Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Ithuta?
Jessica oa hopola: “Ke ne ke sa batle ho ea lapeng, le ho talimana le batsoali ba ka. Ke ne ke boetse ke feitse lithuto tse ’maloa.”a Jessica ea lilemo li 15, o bohlale ebile o motle. Empa joaloka bacha ba bangata, o thatafalloa ke ho fumana limaraka tse ntle.
HANGATA ho sebetsa hampe sekolong ho bakoa ke boikutlo bo fosahetseng ka thuto kapa ka tichere. Empa ha ho joalo ka Jessica. O mpa feela a thatafalloa ka ho feletseng ho utloisisa likhopolo tse hlokang ho nahana ka ho teba. Ka ho utloahalang, sena se ile sa thatafaletsa Jessica hore a atlehe lipalong. ’Me bothata ba ho bala bo ile ba mo thatafaletsa hore a sebetse hantle lithutong tse ling.
Ka lehlakoreng le leng, Maria o hlōleha ho peleta mantsoe ka nepo. Kamehla o pata lintlha tseo a li ngolang libokeng tsa Bokreste hobane o hlajoa ke lihlong ka liphoso tsa hae tsa mopeleto. Leha ho le joalo, ha ho na eo e leng sethoto ho Jessica le Maria. Jessica o bohlale haholo mabapi le batho hoo a sebeletsang e le ’muelli ea behiloeng ke sekolo, kapa ea rarollang mathata, ha ho hlaha mathata pakeng tsa bao a kenang sekolo le bona. ’Me mabapi le lithuto tsa sekolo Maria o har’a karolo ea 10 lekholong ea bana ba ka holimo-limo ba sebetsang hantle ka ho fetisisa.
Bothata ke hore: Jessica le Maria ba na le boloetse ba ho ithuta. Litsebi li lumela hore karolo e ka etsang 3 ho isa ho 10 lekholong ea bana bohle e ka ’na ea e-ba le mathata a joalo a ho ithuta. Tania, eo hona joale a leng lilemong tse qalang tsa bo-20, o tšoeroe ke ntho e bitsoang Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo bo Feteletseng (ADHD [Attention Deficit Hyperactivity Disorder]).b O re: “Ke thatafalloa haholo libokeng tsa Bokreste, thutong ea botho le lithapelong ka lebaka la ho hlōleha ha ka ho tsitsisa mohopolo kapa esita le ho lula ke khutsitse. Tšebeletso ea ka e ameha hampe hobane ke bua hona le hoane kapele hoo motho leha e le ofe a sitoang hore a tsamaisane le ’na.”
Ha bo sa tsamaee le ho hloka botsitso ka ho feteletseng, boloetse bona bo bitsoa Bothata ba ho Tsitsisa Mohopolo (ADD [Attention Deficit Disorder]). Hangata batho ba nang le boloetse bona ba hlalosoa e le batho ba nahanang lintho tse iqapeloang. Mabapi le ba nang le ADD, ngaka ea mafu a methapo Dr. Bruce Roseman o ile a re: “Ba lula ba shebile buka ka metsotso e 45, ’me ha ho letho leo ba ithutang lona.” Ka lebaka le itseng ba na le bothata ba ho tsepamisa mohopolo.
Babatlisisi ba bongaka ba lumela hore ba sa tsoa qala ho utloisisa se bakang mathata ana. Leha ho le joalo, ho ntse ho sa tsejoe ho hongata. ’Me meeli e teng pakeng tsa maloetse a sa tšoaneng le litšitiso tse kena-kenanang le ho ithuta hase kamehla e hlakileng. Ho sa tsotellehe sesosa se khethehileng kapa lebitso le rehiloeng boloetse bo itseng—ebang ke bothata ba ho bala, ba ho hopola, ba ho tsitsisa mohopolo, kapa ba ho hloka botsitso ka ho feteletseng—boloetse boo bo ka kena-kenana le thuto ea motho ’me bo ka baka bohloko bo boholo. Haeba u na le tšitiso e itseng ea ho ithuta, u ka sebetsana le eona joang ka katleho?
Phephetso ea ho Sebetsana le Eona ka Katleho
Nahana ka Jessica, ea boletsoeng kenyelletsong. A ikemiselitse ho hlōla tšitiso ea hae ea ho bala, o ile a ’na a leka ho bala libuka tse fapaneng. Phetoho e khōlō e ile ea tlisoa ke ha a fumana buka ea lithoko eo a neng a e thahasella haholo. O ile a fumana buka e tšoanang le eo, eo le eona a ileng a thabela ho e bala. Hamorao o ile a thahasella letoto la libuka tsa lipale, ’me butle-butle ho bala ho ile ha fetoha bothata bo fokolang. Thuto e ka hlokomeloang ke hore mamello e tsoala katleho. Le uena u ka hlōla tšitiso ea ho ithuta kapa bonyane u ka etsa khatelo-pele e khōlō tseleng eo ka hore u se tele.—Bapisa le Bagalata 6:9.
Ho thoe’ng ka ho sebetsana le bothata ba ho hopola ka nako e khutšoanyane? Senotlolo sa bohlokoa sa ho rarolla bothata boo se itšetlehile ka maele a reng: “Pheta-phetane ke mohloli oa ho hopoleha ha taba.” Nicky o ile a fumana hore ho ipheta-phetela ka mantsoe seo a se utloileng le ho se bala ho mo thusitse ho hopola lintho. Ak’u ho leke. Ho ka ’na ha u thusa. Habohlokoahali, mehleng ea Bibele batho ba ne ba tloaetse ho bitsa mantsoe ka molomo, esita leha ba ipalla ka bobona. Kahoo, Jehova o ile a laela mongoli oa Bibele Joshua: “U tlameha ho o bala [Molao oa Molimo] ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu.” (Joshua 1:8, NW; Pesaleme ea 1:2) Ke hobane’ng ha ho bitsa mantsoe ka molomo ho ne ho le bohlokoa hakaale? Hobane ho etsa joalo ho ne ho kopanyelletsa mekhoa e ’meli ea kutlo—oa ho utloa ka litsebe le oa ho iketsetsa litšoantšo kelellong—’me ho ne ho thusa hore taba e hatisehe ka ho teba kelellong ea ’mali.
Ho ithuta lipalo e ne e boetse e le bothata bo boholo ho Jessica. Leha ho le joalo, o ile a leka ho ithuta melao ea lipalo ka ho e pheta-pheta—ka linako tse ling a qeta nako e ngata e ka etsang halofo ea hora molaong ka mong. Qetellong boiteko ba hae bo ile ba putsa. Kahoo pheta, pheta, pheta! Mokhoa o bohlale ke hore u boloke pampiri le pentšele li le haufinyane ha u mametse ka tlelaseng kapa u bala e le hore u ka ngola lintlha.
Ke habohlokoahali hore u ikemisetse ho ithuta. Itloaetse ho sala ka mor’a hore sekolo se tsoe ’me u buisane le matichere a hao. A tsebe. A bolelle hore u na le bothata ba ho ithuta empa hore u ikemiselitse ho bo hlōla. Matichere a mangata a tla thahasella ho thusa. Kahoo sebelisa thuso ea ’ona hamolemo. Jessica o ile a etsa joalo ’me a fumana tšehetso e ngata e hlokahalang ho tichere e nang le kutloelo-bohloko.
Ithute ho Tsepamisa Mohopolo
Ho boetse hoa thusa ho ipehela pakane le mokhoa oa ho iputsa. Ho ipehela pakane e tobileng—e kang ea ho qeta karolo e itseng ea kabelo ea mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae—pele u bulela thelevishene kapa u mamela ’mino oo o u ratang haholo ho ka u susumetsa hore u tsepamise mohopolo. Etsa bonnete ba hore lipakane tseo u li etsang ke tse utloahalang.—Bapisa le Bafilippi 4:5.
Ka linako tse ling ho ka thusa ho etsa liphetoho tse ntlafatsang tikolohong ea hao. Nicky o ile a lokisetsa hore a lule a otlolohile moleng o ka pele ka tlelaseng pel’a tichere e le hore a ka tsepamisa mohopolo hamolemo. Jessica o ile a fumana ho le molemo ho etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae hammoho le motsoalle ea ikemiselitseng ho ithuta. U ka ’na ua fumana ho thusa ho etsa feela hore kamore ea hao e be e nang le boiketlo le e ntle.
Ho Fokotsa ho Hloka Botsitso
Haeba u na le tšekamelo ea ho hloka botsitso ka ho feteletseng, ho ithuta e ka ba phihlelo e bohloko. Leha ho le joalo, litsebi tse ling li bolela hore ho hloka botsitso ka ho feteletseng ho ka fetoleloa boikoetlisong ba ’mele. U.S.News & World Report ea hlokomela: “Bopaki bo ntse bo eketseha ba hore matla a motho ka mong a hore a tsebe boitsebiso bo bocha hantle le ho hopola ba khale a ntlafatsoa ke liphetoho tsa ’mele bokong tse tlisoang ke boikoetliso ba ’mele bo tlisoang ke tšebeliso e eketsehileng ea oksijene.” Ka hona, boikoetliso bo leka-lekaneng—ho sesa, ho matha, ho bapala bolo, ho palama baesekele, ho thellisa, le tse ling tse joalo—bo ka ba molemo ’meleng hammoho le kelellong.—1 Timothea 4:8.
Hangata ho fanoa ka litaelo tsa ho sebelisa meriana bakeng maloetse a ho ithuta. Ho boleloa hore hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong ea bacha ba tšoenngoang ke ADHD ba ileng ba fuoa lithethefatsi tse tsosang tšebetso ea kelello ba ile ba arabela. Hore na u amohela phekolo ka lithethefatsi ke taba e lokelang ho etsetsoa qeto ke uena le batsoali ba hao ka mor’a ho nahanisisa ka ho teba ha bothata boo, liphello tse mpe tse ka ’nang tsa e-ba teng le mabaka a mang.
Boloka Boitlhompho ba Hao
Le hoja bothata ba ho ithuta bo sa talingoe e le bothata bo amang maikutlo, bo ka ba le liphello tse amang maikutlo. Ho nyatsuoa ho kopaneng le ho tšoauoa liphoso kamehla ke batsoali le matichere, liphetho tsa sekolo tse tlaase kapa tse fokolang, le ho hloka metsoalle e haufi-ufi, habonolo feela li ka hlahisa boikutlo ba ho ikhella fatše. Bacha ba bang ba pata boikutlo bona ka hore ba itšoare ka tsela e bohale le e sokelang.
Empa ha ua tlameha ho lahleheloa ke boikutlo ba ho itšepa ka lebaka la mathata a ho ithuta.c Setsebi se seng se sebetsanang le bacha ba nang le mathata a ho ithuta se re: “Sepheo sa ka ke ho fetola boikutlo ba bona malebana le bophelo—hore ba tlohe boikutlong ba hore ‘ke sethoto, ’me nke ke ka etsa ntho e nepahetseng’ . . . ho ea boikutlong ba hore ‘ke hlōla bothata, ’me nka etsa ho eketsehileng ho feta kamoo nkileng ka nahana kateng.’”
Le hoja u ke ke ua etsa ho hongata ka boikutlo ba batho ba bang, u ka khona ho susumetsa ba hao. Jessica o ile a etsa joalo. O re: “Ha ke ne ke ikahlola ka seo bana ba bang sekolong ba neng ba se bua esita le kamoo ba neng ba ntlhapaola kateng, ke ne ke batla ho baleha sekolong. Empa hona joale ke leka ho hlokomoloha seo ba se bolelang le ho lula ke etsa sohle seo nka se khonang. Ho thata, ’me ke tlameha ho lula ke ntse ke ikhopotsa, ’me hoa sebetsa.”
Jessica o ile a tlameha ho tobana le boemo bo bong ba sebele. Khaitseli ea hae e khōlō ho eena e ne e le seithuti se fumanang A lithutong. Jessica o re: “Seo se ne se atisa ho senya boikutlo ba ka ba ho itšepa, ho fihlela ke khaotsa ho ipapisa le eena.” Kahoo u se ke ua ipapisa le banab’eno.—Bapisa le Bagalata 6:4.
Ho buisana le motsoalle ea tšeptjoang le hona ho tla u thusa ho ba le pono e nepahetseng ea litaba. Motsoalle oa ’nete o tla u khomarela ka botšepehi bo sa sekisetseng ha u ntse u leka ho ntlafatsa. (Liproverbia 17:17) Ka lehlakoreng le leng, motsoalle oa bohata, o tla u lihela kapa a u fe pono e sa lokelang ea hore u phahame. Ka hona khetha metsoalle ea hao ka hloko.
Haeba u na le bothata ba ho ithuta, mohlomong u fumana khalemelo e ngata ho feta bacha ba bang. Empa u se ke ua lumella seo ho u neha pono e fosahetseng ka uena. Talima taeo ka tsela ea bomolimo, e le ntho e ’ngoe ea bohlokoahali. Hopola, taeo e fanoang ke batsoali ba hao ke bopaki ba hore baa u rata ’me ba u batlela se molemo ka ho fetisisa.—Liproverbia 1:8, 9; 3:11, 12; Baheberu 12:5-9.
Ka ho hlakileng, mathata a hao a ho ithuta ha aa tlameha ho u nyahamisa. U ka etsa ho itseng ka ’ona ’me ua phela bophelo bo enneng. Empa ho na le lebaka le eketsehileng la ho ba le tšepo. Molimo o tšepisitse ho tlisa lefatše le lecha la ho loka leo ho lona tsebo e tlang ho tlala le leo ho lona boloetse bo bong le bo bong ba kelello le ba ’mele bo tlang ho lokisoa. (Esaia 11:9; Tšenolo 21:1-4) Kahoo ikemisetse ho ithuta ka ho eketsehileng ka Jehova Molimo le merero ea hae, ’me u nke bohato tumellanong le tsebo eo.—Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Ka kōpo bona letoto le buang ka bana ba sa laoleheng tokollong ea Tsoha! ea December 8, 1994, le sehlooho se reng “Na Ngoana oa Hao o na le Mathata a ho Ithuta?” tokollong ea Awake! ea May 8, 1983.
c Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Hlomphehe?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1983.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ikemisetse ho ithuta