekholong la bo10 le la bo11 la lilemo—ha Bokreste-’mōtoana bo ne bo sa hatele pele—bo-rasaense bana ba ile ba thabela nako ea ho sibolla lintho. Ba ile ba etsa tlatsetso ea bohlokoa merianeng, ho chemistry, botany, physics, le astronomy, ’me habohlokoa ka ho fetisisa thutong ea lipalo. (Bona lebokose, leqepheng la 19.) Maan Z. Madina, motlatsi oa moprofesa oa Learabia Univesithing ea Columbia, o bolela hore “trigonometry ea mehleng ena hammoho le algebra le geometry ke boholo ba lintho tse qapiloeng ke Maarabia.”
Boholo ba tsebo ena ea saense e ne e le ba tlhaho. Empa bo bong ba eona bo ne bo theiloe motheong o pharaletseng oa filosofi ea Segerike eo ka ho makatsang e tlileng ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha bolumeli.
Ha ho bapisoa haholo le Mehleng e Tloaelehileng, Bokreste-’mōtoana bo ile ba saballa ho kena Persia ’me ka mor’a moo ba kena Arabia le India. Nakong ea lekholo la bohlano la lilemo, Nestorius, mopatriareka oa Constantinople, o ile a ameha qhoebeshanong e ileng ea etsa hore ho be le karohano e feletseng ka mokha o itsamaisang kerekeng ea Bochabela. Hona ho ile ha fella ka hore ho be le sehlopha sa mokha o ikarotseng oa balateli ba Nestorius.
Lekholong la bosupa la lilemo, ha bolumeli bo bocha ba Mamosleme bo hlahella ka tšohanyetso ’me bo qala letšolo la bona la ho atoloha, balateli ba Nestorius ba ile ba potlakela ho fetisetsa tsebo ea bona ho bahlōli ba bona ba Maarabia. Ho latela The Encyclopedia of Religion, “Balateli ba Nestorius e bile bona ba pele ho ntšetsa saense le filosofi ea Segerike pele ka ho fetolela libuka tsa Segerike puong ea Sesyria ’me hamorao ka Searabia.” Ke bona hape ba “pele ba tlisitseng tsebo ea bongaka ea Segerike Baghdad.” Bo-rasaense ba Maarabia ba ile ba qala ho ntšetsa pele lintho tseo ba ithutileng tsona ho balateli ba Nestorius. Searabia se ile sa nkela Sesyria sebaka joaloka puo ea saense ’musong oa Arabia ’me se ile sa ipaka e le puo e loketseng bakeng sa lingoliloeng tsa saense.
Empa Maarabia a ne a fana ka tsebo joalokaha a ne a e amohela. Ha baahi ba Mauretania ba kena Europe ho tsoa Spain—le ho lula teng lilemo tse fetang 700—ba ile ba tla le mekhoa ea Mamosleme e tsoetseng pele. ’Me nakong ea lintoa tse borobeli tse bitsoang Lintoa tsa Bolumeli tsa Bokreste mahareng a selemo sa 1096 le 1272, masole a bolumeli a Bophirima a ne a khahliloe haholo ke tsoelo-pele ea Mamosleme eo a ileng a e fumana. ’Me joalokaha mongoli e mong a boletse, ba ile ba khutlela ha habo bona le “likhopolo tse ngata tse ncha.”
Mokhoa o Bonolo oa Lipalo tsa Maarabia
Tlatsetso e ’ngoe ea bohlokoa eo Maarabia a e entseng Europe e bile ho hlahisa lipalo tsa Searabia tse ileng tsa nkela mokhoa oa Seroma oa ho sebelisa liletere sebaka. Ha e le hantle, “lipalo tsa Searabia” ke lebitso le fosahetseng. Mohlomong lebitso le nepahetseng haholoanyane ke “lipalo tsa Sehindu le Searabia.” Ke ’nete hore le hoja seithuti sa lipalo le linaleli sa Moarabia sa lekholong la borobong la lilemo al-Khwārizmī a ile a ngola ka mokhoa ona o ne a o fumane ho liithuti tsa lipalo tsa Mahindu tsa India tse o qapileng lilemong tse fetang sekete pelenyana, lekholong la boraro la lilemo B.C.E.
Mokhoa oo o ne o tsejoa hanyenyane feela Europe pele setsebi se tummeng sa lipalo Leonardo Fibonacci (ea tsejoang hape e le Leonardo oa Pisa) a o hlahisa ka 1202 ho Liber abaci (Buka ea Abacus). Ha a bapisa molemo oa mokhoa oo, o ile a hlalosa: “Lipalo tse robong tsa India ke: 9 8 7 6 5 4 3 2 1. Ka lipalo tsena tse robong le letšoao 0 . . . palo efe kapa efe e ka ngoloa.” Qalong Maeurope a ile a arabela ka monyebe o moholo. Empa ho ea bofelong ba Mehla e Bohareng, a ne a amohetse mokhoa o mocha oa ho sebelisa linomoro, ’me ho ba bonolo ha oona ho ile ha khothalletsa tsoelo-pele ea saense.
Haeba oa belaela hore lipalo tsa Sehindu le Searabia li bonolo ho feta lipalo tsa Seroma tse neng li sebelisoa pele, ak’u leke ho tlosa LXXIX ho MCMXCIII. Na oa ferekana? Mohlomong ho tlosa 79 ho 1 993 ho ka ba bonolo haholoanyane.
Ho Tsosolosa Thahasello ea ho Ithuta Europe
Ho qala lekholong la bo12 la lilemo, thahasello ea ho ithuta e ’nileng ea cheseheloa haholo lefatšeng la Mamosleme e ile ea qala ho fokola. Leha ho le joalo, e ile ea tsosolosoa hape Europe ha liithuti li qala ho bōpa lihlopha tsa bo-pula-maliboho ba liunivesithi tsa mehleng ena. Bohareng ba lekholo la bo12 la lilemo ho ile ha hlaha liunivesithi tsa Paris le Oxford. Ho ile ha latela Univesithi ea Cambridge mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo, ’me ea Prague le Heidelberg li ile tsa latela lekholong la bo14 la lilemo. Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, liunivesithi li ne li fetohile litsi tse khōlō tsa ho etsa phuputso ea saense.
Qalong, likolo tsena li ne li susumetsoa ke bolumeli ka matla, lithuto tse ngata li ne li likoloha thutong ea bolumeli kapa li sekametse ho eona. Empa ka nako e tšoanang, likolo li ile tsa amohela filosofi ea Segerike, haholo-holo lingoliloeng tsa Aristotle. Ho latela The Encyclopedia of Religion, “mokhoa oa tsamaiso ea Sekolo . . . ho pholletsa le Mehla e Bohareng . . . o ne o raliloe ho latela kutloisiso ea Aristotle ea ho hlalosa, ho arola le ho tšetleha mabaka kutloisisong e totobalitsoeng libukeng le mokhoa oa hae oa ho rarolla mathata.”
Setsebi se seng sa lekholong la bo13 la lilemo se ileng sa rera ho kopanya thuto ea Aristotle le thuto ea bolumeli ea Bokreste e ne le Thomas Aquinas, eo hamorao a ileng a bitsoa “Aristotle oa Mokreste.” Empa lintlheng tse ling o ne a sa lumellane le Aristotle. Ka mohlala, Aquinas o ne a hanyetsa khopolo ea hore lefatše esale le le teng, a lumellana le Mangolo hore le ile la boptjoa. The Book of Popular Science, e re ka ho khomarela “ka matla tumelong ea hore bokahohle ba rōna bo nang le taolo bo ka utloisisoa leseling la ho beha mabaka” o ile “a etsa tlatsetso ea bohlokoa bakeng sa tsoelo-peleng ea saense ea mehleng ea kajeno.”
Leha ho le joalo, boholo ba lithuto tsa Aristotle, Ptolemy le Galen li ne li amoheloa ke kereke e le ’nete e sa foseng. Buka ea boitsebiso e boletsoeng ka holimo ea hlalosa: “Mehleng e Bohareng, ha thahasello bakeng sa liteko tsa saense le ho hlokomela se etsahalang e ne e fokotseha haholo, lentsoe la Aristotle e ne e le molao. Ipse dixit (‘Se boletsoeng ke eena ka seqo’) e ne e le khang eo liithuti tsa mehleng e bohareng li neng li e sebelisa ho paka ’nete ea lintho tse ngata tse etsahalang ‘saenseng.’ Tlas’a maemo ana liphoso tsa Aristotle, haholo-holo ho physics le astronomy, li ile tsa liehisa tsoelo-pele ea saense ka lilemo tse makholo.”
Motho e mong ea ileng a phephetsa ho khomarela maikutlo ana a pele ntle ho pelaelo e bile setho sa bolumeli sa Oxford sa lekholong la bo13 la lilemo Roger Bacon. Le hoja Bacon a bitsoa “motho oa bohlokoa ka ho fetisisa oa saense ea mehleng e bohareng,” e ne e le eena feela ea ileng a buella ho etsa liteko e le mokhoa oa ho ithuta linnete tsa saense. Ho boleloa hore ho tloha mathoasong a 1269, makholo a lilemo pele ba bang ba hlokomela linnete tsena, o ile a bolela esale pele ka makoloi, lifofane, le likepe tse nang le enjine.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ponelo-pele le kelello e bohlale, Bacon o ne a haelloa ke tsebo ea linnete tsena. O ne a lumela ka matla boleping ba linaleli, boloing, le boselamoseng. Ka sebele sena se bontša hore saense ke letšolo le tsoelang pele la ho batla ’nete, ke letšolo leo ka mehla le hlahlobisisoang hape.
Le hoja ho bonahetse ho etsa patlisiso ea saense ho le monyebe lekholong la bo14 la lilemo, ha lekholo la bo15 la lilemo le ea bofelong, ho batla ’nete ea saense ha moloko oa batho ho ne ho tla tsoela pele. Ha e le hantle, lilemo tse latelang tse 500 e ne e tla ba tsa bohlokoa haholo ho feta tse tlileng pele. Lefatše le ne le eme lintšing tsa phetoho e khōlō ea saense. Joalokaha e le ’nete ka phetoho e ’ngoe le e ’ngoe, ena e ne e tla ba le bahale ba eona, ba tla behoa molato, ’me ka holim’a tsohle, bahlaseluoa ba eona. Ithute ho eketsehileng ho Karolo 4 ea “Saense—Ho Batla ’Nete ha Moloko oa Batho ho Tsoelang Pele” tokollong ea rōna e latelang.
[Lebokose le leqepheng la 19]
Nako ea Bohlokoa ea Saense ea Searabia
Al-Khwārizmī (oa lekholong la borobeli le la borobong la lilemo), setsebi sa lipalo le linaleli sa Iraq; o tsebahala ka ho qapa lentsoe “algebra,” ea Searabia ho tsoa ho al-jebr e bolelang “ho kopanya likarolo tse pshatlehileng.”
Abū Mūsā Jābir ibn Ḥayyān (oa lekholong la borobeli le la borobong la lilemo), setsebi sa saense ea lik’hemik’hale; o bitsoa pula-maliboho oa chemistry oa Arabia.
Al-Battānī (oa lekholong la borobeli le la borobong la lilemo), setsebi sa linaleli le lipalo; o ile a ntlafatsa mokhoa oa ho sebetsa lipalo thutong ea linaleli ea Ptolemy, ’me ka ho nepahetseng haholoanyane a lekanyetsa lintho tse kang bolelele ba nako ea selemo le likarolo tsa selemo.
Ar-Rāzī (Rhazes) (oa lekholong la borobeli le la borobong la lilemo), e mong oa lingaka tse tsebahalang ka ho fetisisa tse hlahetseng Persia; e bile eena pula-maliboho ea tsebileng ho khetholla sekholopane le ’maselese le ho beha lintho ka lihlopha tsa tsona joaloka liphoofolo, limela, kapa lintho tse sa pheleng.
Abū ‘Alī al-Ḥasan ibn al-Haytham (Alhazen) oa Basra (oa lekholong la bo10 ho isa ho la bo11 la lilemo), setsebi sa lipalo le ngaka; o ile a etsa tlatsetso ea bohlokoa saenseng ea leseli (optics) ho kopanyeletsa le refraction, reflection, binocular vision le refraction e etsahalang sebakeng; e bile eena pula-maliboho ea hlalositseng ka nepo hore u bona ka baka la leseli le tsoang nthong eo u e talimmeng le khutlelang leihlong.
Omar Khayyám (oa lekholong la bo11 ho isa ho la bo12 la lilemo), setsebi sa lipalo se tsebahalang sa Persia, seithuti sa physics, sa linaleli, ngaka, le rafilosofi; o tsebahala haholo bakeng sa libuka tsa hae tsa lithothokiso Bophirimela.
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Aristotle (ka holimo) le Plato (ka tlaase) ba ile ba susumetsoa ka matla ke khopolo ea saense ho theosa le makholo a lilemo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
National Archaeological Museum of Athens
Musei Capitolini, Roma