Ho Hong ho Molemo ho Feta Botumo
JOALOKAHA HO BOLETSE CHARLES SINUTKO
Ka 1957, ke ile ka fuoa konteraka ea libeke tse 13 ea ho bina Las Vegas, Nevada, U.S.A., ke binela lidolara tse sekete ka beke, ke e-na le monyetla oa ho bina libeke tse 50 hape haeba lintho li ne li ka tsa tsamaea hantle. Eo e ne e tla ba $50,000 e eketsehileng—e leng chelete e neng e le ngata ka nako eo. E-re ke hlalose hore na ho tlile joang hore ke fuoe mosebetsi o hlamatsehang hakana le hore na ke eng e ileng ea etsa hore ho o amohela kapa ho o hana e be ntho e thata hakana.
NTATE, eo e neng e le Moukraine, o hlahetse Europe bochabela ka 1910. Ka 1913 ’mè oa hae o ile a ea le eena United States, moo monna oa hae a neng a se a ntse a le hona teng. Ntate o ile a nyala ka 1935, ’me ke ile ka hlaha selemo hamorao Ambridge, Pennsylvania. Hoo e ka bang ka eona nako eo baholoane ba babeli ba Ntate e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.
Ha ’na le baena ba ka ba bararo re sa ntse re le banyenyane ’me lelapa leso le phela haufi le New Castle, Pennsylvania, ’Mè o ile a ithuta Bibele le Lipaki hakhutšoanyane. Ka nako eo ho batsoali ba ka ha ho eo e ileng ea e-ba e mong oa Lipaki, empa Ntate o ne a lumela hore bana babo ba ne ba e-na le tokelo ea ho lumela seo ba ratang ho se lumela. Le hoja Ntate a re hōlisitse hore re be le lerato la naha, kamehla o ne a emela tokelo ea ba bang ea hore ba rapele kamoo ba ratang kateng.
Mosebetsi oa ho Bina
Batsoali ba ka ba ne ba lumela hore ke na le talenta ea ho bina, kahoo ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ’ntšetsa pele. Ha ke le lilemo li tšeletseng kapa li supileng, Ntate o ne a ee a nkemise holim’a k’haontara ea nightclub hore ke bine le ho letsa katara ea ka. Ke ne ke bina pina e reng “’Mè.” Pina eo e hlalosa litšoaneleho tsa ’mè ea lerato ’me e qetella ka mantsoe a amang maikutlo. Banna ba teng moo bareng, bao hangata ba neng ba se ba otlile tse peli tse tharo, ba ne ba ee ba lle ’me ba tšele chelete ka katibeng ea Ntate.
Ke bile le lenaneo la ka la pele seea-le-moeeng New Castle ho WKST ka 1945, ke bina country music. Hamorao ke ile ka khelohela ho bineng lipina tse tloaelehileng lenaneong la Tse Ratoang, e leng lenaneo la beke le beke la seea-le-moea le bapalang lipina tse ratoang haholo tse leshome. Ke ile ka qala ho hlaha thelevisheneng ka 1950 lenaneong la Paul Whiteman. Mokhoa oo a neng a bapala pina ea George Gershwin e reng “Rhapsody in Blue” ka oona o sa ntse o tumme le kajeno. Kapele ka mor’a moo Ntate o ile a rekisa ntlo eso Pennsylvania, ’me ra fallela sebakeng sa Los Angeles sa California ka tšepo ea ho atolosa mosebetsi oa ka.
Ka lebaka la ho phehella ha Ntate, kapele ke ile ka ba le lenaneo la ka la beke le beke seea-le-moeeng Pasadena le la halofo ea hora beke le beke Thelevisheneng ea Hollywood. Ke ile ka hatisa lirekoto tsa ka Capitol Records le sehlopha sa ’mino oa liletsa se litho li lekholo sa Ted Dale hape ka ba sebini seea-le-moeeng sa CBS. Ka 1955, ke ile ka qala ho bina liholong tse khōlō tsa boithabiso Lake Tahoe ka leboea ho California. Ha ke le moo, lintho tse tlang pele bophelong ba ka li ile tsa fetoha haholo.
Ho ba le Lintho Tse Ncha Tse Tlang Pele
Hoo e ka bang ka nako eo, Ntate-moholo John—moholoane oa Ntate eo le eena a neng a falletse California a tsoa Pennsylvania—o ile a mpha buka ea “’Nete e be ea Molimo.”ab Ke ile ka ea le eona Lake Tahoe. Ka mor’a pontšo ea rōna ea ho qetela, e ileng ea fela hantle ka mor’a khitla, ke ile ka qala ho ikhatholla ka ho bala buka eo pele ke robala. Ke ile ka hlolloa ha ke fumana likarabo tsa Bibele lipotsong tseo e leng khale ke ipotsa tsona.
Nakoana ka mor’a moo ke ne ke sala holong ea nightclub ka mor’a mosebetsi ke bua le libini-’moho, hangata ho fihlela ka meso. Re ne re bua ka lihlooho tse kang bophelo ka mor’a lefu, hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo le hore na motho o tla qetella a timelitse lefatše hammoho le eena na. Likhoeli tse seng kae hamorao, ka la 9 July, 1955, kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Wrigley Field, Los Angeles, ke ile ka kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba ka ba ho sebeletsa Jehova Molimo.
Le pele likhoeli tse tšeletseng li feta, hoseng ha Keresemese ka 1955, ke ile ka mengoa ke Paki e ’ngoe, Henry Russell, ho ea le eena ho Jack McCoy, ea neng a le khoebong ea boithabiso. Henry eena e ne e le motsamaisi oa ’mino ho NBC. Joale, e itse ha re fihla moo, Jack o ile a re bana ba hae ba bararo le mosali ba lule fatše ’me ba re mamele, le hoja e ne e le hona ba sa tsoa bula limpho tsa bona tsa Keresemese. Eena le lelapa la hae kapele e ile ea e-ba Lipaki.
Mothating ona ke ne ke ithuta le ’Mè, ’me o hlile a amohela ’nete ea Bibele. Qetellong e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova le pula-maliboho, moevangeli oa nako e tletseng. Ka mor’a nako e itseng baena ba ka ba bararo le bona ba ile ba kolobetsoa ’me ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ka nakoana. Ka September 1956, ke le lilemo li 20, ke ile ka ba pula-maliboho.
Liqeto Mabapi le Mosebetsi
Ka nako ena motsoalle oa hlooho ea khomo oa moemeli oa ka, George Murphy, o ile a thahasella ho ’ntšetsa pele. George o ne a ile a hlaha lifiliming tse ngata lilemong tsa bo-1930 le tsa bo-1940. Ka December 1956, ka lebaka la thuso ea Murphy, ke ile ka hlaha lenaneong la Jackie Gleason, New York City thelevisheneng ea CBS. Eo e bile tšusumetso e khōlō mosebetsing oa ka, kaha lenaneo leo le ne le shebelloa ke batho ba hakanyetsoang ho 20 000 000. Ha ke le New York, ke ile ka etela ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova Brooklyn ka lekhetlo la pele.
Ka mor’a hore ke hlahe lenaneong la Gleason, ke ile ka saena konteraka ea baesekopo ea lilemo tse supileng le studio sa MGM. Ke ile ka fuoa monyetla oa ho hlaha kamehla lenaneong la TV Western. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, letsoalo la ka le ile la qala ho nkhathatsa, kaha ke ne ke tla lokela ho bapala karolo ea motho ea bechang le ea rasethunya—likarolo tse bontšang boitšoaro bo bobe le boitšoaro bo bong boo e seng ba Bokreste. Kahoo, ka tlohela. Ba neng ba le khoebong ea boithabiso ba ile ba nahana hore ke ea hlanya.
Sena se re fihlisa mosebetsing oane o hlamatsehang oa ho ea bina Las Vegas, oo ho builoeng ka oona qalong. Ke ne ke lokela ho qala mosebetsi bekeng eo re etetsoeng ke molebeli oa rōna ea tsamaeang. Haeba ke ne nke ke ka nka mosebetsi oo ka nako eo, ke ne ke tla lahleheloa ke monyetla oo ka ho feletseng. Maikutlo a ka a ne a farasitse, kaha Ntate o ne a lebeletse hore joale ke tla etsa chelete e ngata! Ka ba le maikutlo a hore o lokeloa ke moputso o itseng bakeng sa sohle seo a se entseng ho ntšetseng pele mosebetsi oa ka.
Kahoo ka atamela molebeli ea okamelang, Carl Park, eo le eena e neng e le sebini ’me e ’nile ea e-ba seletsi sa fiolo setsing sa seea-le-moea sa New York WBBR lilemong tsa bo-1920. Ke ile ka hlalosa hore haeba nka fumana konteraka ena, ke ne nka bula maliboho bophelo bohle ba ka ke sa tšoenyehe ka lichelete. O ile a re: “Nke ke ka u bolella hore na u etse eng, empa nka u thusa hore u etse qeto.” O ile a botsa: “Na u ne u tla tsamaea haeba e ne e le moapostola Pauluse ea neng a etela phutheho ea rōna bekeng ee?” A phaella, “U nahana hore Jesu o ne a tla rata hore u etse eng?”
Ho ile ha hlaka kelellong ea ka. Ha ke bolella Ntate hore ke entse qeto ea ho se amohele mosebetsi Las Vegas, o ile a re ke senya bophelo ba hae. Bosiung boo o ile a nkemela ka bistolo. O ne a rerile ho mpolaea, empa a khaleha—ho bonahala e le ka lebaka la ho noa haholo. Eaba o leka ho ipolaea ka karajeng ka mosi oa koloi. Ke ile ka bitsa ba pholoso ’me ba ile ba khona ho etsa hore a hlaphoheloe.
Ka ho tseba hore Ntate ke sefeloa-peloana, ba bangata phuthehong ea heso ba ne ba mo tšaba, empa molebeli oa rōna oa potoloho, Roy Dowell, o ne a sa mo tšabe. Ha Roy a il’o mo bona, ho ile ha etsahala hore Ntate a mo bolelle hore ha ke hlaha, ho ne ho e-na le monyetla oa hore ke se ke ka phela. Ntate o ne a tšepisitse Molimo hore haeba nka phela, o ne a tla ’nehela tšebeletsong ea Hae. Roy o ile a mo botsa hore na o kile a nahana hore na ebe Molimo o lebeletse hore a phethe tšepiso eo ea hae na. Seo se ile sa makatsa Ntate. Eaba Roy oa botsa, “Haeba tšebeletso ea nako e tletseng e ne e loketse Mora oa Molimo, ke hobane’ng ha e sa lokela oa hao?” Ka mor’a moo ho bonahala Ntate a ile a amohela qeto ea ka.
Ho sa le joalo, ka January 1957, Shirley Large le pula-maliboho-’moho le eena, ba ile ba chakela metsoalle e meng ea bona ba tsoa Canada. ’Na le Shirley re ile ra tloaelana ha re ne re ea tšebeletsong ka ntlo le ntlo le eena le motsoalle oa hae. Nakoana ka mor’a moo, Shirley o ile a tsamaea le ’na ho ea Hollywood Bowl, moo ke ileng ka bina le Pearl Bailey.
Ho Nka Khato ka Qeto e Entsoeng
Ka September 1957, ke ile ka khethoa ho ea sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng seterekeng sa Iowa. Ha ke bolella Ntate hore ke entse qeto ea ho ea kabelong eo, o ile a bokolla habohloko. O ne a sa utloisise hore na ke lintho life tseo ke hlileng ke li nkang e le tsa bohlokoa. Ke ile ka ea Hollywood ’me ka ikhula likonterakeng tsohle tsa ka. Har’a bao ke neng ke entse konteraka le bona e ne e le moeta-pele ea tummeng oa sehlopha sa ’mino oa liletsa le oa k’hoaere, Fred Waring. O ile a mpolella hore nke ke ka hlola ke sebetsa joaloka sebini haeba ke sa phethahatse tumellano ea ka. Kahoo ke ile ka hlalosa hore ke ne ke tlohela mosebetsi oa ka oa ho bina ho ea atolosa tšebeletso ea ka tšebeletsong ea Jehova Molimo.
Monghali Waring o ile a mamela ka tlhompho ha ke ntse ke itlhalosa, ’me joale a ’makatsa ka karabelo ea hae e bonolo: “Mora, ke masoabi ha u tlohela mosebetsi oa hao o motle hakana, empa ke bile mosebetsing oa ’mino bophelo bohle ba ka ’me ke fumane hore ho na le ho hongata bophelong ho feta ho bina feela. E se eka Molimo a ka hlohonolofatsa seo u se etsang.” Ke sa ntse ke hopola ke ea hae ke sekisitse meokho ea thabo, ke hlokomela hore joale ke lokolohile hore nka sebelisa bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova.
“Tumelo ea Hao e Kae?”
Ke ile ka qala ho sebetsa Strawberry Point, Iowa, motse oa batho ba ka bang 1 200, le motsoalle oa ka, Joe Triff. Shirley o ile a tla nchakela, ’me ra buisana ka tsa lenyalo. Ke ne ke se na chelete, ’me le eena o ne a se na eona. Chelete eohle eo ke neng ke e entse e ne e laoloa ke Ntate kaofela ha eona. Kahoo ka hlalosa: “Ke batla ho u nyala, empa re tla phela joang? Seo ke nang le sona feela ke chelete ea ho koahela litšenyehelo e kaalo ka $40 ka khoeli.” Ka mokhoa oa hae o bonolo, o tobileng, a bile a sa tsilatsile, o ile a re: “Empa, Charles, tumelo ea hao e kae? Jesu o itse haeba re batla ’Muso pele le ho loka ha hae, o tla re ekelletsa sohle seo re se hlokang.” (Matheu 6:33) Seo se ile sa qeta litaba. Re ile ra nyalana ka la 16 November, 1957.
Ke ne ke ithuta Bibele le sehoai se seng ka ntle ho Strawberry Point, se neng se e-na le ntlo e hahiloeng ka lifate ea bolelele ba limithara tse 3,7 le bophara ba 3,7 morung oa polasi ea hae. E ne e se na motlakase kapa pompo ea metsi le ntloana. Empa haeba re batla, re ne re ka lula moo re sa lefe. E ne e le ea khale, empa re ile ra fihlela qeto ea ho e nka kaha letsatsi lohle re tšebeletsong ’me re tla hae feela ka boroko.
Ke ne ke kha metsi selibeng se haufinyane. Re ne re futhumatsa ntlo eo ka ho besa setofo ’me re bala ka lebone la parafine; Shirley o ne a phehela setofong sa parafine. Bakeng sa ho hlapa re ne re sebelisa bate ea khale. Re ne re mamela liphokojoe ha li ngaea bosiu ’me re ne re ikutloa re le lehlohonolo hore ebe re babeli ’me re sebeletsa Jehova hammoho moo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea basebeletsi ba Bakreste. Bill Malenfant le mosali oa hae, Sandra, bao hona joale ba sebeletsang ntlo-khōlō Brooklyn, e ne e le bo-pula-maliboho ba khethehileng hoo e ka bang lik’hilomithara tse 100 ho tloha moo, Decorah, Iowa. Ka linako tse ling ba ne ba re etela ba qete letsatsi le rōna tšebeletsong ea tšimo. Qetellong, ho ile ha ba le phutheho e nyenyane ea batho ba ka bang 25 Strawberry Point.
Ho Kena Mosebetsing oa Potoloho
Ka May 1960 re ile ra memeloa ho etsa mosebetsi oa ho potoloha, e leng tšebeletso ea ho tsamaea. Potoloho ea rōna ea pele e ne le North Carolina, ’me e ne e akarelletsa metse ea Raleigh, Greensboro le Durham, hammoho le metse e meng e mengata e menyenyane. Maemo a rōna a bophelo a ile a ntlafala, kaha re ne re lula le malapa a mangata a neng a e-na le motlakase le matloana a ka tlung. Leha ho le joalo, litemoso tse neng li sa jese litheohelang ke tsa ba neng ba e-na le matloana ka ntle. Ba ne ba re lemosa hore re hlokomele liqooane le li-rattlesnake tseleng e eang ntloaneng!
Mathoasong a 1963 re ile ra isoa potolohong e Florida, moo ke ileng ka tšoaroa ke lefu le matla le amang pelo ’me ka batla ke shoa. Mohlomong ho ka be ho bile joalo hoja e se ka Bob le Ginny Mackey ba Tampa.c Ba ile ba nkisa ngakeng ea bona ’me ba ba ba re lefella litšenyehelo tsohle.
Ho Sebelisa Koetliso eo ke e Fumaneng Pele
Lehlabuleng la 1963, ke ile ka memeloa ho ea sebetsa New York mabapi le kopano e khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e neng e lokela ho ea tšoareloa moo. Ke ne ke tsamaea le Milton Henschel, ’muelli oa Lipaki Tsa Jehova, ho ea lenaneong la seea-le-moea le neng le tsamaisoa ke Larry King. Monghali King e ntse e le motšoari ea hlaheletseng oa lenaneo la lipuisano thelevisheneng. O ne a hlompha haholo ’me ka nako e ka etsang hora ka mor’a lenaneo leo o ile a botsa lipotso tse ngata ka mosebetsi oa rōna.
Hona lehlabuleng leo Harold King, moromuoa ea neng a sa tsoa lokolloa teronkong Chaena ea Bokomonisi, e ne e le moeti ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki. Bosiung bo bong o ile a bua le bamameli ba ka bang 700, a pheta tse ling tsa liphihlelo tsa hae le ho hlalosa kamoo ho koalloa ha hae a le mong teronkong ka lilemo tse ’nè ho ileng ha matlafatsa tumelo ea hae kateng. Ha a ntse a le teronkong o ile a ngola lipina tse nang le lihlooho tse amanang le Bibele le tšebeletso ea Bokreste.
Mantsiboeeng ao a sa lebaleheng ke ile ka bina le Audrey Knorr, Karl Klein le Fred Franz—Paki ea khale e nang le tinoro e chorisitsoeng—re bina “Ka Ntlo le Ntlo,” e leng pina e ileng ea kenyelletsoa bukeng ea lipina tse sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Nathan Knorr, eo ka nako eo a neng a etelletse pele mosebetsi o etsoang ke Lipaki, o ile a nkōpa hore ke bine Kopanong ea “Litaba Tse Molemo Tsa Bosafeleng” bekeng e latelang Yankee Stadium, e leng seo ke ileng ka se etsa.
Liphihlelo Mosebetsing oa ho Potoloha
Ha re ntse re le Chicago, Illinois, ho ile ha etsahala lintho tse peli tseo ke sa li lebaleng. Ntho ea pele, kopanong ea potoloho, Shirley o ile a bona Vera Stewart, ea ileng a pakela eena le ’mè oa hae ha ba le Canada bohareng ba lilemo tsa bo-1940. Shirley, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 11, o ne a hloletsoe ho utloa ka litšepiso tsa Molimo ka Bibeleng. O ile a botsa Vera, “Na u nahana hore nka phela lefatšeng leo le lecha?” Vera o ile a arabela, “Ha ke bone hore na u ka sitoa ke eng, Shirley.” Bobeli ba bona ba sa hopola mantsoe ao hantle. Ho tloha motsotsong oo a kopaneng le Vera ka oona ka lekhetlo la pele, Shirley o ile a tseba hore ho sebeletsa Jehova ke sona seo a neng a se batla.
Ntho ea bobeli, Paki e ’ngoe e ile ea mpotsa hore na ke sa hopola ke fumana mokotla oa litapole oa lik’hilograma tse 22 mathuleng a ntlo ea rōna mariha a 1958. Ke ne ke sa hopola hantle. Re ile ra o fumana ka mor’a hore re fohle sefefo se nang ka tšeole mantsiboeeng a mang ho ea hae! Le hoja re ne re sa tsebe hore na o tsoa kae, re ile ra lebisa tlotla ho Jehova bakeng sa tokisetso eo. Re ile ra qabelloa ke lehloa ka matsatsi a mahlano empa re ile ra thabela ho ja liphaphatha tsa litapole, litapole tse besitsoeng, tse hakililoeng, tse khotliloeng le tse entsoeng sopho! Re ne re se na lijo tse ling. Paki eo e ne e sa re tsebe kapa hona ho tseba hore na re lula hokae, empa e ne e utloetse hore bo-pula-maliboho ba bang haufi le moo ba ne ba phela ka thata. O re, ho na le ho hong ho ileng ha mo susumelletsa ho batla ho tseba hore na banyalani bana ba bacha ba lula hokae. Lihoai li tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka baahelani ba tsona, kahoo o ile a supisoa ntlo ea rōna hang-hang ’me a isa litapole tseo a khafutsa har’a lehloa.
Ke Motlotlo ka Khetho eo ke Entseng
Ka 1993, ka mor’a lilemo tse 33 ke le mosebetsing oa potoloho, bophelo ba ka bo ile ba fokola hoo ke ileng ka tlameha ho tlohela tokelo eo ea tšebeletso. ’Na le Shirley re ile ra ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba likooa, ’me le hona joale re sa le bona. Le hoja ke utloa bohloko hore ha ke sa na matla a ho potoloha, kea thaba hore ebe ke sebelisitse matla a ka ka tsela eo ke entseng ka eona.
Baena ba ka ba bararo ba ile ba etsa khetho e fapaneng. Qetellong e mong le e mong o ile a phehella maruo a lintho tse bonahalang, ’me hona joale ha ho le ea mong ea sebeletsang Jehova. Ka 1958, Ntate o ile a kolobetsoa. Eena le ’Mè ba thusitse batho ba bangata ho tseba Jehova, ho inehela ho Eena le ho kolobetsoa. Bobeli ba bona ba ile ba hlokahala ka 1999. Kahoo, ho ka etsahala hore qeto ea ka ea ho lahla botumo ba lefatše le maruo ke hona ho entseng hore Ntate a be le tšepo ea bophelo bo sa feleng hammoho le ba bangata bao eena le ’Mè ba ileng ba ba arolela ’nete ea Bibele. Hangata kea ipotsa, ‘Na nkabe ke tsoetse pele ho sebeletsa Jehova hoja ka se ke ka etsa qeto eo?
Lilemo tse ka bang tse hlano ka mor’a hore ke tlohele mosebetsi oa potoloho, bophelo ba ka bo ile ba ntlafala, ’me ke ile ka khona ho eketsa tšebeletso ea ka. Hona joale ke sebeletsa ke le molebeli ea okamelang phuthehong e ’ngoe Desert Hot Springs, California. Ke bile le tokelo ea ho tšoara molepo mosebetsing oa potoloho, ho sebeletsa likomiting tse khethehileng, le hore ka linako tse ling ke rute Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.
Ho tla fihlela lena le holimo Shirley e ntse e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Ha ho eo ke thabelang ho ba le eena joaloka eena. Kamehla re ba le moqoqo o hlasimollang oa moea, bobeli ba rōna re thabela linnete tsa Bibele tseo re buisanang hammoho ka tsona. Ke ntse ke hopola ka kananelo ho botsa ha hae ka bonolo lilemong tse 47 tse fetileng, “Empa, Charles, tumelo ea hao e kae?” Haeba banyalani ba Bakreste ba bacha ba ne ba ka botsana potso e kang eo, kea ipotsa hore na ke ba bakae ba neng ba ka ba le thabo le mahlohonolo ao re bileng le ’ona tšebeletsong ea nako e tletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a John Sinutko o ile a lula e le Paki e tšepahalang ea Jehova ho fihlela lefung la hae ka 1996 a le lilemo li 92.
b E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
c Tokollo ea Tsoha! ea February 22, 1975, leqepheng la 12-16, e na le pale ea ntoa ea Bob Mackey le ho holofala.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ntate-moholo John ka 1935, selemo seo a kolobelitsoeng ka sona
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ntlo ea rōna e entsoeng ka lifate
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Setšoantšo sa batsoali ba ka ka 1975, ba ileng ba lula ba tšepahetse ho fihlela lefung
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
’Na le Shirley kajeno