AIDS e Tla Fela Neng?
Ho tloha ha ba sa le banyenyane, bacha ba fumana melaetsa e khothalletsang boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate e hlaha ka makhalo ’ohle. Ho sebelisa lithethefatsi ka ho ikenta, e leng mocha o mong o moholo oa ho jala HIV, le hona ho atile. Ha u sheba moea o atileng kajeno oa boitšoaro bo bontšang ho se tsotelle hore na liphello ke life, u ka ’na ua ipotsa hore na ebe ho na le mohla AIDS e tla ke e fele.
LINGAKA ka nepo li bontša hore mokhoa oa bohlokoa oa ho loantša AIDS ke oa ho fetola tsela eo batho ba itšoereng ka eona. Tlaleho e hatisitsoeng ke Litsi Tsa Taolo le Thibelo ea Mafu e re: “Moloko o mong le o mong oa bacha o hloka boitsebiso bo batsi ka tsa bophelo bo botle, ’me e be bo tsoelang pele, hape o hloka lintho tse o thusang hore o be le tsebo bophelong bohle ba oona ea hore na o qoba boitšoaro bo ka etsang hore o be le tšoaetso ea HIV joang. Mananeo a kenelletseng joalo a lokela ho kenyelletsa batsoali hammoho le matichere.”
Ho hlakile hore batsoali ba tlameha ho ruta bana ba bona ka likotsi tsena pele ba ka fuoa boitsebiso bo fosahetseng ke metsoalle ea bona kapa ke batho ba bang. Hase kamehla sena se leng bonolo. Empa se ka pholosa bophelo ba ngoana oa hao. Ho ruta bana ka ho kopanela liphate le ka lithethefatsi hase ho bolela hore u senya bana. Ha e le hantle ho ka ba sireletsa hore ba lule ba hloekile.
Koetliso ea Batsoali ke ea Bohlokoa
Ho batho ba Molimo ba boholo-holo, ho ne ho lebeletsoe hore batsoali ba rute bana ba bona ka ho kopanela liphate le hore na ba ka sireletsa bophelo ba bona joang. Hoa thahasellisa ho bona hore melao ea Iseraele ea boholo-holo e ne e akarelletsa tataiso e tobileng boitšoarong, hammoho le mekhoa e neng e ba sireletsa hore ba se tšoaetsoe ke mafu. (Levitike 18:22, 23; 19:29; Deuteronoma 23:12, 13) Batho ba ne ba lokela ho rutoa melao ee joang? Jehova Molimo o ile a bolella Baiseraele: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao.” Batsoali ba ne ba tlameha ho utloisisa pele melemo ea ho mamela melao ena le liphello tsa ho se etse joalo. Joale, eaba baa laeloa: “U a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.”—Deuteronoma 6:6, 7.
Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa “ho ruta ka ho pheta-pheta” e le “ho ruta le ho hatisa ka makhetlo kapa ka ho khalemela.” Ho hlakile hore nako e ea ameha. Batsoali ba behellang ka thoko nako ea ho ruta bara le barali ba bona ka likotsi tsa ho sebelisa lithethefatsi le ho kopanela liphate ho sa lokelang ka sebele ba na le monyetla o moholoanyane oa ho bona bana ba bona ba qoba mefuta ea boitšoaro bo ka etsang hore ba fumane tšoaetso ea HIV le mafu a mang.a
Matšeliso ho ba Nang le HIV/AIDS
Boiteko bo etsoang ho thibela AIDS bo ka ’na ba se tšelise batho ba limilione ba nang le tšoaetso ea HIV/AIDS hakaalo. Ntle le hore lefu lena le se le ntse le sotla batho bana, hangata ba fetoloa sekhobo le ho khesoa ka lebaka la boemo ba bona. Hobane’ng? Tumelo e tloaelehileng, le hoja e fosahetse, ke ea hore ho ba haufi le batho ba joalo feela ho ka etsa hore ba bang ba tšoaetsoe HIV. Ke ntho e utloahalang hore batho ba tšabe ho tšoaetsoa HIV/AIDS, kaha ea tšoaetsanoa ebile ea bolaea. Ba bang ba lumeletse ho tšaba ha bona lefu lena ho ba etsa hore ba tšabe batho ba nang le lona ka tsela e sa utloahaleng. Bakuli ba ’nile ba haneloa ka phekolo, ba lelekoa likerekeng le hona ho hlaseloa ka mabifi.
Ba bang ba pheha khang ea hore AIDS ke thohako eo Molimo a e fileng ba babe. Ke ’nete hore ho latela litekanyetso tsa Bibele tabeng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate, ho sebelisa lithethefatsi le mali ho ka be ho thibetse ba bangata hore ba se tšoaetsoe. (Liketso 15:28, 29; 2 Bakorinthe 7:1) Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore bokuli hase pontšo ea hore Molimo o otla motho bakeng sa phoso e itseng eo a e entseng. Ho e-na le hoo, Bibele e re: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13; Johanne 9:1-3) Motho ea nang le HIV kapa AIDS hobane a sa ka a mamela litekanyetso tsa Mangolo empa leha ho le joalo a fetotse boitšoaro ba hae, a ka kholiseha hore Molimo ha aa mo lahla.
Kutloelo-bohloko ea Molimo le lerato la hae ho batho ba kulang mafu a sa foleng li ile tsa bonahala ha Mora oa hae, Jesu, a tla lefatšeng. Ha a kopana le molepera ha a ntse a tsamaea, Jesu a ‘susumetsoa ke khauho, ’me a otlolla letsoho a mo ama.’ Jesu o ile a etsa mohlolo ’me a folisa molepera. (Mareka 1:40-42) Jesu o ne a sa khese batho ba kulang. Lerato leo a ileng a ba bontša lona e ne e le pontšo e phethahetseng ea lerato leo Ntate oa hae oa leholimo a nang le lona.—Luka 10:22.
Pheko ea AIDS—Haufinyane!
Ho phekola ha Jesu ka mohlolo ha ho re tiisetse feela ka lerato la Molimo. Bibele e re bolella hore hona joale Jesu Kreste o busa e le Morena leholimong. (Tšenolo 11:15) Tšebeletso ea hae ea lefatšeng e bontšitse hore o na le matla ebile o ikemiselitse ho phekola mafu leha e le afe a hlokofatsang moloko oa batho. Ke sona seo a tla fela a se etse.
Boprofeta ba Bibele bo re tiisetsa hore haufinyane “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Ho sa tsotellehe ho hlōleha ha batho ho thibela ho jaleha ha AIDS kapa ho fana ka phekolo e sebetsang ho bohle, re ka kholiseha hore AIDS e tla felisoa. Morena Davida o ile a re: “Boka Jehova, uena moea oa ka, u se ke ua lebala liketso tsohle tsa hae, eena ea tšoarelang liphoso tsohle tsa hao, ea folisang mafu ’ohle a hao.”—Pesaleme ea 103:2, 3.
See se tla etsahala neng? Molimo o lebeletse eng ho ba lakatsang ho fumana litlhohonolofatso tseo? Re u khothalletsa hore u ikopanye le Lipaki Tsa Jehova e le hore u tsebe ka ho eketsehileng ka litšepiso tse babatsehang tsa Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batsoali ba bangata ba fumane buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e le thuso e khōlō ho ruteng bana ba bona ka ho tsoelang pele ka ho kopanela liphate le ka melao-motheo ea bohlokoa ea boitšoaro.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Boprofeta ba Bibele bo re tiisetsa hore haufinyane “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula’”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho ruta bana ba hao ka litaba tsa ho kopanela liphate le ka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ho ka ba sireletsa
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Matla a Jesu le boikemisetso ba hae ho phekola ba kulang li bontša seo a tlang ho se etsa nakong e tlang