Pono ea Bibele
Na Tlhalo ke Tharollo?
BRITHANI, moruti o amohela bohle ba leng teng moketeng. Ka pel’a hae ho eme banyalani ba e-na le sehlopha sa metsoalle e haufi-ufi hammoho le bana. Na ke lechato le leng le thabileng? Le hanyenyane! Mokete ona ke oa ho hloboha lenyalo la bona. E, tlhalo e se e tloaelehile hoo likereke tse ling li amohelang ho etsoa ha mekete ea tlhalo!
Na u ntse u nahana ka tlhalo? Haeba ho joalo, na ho qhala lenyalo la hao ho tla hle ho u tlisetse thabo? Na ebe ho na le mehato eo u ka e nkang hore uena le molekane oa hao le thabe?
“E Tla ba Nama e le ’Ngoe”
Ha batho ba babeli ba pele ba ne ba nyalana, Molimo o ile a re monna ‘a khomarele mosali oa hae ’me e be nama e le ’ngoe.’ (Genese 2:24) Kahoo, lenyalo e ne e lokela ho ba tlamo ea ka ho sa feleng. Ke kahoo Jesu hamorao a ileng a bolela hore “lebaka la bohlola” ke lona feela leo e leng motheo oa tlhalo e tšehetsoang ke Mangolo ’me motho a lokolohile hore a ka kena lenyalong hape.—Matheu 19:3-9.a
Sena se hatisa hore ho hlokahala boitlamo lenyalong. Empa ho thoe’ng haeba lenyalo la hao le e-na le mathata a tebileng?
Na ho Hlala ke Qeto e Bohlale?
Jesu o fane ka molao-motheo oo re ka hlahlobang ka oona mehato eo re e nkang ha a ne a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Liphello tsa litlhalo tsa kajeno tse ngata hakaale tse etsoang tlas’a mabaka a sa utloahaleng li bontša eng?
Moprofesa litabeng tsa kahisano Linda Waite, oa Univesithi ea Chicago, eo e neng e le mookameli oa sehlopha sa litsebi tse ithutang ka manyalo a sa thabang, o re: “Melemo e tlisoang ke tlhalo e ’nile ea feteletsoa.” Ka ho tšoanang, Moprofesa Michael Argyle, oa Univesithi ea Oxford, ka mor’a ho nka lilemo tse 11 a sekaseka maikutlo a batho ba likete, o ile a fumana hore “batho ba hlalaneng kapa ba arohaneng ke bona ba neng ba se na thabo e kaalo.” Ke hobane’ng ha ho ne ho ka ba joalo?
Le hoja tlhalo e ka ’na ea fokotsa mathata a mang, e ka boetse ea hlahisa letoto la liketsahalo tse sithabetsang tseo ho ke keng ha e-ba bonolo ho li laola. Ka sebele, bafuputsi ba bontšitse hore tlhalo ka tloaelo ha e fokotse matšoao a ho tepella maikutlo kapa hona ho phahamisa moea oa hore motho a itšepe.
Esita le haeba u le “lenyalong le sa phethahalang,” ho lula ho lona ho ka u ruisa molemo. Ba bangata ba ikemiselitseng ho etsa joalo ba fumana thabo. Moprofesa Waite o re: “Ha nako e ntse e ea, mathata a mangata aa raroloha, ’me banyalani ba qetella ba thabile.” Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e bontšitse hore hoo e ka bang batho ba robeli ho ba leshome ba neng “ba sa thaba ho hang” manyalong a bona empa ba qoba tlhalo, lilemo tse hlano hamorao ba iphumane ba “thabile manyalong” a bona. Esita le haeba ho e-na le mathata a tebileng, ha se bohlale hore banyalani ba potlakele ho hlalana.
Mehato ea Bohlokoa
Ba ntseng ba lohotha tlhalo ba lokela ho ipotsa hore na lintho tseo ba li lebeletseng lenyalong ke lintho tsa sebele na. Ba mecha ea phatlalatso ba ’nile ba bontša baratani ba qetellang ka lechato la maemo a holimo, e-ba ka mor’a moo ba phela hamonate ho ea ho ile. Ka mor’a lechato, ha se lebeletsoeng se se se sa phethahale, masoabi a latelang a ka rotetsa khohlano. Ha tsitsipano e ntse e eketseha, ho hlaha boemo boo ho bona motho ea utloileng bohloko a nkoang ke maikutlo. Lerato lea fela ’me qetellong, le nkeloa sebaka ke bohale le lehloeo. Tlas’a maemo a joalo, ba bang ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore tlhalo ke eona feela khetho.—Liproverbia 13:12.
Ho e-na le ho lumella hore maikutlo a fosahetseng a ame pono ea hao, tloaelana le ba nang le boitlamo bo matla lenyalong la bona. Bakreste ba khothalletsoa hore ba ’ne ba “tšelisane le ho hahana.” (1 Bathesalonika 5:11) Ka sebele, bao manyalo a bona a leng khathatsong ho hlokahala hore ba khothatsoe ke balumeli-’moho le bona.
Bohlokoa ba Litšoaneleho Tsa Bomolimo
Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Litšoaneleho tsa bomolimo li ka sireletsa bonngoe ba lenyalo linakong tse nang le mathata.
Ka mohlala, Pauluse o ile a ngola: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.” (Bakolose 3:13) Christopher Peterson, setsebi sa kelello sa Univesithi ea Michigan, o re: “Ho tšoarela ke tšobotsi e amahanngoang haholo le thabo.”
Mosa, bonolo le tšoarelo li lebisa leratong, e leng “tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Ha ho pelaelo hore ka nako e ’ngoe le ne le thabile le ratana. Na u ka boela ua ba le lerato leo u kileng ua ba le lona? Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao a boima hakae, e-ba sebete. Ho na le tšepo. Ka sebele, ho khomarelana le ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka fella ka thabo e fetang eo u neng u lebeletse hore e ka ba teng. Ka sebele, boiteko ba hao tabeng ena bo tla thabisa Jehova Molimo, e leng eena Mothehi oa lenyalo.—Liproverbia 15:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e hlompha tokelo ea molekane ea se nang molato ea hore na o hlala molekane oa hae ea febileng kapa che. Bona Tsoha! ea May 8, 1999, leqepheng la 5-9.