Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 12/8 maq. 29-31
  • Nka Sebetsana Joang le ho Hlōleha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le ho Hlōleha?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tseba Moo U Fellang
  • Ha ba Bang ba Lebella ho Hongata ho Uena
  • “Ho Hlōleha” Bophelong ba Hao ba Moea
  • Liphoso Tse Tebileng
  • Ho Hlaphoheloa ka Mor’a ho Hlōleha
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Ithuta?
    Tsoha!—1996
  • Na ke Hlōlehile Bophelong?
    Tsoha!—2011
  • Thusa Bana ba Hao ha Lintho li sa ba Tsamaele Hantle
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ke Eng e Phoso ka ho Ratana ka Sekhukhu?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 12/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana Joang le ho Hlōleha?

“Ke sa tsoa fumana ripoto ea mosebetsi oa ka oa sekolo, ’me ke boetse ke feitse lithuto tse ’nè tseo ke neng ke li feitse nakong e fetileng. Ke lekile, empa ke feitse hape.”—Lauren, ea lilemo li 15.

“Ke ntoa ea sebele ho sebetsana le maikutlo ka mor’a ho hlōleha nthong e itseng. Ho bonolo ho nahana lintho tse nyahamisang.”—Jessica, ea lilemo li 19.

HO HLŌHEHA. U ka ’na ua se ke ua rata le ho utloa lentsoe leo feela. Empa nako le nako re tobana le hona. Ebang ke ho feila tlhahlobo ea sekolo, ho etsa ntho e itseng e soabisang, ho soetsa motho eo re mo tsotellang kapa ho oela boitšoarong bo bobe, ho hlōleha ho ka utloisa bohloko haholo.

Ke ’nete hore batho kaofela ba etsa liphoso. Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Empa ba bang ba rōna ha re hlaphoheloe ha re ile ra hlōleha. Mocha ea bitsoang Jason o re: “Ke itšoaea liphoso ho tlōla tekano. Haeba ke etsa phoso, batho ba ka ’na ba tšeha—empa hangata baa lebala ka eona. Empa ’na ha ke lebale, ke lula ke nahana ka phoso eo.”

Ho nahana ka ho hlōleha ha hao hase hore ke ntho e fosahetseng—haholo-holo haeba ho etsa joalo ho u thusa hore u ntlafatse. Leha ho le joalo, ho lula u inyatsa u sa khaotse ho kotsi ebile ho u sitisa ho tsoela pele. Liproverbia 12:25 e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame.”

Nahana ka monna ea bitsoang Epafroditase ea hlahang ka Bibeleng. O ile a romeloa Roma hore a e’o sebeletsa e le mothusi oa moapostola Pauluse. Leha ho le joalo, Epafroditase o ile a kula ’me a sitoa ho phetha kabelo eo ea hae. Ha e le hantle, Pauluse ke eena ea ileng a qetella a mo hlokomela! Pauluse o ile a lokisetsa hore Epafroditase a khutlele hae, a tsebisa phutheho hore monna enoa ea tšepahalang o ne a boetse a tepeletse maikutlo. Hobane’ng? Pauluse o ile a hlalosa: “Le ile la utloa hore o ne a kula.” (Bafilipi 2:25, 26) Ha Epafroditase a hlokomela hore ba bang ba tsebile ka ho kula ha hae le hore o sitiloe ho phetha likabelo tsa hae, e ka ’na eaba o ile a ikutloa a hlōlehile. Hase feela a ileng a tepella maikutlo!

Na ho na le mokhoa oa ho qoba maikutlo a bohloko a ho hlōleha?

Tseba Moo U Fellang

Tsela e ’ngoe ea ho fokotsa menyetla ea ho hlōleha ke ea ho ipehela lipakane tseo u ka li finyellang, tse itekanetseng. Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2; 16:18) ’Me motho ea inyenyefatsang o tseba meeli ea hae. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho hotle ho iteka ho bona hore na u ka ntlafatsa tsebo le bokhoni ba hao na. Empa u se ke ua lebella mohlolo. U ka ’na ua se ke ua ba setsebi sa lipalo kapa ua se ke ua ipabola le ho sebetsa hantle joaloka khalala ea lipapali. Mohlankana e mong ea bitsoang Michael oa lumela: “Kea tseba hore ha ke motle lipapaling. Kahoo, kea bapala empa ha nke ke itebatsa ’nete ea hore ha ke motle ho tsona.” Oa hlalosa: “U lokela ho ipehela lipakane tseo u ka li finyellang.”

Nahana ka boikutlo ba Yvonne ea lilemo li 14, ea holofetseng lesapo la mokokotlo a bile a le letoope. Yvonne o re: “Nke ke ka tsamaea, ka tantša kapa ka matha joaloka ba bang. Ho utloisa bohloko hore ebe ke sitoa ho etsa lintho tseo ba bang ba li etsang. Batho ba bangata ha ba utloisise hantle kamoo ke ikutloang kateng. Empa ke tseba ho sebetsana le hona.” Keletso ea hae ke efe? “U se ke ua khaotsa. Tsoela pele u leka. Haeba u hlōleha kapa u sa etse hantle hakaalo, u se ke ua tela. Tsoela pele u etsa se matleng a hao.”

Ka nako e tšoanang, u se ke ua ikutloisa bohloko ka ho ipapisa le batho ba u fetang hōle. Andrew, ea lilemo li 15 o re: “Ke leka ho qoba ho ipapisa le motho e mong hobane re na le matla le bokhoni bo sa tšoaneng.” Mantsoe a Andrew a lumellana le a fumanoang ho Bagalata 6:4: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”

Ha ba Bang ba Lebella ho Hongata ho Uena

Leha ho le joalo, ka linako tse ling—batsoali, matichere le ba bang ba lebella ho hongata ho uena. Empa ua hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na u leka hakae, ho hang u ke ke ua ba khotsofatsa. Ho hobe le ho feta, bao ba ka ’na ba u bolella ho soetseha ha bona, e leng se ka u koatisang kapa sa hla sa u utloisa bohloko. (Jobo 19:2) Mohlomong ua hlokomela hore batsoali ba hao le ba bang ha ba u utloise bohloko ka boomo. Joalokaha Jessica a bontša, “hangata ha ba hlokomele hore na ba u utloisa bohloko joang. Ka linako tse ling ke taba feela ea ho se utloisisane.”

Ka lehlakoreng le leng, na ho ka etsahala hore ebe ba bona ntho e ’ngoe eo u sa e boneng? Ka mohlala, mohlomong u ikhella fatše ebile ua ikhalala. Ho e-na le hore u hlokomolohe litlhahiso tsa bona, ho bohlale hore u ‘mamele taeo.’ (Liproverbia 8:33) Michael oa hlalosa: “Ke molemong oa hao. Ba batla hore u etse hamolemo, u intlafatse. Ho nke e le phephetso.”

Empa ho thoe’ng haeba u utloa hore seo batsoali ba hao le batho ba bang ba se batlang hase ntho e utloahalang—hore joang kapa joang u tla hlōleha? Joale ho ka ba molemo ho bua le bona—ka tlhompho, empa e le ka tsela e hlakileng—’me u ba bolelle hore na u ikutloa joang. Kaofela le ka ’na la khona ho beha lipakane tse batlang li finyelleha.

“Ho Hlōleha” Bophelong ba Hao ba Moea

Ho Lipaki Tsa Jehova, bacha ba tobane le phephetso ea ho phethahatsa likabelo tsa bona tsa ho ba basebeletsi ba Molimo. (2 Timothea 4:5) Haeba u mocha oa Mokreste, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u sa tšoanelehe. Mohlomong u ikutloa u sa fane ka lintlha tse khotsofatsang libokeng. Kapa mohlomong u thatafalloa ke ho hlalosetsa ba bang molaetsa oa Bibele. Ka mohlala, Jessica o ile a ithuta Bibele le ngoanana e mong. Ka nakoana, seithuti seo sa hae sa Bibele se ile la tsoela pele hantle. Leha ho le joalo, ka tšohanyetso ngoanana eo o ile a etsa qeto ea hore ha a sa batla ho sebeletsa Molimo. Jessica o oa hopola, “Ke ile ka ikutloa eka ke hlōlehile.”

Jessica o ile a sebetsana joang le maikutlo ao? Pele, o ile a lokela ho ela hloko hore seithuti sa hae se ne se sa lahla eena, empa se ne se lahlile Molimo. O ile a thusoa hape ke ho thuisa ka mohlala oa Bibele oa Petrose, monna ea tšabang Molimo ea neng a e-na le mefokolo e mengata. Oa hlalosa, “Bibele e bontša hore Petrose o ile a hlōla mefokolo ea hae, ’me Jehova o ile a mo sebelisa ka litsela tse ngata hore a ntšetse pele lithahasello tsa ’Muso.” (Luka 22:31-34, 60-62) Ka sebele, haeba ho hlokahala hore ho ntlafatsoe tsebo ea hao ea ho ruta, ke hobane’ng ha u sa ikitlaetse haholoanyane ntlheng ee? (1 Timothea 4:13) Sebelisa thuso ea ba hōlileng tsebong ka phuthehong, ba ka u rutang le ho u koetlisa.

Leha ho le joalo, mohlomong ka ho khetheha u thatafalloa haholo ke tšebeletso ea ntlo le ntlo. Jason oa lumela, “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke sa amoheloeng ho eona ho ’na ho ba joalokaha eka ke hlōlehile.” O sebetsana le boemo boo joang? “Ke lokela ho hopola hore ha e le hantle ha kea hlōleha.” E, o atlehile ho etsa seo Molimo a mo laetseng hore a se etse—e leng ho bolela! ’Me le hoja ho se monate ha motho a sa amoheloe, hase batho bohle ba hanang molaetsa oa Bibele. Jason o re: “Ha ke fumana motho ea mamelang, joale kea tseba hore ha kea senya nako ea ka.”

Liphoso Tse Tebileng

Ho thoe’ng haeba u etsa phoso e tebileng—kapa mohlomong u oela sebeng se tebileng? Ana, ea lilemo li 19, o ile a etsa phoso e joalo.a Oa lumela, “Ke ile ka siteloa phutheho, ka siteloa lelapa leso, ’me haholo-holo ka siteloa Jehova Molimo.” E le hore u hlaphoheloe, u lokela ho baka le ho batla thuso ho banna ba hōlileng ba moea ka phuthehong. (Jakobo 5:14-16) Ana o hopola mantsoe a moholo e mong ea ileng a mo thusa haholo: “O ile a re ho sa tsotellehe lintho tsohle tse fosahetseng tseo Morena Davida a ileng a li etsa, Jehova o ne a ntse a ikemiselitse ho mo tšoarela, ’me Davida o ile a hlaphoheloa. Seo se ile sa nthusa.” (2 Samuele 12:9, 13; Pesaleme ea 32:5) U boetse u tlameha ho etsa sohle se matleng a hao ho ikaha moeeng. Ana o re: “Ke bala buka ea Lipesaleme hangata-ngata, ’me ke na le buka eo ke ngolang ho eona mangolo a nkhothatsang.” Ha nako e ntse e feta, motho a ka hlaphoheloa esita le sebeng se tebileng. Liproverbia 24:16 e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”

Ho Hlaphoheloa ka Mor’a ho Hlōleha

Ke ’nete hore le ho hlōleha linthong tse nyenyane ho ntse ho ka utloisa bohloko. Ke eng e ka u thusang hore u li lebale? Pele ho tsohle, amohela liphoso tsa hao. Michael o buella sena: “Ho e-na le hore u inke u hlōlehile bophelong, qolla seo u hlōlehileng ho sona ’me u fumane hore na sesosa ke sefe. Ha u etsa sena, nakong e tlang u ka ntlafatsa.”

Hape qoba ho inka u le ua bohlokoa ho feta tekano. Ho na le “nako ea ho tšeha”—’me seo se ka akarelletsa ho itšeha! (Moeklesia 3:4) Haeba u ikutloa u nyahame, lebisa tlhokomelo ea hao nthong eo u e etsang hantle, e kang mosebetsi oo u tloaetseng ho o etsa ho itlosa bolutu kapa papali eo u e ratang. ‘Ho rua mesebetsing e metle’—e kang ho bolella ba bang tumelo ea hao—ho ka u thusa hore u itšepe.—1 Timothea 6:18.

Qetellong, hopola hore “Jehova o mohau ’me o mosa . . . A ke ke a lula a fumana molato ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 103:8, 9) Jessica o re, “Ha ke atamela haufi le Jehova Molimo, kea utloa hore ke itšetleha ka eena haholoanyane le ho itšetleha ka thuso ea hae nthong e ’ngoe le e ’ngoe e ntlhahelang.” E, hoa tšelisa ho tseba hore ho sa tsotellehe lintho tseo u hlōlehang ho tsona, Ntate oa hao oa leholimo o u nka u le oa bohlokoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso la hae le fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Haeba u ikutloa u imeloa ke lintho tseo ho lebeletsoeng hore u li finyelle, fumana tsela e ntle ea ho bua ka tlhompho

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Ho etsa lintho tseo u ipabolang ho tsona ho ka thusa ho leleka maikutlo a hore u hlōlehile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela