Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 3/8 maq. 13-16
  • Bo-’mè ba Sebetsanang le Mathata ka Katleho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bo-’mè ba Sebetsanang le Mathata ka Katleho
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Banna ba ea Linaheng Tse Ling
  • Bo-’mè ba sa Rutehang Hakaalo
  • Ho Loantšana le Meetlo e Kotsi
  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona
    Tsoha!—2005
  • Mosebetsi o Hlomphehang oa Bo-’mè
    Tsoha!—2005
  • Khotsofalla ho ba ’Mè
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mathata a ho ba ’Mè
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 3/8 maq. 13-16

Bo-’mè ba Sebetsanang le Mathata ka Katleho

BOTHATA bo boholo ho bo-’mè ba bangata kajeno ke ba ho sebetsa e le hore ba thuse ho hlokomela malapa a bona ka lichelete. Ho feta moo, ka mabaka a fapa-fapaneng, ba bang ba tlameha ho hōlisa bana ba le bang.

Margarita ke ’mè ea se nang molekane Mexico, ea hōlisang bana ba babeli. O re: “Ho ’nile ha e-ba boima ho ba koetlisa boitšoarong le moeeng. Nakong e fetileng mora oa ka ea lilemong tsa bocha o ile a tla lapeng a tsoa phathing a tahiloe empa eseng haholo. Ke ile ka mo lemosa hore ha a ka pheta, ke tla mo notlella ka ntle. Kahoo, lekhetlo le latelang ha a pheta, ke ile ka mo notlella ka ntle ka pelo e bohloko. Ka lehlohonolo, ha aa ka a hlola a pheta hape.”

Nakoana ka mor’a moo Margarita o ile a qala ho ithuta Bibele, e ileng ea mo thusa hore a rute bana ba hae litekanyetso tsa boitšoaro. Hona joale ka bobeli ke basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova.

Ha Banna ba ea Linaheng Tse Ling

Banna ba bangata linaheng tse sa tsoelang pele ba ea linaheng tse ruileng ho ea batla mosebetsi, ba siea basali ba bona hore ba hōlise bana. Laxmi, ’mè e mong oa Nepal, o re: “E se e le lilemo tse supileng monna oa ka a le naheng e ’ngoe. Bana ba ka ha ba ’mamele ka tsela eo ba mamelang ntate oa bona ka eona. Ho ka be ho le bonolo haholoanyane hoja o ne a le teng kamehla ho ba tataisa.”

Ho sa tsotellehe mathata ao, Laxmi o sebetsana hantle le boemo. Kaha ha aa ruteha hakaalo, o batletse bana ba hae ba baholoanyane matichere a poraefete hore a ba thuse ka mosebetsi oa bona oa sekolo. Leha ho le joalo, o lebisa tlhokomelo e khethehileng thutong ea bana ea moea ka hore beke le beke a ithute Bibele le bona. Letsatsi le leng le le leng o bala temana ea Bibele le bona le ho ea le bona kamehla libokeng tsa Bokreste.

Bo-’mè ba sa Rutehang Hakaalo

Linaheng tse ling bothata bo bong ke ba palo e batlang e phahame ea basali ba sa tsebeng ho bala le ho ngola. Ha a bontša bobe ba ho ba ’mè ea sa rutehang, Aurelia oa Mexico, ’mè ea nang le bana ba tšeletseng, oa hlalosa: “’Mè o ne a lula a re basali ha baa etsetsoa hore ba rutehe. Kahoo, ha kea ka ka rutoa ho bala ’me ke sitoa ho thusa bana ba ka ka mosebetsi oa bona oa sekolo. Sena se nkutloisa bohloko. Empa kaha ha ke batle hore ba sokole joaloka ’na, ke sebelitse ka thata hore ba rutehe.”

Esita leha ’mè a rutehile hanyenyane, a ka etsa phapang e khōlō. Polelo ena ke ’nete: “Ho ruta basali ke ho ithutela matichere a banna.” Bishnu oa Nepal, ’mè ea nang le bara ba bararo, o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, empa takatso ea hae ea ho ithuta linnete tsa Bibele le ho li ruta bana ba hae e ile ea etsa hore a iteke ka matla ho ithuta ho bala le ho ngola. O ile a etsa bonnete ba hore bana ba hae ba etsa mosebetsi oa bona oa sekolo, a lula a ea sekolong ho ea buisana le matichere ka mosebetsi oa bona.

Ha e le thutong ea bona ea moea le ea boitšoaro, mora oa Bishnu, Silash, oa hlalosa: “Ntho eo ke ileng ka e rata haholo ka boiteko ba ’Mè ba ho re ruta ke ea hore ha re ne re entse phoso, o ne a re khalemela ka ho re bontša mehlala ea Bibele. Mokhoa ona oa ho ruta o ne o sebetsa ’me o ile oa nthusa hore ke amohele taeo.” Bishnu o atlehile ho ruta bara ba hae, bao boraro ba bona e leng bahlankana ba tšabang Molimo.

Antonia, oa Mexico, ’mè ea hōlisang bana ba babeli, o re: “Ke kene sekolo sa mathomo feela. Re ne re lula motseng o ka thōko, ’me sekolo se mahareng se haufinyane le rōna se ne se ntse se le hōle. Empa ke ne ke batla hore bana ba ka ba rutehe ho mpheta, kahoo ke ile ka ba tella nako ea ka e ngata. Ke ile ka ba ruta alfabeta le lipalo. Morali oa ka o ne a tseba ho peleta lebitso la hae le ho ngola litlhaku tsohle tsa alfabeta le pele a e-ea sekolong. Mora oa ka o ne a tseba ho bala hantle le pele a ka ea kereche.”

Ha a botsoa hore na o entse’ng ho ba ruta moeeng le boitšoarong, Antonia oa hlalosa: “Ke ile ka ba ruta lipale tsa Bibele. Le pele morali oa ka a tseba ho bua, o ne a ka qoqa lipale tsa Bibele ka liketso. Mora oa ka o ile a fana ka ’malo oa hae oa pele oa Bibele libokeng tsa rōna tsa Bokreste a le lilemo li ’nè.” Bo-’mè ba bangata ba sa rutehang ho le hokaalo ba phetha karolo ea bona hantle ea ho ba barupeli.

Ho Loantšana le Meetlo e Kotsi

Matzotzil a Mexico a na le moetlo oa ho rekisa barali ba bona hore ba nyaloe ba sa le lilemo li 12 kapa li 13. Hangata banana ba rekisetsoa banna ba hōlileng ba batlang mosali oa bobeli kapa oa boraro. Haeba monna eo a sa khotsofala, a ka khutlisa ngoanana eo ’me a khutlisetsoa chelete ea hae. Petrona o ile tobana le moetlo oo ha e sa le ngoana. ’Mè oa hae o ne a ile a rekisetsoa monna e mong, a ba le ngoana eaba oa hlaloa—’me tsena tsohle li etsahetse a le lilemo li 13! Ngoana eo oa pele o ile a shoa, ’me ’mè oa Petrona o ile a rekisoa makhetlo a mabeli hape. O ile a ba le bana ba robeli kaofela.

Petrona o ne a batla ho qoba bophelo bo joalo ’me o hlalosa kamoo a ileng a bo qoba kateng: “Ha ke qeta sekolo sa mathomo, ke ile ka bolella ’Mè hore ha ke batle ho nyaloa empa ke batla ho tsoela pele ka sekolo. ’Mè o ile a mpolella hore ha ho letho leo a ka le etsang ka hona ’me a re ke lokela ho bua le Ntate.”

Ntate o ile a re: “Ke tl’o u nyalisa. U tseba ho bua Sepanishe. U tseba ho bala. Joale u batla’ng hape? Haeba u batla ho ithuta, u tla tlameha ho ipatalla sekolo.”

Petrona oa hlalosa: “Ke sona seo ke ileng ka se etsa. Ke ne ke khabisa masela ’me ke fumana chelete bakeng sa lintho tseo ke li hlokang.” Ke ka tsela eo a ileng a qoba ho rekisoa ka eona. Ha Petrona a se a hōlile, ’mè oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele, ’me sena se ile sa mo fa sebete sa hore a rute baena ba Petrona ba banana ka litekanyetso tsa Bibele. Ka phihlelo eo a bileng le eona, o ile a khona ho ruta bana ba hae ka liphello tse bohloko tsa moetlo oa ho rekisa bananyana hore ba nyaloe.

Moetlo o mong har’a e meng e mengata ke oa hore bo-ntate ke bona feela ba ka laeang bara ka lapeng. Petrona oa hlalosa: “Basali ba Matzotzil ba rutoa hore ba tlaasana ho banna. Banna ba teng ke ba hatellang haholo. Bashanyana ba etsisa bo-ntat’a bona, ’me ba bolella bo-’m’a bona: ‘Ha ho letho leo u ka mpolellang lona. Haeba Ntate a sa mpolelle, nke ke ka u mamela.’ Ka hona, bo-’mè ba ke ke ba ruta bara ba bona. Empa hona joale kaha ’mè o ithutile Bibele, o atlehile ho ruta likhaitseli tsa ka. Ba tseba Baefese 6:1, 2 ka hlooho: ‘Bana, le mamele batsoali ba lōna . . . Hlompha ntat’ao le ’m’ao.’”

Mary, ’mè e mong oa Nigeria le eena o re: “Moo ke hōletseng teng, moetlo ha o lumelle ’mè hore a laee bana ba bashanyana. Empa ka ho latela mohlala oa Bibele oa Loise le Eunise—nkhono oa Timothea le ’mè oa hae—ke ile ka ikemisetsa ho se lumelle meetlo hore e nthibele ho ruta bana ba ka.”—2 Timothea 1:5.

Moetlo o mong hape o tloaelehileng linaheng tse ling ke o bitsoang “lebollo la basali,” leo ka tloaelo hona joale le bitsoang ho holofatsa litho tsa bosali (female genital mutilation [FGM]). Tšebetso ena e tlosa karolo e itseng kapa boholo ba karolo ea setho sa mosali. Moetlo ona o ile oa phatlalatsoa ke Waris Dirie, ’motlelara ea tsebahalang oa feshene ebile e le moemeli ea khethehileng oa Letlōle la Baahi la Machaba a Kopaneng. Tumellanong le moetlo o tloaelehileng Somalia, ha e sa le ngoana ’mè oa hae o ile a etsa hore a holofatsoe litho tsa bosali. Ho latela tlaleho e ’ngoe, basali ba pakeng tsa limilione tse robeli le tse leshome le banana ba Bochabela bo Hare le ba Afrika ba kotsing ea ho holofatsoa litho tsa bosali. Esita le United States, banana ba hakanyetsoang ho ba 10 000 ba kotsing.

Tloaelo ee e etsoa tlas’a mabaka afe? Ba bang ba nahana hore litho tsa bosali li silafetse le hore li silafatsa ngoanana ’me li etsa hore a se ke a nyaloa. Ho phaella moo, ho seha kapa ho tlosa karolo e itseng ho nkoa e le tiiso ea hore ngoana e sa le moroetsana ’me oa tšepahala. Ha ’mè a sa latele moetlo ona, sena se ka etsa hore monna oa hae a mo halefele a be a halefeloe le ke sechaba.

Leha ho le joalo, bo-’mè ba bangata ba hlokometse hore ha ho na lebaka le utloahalang—la bolumeli, la bongaka, kapa la bohloeki—le tšehetsang mokhoa ona o utloisang bohloko. Buka ea Nigeria e bitsoang Repudiating Repugnant Customs e senola hore bo-’mè ba bangata ba ’nile ba hana ka sebete ho isa barali ba bona hore ba etsoe sena.

Ka sebele, bo-’mè lefatšeng ka bophara ba sireletsa le hona ho ruta bana ba bona ka katleho ho sa tsotellehe mathata a mangata. Na ka sebele boiteko ba bona boa ananeloa?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

“Liphuputso tse ngata li ile tsa bontša hore ha ho na leano la tsoelo-pele le atlehileng leo basali ba sa phethang karolo ea bohlokoa ho lona. Ha basali ba amehile ka ho feletseng ka ho itseng, melemo ea hona e bonahala ka potlako: malapa e ba a phetseng le a fepehileng hantle; chelete e kenang, e bolokoang le e etsoang matsete e ea eketseha. ’Me se etsahalang malapeng se etsahala le sechabeng, ’me qetellong, se namela naheng ka kakaretso.”—Mongoli e Moholo oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan, ka la 8 March, 2003.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN/DPI photo by Milton Grant

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16]

O Ile a Itella Rōna

Mohlankana e mong oa Brazil, Juliano, o re: “Ha ke ne ke le lilemo li hlano, ’Mè o ne a sebetsa mosebetsi o motle. Leha ho le joalo, ha khaitseli ea ka e hlaha, o ile a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi oo e le hore a re hlokomele. Baeletsi mosebetsing ba ile ba leka ho mo nyahamisa hore a se ke a tlohela mosebetsi. Ba ile ba re ka mor’a hore a hōlise bana, ba tla nyala, ba nyaloe ebe ba tloha lapeng, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ba etselitseng eona e tla be e ile le metsi—hore o etsa letsete la ntho e ke keng ea mo putsa ka letho. Empa ba ne ba fositse hakaakang; nke ke ka lebala lerato leo a re bontšitseng lona.”

[Litšoantšo]

’Mè oa Juliano le bana ba hae; ka ho le letšehali: Juliano ha a ne a le lilemo li hlano

[Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Bishnu o ile a ithuta ho bala le ho ngola ’me a thusa bara ba hae hore ba fumane thuto e ntle

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Mora e monyenyane oa Antonia o fana ka ’malo oa Bibele libokeng tsa Bokreste

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Petrona ke moithaopi lekaleng la Mexico la Lipaki Tsa Jehova. ’Mè oa hae, eo qetellong e ileng ea e-ba Paki, o ruta bana babo Petrona

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Waris Dirie o tsebahala e le ’muelli oa basali khahlanong le ho holofatsoa ha litho tsa bosali

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo By Sean Gallup/ Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela