Kamoo U ka Hlaolelang Lerato la ho Ithuta
“Ruta ngoana tsela ea ho phela, ha a hōlile a ke ke be a fapoha.”—LIPROVERBIA 22:6, BIBELE—PHETOLELO E NCHA.
NA U se u kile ua leka ho robatsa bana nakong eo ho etsahalang ntho e itseng e thahasellisang? Le hoja ba khathetse, ba lla ba bile ba solasola, ba tla loantša boroko e le hore ba se fetoe ke se etsahalang. John Holt, eo e leng mongoli, oa ngola: “Tlhoko [ea bona] ea ho utloisisa se etsahalang lefatšeng le ho hlaolela ho ba le tsebo ea ho etsa lintho hantle e tebile, ebile e matla joaloka tlhoko ea bona ea ho ja, ea ho phomola kapa ea ho robala. Ka linako tse ling e ka ba matla le ho feta tseo.”
Bothata bo teng ke ba hore bana ba lule ba e-na le takatso ea ho ithuta ha bophelo bo ntse bo tsoela pele, ho kopanyelletsa le nakong ea lilemo tsa sekolo. Le hoja ho se na mokhoa o itseng oo joang kapa joang ha o sebelisoa o ka tlisang katleho, ho na le litsela tse ’maloa tse ipakileng li sebetsa tseo batsoali, matichere hammoho le bana ba ka li sebelisang. Leha ho le joalo, tsela ea bohlokoa ho li feta kaofela ke lerato.
Etsa Hore Lerato le Hlahise se Molemohali
Bana ba labalabela lerato la botsoali. Le etsa hore ba ikutloe ba sireletsehile, le ba etsa hore ba rate ho bua le ba bang haholoanyane, ba botse lipotso le ho ithuta lintho. Lerato le susumelletsa batsoali hore ba bue le bana ba bona kamehla le ho thahasella thuto ea bona. Buka ea Eager to Learn—Helping Children Become Motivated and Love Learning e re liphuputso li bontša hore “batsoali ho bonahala e le bona tšusumetso e ka sehloohong ho khothalletseng bana hore ba ithute.” Liphello tsa tšusumetso eo li sebetsa haholoanyane ha batsoali ba sebelisana le matichere. Buka eo e re: “Ha ho na ntho e matla joaloka ho sebelisana hammoho ha motsoali le tichere ha ba leotsa thahasello ea ngoana ea hore a ithute.”
Batsoali ba boetse ba susumetsa matla a bana ba bona a ho ithuta. Phuputsong e qetileng nako e telele e entsoeng malapeng a 43, buka ea Inside the Brain e tlalehile hore bafuputsi “ba fumane hore bana bao ho ileng ha buuoa le bona haholo [lilemong tsa bona tse tharo tse qalang], ba ne ba e-na le bohlale ba tlhaho bo phahameng ho feta ba bana bao batsoali ba bona ba sa kang ba bua le bona haholo.” Buka eo e phaella ka hore “batsoali ba buang le bana ba bona haholo ba rata ho rorisa katleho ea bana, ba arabela lipotso tsa bona, ba fana ka tataiso ho e-na le ho fana ka litaelo, ’me ba sebelisa mantsoe a fapaneng ka litsela tse sa tšoaneng.” Haeba u motsoali, na u buisana le bana ba hao kamehla le ka tsela e ba ruisang molemo?
Lerato le Mosa ’me Lea Utloisisa
Bana ba fapane ho latela bokhoni ba bona le ho tšoara lintho kapele. Ha ho pelaelo hore batsoali ba ke ke ba batla hore ho se tšoane hona ho susumetse lerato leo ba le bontšang. Leha ho le joalo, lefatšeng la kajeno, hangata batho ba ahloloa ho latela bokhoni ba bona, e leng ntho e ka etsang hore bana ba bang ba “nke ho itlhoma pele tlhōlisanong e le eona ntho e tla etsa hore ba nkoe e le ba bohlokoa,” ho latela buka ea Thinking and Learning Skills. Ntle le hore tumelo ena e bakela bana hore “ba be le tšabo ea ho feila,” e ka boetse ea etsa hore ba be le maikutlo a sa hlokahaleng a ho tšoenyeha le ho hatelleha maikutlong. Makasine ea India Today e re ho tšoenyeha ho bakoang ke khatello ea ho ithuta sekolong le ke ho haella ha tšehetso ea lelapa ho nkoa e le lona lebaka le ka sehloohong le entseng hore palo ea bacha ba ipolaeang India ebe e nyolohile ka makhetlo a imenneng hararo lilemong tse 25 tse fetileng.
Bana ba ka boela ba lemala maikutlong haeba ba bitsoa “litseketseke” kapa “lithoto.” Lipolelo tse utloisang bohloko joaloka tseo li etsa hore ngoana a tsoafe ho ithuta ho e-na le hore li mo khothatse. Leha ho le joalo, lerato la motsoali le lokela hore ka linako tsohle le be mosa, le tšehetse takatso ea ngoana ea tlhaho ea ho batla ho ithuta—’me e le ho latela matla a hae, a sa tšabe hore o tla tlotloloha. (1 Bakorinthe 13:4) Haeba ngoana a e-na le bothata ba ho ithuta, batsoali ba lerato ba leka ho mo thusa, le ka mohla ha ba etse hore ngoana a ikutloe e le sethoto kapa a ikutloe a se na thuso. Ke ’nete hore sena se ka hloka mamello le tsela e ntle ea ho bua, empa boiteko bo joalo ke ba bohlokoa haholo. Motho a ka hlaolela ho ba le lerato le joalo joang? Mohato oa pele oa bohlokoa ke ho ba le pono ea lintho tsa moea.
Pono ea Lintho Tsa Moea e Leka-lekanya Lintho
Bomoea bo thehiloeng Bibeleng ke ba bohlokoa haholo-holo ka mabaka a ’maloa. Har’a a mang, bo re thusa ho beha thuto ea lefatše boemong bo e tšoanetseng, re e nke e le ea bohlokoa empa e seng e le eona feela ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ka mohlala, tsebo ea lipalo e ka thusa maemong a mangata, empa e ke ke ea etsa hore motho a be le boitšoaro bo botle.
Bibele e boetse e re khothalletsa hore re be ba leka-lekaneng tabeng ea nako eo re e qetang lithutong tsa lefatše, e re: “Ho etsoa ha libuka tse ngata ha ho na bofelo, ’me ho inehela haholo ho tsona ho tepelletsa ’mele.” (Moeklesia 12:12) Ke ’nete hore bana ba hloka ho fumana thuto e ntle ea motheo, empa sena ha sea lokela ho nka nako eohle ea bona. Ba ntse ba hloka nako ea ho etsa lintho tse ling tse ka ba tsoelang molemo, haholo-holo tsa moea, tse ba rutang seo ba lokelang ho ba sona.
Tšobotsi e ’ngoe ea bomoea bo thehiloeng Bibeleng ke boikokobetso. (Mikea 6:8) Batho ba inyenyefatsang ba lumela mefokolo ea bona, ’me ha ba oele lerabeng la takatso e matla ea botumo le la ho ba tlhōlisanong e kotsi ea se-mphete-ke-u-fete, e leng lintho tse teng likolong tse ngata. India Today, e re: “Ha mekhoa ena e mebe e kopana, e ka bakela motho khatello ea kelello.” Ebang re bacha kapa re hōlile, lintho li re tsamaela hantle haholoanyane ha re mamela keletso e bululetsoeng ea Bibele: “A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano, ba honohelanang.” “Empa e mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”—Bagalata 5:26; 6:4.
Batsoali ba ka sebelisa see joang thutong ea bana ba bona? Tsela e ’ngoe ke ka ho khothalletsa ngoana e mong le e mong hore a ipehele lipakane le ho bapisa mesebetsi ea hae. Ka mohlala, haeba mora oa hao a sa tsoa ngola tlhahlobo ea lipalo kapa ea ho ngola mantsoe ka tsela e nepahetseng, e-re a bapise sephetho sa hae le sa tlhahlobo ea nako e fetileng. Joale ebe ua mo babatsa kapa ua mo khothatsa ha ho hlokahala. Ka tsela ena, u mo thusa hore a ipehele lipakane tseo a ka li finyellang, a hlahlobe tsoelo-pele ea hae le ho sebetsana le bofokoli leha e le bofe boo a nang le bona, ha ka nako e tšoanang a sa ipapise le ba bang.
Leha ho le joalo, matsatsing ana bacha ba bang ba ka ’nang ba pasa hantle ba khetha ho se sebetse hantle sekolong moo ba tšabang hore ba tla songoa. Bacha ba bang ba na le boikutlo ba hore “ho ba seithuti se sebetsang hantle hase ‘ho khema le linako.’” Na pono ea moea e ka thusa boemong boo? E ka sebele! Nahana ka Bakolose 3:23, e reng: “’Me seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, le se etse ka pelo e ratang joalo ka hoja le etsetsa Morena, e seng batho.” (Bibele ea Sesotho) Na ho na le lebaka la bohlokoa leo u ka le nahanang la ho sebetsa ka thata ho feta la ho thabisa Molimo? Pono e nepahetseng joalo e fa motho matla a ho hanela khatello e mpe ea lithaka.
Ruta Bana ho Rata ho Bala
Ho bala le ho ngola ke motheo o motle oa thuto e ntle—ebang ke ea lefatše kapa ea moea. Batsoali ba ka etsa hore bana ba rate ho bala ka ho ba balla ho tloha boseeng. Daphne, eo mosebetsi oa hae e leng ho hlahloba liphoso lingoliloenng pele li hatisoa, o ananela taba ea hore batsoali ba hae ba ne ba mo balla kamehla ha e sa le ngoana. Oa hlalosa: “Ba ile ba etsa hore ke rate ho bala. Ka lebaka leo, ke ile ka tseba ho bala le pele ke e-ea sekolong. Hape batsoali ba ka ba ile ba nthuta hore ke etse lipatlisiso e le hore ke fumane likarabo lipotsong tseo ke neng ke li botsa. Koetliso ena e bile ea bohlokoa ho fihlela lena le holimo.”
Ka lehlakoreng le leng, Holt, ea qotsitsoeng pejana, o fana ka tlhokomeliso ea hore ho balla bana “ha ho bolele hore tsohle li tla tsamaea bolacha feela.” Oa phaella: “Haeba ho balla bana ho sa thabise batsoali hammoho le bona bana, ho ka senya ho e-na le ho hlahisa se molemo. . . . Esita le bana ba ratang ho balloa . . . haeba batsoali ba bona ba sa ho rate, le bona ha ba ho rate.” Ka hona, Holt o fana ka tlhahiso ea hore batsoali ba khethe libuka tseo le bona ba li thabelang, ba ntse ba hopola taba ea hore bana ba ka ’na ba batla ho balloa libuka tseo ka makhetlo a mangata! Libuka tse peli tseo batsoali ba limilione lefatšeng ka bophara ba thabelang ho li balla bana ba bona ke ea Ithute ho Mosuoe e Moholo le ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Kaha libuka tsena li ngoletsoe bana ka ho khetheha, li na le litšoantšo tse ngata, li susumelletsa ngoana hore a nahane le ho mo ruta melao-motheo ea Molimo.
Timothea, Mokreste oa lekholong la pele la lilemo, o ne a hlohonolofalitsoe ka ’mè le nkhono bao ka ho khetheha ba neng ba thahasella thuto ea hae, haholo-holo ea moea. (2 Timothea 1:5; 3:15) Ha Timothea a hōla, e ile ea e-ba motho ea nang le boikarabelo bo ikhethang le ea ka tšeptjoang—litšoaneleho tseo thuto ea lefatše ka boeona e ke keng ea li hlahisa ho motho. (Bafilipi 2:19, 20; 1 Timothea 4:12-15) Kajeno, liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li na le “Bo-Timothea” ba ratehang ba bangata ba banyenyane—ba bashanyana le ba banana—ka lebaka la batsoali ba bona ba lerato, ba sekametseng linthong tsa moea.
Ruta ka Cheseho!
Bakeng sa tichere e batlang ho hlaolela lerato la ho ithuta ho ba bang, buka ea Eager to Learn, e re: “Ke lentsoe le le leng le akaretsang sohle se hlokahalang—cheseho. Ka ho ba teng feela, matichere a chesehang a bolella liithuti tsa ’ona hore a tsotella seo a se rutang, ’me sena se bonahala ka ho hlaka ha a ruta ka mafolofolo le ka boitelo.”
Leha ho le joalo, ’nete ke hore hase motsoali e mong le e mong, kapa tichere e ’ngoe le e ’ngoe e nang le cheseho. Ka hona, liithuti tse bohlale li leka ho itšusumetsa ka botsona, ho nka ho ithuta e le boikarabelo ba tsona. Etsoe buka e boletsoeng pejana e re, “Ha ho motho ea tla lula pel’a bana ba rōna bophelo bohle ba bona a leka ho ba thusa hore ba ithute, hore ba etse mosebetsi o tsoileng matsoho, ba nahane le ho etsa boiteko bo matla ho ba thusa hore ba be le litsebo tse babatsehang.”
Sena se boetse se hatisa bohlokoa ba hore lapeng ke hona moo ngoana a ithutang lintho tsa bohlokoa teng ho feta sekolong. Batsoali, na le chesehela ho ithuta? Na malapa a lōna ke tikoloho e loketseng ea ho ithuta, eo ho eona ho hatelloang haholo bohlokoa ba lintho tsa moea? (Baefese 6:4) Le hopole hore mohlala oa lōna le thuto eo le fanang ka eona li tla ba le tšusumetso ho bana leha e se e le khale ba qetile sekolong kapa hona ho tloha lapeng.—Bona lebokose le reng “Malapa a Atlehang ho Ithuteng,” leqepheng la 23.
Hlokomela Hore Batho ba Ithuta ka Litsela Tse sa Tšoaneng
Ha ho batho ba babeli ba nahanang ka tsela e tšoanang hantle; e mong le e mong o na le tsela ea hae ea ho ithuta. Se sebetsang hantle ho e mong se ka ’na sa se sebetse hantle ho e mong. Ka hona, Dr. Mel Levine, bukeng ea hae ea A Mind at a Time, o re: “Ho tšoara bana bohle ka tsela e tšoanang ho tšoana le ho ba leeme. Bana ba sa tšoaneng ba na le litlhoko tse sa tšoaneng tsa ho ithuta; ba na le tokelo ea hore litlhoko tsa bona li khotsofatsoe.”
Ka mohlala, batho ba bang ba tšoara le hona ho hopola likhopolo hamolemo ha ba bona litšoantšo kapa mekhoa e meng ea ho hlalosa taba ka tsela e bonoang. Ba bang bona ba rata ha e le ntho e ngotsoeng kapa e buuoang—kapa ba rate ha mekhoa ena e ’meli e kopantsoe hammoho. Levine o re: “Tsela e molemo ea ho hopola ntho ke ho e fetola, ho beha boitsebiso ka tsela e ’ngoe e fapaneng. Haeba e le boitsebiso bo tšoantšitsoeng, bo hlalose ka mantsoe, haeba bo hlalositsoe ka mantsoe, bo etsetse setšoantšo se tla u hopotsa bona.” Mokhoa ona ha o etse hore ho ithuta ho atlehe feela, empa ho boetse ho etsa hore ho be monate.
Ke ’nete hore u ka ’na ua lokela ho leka mekhoa e sa tšoaneng ho bona hore na ke ofe o sebetsang hantle ho uena. Hans, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Mokreste, o ne a ithuta Bibele le George, monna ea seng a hōlile ea neng a sa ruteha haholo. George o ne a e-na le bothata ba ho tšoara lintlha le ho li hopola. Ka hona, Hans o ile a leka ho tšoantša lintlha tsa sehlooho ka ho toroea litšoantšo leqepheng. Hans o re: “Seo se ile sa thusa George ho etsa phetoho e khōlō. Ha e le hantle, o ile a qala ho tšoara le ho hopola lintlha hoo le eena a ileng a imakalla! Ka mor’a ho fumana hore na kelello ea hae e sebetsa joang, ke ile ka fumana hore o ne a le bohlale ho feta kamoo ke neng ke nahanne kateng. Ka potlako, o ile a qala ho itšepa ’me a labalabela lekhetlo le latelang leo re neng re tl’o ithuta ka lona ho feta leha e le neng pele.”
Thuto ha e Tsofalloe
Inside the Brain, e re: “Seo boko bo ka se etsang se itšetlehile ka hore na boa sebelisoa kapa che. Ke mochine o lokelang ho sebelisoa, ho seng joalo oa senyeha, ’me o thabela ho ithuta lintho tse ncha.” Buka eo e boetse e re: “Joalo feela kaha ho ikoetlisa ho boloka batho ba lilemong tsa bo-70 le tsa bo-80 ba le mafolofolo, bafuputsi ba bontša hore ho sebelisa kelello ho ka etsa se tšoanang bokong ba motho ea ntseng a hōla. Ke khale ho e-na le monahano oa hore botsofali bo thotofatsa kelello ka tsela e ke keng ea etsolloa. Empa lipatlisiso tsa morao li bontša hore [sena] se ne se batla se le joalo, kaha e ne e le ntho eo batho ba e lebeletseng, hangata e le ka lebaka la ho se sebelise boko. Ho feta moo, batho ha ba lahleheloe ke lisele tse ngata tsa boko letsatsi le leng le le leng ha ba tsofala, joalokaha ho kile ha nahanoa joalo.” Ho thotofala ha kelello hangata ke letšoao la boloetse bo itseng, ho akarelletsa ba pelo le methapo.
Ke ’nete hore matla a ho sebetsa ha kelello a ka ’na a fokotseha hanyenyane ha motho a ntse a tsofala haholo, empa le teng eseng ka tsela e tebileng. Bafuputsi ba re boko bo sebetsang, bo loantša ho thotofala—haholo-holo haeba motho a ikoetlisa ’meleng ka tsela e nepahetseng kamehla. Buka ea Elderlearning—New Frontier in an Aging Society, e re: “Ha motho a ikakhetse ka setotsoana ho ithuteng, matla a hae a ho ithuta aa eketseha. Batho ba tsoelang pele ho ithuta ke bona ba atlehang ho ithuteng.”
’Nete ea sena e ile ea bontšoa Australia phuputsong e ileng ea etsoa ka lilemo tse 20 bathong ba lilemong tse pakeng tsa tse 60 ho ea ho tse 98. Ho ba bangata bao ho entsoeng phuputso ho bona, matla a kelello a ne a theoha ka karolo ea 1 lekholong selemo le selemo. Leha ho le joalo, tlaleho e re: “Batho ba bang, ho kopanyelletsa le ba seng ba le lilemong tsa bo-90, likelello tsa bona li ne li sa fokotsa matla a tsona a ho sebetsa. Boholo ba batho bana e ne e le ba ileng ba tsoela pele ho ithuta ho itseng, ho kopanyelletsa le ho ithuta puo e ’ngoe le/kapa ho bapala seletsa se itseng sa ’mino.”
George ea boletsoeng pejana, o ne a le lilemong tsa bo-70 ha a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ka ho tšoanang, Virginia, eo hona joale a leng lilemong tsa bo-80, le monna oa hae, Robert, ea seng a hlokahetse, le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele ba se ba ile lilemong. Virginia o re: “Le hoja Robert a ne a se a nkoa e le sefofu, o ne a fana ka lipuo tse khutšoanyane tse thehiloeng Bibeleng Holong ea ’Muso, ’me e le ka boitsebiso ba puo boo a neng a ile a bo tšoara ka hlooho. ’Na ke ne ke se motho ea ratang ho bala, empa hona joale kea ho rata. Ha e le hantle, hoseng hona ke balile makasine ea Tsoha! kaofela ha eona.”
George, Robert le Virginia, e mpa e le e meraro feela ea mehlala ea batho ba bangata ba hōlileng ba pepesang leshano la hore kelello ea motho ea tsofala, ’me ba sebelisa likelello tsa bona hantle. Patlisiso e ’ngoe e bontša hore lilemo tse 70 kapa tse 80 tsa ho ithuta, bokong, ho tšoana le ha ho khuoa metsi ka khalase e le ’ngoe moqomong o tletseng metsi—ha ho bonahale le ho bonahala. Ke hobane’ng ha boko bo e-na le matla a maholo hakaalo?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Inthanete le TV—Na li Molemo Kapa li Kotsi?
Buka ea A Mind at a Time e re: “Ho sebelisa Inthanete ho ka ba molemo ha ba ha senya ka nako e tšoanang.” Ho ithuta mokhoa oa ho fumana boitsebiso ho eona ho ka ba molemo haholo, empa buka ena e hlalosa hore liithuti tse ling li “kopitsa boitsebiso li sa bo utloisise le ho bo utloisisa kapa hona ho bo nyalanya le seo li se tsebang. Ka hona, bothata ke hore sena se ka fetoha mokhoa o mocha oa ho ithuta ntle le ho ameha ka ho feletseng lithutong kapa mohlomong sa fetoha tsela ea ho utsoa boitsebiso ba ba bang le ho bo hlahisa joalokaha eka ke ba hao.”
Bafuputsi ba re ho qeta nako e telele ho tlōla, motho a shebelletse TV, ho ka ’na ha senya bokhoni ba ho rarolla mathata le ba ho mamela, ha fokolisa matla a ho nahana le ho se thuse motho ka letho ho ntlafatseng botho ba hae. Buka ea Eager to Learn, e re: “Joaloka lisakerete, lithelevishene li lokela ho tla li ngotsoe temoso ea hore li ka ba kotsi bophelong ba motho.”
Buka e ’ngoe e re seo bana ba se hlokang haholo ke “ho fumana boitsebiso bo bongata ka puo (ho bala le ho qoqa), lerato le ho koptjoa hangata ka ho bontšoa lerato.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Malapa a Atlehang ho Ithuteng
Mekhoa le litsela tse latelang li ka thusa lelapa la hao hore le atlehe ho ithuteng:
◼ Ho bolella bana ba hao khafetsa le ka tsela e lerato hore u lebeletse litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ho bona le hore ba sebetse hantle
◼ Ho nka ho sebetsa ka thata e le senotlolo sa ho atleha
◼ Ho ba le bophelo bo mahlahahlaha, eseng ho lula feela
◼ Ho qeta lihora tse ngata le ithuta lapeng beke e ’ngoe le e ’ngoe molemong oa bana, le ho phetha mesebetsi e akarelletsang oa sekolo o etsetsoang hae, ho balla monate, ho etsa lintho tsa ho itlosa bolutu, ho phetha mesebetsi ea lelapa le ho koetlisetsoa mesebetsi e meng ea lelapa
◼ Ho talima lelapa e le tokisetso ea ho tšehetsana le ho rarolla mathata le le hammoho
◼ Ho utloisisa melao ea lelapa ka ho hlakileng, e behoang ke batsoali ba sa sekisetse
◼ Ho buisana khafetsa ha batsoali le matichere a bana
◼ Ho hatella bohlokoa ba ho hōla moeeng
[Setšoantšo]
Batsoali, na le ruta bana ba lōna hore ba thabele ho bala?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Li nkiloe bukeng ea Eager to Learn—Helping Children Become Motivated and Love Learning.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Litsela Tsa ho Ntlafatsa ho Ithuta le ho Etsa Hore ho Thabise Haholoanyane
E-ba le Thahasello Ha u ka ua ikakhela ka setotsoana nthong e itseng, u ba le tsebo e eketsehileng haholoanyane ka eona. Buka ea Motivated Minds—Raising Children to Love Learning, e bolela se latelang: “Bafuputsi ba bontšitse kantle ho tikatiko hore ha bana ba ithuta ho itseng hobane ba ho thabela, ba tseba lintho tse eketsehileng, tse ba ruisang molemo le tseo ba tla li hopola nako e telele. Hape ba phehella ntho haholoanyane, ba ba le tsebo ea ho qapa lintho tse fapa-fapaneng le ho labalabela ho etsa mesebetsi e seng bonolo.”
Amahanya Seo U Ithutang Sona le Bophelo Richard L. Weaver II, eo e leng mongoli ebile e le tichere, oa ngola: “Ha seo u ithutang sona ka tlelaseng se amana ka ho toba le seo u se tsebang bophelong, ho ba le tlhase e bonesang lebone la kutloisiso.”
Leka ho Utloisisa Ha batho ba leka ho utloisisa ntho e itseng, ba susumetsa matla a bona a ho nahana le mehopolo ea bona. Ho kenya ntho ka hloohong ka ho ithuta eona ka ho pheta-pheta ha hoa fosahala, empa ha ho nkele ho balla kutloisiso sebaka. Liproverbia 4:7, 8 e re: ‘Hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso. E nke e le ea bohlokoa haholo, ’me e tla u phahamisa.’
Tsepamisa Mohopolo Buka ea Teaching Your Child Concentration, ea hlalosa: “Ntho ea bohlokoahali ea ho ithuta ke ho tsepamisa mohopolo. [Ke ntho] ea bohlokoa hoo e ’nileng ea bitsoa moralo oa motheo oa bohlale, ebile e ’nile ea lekanngoa le bona bohlale ka bobona.” Motho a ka ithuta ho tsepamisa mohopolo. Senotlolo sa hona e ka ba ho qala ho ipha nako e khutšoanyane ea ho ithuta, ebe butle-butle u ntse u e eketsa.
Hlalosa ka Mantsoe a Hao Bukeng ea hae ea A Mind at a Time, Dr. Mel Levine o re: “Liithuti tse atlehang ka ho fetisisa ke tse khonang ho hlalosa taba ka mantsoe a tsona.” Ho hlalosa boitsebiso ka mantsoe a hao ho fokotsa boitsebiso hore e be bo bonyenyane, bo itekanetseng bo tla hopoleha habonolo. Batho ba ngolang lintlha ha li ntse li buuoa ba sebelisa mokhoa ona ka ho se ngole lentsoe le leng le le leng le buuoang.
Kopanya Boitsebiso Bukeng ea The Brain Book, Peter Russell o tšoantša mehopolo le lihakisi tse leketlileng mehopolong e fetileng. Ka bokhutšoanyane feela, u ntlafatsa matla a ho hopola ha u kopanya boitsebiso bo bocha le boo u seng u ntse u bo tseba. Ha u kopanya boitsebiso ka ho eketsehileng, matla a ho hopola aa eketseha.
Iketsetse Litšoantšo ka Kelellong Litšoantšo tse bonahalang li lula nako e telele ka kelellong. Ka hona, moo ho khonehang, iketsetse litšoantšo ka kelellong ka boitsebiso. Ba ithutetseng tsela eo mohopolo o sebetsang ka eona ba sebelisa mokhoa ona, hangata ba iqapela setšoantšo se feteletsang taba kapa se qabolang e le hore ba tle ba hopole boitsebiso boo.
Etsa Tlhahlobo Nakong ea lihora tse 24, re ka lebala karolo ea 80 lekholong ea lintho tseo re ithutileng tsona. Haeba re etsa tlhahlobo e khutšoanyane ka mor’a ho ithuta, ebe re e etsa hape ka mor’a letsatsi, beke, khoeli kapa, esita le ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, re ntlafatsa mohopolo oa rōna haholo, esita le ho etsa hore re batle re hopola sohle seo re ithutileng sona.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Batsoali le matichere ba lokela ho sebetsa hammoho ho thusa bana ho ithuta
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Lilemo ha lia lokela ho sitisa motho ho ithuta