Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 1 maq. 3-5
  • Batla ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batla ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HANTLE ’NETE E HOKAE?
  • MOLEMO OA HO BA LE TSEBO
  • BUKA EA LIBUKA
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Ithuta?
    Tsoha!—1996
  • Ho Etsisa Molimo oa ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 1 maq. 3-5
Ntate o shebile shelefo ea libuka

Batla ’Nete

Ho tseba ’nete ho ka re pholosa. Ka mohlala, u nahana hore ho ka etsahala’ng ka motho ea sa tsebeng hore na mafu a tšoaetsanoa joang?

Ka lilemo tse likete, batho ba limilione ba ile ba bolaoa ke mafu a seoa hobane ba sa tsebe hore aa tšoaetsanoa. Empa qetellong borasaense ba ile ba fumana hore mafu ana a bakoa ke likokoana-hloko. Tsebo ena e thusitse batho ba libilione hore ba khone ho itlhokomela le ho thibela mafu.

U nahana hore ho fumana likarabo tsa lipotso tsee tsa bohlokoa ho ka ama bophelo ba hao joang?

  • Molimo ke mang?

  • Jesu Kreste ke mang?

  • ’Muso oa Molimo ke’ng?

  • Ho tl’o etsahala’ng kamoso?

Batho ba limilione ba se ba fumane likarabo tsa lipotso tsena ’me ba ntlafalitse tsela eo ba phelang ka eona. Le uena likarabo tsa lipotso tsena li ka u ruisa molemo.

HANTLE ’NETE E HOKAE?

Matsatsing ana ho thata ho fumana ’nete, ebe re ka e fumana hokae?

Batho ba bangata ha ba sa tšepa babusi, bo rakhoebo le mehloli ea litaba. Baa ipotsa hore na motho oa be a bua maikutlo a hae, a sotha litaba kapa a bua leshano. Batho ha ba sa tšepana hobane ba thetsana, ha ba sa tseba phapang pakeng tsa ho nepahetseng le ho fosahetseng.

Ho sa tsotellehe hore na ho thata hakae ho tseba hoo e leng ’nete, re ka khona ho tseba likarabo tse nepahetseng tsa lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Joang? Ka ho etsa lintho tseo u tloaetseng ho li etsa ha u batla ho tseba ’nete ka lintho tseo ebileng eseng tsa bohlokoa hakaalo.

MOLEMO OA HO BA LE TSEBO

Ho batla ho tseba ’nete ke ntho ea letsatsi le letsatsi. Re bona sena mohlaleng oa ’mè Jessica, o re: “Morali ’aka o hloloa ke makotomane hoo le ha a ka ja lekumane le lenyane feela la ona a ka shoang.” ’Mè Jessica o etsa bonnete ba hore ha a reka lijo ha li na makotomane ho hang! O re ntho ea pele eo a e etsang ha a reka lijo ke ho bala hore na li entsoe ka’ng. Ebe o batlisisa hape, a be a letsetse le k’hamphani e li etsang a botse hore na ba kholisehile hore ha ho makotomane ho hang lijong tseno. Ka morao ho moo, o botsa mehloli e meng e tšepahalang hore na a ka fela a tšepa k’hamphani eo.

Ntate o bapisa buka eo a e khethileng ho tse shelefong le seo a se fumaneng tableteng

Mohlomong uena ha u sa fumane likarabo tsa lipotso tseo u ipotsang tsona ha ho na motho ea tla shoa empa le uena u ka etsisa ’mè Jessica ka ho sebelisa lintlha tse latelang hore u fumane likarabo.

  • Ithute hoo e leng ’nete.

  • Ebe u etsa lipatlisiso.

  • Sebelisa mehloli e tšepahalang.

Lintlha tsee li tla u thusa joang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa-hlokoa bophelong?

BUKA EA LIBUKA

Ha ’mè Jessica a ne a batla ho ithuta Bibele o ile a sebelisa mokhoa o tšoanang le oo a o sebelisang ha a batlisisa ka bothata ba ngoan’a hae. O re ho bala Bibele le ho batla ho utloisisa ntho eo a e balang ho mo thusitse hore a tsebe ’nete. Joaloka ’mè Jessica, ho na le batho ba limilione ba ithutileng Bibele e le hore ba fumane likarabo tsa lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha Molimo a bopile batho?

  • Ho etsahala’ng ka motho ea hlokahetseng?

  • Ke hobane’ng ha re hlaheloa ke mathata?

  • Molimo o tl’o felisa mathata joang?

  • Re ka etsa’ng hore malapa a rona a thabe?

Ntate o bala Bibele ebile o butse k’homphieutha

U tla fumana likarabo tse nepahetseng tsa lipotso tsena haeba u bala Bibele ebile u etsa lipatlisiso ho www.jw.org/st.

Molula-Qhooa ona o tl’o araba lipotso tse latelang:

  • Molimo ke mang?

  • Jesu Kreste ke mang?

  • ’Muso oa Molimo ke’ng?

  • Bokamoso ba rona bo tl’o ba joang?

Empa re tl’o hlahloba pele hore na ke hobane’ng ha re lumela hore Bibele e bua ’nete.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela