Ho Phela le Tšitiso ea ho Ithuta
Nako ea letsatsi e ratoang ka ho fetisisa ke David ea lilemo li tšeletseng ke nako ea pale. O rata ha ’Mè a mo balla, ’me ha a na bothata ba ho hopola seo a se utloang. Empa David o na le bothata. O sitoa ho ipalla ka boeena. Ha e le hantle, mosebetsi leha e le ofe o mo hlokang hore a sebelise tsebo ea ho ichebela lintho oa mo sulafalla.
Sarah o selemong sa hae sa boraro sekolong, empa mongolo oa hae ke manteteroane a sa tloaelehang. Litlhaku tsa hae li ngoloa hampe, ’me tse ling li ngoloa li tonamisitsoe. Ho tšoenyang batsoali ba hae le ho feta ke taba ea hore Sarah o thatafalloa le ke ho ngola lebitso la hae feela.
Josh, mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20, o sebetsa hantle lithutong tse ling kaofela sekolong haese thutong ea lipalo. Khopolo ea ho sebetsa lipalo e mo ferekanya ka ho feletseng. Ho bona lipalo feela ho halefisa Josh, ’me ha a lula fatše ho etsa mosebetsi oa hae oa sekolo o etsetsoang hae oa thuto ea lipalo, o phakisa ho senyeha maikutlo.
KE’NG e phoso ka David, Sarah le Josh? Na ke feela hore ba botsoa, ba manganga kapa mohlomong ba hlooho li thata? Le hanyenyane. Ngoana ka mong baneng bana, o bohlale ka mokhoa o tloaelehileng kapa o bohlale bo fetang bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, e mong le e mong oa bona o boetse o sitisoa ke tšitiso ea ho ithuta. David o na le dyslexia, lentsoe le sebelisoang bakeng sa mathata a mangata a ho bala. Bothata ba Sarah bo feteletseng ba ho ngola bo bitsoa dysgraphia. ’Me ho hlōleha ha Josh ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa thuto ea lipalo ho tsejoa e le dyscalculia. Tsena ke litšitiso tse tharo feela tsa ho ithuta. Ho na le tse ling tse ngata haholo, ’me litsebi tse ling li hakanya hore ka kakaretso li ama bonyane karolo ea 10 lekholong ea bana, United States.
Ho Hlalosa Litšitiso Tsa ho Ithuta
Ke ’nete hore ka linako tse ling bacha ba bangata ba fumana ho ithuta e le phephetso. Leha ho le joalo, hangata hona ha ho bontše tšitiso ea ho ithuta. Ho e-na le hoo, ho mpa ho bontša hore bana bohle ba na le matla le mefokolo ea ho ithuta. Ba bang ba na le bokhoni bo matla ba ho utloa; ba ka amohela boitsebiso hantle haholo ka ho mamela. Ba bang ba sekametse haholo ho boneng lintho; ba ithuta hamolemo ka ho bala. Leha ho le joalo, sekolong liithuti li khobokantsoe hammoho ka tlelaseng ’me tsohle li lebeletsoe ho ithuta ho sa tsotellehe mokhoa oa ho ruta o sebelisoang. Kahoo, ke ho ke keng ha qojoa hore ba bang ba tla ba le mathata a ho ithuta.
Leha ho le joalo, ho ea ka ba bang ba boholong, phapang e teng pakeng tsa mathata a ho ithuta feela le litšitiso tsa ho ithuta. Ho hlalositsoe hore mathata a ho ithuta a ka hlōloa ka mamello le boiteko. Ka ho fapaneng, litšitiso tsa ho ithuta li boletsoe li metse ka metso haholoanyane. Dr. Paul Wender le Dr. Esther Wender baa ngola: “Boko ba ngoana ea nang le tšitiso ea ho ithuta bo bonahala bo hlokomela, bo sebetsa kapa bo hopola mefuta e itseng ea mesebetsi ea kelello ka tsela e fosahetseng.”a
Leha ho le joalo, tšitiso ea ho ithuta ha e hlile ha e bolele hore ngoana o holofetse kelello. Ho hlalosa sena, ba ha Wender ba etsa papiso ka batho ba sitoang ho utloa le ho khetholla phapang pakeng tsa melumo e fapaneng ea ’mino. Ba ha Wender baa ngola: “Batho ba sitoang ho utloa phapang pakeng tsa melumo e fapaneng ea ’mino ha baa holofala bokong ’me ha ho letho le phoso ka kutlo ea bona. Ha ho motho ea ka reng ho sitoa ho utloa phapang pakeng tsa melumo e fapaneng ea ’mino ho bakoa ke botsoa, ho haelloa ke thuto kapa ho haelloa ke tšusumetso.” Ba re hoa tšoana le ka batho ba nang le tšitiso ea ho ithuta. Hangata, bothata bo ama tšobotsi e itseng ea ho ithuta ka ho khetheha.
Hona ho hlalosa lebaka leo ka lona bana ba bangata ba nang le litšitiso tsa ho ithuta ba leng bohlale ka mokhoa o tloaelehileng kapa ba leng bohlale bo fetang bo tloaelehileng; ka sebele, ba bang ba bohlale ka ho fetisisang. Ke ho ikhanyetsa hona hoo hangata ho hlokomelisang lingaka hore e ka ’na eaba tšitiso ea ho ithuta e teng. Buka Why Is My Child Having Trouble at School? ea hlalosa: “Ngoana ea nang le tšitiso ea ho ithuta o ba boemong bo ka tlaase ho bo lebeletsoeng bakeng sa lilemo tsa hae le boemo ba Tekanyo ea hae ea Bohlale [IQ] ka lilemo tse peli kapa ho feta.” Ka mantsoe a mang, bothata hase feela hore ngoana o na le bothata ba ho ba boemong bo lekanang le ba lithaka tsa hae. Ho e-na le hoo, tšebetso ea hae ha e lekane le matla a hae ka boeena.
Ho Fana ka Thuso e Hlokahalang
Liphello tsa maikutlo tse bakoang ke tšitiso ea ho ithuta hangata li mpefatsa bothata. Ha bana ba nang le tšitiso ea ho ithuta ba sebetsa hampe sekolong, ba ka ’na ba talingoa e le ba hlōlehang ke matichere le lithaka tsa bona, mohlomong esita le ke malapa abo bona ka booona. Ka masoabi, bana ba bangata ba joalo ba hōlisa maikutlo a fosahetseng ka bona ka bobona a ka ’nang a tsoela pele ha ba ntse ba hōla. Ke habohlokoa ho ameha ka hona, kaha hangata litšitiso tsa ho ithuta ha li fele.b Dr. Larry B. Silver oa ngola: “Litšitiso tsa ho ithuta ke litšitiso tsa bophelo bohle. Litšitiso tse tšoanang, tse sitisang ho baleng, ho ngoleng le ho sebetseng lipalo li tla boela li sitise lipapaling le mesebetsing e meng, bophelong ba lelapa le tšebelisanong-’moho le metsoalle.”
Kahoo, hoa hlokahala hore bana ba nang le litšitiso tsa ho ithuta ba fumane tšehetso ea batsoali. Buka Parenting a Child With a Learning Disability e re: “Bana ba tsebang hore batsoali ba bona ba ba tšehetsa ka matla ba ba le motheo oa ho ntšetsa pele bokhoni le boitlhompho ba bona.”
Empa hore e be batšehetsi, batsoali ba tlameha hore ba qale pele ka ho hlahloba maikutlo a bona ka bobona. Batsoali ba bang ba ikutloa ba le molato, joalokaha eka ba molato ka tsela e itseng bakeng sa boemo ba ngoana oa bona. Ba bang baa tšoha, ba tsielehisoa ke liphephetso tse ba tobileng. Ho itšoara ka litsela tsena ka bobeli ha ho thuse. Ho sitisa batsoali hore ba nke khato ka bothata ’me ho thibela ngoana hore a fumane thuso eo a e hlokang.
Kahoo haeba setsebi se koetlisitsoeng se fumana hore ngoana oa hao o na le tšitiso ea ho ithuta, u se ke ua nyahama. Hopola hore bana ba nang le litšitiso tsa ho ithuta ba hloka feela tšehetso e eketsehileng tsebong e itseng ea ho ithuta. Iphe nako ea ho itloaelanya le mananeo leha e le afe a ka ’nang a fumaneha sebakeng sa heno bakeng sa bana ba nang le litšitiso tsa ho ithuta. Likolo tse ngata li se li hlomeletsoe hamolemo bakeng sa ho sebetsana le maemo a joalo ho feta kamoo li neng li le kateng lilemong tse fetileng.
Litsebi li hatisa hore u lokela ho rorisa ngoana oa hao bakeng sa lintho leha e le life tseo a li finyellang, ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae. Fana ka pabatso ka seatla se bulehileng. Ka nako e tšoanang, u se ke ua hlokomoloha taeo. Bana ba hloka tlhophiso, ’me sena ke ’nete le ho feta ho bana ba nang le litšitiso tsa ho ithuta. Tsebisa ngoana oa hao seo u se lebeletseng, ’me u khomarele ka matla litekanyetso tseo u li behileng.
Qetellong, ithute ho talima boemo ba hao ka tsela ea sebele. Buka Parenting a Child With a Learning Disability e tšoantša sena ka tsela ena: “Nka hore u ea reschorenteng eo u e ratang haholo ’me u odora nama ea namane. Ha motho ea fepang a beha poleiti ka pel’a hao, u fumana hore ke likhōpo tsa konyana. Ka bobeli ke lijo tse hlabosang, empa u ne u itokiselitse nama ea namane. Batsoali ba bangata ho hlokahala hore ba fetole monahano oa bona. E ka ’na eaba u ne u sa itokisetsa nama ea konyana, empa u e fumana e latsoeha hamonate. Ho joalo le ha u hōlisa bana ba nang le litlhoko tse khethehileng.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liphuputso tse ling li bontša hore litšitiso tsa ho ithuta li ka ’na tsa amana le liphatsa tsa lefutso kapa hore boemo ba tikoloho, joaloka ho kulisoa ke chefo ea loto kapa mohlomong tšebeliso ea lithethefatsi kapa joala nakong ea boimana bo ka tlatsetsa. Leha ho le joalo, sesosa kapa lisosa tse tobileng ha li tsejoe.
b Maemong a mang, bana ba bontša tšitiso ea ho ithuta ka nakoana hobane khōlo ea bona karolong e itseng e ile ea liehisoa. Ka mor’a nako e itseng, bana ba joalo ba hlōla matšoao ao ha ba hōla.