Kea Thaba Hore Ebe “ke Itetse”
JOALOKAHA HO BOLETSE CLAIRE VAVY
SEHLEKEHLEKE sa Madagascar, se bohōle ba lik’hilomithara tse 400 ho tloha naheng ea Mozambique e Afrika Bochabela, ke sebaka se nang le lithaba le meru e teteaneng e nang le pula e ngata. Ke hlahetse motsaneng oa Betoko II, o ka bochabela sehlekehlekeng sena. Ka 1987 ha ke ne ke le lilemo li 15, ke ile ka ea lula motseng o lebōpong la leoatle oa Mahanoro ho ea kena sekolo teng.
Ke ile ka lula Mahanoro le Abuti Celestin, eo ka nako eo a neng a qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Lilemo tse peli hamorao, ke ile ka ba Paki. Ke ne ke ikemiselitse ho sebeletsa Jehova Molimo ka hohle kamoo nka khonang.
Boiteko ba ho Finyella Lipakane Tsa Ka
E ’ngoe ea lipakane tsa ka tsa pele e ne e le ho thusa lelapa leso le Betoko II, ka hona, ke ne ke rapela Jehova kamehla ka takatso eo ea ka. Empa ke ne ke khona ho ea hae feela nakong ea phomolo ea likolo. E ne e le leeto le boima la lik’hilomithara tse 100. Re ne re tsamaea lik’hilomithara tse qalang tse 40 ka koloi, empa tsela e setseng ea lik’hilomithara tse 60 e ne e le thabeng ’me e le tsela e tšesaane e ka tsamauoang feela ka maoto.
Ke ne ke tlameha ho hloa meepa e mengata, ’me karolo e ’ngoe ea tsela e ne e le tšesaane hoo e neng e lekana leoto feela. Haeba ke ne ke qala leeto ka matjeke ’me ke tsamaea ho fihlela letsatsi le likela, hangata ke ne ke khona ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 40. Ke ne ke nka thōtō e boima bo fetang lik’hilograma tse 15—e ’ngoe ke e roala hloohong, e ’ngoe ke e pepa, ’me e setseng ke e tšoara ka matsoho. Boholo ba thōtō eo e ne e e-ba lingoliloeng tsa Bibele tseo ke neng ke li abela beng ka ’na le batho ba bang ba thahasellang. Hohle moo ke neng ke feta teng ke ile ka tsebahala ke le “’mathōtō.”
Ho sa tsotellehe cheseho eo ke neng ke e-na le eona, qalong ba lelapa leso ba ile ba hana ho ’mamela ha ke ba bolella ka tumelo ea ka e ncha. Leha ho le joalo, ba ile ba fetoha ka potlako ’me ba mpotsa lipotso tse ngata hoo ka linako tse ling re neng re robala ka hora ea bobeli hoseng.
Ketelo ea ka e sa Lebaleheng
Ka la 24 December, 1990, ke ile ka fihla lapeng Betoko II ke tlile phomolong. Ba lapeng ba ne ba nthabetse, ba lumela hore ke tletse ho tla keteka Keresemese le bona. Thabo ea bona e ile ea fetoha masoabi ha ke hlalosa hore na ke hobane’ng ha nke ke ka keteka Keresemese le bona. Ba ile ba hlajoa ke lihlong hore na ba tla bolella ba bang sena joang motseng, etsoe e ne e le motse oa batho ba momahaneng haholo. Kahoo, ke ile ka utloa ke tlameha hore e be ’na ea hlalosang boemo. Empa ke ne ke tla etsa see joang?
Ke ne ke sa tiiseha ka sena, haholo hobane ke ne ke sa le monyenyane haholo. Ke ile ka ipotsa hore na ebe e ne e tla ba ntho e nepahetseng hore ke hlalosetse batho ba motseng tumelo ea ka ha ba phuthehile kerekeng letsatsing le latelang na. Ke ile ka rapela Jehova nako e telele, ke kōpa ka tieo hore a ntataise. Ka mor’a moo, ke ile ka botsa abuti oa ka Paul, eo e neng e le mosuoe oa kereke, “Na u nahana hore e tla ba ntho e nepahetseng hore ke hlalosetse ba tlileng kerekeng hosasa hore na ke hobane’ng ha ke sa keteke Keresemese?” O ile a ea botsa ba bang ’me ba amohela kōpo ea ka.
Letsatsi le hlahlamang, ke ile ka bitsoa ka mor’a hore tšebeletso ea kereke e tsoe. Ka mor’a ho rapela Jehova hape, ke ile ka tsamaea le lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Mantsoeng a ka a qalang, ke ile ka leboha bohle ka tlatsetso eo ba bileng le eona ho nthusa hore ke hlomphe Bibele ka ho teba. Ka hlalosa hore ke ile ka tsoela pele ke ithuta Bibele leha ke se ke tlohile hae. Ke ile ka re ke sibolotse linnete tse ngata tsa Bibele tseo re neng re sa ka ra li rutoa.
Ke ile ka sebelisa monyetla ona ho hlalosa tšepo ea Bibele ka ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4), lebaka leo e leng ba seng bakae feela ba tšepahalang lefatšeng ba ka nkeloang leholimong (Johanne 14:2, 3; Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3), hammoho le thuto ea Bibele ea hore bafu ha ba tsebe letho joaloka batho a robetseng ’me kahoo, e ke ke eaba ba utloa bohloko (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-14, 38-44). Ke ile ka boela ba bontša hore Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke Keresemese le hore mokete oo o qalile boheteneng.
Ha ke qetile ho bua, ba bangata ba neng ba le teng ba ile ba lumellana le ’na hore seo ke se buileng ke ’nete. Ba bang ba bile ba botsa lipotso tse eketsehileng. Ka mor’a moo, ke ile ka ba bontša lingoliloeng tseo ke neng ke tlile le tsona ’me ka ba hlalosetsa hore ke libuka tse thusang batho ho ithuta Bibele tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka ba bolella hore nka thabela ho thusa leha e le mang ea ka ratang ho ithuta Bibele. Ba bangata ba ile ba amohela lingoliloeng tsa Bibele.
Ho Sibolla ho Hong ho Hlollang
Mosali e mong eo ke neng ke qala ho kopana le eena o ile a nkatamela ’me a re, “Ngoan’eso ea lulang motseng o mong, le eena ke oa bolumeli bona ba hao.” Ke maketse, ke ile ka mo botsa, “Motseng ofe?”
“Oa Andranomafana,” o ile a arabela. Ke motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha Betoko II.
Ke ile ka bolella mosali eo hore mohlomong ngoana eo oabo o bolumeling bo bong, kaha Lipaki sebakeng seo li ne li tsebana kaofela. Leha ho le joalo, mosali eo o ile a lomahanya meno hore ngoan’abo o mo rutile lintho tse tšoanang le tseo ke li hlalositseng ka kerekeng. Ke ile ka kōpa lebitso la ngoan’abo le aterese kaha ke ne ke labalabela ho ea motseng oo hang-hang. Empa ’Mè o ile a nkhothalletsa hore ke eme letsatsi kapa a mabeli, kaha e ne e tla ba leeto le boima, ke tsamaea ka maoto. Matsatsi a mabeli hamorao, ’na le abuti oa ka Charles re ile ra leba Andranomafana.
Hang ha re fihla, re ile ra botsa batho ba bang motseng, “Na ho na le Lipaki Tsa Jehova moo?” Ke ile ka nyahama ha ba arabela, “Motseng mona kereke e teng ke ea Mak’hatholike, ea Mapentekonta le ea Maindependent feela.”
Joale mosali e mong o ile a re, “Haeba le batla Lipaki Tsa Jehova, e tlameha ebe le batla Marceline le lelapa la hae.” Ke lona lebitso leo ke neng ke le filoe!
Motho e mong o ile a ea bitsa Marceline. O ile a fihla ka potlako empa a bonahala a batla a tšohile. Batho ba motse kaofela ba ile ba re pota-pota, kaha ba ne ba nahana hore re batho ba itseng ba ’muso ba tl’o mo hloma lipotso. Hamorao ke ile ka fumana hore eena le lelapa la hae ba ne ba hlorisetsoa ‘bolumeli [ba hae] bo sa tloaelehang motseng.’
Marceline o ile a re ntšetsa thōkoana ho letšoele, moo re neng re ka tseba ho bua. Ha ke mo botsa hore na ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a re e. Hona hoo a ba a lata buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, e leng buka e neng e sebelisoa pele ke Lipaki Tsa Jehova bakeng sa ho thusa batho ho ithuta Bibele, hammoho le litokollo tsa khale tsa Molula-Qhooa. Kaofela ha tsona li ne li tsofetse ’me li tabohile. Ke ile ka mo botsa: “Bekeng e fetileng le ithutile makasine efe?”
O ile a arabela: “Limakasine tsena ke tsona feela tseo re nang le tsona, ’me re lula re li pheta-pheta.” Joale ke ile ka bolella Marceline hore le ’na ke Paki. O ile a thaba hakaakang! Ha ke mo bolella hore ke rata ho kopana le monna ea neng a ba tšoarela liboka, o ile a hlalosa hore o lula sebakeng se seng, seo le sona se leng hōle.
Ho Sibolla ho Hong Hape ho Thabisang
Letsatsing le hlahlamang, ’na le Marceline re ile ra ea etela monna eo. Ha re fihla, o ne a maketse haholo empa a thabetse ho re bona. Ha e le hantle, e ne e le Paki e neng e tsoa motseng o lebōpong la leoatle oa Toamasina, bohōle ba lik’hilomithara tse 200 ka leboea-bochabela. Eena le lelapa la hae ba ile ba tlameha ho khutlela mona lilemo tse ’maloa tse fetileng ha ka tšohanyetso a ne a felloa ke mosebetsi. Ha a fihla, o ile a qala ho bolela, ho ba le lithuto tsa Bibele le ho tšoara liboka.
Lipaki tse ling le lelapa la hae li ile tsa thabela ho bona limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa tseo ke neng ke tlile le tsona. Hape ke ile ka ba bontša buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, eo e neng e se e le eona eo re e sebelisang ho thusa batho ho ithuta Bibele. E ne e le lekhetlo la pele ba e bona. Sontaha se latelang ke ile ka khutlela Andranomafana ho ea ba le bona libokeng. Ke ile ka ba khothalletsa hore ba iteanye le ofisi ea lekala ea Lipaki e Motse-moholo Antananarivo, kaha ofisi e ne e sa tsebe hore ho na le sehlopha sena se senyenyane.
Ho tloha ka January 1991, hoo e ka bang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke nka leeto la ho tloha Mahanoro ke e-ea Andranomafana, ke ba isetsa limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le lingoliloeng tse ling. E ne e le leeto la lik’hilomithara tse 130 ho ea feela, ’me lik’hilomithara tse fetang 85 ho tsona ke ne ke li tsamaea ka maoto—ke nyolosa meepa le ho theosa metheo, ke tsamaea maralleng a matsutla-tsutla, ke feta merung e teteaneng eo ha pula e ne e nele, ke neng ke qhafutsa ka boima seretseng se neng se bile se thella.
Thōtō ea ka e ile ea e-ba boima le ho feta ha batho ba hlokang lingoliloeng tse ling le libuka ba ntse ba eketseha. Leha ho le joalo, qetellong ea leeto ka leng, khotsofalo e khōlō le thabo eo ke neng ke e-ba le eona li ne li etsa hore ke lebale mokhathala le ho opeloa ke mesifa. Ke ne ke thaba hakaakang ha ke bona kamoo sehlopha seo se neng se nyakalla kateng ha se fumana sengoliloeng se seng le se seng se secha, hammoho le ho bona kamoo ba arabelang kateng linneteng tsa Bibele!
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ka la 1 September, 1992, ke ile ka khethoa ho ba pula-maliboho, kamoo Lipaki li bitsang basebeletsi ba nako e tletseng kateng. Ke ile ka bula-maliboho Mahanoro empa ke ntse ke buisana le beng ka ’na Betoko II ka ho ba ngolla. Ka mor’a nako ba ile ba qala ho ithuta le ’na ka ngollano, ’me ba ile ba nkōpa hore na nka se khutlele motseng ho ea ba thusa na. Ke ne ke rata ho etsa sena, empa ke ne ke batla ho kholiseha pele hore ba ne ba tiile ka qeto ea bona ea ho ithuta Bibele le ho batla ho hatela pele moeeng. Ka hona, ke ile ka tsoela pele ke le pula-maliboho Mahanoro ka nako e itseng.
Mafelong a 1993, ke ile ka ba le tokelo ea ho ea sekolong sa libeke tse peli sa bo-pula-maliboho Antananarivo. Ka mor’a moo, ke ile ka khothalletsoa hore ke kenye kōpo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng, e leng se neng se bolela hore nka abeloa sebakeng leha e le sefe ka har’a naha. Ke ile ka ba leqe ho etsa sena, lebaka-baka e le hobane ke ne ke batla ho thusa beng ka ’na ba Betoko II, ba neng ba lula hōle le phutheho e haufi. Ka hona, ke ile ka khutlela kabelong ea ka ea bopula-maliboho Mahanoro.
Qetellong ha molebeli ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova a re etela, ke ile ka mo botsa hore na nka khutlela hae ho ea thusa beng ka ’na na. Ka nako eo, ho ne ho thehiloe phutheho Andranomafana, ’me o ile a etsa tlhahiso ea hore ke ee sebakeng seo e le hore ke be le phutheho eo, ’me ke bolele sebakeng sa Betoko II. Ke ile ka qala kabelo ea ka ka la 1 September, 1994. Khoeling eona eo, Abuti Paul, eo e neng e le mosuoe oa bolumeli, o ile a ea le ’na kopanong ea setereke. Ka potlako batho ba 30 ba ne ba se ba kopanela mosebetsing oa boboleli Andranomafana, ’me ka Sontaha ho ne ho e-ba le karolelano ea batho ba 65 libokeng tsa rōna.
Ha Kea ka ka Khaotsa ho Tsamaea
Nakoana ka mor’a ho khutlela Betoko II, banab’eso ba bashemane le ba banana ba ile ba tšoaneleha bakeng sa ho etsa mosebetsi oa boboleli joaloka Lipaki Tsa Jehova, ’me nakoana ka mor’a moo ba kolobetsoa. Ka mor’a ho khutlela Betoko II, ke ne ke nka leeto hangata ho ea Anosibe An’ala, ho ea lata lingoliloeng le limakasine, leeto la lik’hilomithara tse 50 ka maoto ho ea feela. Le hoja e ne e le leeto le khathatsang, thabo eo ke neng ke e-ba le eona ha ke bona tsela eo batho ba hōlang ka eona moeeng sebakeng seo e ne e etsa hore ke bone bohlokoa ba lona.
Kajeno ho na le phutheho e chesehang Betoko II, e nang le batho ba 45 ka karolelano ba tlang libokeng ka Sontaha. Beng ka ’na ba haufi-ufi sebakeng sena hona joale ke Lipaki, ’me boholo ba bona ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Khaitseli ea ka ke pula-maliboho ea khethehileng. Ka la 1 November, 2001, le ’na ke ile ka khethoa ho ba pula-maliboho ea khethehileng, ’me ke ile ka abeloa motse oa Antanambao-Manampotsy. Empa ke tlohile Betoko II ka pelo e tšoeu.
Ha ke ne ke qala ho ithuta linnete tsa Bibele ka 1987, ho ne ho e-na le Lipaki tse sa fihleng ho 3 000 Madagascar. Hona joale li feta 14 000. Joaloka Lipaki tse ling, ke leboha haholo hore ebe ke na le tokelo ea ho sebelisa matla a ka ‘ka boitelo’ ho thusa ba bang. ’Me ke leboha Jehova hore ebe o hlohonolofalitse boiteko ba ka tabeng ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Hangata ke ne ke tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 60 ho ea motseng oa heso ke jere thōtō e boima bo fetang lik’hilograma tse 15
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Abuti oa ka, Paul
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Abuti oa ka, Charles
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le litho tse ling tsa lelapa leso. Hona joale, kaofela ke Lipaki Tsa Jehova