Tsela ea ho ba Ntate ea Molemo
SEHLOOHO se seng makasineng ea Economist, ha se bua ka ho theoha ha bophelo ba lelapa se ile sa qala ka polelo ena e hapang maikutlo: “Ho etsa bana ho bonolo, ho ba ntate ea molemo ha ho joalo.”
Le hoja ho le thata ho etsa lintho tse ngata bophelong, e thata ho li feta—ebile e le ea bohlokoahali—ke ho ba ntate ea molemo. Ntate e mong le e mong o rata ho ba ntate ea molemo, kaha boiketlo le thabo ea lelapa la hae li kotsing.
Lebaka Leo ho Seng Bonolo
Ka mantsoe a bonolo feela, lebaka le ka sehloohong leo ka lona ho seng bonolo ho ba ntate ea molemo ke ho se phethahale ho futsitsoeng—ke batsoali le bana ba bona. Bibele e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Ke kahoo mongoli e mong oa Bibele a ileng a lumela: “’Mè a nkemolela sebeng.” (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Tšekamelo ea ho etsa se sebe ka lebaka la sebe se futsitsoeng ke e ’ngoe ea litšitiso tse etsang hore ho ba ntate ea molemo ho be thata.
Lefatše lena, kapa tsamaiso ea lintho, le lona ke tšitiso e khōlō. Hobane’ng? Hobane, joalokaha Bibele e hlalosa, “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng ea “bitsoang Diabolose le Satane.” Bibele e boetse e bitsa Satane “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” Hase feela Jesu a ileng a re joaloka eena, balateli ba hae “Hase karolo ea lefatše”!—1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9; 2 Bakorinthe 4:4; Johanne 17:16.
Ntho ea bohlokoa hore motho a lule e le ntate ea molemo ke ho lula a hlokomela ho se phethahale hoo re ho futsitseng, Satane Diabolose le lefatše lena le tlas’a taolo ea hae. Litšitiso tsena hase lintho tse inahaneloang. Ke tsa sebele! Empa motho a ka fumana hokae tsela ea ho li loantša le ho ba ntate ea molemo?
Mehlala ea Bomolimo
Bakeng sa ho fumana thuso ea ho hlōla litšitiso tse boletsoeng ka holimo, ntate a ka ea Bibeleng. Ho fanoe ka mehlala e babatsehang moo. Jesu o buile ka o molemohali ha a ne a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong.” Ha e hlalosa Ntate oa rōna oa leholimo, Bibele e re ka mantsoe a bonolo: “Molimo ke lerato.” Ntate oa motho o lokela ho arabela joang mohlaleng oo o lerato? Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa hore “le be baetsisi ba Molimo, . . . ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.”—Matheu 6:9, 10; 1 Johanne 4:8; Baefese 5:1, 2.
Haeba u ntate, nahana ka seo u ka ithutang sona mohlaleng o le mong feela oa ha Molimo a ne a sebetsana le Jesu, Mora oa hae. Matheu 3:17 e re bolella hore nakong eo Jesu a neng a kolobetsoa metsing ka eona, ho ile ha utloahala lentsoe la Molimo le tsoang leholimong, le re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” Re ka ithuta eng ho see?
Ntho ea pele, nahana ka phello eo seo se bang le eona ho ngoana ha ntate ka motlōtlō a re ho motho e mong, ‘Enoa ke mora oa ka’ kapa ‘Enoa ke morali oa ka.’ Bacha baa atleha ha batsoali ba bona ba ba ela hloko, haholo-holo ha ba ananela seo ba se finyeletseng. Ho ka etsahala hore ngoana a susumelletsehe ho leka ka matla le ho feta ho bontša hore o ananela ho babatsoa.
Ntlha ea bobeli, Molimo o ile a hlalosa kamoo a ileng a ikutloa kateng ka Jesu, a bua ka eena e le “ea ratoang.” Polelo eo e bontšang ho ratoa e tsoang ho Ntate oa hae e tlameha ebe e ile ea thabisa pelo ea Jesu. Bana ba hao le bona ba tla khothatsoa ke haeba u bontša ka mantsoe a hao—hammoho le ka nako ea hao, tlhokomelo le ho ameha ka bona—hore u hlile u ba rata e le kannete.
Ntlha ea boraro, Molimo o ile a bolella Mora oa hae: “Ke u amohetse.” (Mareka 1:11) Eo le eona ke ntho ea bohlokoa eo ntate a ka e etsang, e leng ho bolella bana ba hae hore baa mo thabisa. Ke ’nete hore ngoana o tla etsa liphoso hangata. Kaofela ha rōna rea li etsa. Empa joaloka ntate, na u batla menyetla ea ho bontša ho ananela lintho tse ntle tse etsoang ke bana ba hao kapa tseo ba li buang?
Jesu o ithutile hantle ho Ntate oa hae oa leholimo. Ha a sa le lefatšeng, o ile a bontša ka puo le ka mohlala hore na Ntate oa hae o ikutloa joang ka bana ba Hae ba lefatšeng. (Johanne 14:9) Esita le ha Jesu a ne a phathahane ’me a imetsoe kelellong, o ile a ipha nako ea ho lula fatše le ho bua le bana. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” (Mareka 10:14) Na lōna bo-ntate le ka latela mohlala oa Jehova Molimo le Mora oa hae ka botlalo haholoanyane?
Mohlala o Motle ke oa Bohlokoa
Ho behela bana ba hao mohlala o motle ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Boiteko ba hao ba ho ‘tsoela pele ho ba hōlisa ka taeo le ka kelello e laoloang ke Jehova’ mohlomong bo tla ba le phello e fokolang haholo haeba uena ka bouena u sa mamele taeo ea Molimo le ho lumella hore bophelo ba hao bo laoloe ke eona. (Baefese 6:4) Leha ho le joalo, ka thuso ea Molimo, u ka hlōla tšitiso leha e le efe mabapi le ho phethahatsa taelo ea hae ea ho hlokomela bana ba hao.
Nahana ka mohlala oa Viktor Gutschmidt, e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho seo e kileng ea e-ba Soviet Union. Ka October 1957, o ile a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng ka lebaka la ho bua ka tumelo ea hae. O ile a siea barali ba babeli ba banyenyane le mosali oa hae Polina. Ha a ntse a le teronkong, o ile a lumelloa ho ngolla lelapa la hae mangolo empa o ne a thibetsoe hore a se ke a bua letho ka Molimo kapa taba leha e le efe ea bolumeli. Esita leha a tobane le bothata bona, Viktor o ne a ikemiselitse ho ba ntate ea molemo, ’me o ne a tseba hore ho ruta bana ba hae ka Molimo e ne e le ntho ea bohlokoa haholo. Joale o ile a etsa joang?
Viktor oa pheta: “Ke ile ka fumana boitsebiso makasineng ea Soviet ea Young Naturalist le ea Nature. Liposkareteng ke ne ke taka litšoantšo tsa liphoofolo le batho ebe ke kenyelletsa le pale kapa phihlelo e mabapi le tlhaho.”
Polina o re: “Hang-hang ha re fumana liposkarete tsena, kapelenyana re ne re li amahanya le lihlooho tsa Bibele. Ka mohlala, ha li ne li akarelletsa botle ba tlhaho, meru, kapa linōka, ke ne ke bala Esaia khaolo ea 65,” e buang ka litšepiso tsa Molimo tsa ho etsa lefatše paradeise.
Morali oa Viktor, Yulia, oa pheta: “Ka mor’a moo ’Mè o ne a ee a rapele le rōna ’me ebe rea lla. Liposkarete tsena li phethile karolo ea bohlokoa ho re hōliseng.” Polina o re ka lebaka leo, “banana ba ile ba rata Molimo haholo ho tloha bongoaneng.” Boemo ba lelapa leo ke bofe hona joale?
Viktor oa hlalosa, “Hona joale barali ba ka ba babeli ba nyetsoe ke baholo ba Bakreste, ’me bobeli ba bona ba na le malapa a matla moeeng le bana ba sebeletsang Jehova ka botšepehi.”
Ho beha mohlala o motle hangata ha ho hloke feela tsebo empa ho boetse ho hloka boiteko bo boholo. Lipelo tsa bana li ka susumelletseha ha ba bona ntate oa bona a hlile a etsa boiteko. Mora e mong ea qetileng lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng o ile a bua tjena ka kananelo ka ntate oa hae, “Ka linako tse ling Ntate o ne a ee a be a khathetse haholo ha a tsoa mosebetsing hoo a neng a lula a thibasela, empa re ne re e-ba le thuto ea rōna ea Bibele ho sa tsotellehe hore na o khathetse hakae, ’me sena se ile sa re thusa ho ananela ho teba ha eona.”
Ho hlakile hore ho beha mohlala o motle—ka lipuo le ka liketso—ke habohlokoa ho beng ntate ea molemo. Ho hlokahala u etse joalo haeba u batla ho bona bonnete ba maele a Bibele a reng: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
Kahoo, hopola hore hase feela seo u se buang se tsotellehang; empa haholo-holo ke seo u se etsang—mohlala oo u o behang. Setsebi se seng sa Mocanada sa thuto ea bana ho tloha boseeng se ile sa ngola: “Tsela e molemohali ea hore re etse hore bana ba rōna ba itšoare [ka tsela eo re neng re ka rata ka eona] ke hore re bontše boitšoaro boo re bo lakatsang ka borōna.” Ka sebele haeba re rata hore bana ba rōna ba nke litaba tsa moea e le tsa bohlokoa, ke habohlokoa hore uena ka bouena u etse joalo.
Iphe Nako ea Bona!
Bana ba hao ba tlameha ho bona mohlala oa hao o motle. Hoo ho bolela hore ho hlokahala hore u qete nako le bona—e ngata le hona, eseng hore u utsoe nako mona le mane. Ka bohlale mamela keletso ea Bibele ea ‘ho reka nako,’ ke hore u tele lintho tseo e seng tsa bohlokoa e le hore u ka ba le bona. (Baefese 5:15, 16) Ka sebele, ke eng ea bohlokoa ho feta bana ba hao? TV e khōlō, melangoana e feletseng ea litsebi tsa kolofo, ntlo e ntle, mosebetsi oa hao?
Ho na le polelo e tloaelehileng e reng, ‘Lefa hona ho seng joalo u tla lefa hamorao.’ Bo-ntate bao bana ba bona ba lahlehileng ka lebaka la boitšoaro bo bobe kapa le ka tsela ea bophelo eo e seng ea lintho tsa moea hangata ba ikoahlaea haholo. Ba lla ka hore ba hlōlehile ho ba le bana ba bona hangata ha ba ne ba hlile ba hloka ntate.
Hopola, ha bana ba hao ba sa le banyenyane, ke nako ea ho nahana ka liphello tsa khetho ea hao. Bibele e re bana ba hao “ke lefa le tsoang ho Jehova,” e leng ntho eo Molimo ka boeena a e behileng tlhokomelong ea hao. (Pesaleme ea 127:3) Kahoo le ka mohla u se ke ua lebala hore u ikarabella ho Molimo ka bona!
Thuso e Teng
Ntate ea molemo o labalabela ho fumana thuso e tlang ho tsoela bana ba hae molemo. Ka mor’a hore lengeloi le bolelle mosali oa Manooa hore o ne a tla ba le ngoana, Manooa o ile a rapela Molimo: “Ka kōpo, e-re a boele a tle ho rōna ’me a re laele seo re tšoanelang ho se etsa ho ngoana ea tlang ho tsoaloa.” (Baahloli 13:8, 9) Joaloka batsoali kajeno, Manooa o ne a hloka thuso ea mofuta ofe? A re boneng.
Brent Burgoyne, tichere univesithing ea Cape Town, Afrika Boroa, o itse: “E ’ngoe ea limpho tse khōlōhali eo motho u ka e fang ngoana ke ho mo ruta litekanyetso tsa boitšoaro.” ’Nete ea hore bana ba hloka ho fuoa tataiso e joalo e ka bonoa tlalehong ea Daily Yomiuri ea Japane, e itseng: “Phuputso e bontša hore karolo ea 71 lekholong ea bana ba Majapane ha e e-s’o ka e bolelloa ke bo-ntat’a bona hore ba se ke ba bua leshano.” Na eo hase tlaleho e soabisang?
Ke mang ea ka fanang ka litekanyetso tse tšepahalang joalo tsa boitšoaro? Eena ea ileng a tataisa Manooa—Molimo ka boeena! E le ho fana ka thuso, Molimo o ile a romela Mora oa hae ea ratoang, Jesu, e le Mosuoe—e leng tlōtla eo a neng a tloaetse ho bitsoa ka eona. Joale buka e reng Ithute ho Mosuoe e Moholo, eo lithuto tsa eona li thehiloeng lithutong tsa Jesu, e fumaneha ka lipuo tse ngata hore u e sebelise ha u ruta bana.
Ithute ho Mosuoe e Moholo ha e hlalose feela litekanyetso tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo empa e boetse e tšoantšetsa se ngotsoeng ka litšoantšo tse fetang 160 tse nang le lipotso tse tobileng. Ka mohlala, khaolo ea 22 e nang le sehlooho se reng “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano,” e na le setšoantšo se leqepheng la 32 la makasine ena. Mantsoe a hlahang leqepheng leo setšoantšo sena se hlahang ho lona a re: “Mohlomong moshemane o re ho ntate oa hae: ‘Che Ntate, hase ’na ea rahetseng bolo ka tlung.’ Empa ho thoe’ng haeba e hlile e le eena ea e rahileng? Na o tla be a fositse ha a re hase eena?”
Ho boetse ho rutoa thuto e matla likhaolong tse nang le lihlooho tsena, “Kutlo ea U Sireletsa,” “Re lokela ho Hanela Liteko,” “Thuto ea ho ba Mosa,” “Le ka Mohla U se ke Ua ba Lesholu!,” “Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?,” “Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng” le “Lebaka Leo re Lokelang ho Sebetsa ka Lona,” ha re bolela tse seng kae ho tse 48 tse bukeng ena.
Selelekela sa buka ena se qetella ka ho re: “Bana ka ho khetheha ba hloka ho lebisoa ho Mohloli oa bohlale bohle, e leng Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo. Sena ke sona seo Jesu, Mosuoe e Moholo, a neng a lula a se etsa. Re tšepa ka tieo hore buka ena e tla u thusa, uena le ba lelapa la hao, ho fetola bophelo ba lōna e le hore e be bo khahlisang Jehova, e leng ho tla le tlisetsa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng.”a
Ho hlakile hore ho ba ntate ea molemo ho akarelletsa ho behela bana ba hao mohlala o motle, ho qeta nako e ngata u e-na le bona, le ho ba thusa ho phela ho ea ka litekanyetso tsa Molimo joalokaha a li senotse ka Bibeleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Lekunutu la Thabo ea Lelapa ke libuka tse ling tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova ho thusa malapa.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Le hoja a ne a le teronkong, Viktor Gutschmidt o ile a khona ho ba ntate ea molemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Ha a ne a koaletsoe ka lebaka la tumelo ea hae, Viktor o ile a taka litšoantšo tsena ho ruta bana ba hae ka tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Barali ba Viktor ka 1965
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Bo-ntate ba lokela ho ba mafolofolo ho ruteng bana ba bona